Bacha Baa Botsa . . .
Na ke Lokela ho Tlaleha Phoso e Entsoeng ke Motsoalle oa ka?
“KE NE ke sa kholoe hore o etsa ntho e joalo,” ho hopola Lee. Lee o ne a palame sethuthuthu le motsoal’ae, ’me a makala ha a bona motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, Chris, a tsamaea le sehlopha se seng sa bacha.
Chris o ne a tsuba sakarete.
Lee a tšoha, erekaha ketso eo e ne e sa lumellane le litumelo tsa Bokreste tseo Chris a neng a ipolela hore oa li lumela—’me le batsoali ba hae ba ne ba sa rate mokhoa oo. (2 Ba-Korinthe 7:1) Ka bolotsana Chris a lahla sakarete ’me a se hata ka leoto, empa hoo ha se ke ha thetsa Lee. Joale a hlokomela hore ho tsuba e ne e le tšimoloho ea mathata a Chris, ka baka la sehlopha se sebe seo a neng a tsamaea le sona. Lee a hlokomela hore motsoalle oa hae o ne a hloka thuso ’me o ne a tseba hore eena o ne a se boemong ba ho fana ka eona. Ka nako e tšoanang, o ne a qea-qea hore a ka bolella motho e mong ka bothata bona. Lee oa hlalosa: “E ne e le motsoalle oa ka, ’me ke ne ke sa batle ho mo pimpa.”
Mohlomong u ile ua iphumana u le boemong bo tšoanang—u sa lebella ua fumana hore motsoalle oa hao o sebelisa lithethefatsi, u kopanela likamanong tsa botona le botšehali, ua qhekella, kapa ua utsoa. Makasine o mong o tsebahalang oa bacha o re: “Ho ba mpimpi. Ho chesoa ke sefuba. Bacha ba bang ba tšoenyehile ka hore haeba ba tlaleha mesebetsi ea metsoalle ea bona ba tla fetoha seo.”
Molao oa ho Thōla
Ho bonahala lebaka le ka sehloohong le etsang hore bacha ba se tlalehe liketso tse fosahetseng tsa metsoalle ea bona e le ho tšepahala ka tsela e fosahetseng. Ba talima taeo e le ntho e utloisang bohloko, e mpe, le e senyang, ’me ba nahana hore ba rata motsoalle oa bona ka ho koahela mathata a hae. Baetsi ba litšoantšo tsa TV le libaesekopo ba ekelitse maikutlo ana ka ho hōlisa mohopolo oa hore lithoto ke tsona feela tse tlalehang mesebetsi ea metsoalle ea tsona. Kahona, bacha ba boloka molao oa ho ithōlela. Joaloka ha mohlankana ea bitsoang Carl a hlalosa: “Seo re se etsang ke ho pata liphoso tsa metsoalle ea rōna. Ha re batle ho bolella ba bang seo ba se etsang!”
Ho tlōla molao oo oa ho ithōlela ho ka pepesetsa motho lipolelong tse somang tsa lithaka le ho lahleheloeng ke botsoalle. Ka mohlala, sehlooho sa makasine ‘Teen se boletse kamoo ngoanana ea bitsoang Debbie a neng a tseba hore motsoalle oa hae Karen o utsoa lintho mabenkeleng. Debbie a fihlela qeto ea hore a ka thusa Karen ka hore a bolelle batsoali ba hae. Karen a khaotsa ho buisa Debbie. Ho feta moo, metsoalle ea Debbie ea mo furalla le ho mo soma ka hore ke mpimpi. Debbie o re: “Ebile phihlelo e nyahamisang ka sebele, e utloisang bohloko.”
Na U Lokela ho Bua?
