Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa Ka a Nkutloisitse Bohloko?
“Ke ne ke e-na le metsoalle e ’maloa . . . Eaba e qala ho etsa setsoalle le ngoanana e mong ’me ha ke ne ke fihla ho eona, e ne e thōla. . . . E ile ea qala ho nqhelela thōko nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Hoo ho hlile ho nkutloisitse bohloko.”—Karen.a
SEO se ka etsahala ho metsoalle ea hlooho ea khomo. Ka letsatsi le leng bao ba babeli ba ke ke ba aroloa; ka le hlahlamang ha ba sa buisana le ho buisana. Nora ea lilemo li 17 o re: “Motsoalle e lokela ho ba motho eo u ka itšetlehang ka eena le ho mo tšepa, motho eo u ka retelehelang ho eena ka linako tsohle.” Leha ho le joalo, ka linako tse ling motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a ka ’na a qala ho itšoara joaloka sera sa hao se seholohali.
Setsoalle se Hlasetsoe
Ke’ng se etsang hore setsoalle se mofuthu se fetohe se be bohla? Ho Sandra, bothata bo ile ba qala ha motsoalle oa hae Megan a alima se seng sa likipa tsa hae seo a se ratang haholo. Sandra o re: “Ha a se khutlisa, se ne se le litšila se bile se tabohile hanyenyane letsohong. Ha aa ka a re letho ka hona, joalokaha eka ke ne ke sa tl’o ho bona.” Sandra o ile a ikutloa joang ka ho se nahanele ha Megan? O re: “Ho ile ha nkoatisa haholo. Ke ile ka bona eka ha a hlomphe lintho tsa ka . . . kapa maikutlo a ka.”
U ka boela ua utloisoa bohloko ke haeba motsoalle ea haufi a etsa ntho e itseng kapa a bua ntho e u tlotlollang. Sena ke se ileng sa etsahalla Cindy ha a ne a bolella sehlopha sa liithuti-’moho le eena hore ha a e-s’o bale buka bakeng sa ho ngola tlaleho ea hae ea buka. Hang-hang, motsoalle oa hae, Kate, o ile a qala ho mo omanya. Cindy oa hopola: “O ile a ntlotlolla ka pel’a sehlopha sa metsoalle ea rōna. Ke ne ke mo halefetse haholo. Lintho li ile tsa fela tsa fetoha ka mor’a moo.”
Ka linako tse ling lekhalo le buloa ke ha motsoalle e mong a qala ho qeta nako le metsoalle e mecha. Bonnie ea lilemo li 13 o re: “Ke ne ke e-na le motsoalle oa hlooho ea khomo eo e ileng ea e-ba setho sa sehlotšoana sena. O ile a qala ho ntlhokomoloha.” Kapa mohlomong u qala ho hlokomela merero e itseng e poteletseng setsoalleng sa lōna. Joe ea lilemo li 13 o re: “’Na le Bobby re ne re le metsoalle e meholo. Ke ne ke nahana hore o nthatela botho ba ka, empa ke ile ka fumana hore o ne a nthata hobane Ntate a sebetsa phatlalatsong ’me kamehla a khona ho re fumanela litekete tse ntle tsa ho kena lipapaling le likonsareteng.” Joe o ikutloa joang hona joale? O re: “Ha ke sa tla hlola ke tšepa Bobby hape!”
Mabakeng a mang motsoalle a ka ’na a senolela ba bang taba eo u neng u batla ho e boloka e le lekunutu. Ka mohlala, Allison o ile a bolella motsoalle oa hae Sara ka bothata boo mosebetsi-’moho le eena a nang le bona. Letsatsi le hlahlamang Sara o ile a bua ka taba eo hona ka pel’a mosebetsi-’moho eo. Allison o re: “Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore e ka ba ’maliberoane ea joalo! Ke ne ke tuka ke bohale.” Rachel ea lilemo li 16, le eena o bile le phihlelo e tšoanang ha motsoall’ae ea haufi a utolla ntho eo ba neng ba e buisane lekunutung. Rachel o re: “Ke ile ka ikutloa ke tlotlolohile ke bile ke tsoiloe tlaase. Ke ile ka ipotsa, ‘Nka hlola ke mo bolella liphiri tsa ka hape joang?’”