Ka ho tšoanang, Lee o ile a khetha hore a utloisoe bohloko le ho soabisoa ’me a fihlela qeto ea ho nka bohato. Lee o re: “Letsoalo la ka le ne le nkhathatsa hobane ke ne ke tseba hore ke lokela ho bolella motho e mong!” Sena se re hopotsa ka ketsahalo e tlalehiloeng ho Genese 37:2: “Josefa o na a le lilemo tse leshome le metso e supileng; o na a ntse a alosa linku le banab’abo . . . Josefa o na a ntse a sebela ntat’a bona litaba tse mpe tsa bona.” Ho ka etsahala hore o ne sa mo sebele tabanyana e sa reng letho, kaha mantsoe a pele a Seheberu a sebelisitsoeng e le e “mpe” a boetse a bolela “tse sa rateheng.” Mohlomong banab’abo Josefa ka tsela e itseng ba ne ba senya leruo la lelapa. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, Josefa o ne a tseba hore haeba a thōla, katleho ea moea ea banab’abo e ne e le kotsing.
Ho leka ho iphapanyetsa liketso tse fosahetseng kapa monahano oo e seng oa mangolo ho tšoana le ho leka ho iphapanyetsa leino le opang. U ka ’na ua mamella ho opa hoo, empa le ke ke la khaotsa ho bola. Ha u mamella ho opa hoo u lumella ho bola ha lona ho eketseha. Ka ho tšoanang, sebe se na le matla a bolisang, a senyang. Haeba tšenyo e sa thijoe ea hōla. (Ba-Galata 6:8) Ka mantsoe a mang, ntle le haeba motsoalle ea fosang a sa fumane thuso—mohlomong ka taeo ea Mangolo e tiileng—a ka kenella bokhopong bo fetelletseng.—Moeklesia 8:11.
Ho pata phoso ea motsoalle ha ho hlahise molemo empa ho ka hlahisa kotsi e ke keng ea lokisoa. Ha ho makatse ha Josefa a ile a ikutloa a tlameha ho tlaleha phoso ea banab’abo! Ho thoe’ng ka Bakreste kajeno? Bibele ea re eletsa: “Banab’eso, ekare ha motho a nka bohato bo sa lokang pele a bo hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho kenya motho eo tseleng ka moea o mosa.” (Ba-Galata 6:1, NW) U ka ’na ua ikutloa u se na litšoaneleho tsa moea tsa ho kenya motsoalle ea fosang tseleng. Empa na e ne e ke ke ea e-ba taba e utloahalang ho bona hore phoso eo e tsebisoa ea tšoanelehang ka sebele ho ka thusa? Ho hlōleha ho etsa seo ho ka etsa hore ‘u kopanele le eena libeng tsa hae’! (1 Timothea 5:22; bapisa Levitike 5:1.) Hona ho ka bontša haeba u tšepahala ho Molimo le litekanyetsong tsa ’ona tse lokileng.—Pesaleme ea 18:25.
Ho ea ho Motsoalle
Kahona u lokela ho ea ho motsoalle le ho mo tsebisa phoso ea hae. (Bapisa Mattheu 18:15.) Ho tla hloka sebete. Leha ho le joalo, u se makale haeba a hanela, hobane ke tšekamelo ea batho ho leka ho itokafatsa. Ka tsela e tiileng, fana ka bopaki bo kholisang mabapi le sebe sa hae, ka ho toba u ’molelle seo u se tsebang le hore ho tlile joang hore u tsebe. (Bapisa Johanne 16:8.) U se ke ua tšepisa hore ‘u ke ke ua bolella motho,’ hobane tšepiso e joalo ke lefeela mahlong a Molimo, o nyatsang ho patoa ha liphoso.—Liproverbia 28:13.
Leha ho le joalo, Liproverbia 18:13 ea re eletsa: “Ea arabang a e-so ho utloe, o bontša bothoto ba hae.” Mohlomong ho bile le ho se utloisisane ho itseng. Ka lehlakoreng le leng, motsoalle a ka ikutloa a lokolohile ka hore bothata ba hae bo hlahisitsoe leseling le hore o na le motho eo a ka buang le eena le ho mo phetlela sefuba sa hae. Kahona e-ba momameli ea molemo. (Jakobo 1:19) U se khine maikutlo a hae ka lipolelo tse ahlolang tse kang, “U ne u sa lokela ho etsa . . . ” kapa, “Haeba e ne e le ’na, nkabe ke entse . . .” Lipolelo tse joalo li tla etsa hore motsoalle a ikutloe a le molato hape a se na thuso. Hape, u se bue mantsoe a bontšang ho tšoha, “Ke hobane’ng ha u etsa ntho e joalo!” hobane hoo ho tla mpefatsa boemo.
Hopola pale ea Bibele ea “batšehetsi” ba bararo ba Jobo, ba ileng ba nyatsa Jobo. Kamor’a hore Jobo a hlokofatsoe ke liqoso tseo, a re: “Matšeliso ao le ’neang ’ona ke tlhokofatso feela. Na le tla tsoela pele le bua ka ho sa feleng? . . . Haeba le ne le le boemong ba ka ’me ’na ke le boemong ba lōna . . . ke ne ke tla le matlafatsa ka keletso le ho tsoela pele ke bua matšeliso.” (Jobo 16:1-5, Today’s English Version) Kahona leka ho ipea boemong ba motsoalle oa hao ’me u angoe ke kamoo a ikutloang kateng. (1 Petrose 3:8) Hoo ho tla laola seo u tla se bua le kamoo u tla se bua kateng.
Empa le hoja u ka etsa sohle se matleng a hao ho khothatsa motsoalle, hangata boemo bo hloka thuso e fetang eo u ka fanang ka eona. Phehella motsoalle ho tsebisa batsoali ba hae kapa batho ba bang ba baholo ka phoso ena. Empa ho thoe’ng haeba motsoalle a hana ho etsa joalo? Mo tsebise hore haeba a sa lokise taba ena ka nako e itseng, joaloka motsoalle oa ’nete, u tla ikutloa u qobellehile ho ea ho motho e mong bakeng sa hae.
Ho ba “Motsoalle oa ’Nete”
Liproverbia 17:17(NW) e re hopotsa hore “motsoalle oa ’nete o rata [motho] ka linako tsohle, ’me ke ngoan’abo nakong ea tlokotsi.” Ke ’nete, qalong motsoalle oa hao a ka ’na a se utloisise le ho ananela lebaka le etsang hore u nke bohato bo joalo ’me mohlomong a ke ke a ananela. Mohlomong a ka u koatela le ho batla ho potlakela ho felisa botsoalle le uena. Empa u se tšohe. Lumella motsoalle oa hao nako ea ho lokisa maikutlo a hae le ho elelloa hore u thahasella katleho ea hae.
Joale a re khutleleng tabeng ea Lee le Debbie. Lee o re: “Kea tseba hore ke ile ka etsa ntho e nepahetseng ka ho bolella motho e mong. Letsoalo la ka le ile la kokobela haholo ka hobane Chris o ne a fumana thuso eo a e hlokang. Hamorao a mpolella hore o ne a sa koatisoe ke seo ke se entseng ’me mantsoe ao a ile a etsa hore ke phutholohe haholo.” Ke ’nete hore ha se metsoalle eohle e tla arabela hantle joalo. Debbie o hopola sena: “Ke ne ke tseba hore ke ne nke ke ka lumella Karen ho tsoela pele a etsa seo ’me mohlomong a qetelle a le chankaneng.” Qetellong metsoalle ea Karen ea khaotsa lipolelo tsa eona tse mpe. Debbie o re: “Ke ile ka etsa metsoalle e mecha. Ke phonyohile boemo boo ’me ke ithutile ho hongata.”
Haeba motsoalle oa hao a tsoela pele ho halefela mehato ea hao e sebete, ho totobetse hore e ne e se motsoalle oa ’nete. Leha ho le joalo, har’a Bakreste ba ’nete ho na le ba tla tsota metheo ea hao e phahameng, ba bang ba bona ba ka lakatsa ho ba metsoalle ea hao ka baka la seo. Hape u ka khotsofatsoa ke ho tseba hore u ipakile u tšepahala ho Molimo le ho iponahatsa u le motsoalle oa ’nete.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]
Haeba motsoalle oa hao a sa rate ho kōpa thuso, mohlomong ho ka hlokahala hore u mo kōpele eona
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
U tla etsa eng ha u hlokomela hore motsoalle oa hao o lebile bothateng bo tebileng?