Setsoalle e ka ba mohloli oa tšehetso maikutlong, haholo-holo ha se e-na le boikutlo ba ho tsotellana, ba ho tšepana le ba ho hlomphana. Empa, esita le setsoalle se haufi-ufi se ka tleloa ke linako tsa khatello. Ka ho toba Bibele e re: “Ho na le metsoalle e sekametseng ho tsekollaneng.” (Liproverbia 18:24, NW) Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, e ka ba ho sithabetsang ha u ikutloa hore u tsoiloe tlaase ke motsoalle. Ke hobane’ng ha see se etsahala?
Lebaka Leo Setsoalle se Qhalanang ka Lona
Ha ho kamano ea batho—ebang ke pakeng tsa bacha kapa batho ba baholo—e se nang mathata. Etsoe, ho feela joalokaha morutuoa oa Mokreste Jakobo a ile a ngola: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2; 1 Johanne 1:8) Kaha bohle re etsa liphoso, ke ho ka lebelloang hore ka nako e ’ngoe motsoalle o tla etsa ho hong kapa a bue ho hong ho tla u utloisa bohloko. Mohlomong u ka ba ua hopola nako e ’ngoe eo ka eona le uena u ileng ua utloisa motho eo bohloko. (Moeklesia 7:22) Lisa ea lilemo li 20 o re: “Kaofela ha rea phethahala, ’me ka nako e ’ngoe re tla siteloana.”
Kantle le ho se phethahale ha botho, ho na le lisosa tse ling tse amehang. Hopola hore ha u ntse u hōla lilemong le tsebong, lithahasello tsa hao—hammoho le tsa metsoalle ea hao—lia fetoha. Ka hona, batho ba babeli bao pele ba neng ba tšoana linthong tse ngata ba ka ’na ba fumana hore butle-butle lekhalo le ba teng pakeng tsa bona. Mocha e mong o ile a tletleba ka motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo: “Ha re sa letsetsana hangata haholo ’me le ha re buisana, re se re thatafalloa ke ho lumellana ka ntho leha e le efe.”
Ke ’nete hore ho ba le lekhalo lipakeng ke ntho e ’ngoe. Empa ke hobane’ng ha batho ba bang ba utloisa metsoalle ea bona bohloko? Hangata mōna oa ameha. Ka mohlala, motsoalle a ka ’na a qala ho u hlonamela ka lebaka la bokhoni boo u nang le bona kapa lintho tseo u li finyeletseng. (Bapisa le Genese 37:4; 1 Samuele 18:7-9.) Joalokaha Bibele e bolela, “mōna o bolisa masapo.” (Liproverbia 14:30) O tsoala mohono le liqabang. Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, ke’ng seo u ka se etsang haeba motsoalle a u utloisa bohloko?
Lokisa Taba
Rachel o re: “Qalong ke ee ke shebe ’me ke leke ho fumana hore na seo motho a se entseng o se entse ka boomo kapa che.” Haeba u utloisitsoe bohloko ke lentsoe le itseng kapa ketso e itseng eo u utloang hore ke e u nyenyefatsang, u se ke ua nkeha maikutlo feela. Ho e-na le hoo, e-ba le mamello ’me u nahanisise ka taba. (Liproverbia 14:29) Na ho nkeha ha hao maikutlo ka se u tlotlolotseng ho ka hla ha ntlafatsa boemo? Ka mor’a ho nahanisisa taba, u ka ’na ua khetha ho latela keletso e ho Pesaleme ea 4:4 (NW): “Halefang, empa le se ke la etsa sebe. Buelang ka lipelong, holim’a libethe tsa lōna, ’me le khutse.” Kahoo u ka ’na ua khetha hore ‘lerato le koahele libe tse ngata haholo.’—1 Petrose 4:8.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u ikutloa hore u sitoa ho lebala habonolo ketso e u utloisitseng bohloko? Boemong bo joalo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u atamele motho eo. Frank ea lilemo li 13 o re: “Kopanang, e le lōna le le babeli feela, ’me le buisane ka se etsahetseng. Haeba le sa etse joalo, le tla lula le jarane ka lipelo.” Susan ea lilemo li 16 o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke hore u ba bolelle hore u ne u ba tšepa ’me ba u phoqile.” Jacqueline le eena o khetha ho rarolla taba le motho ka ho toba. O re: “Ke leka ho beha taba ka tsela e tobileng. Hangata, motho eo le eena o toba taba ’me le ka lokisa lintho hona hoo.”
Ke ’nete hore u lokela ho ba hlokolosi hore u se ke ua atamela motsoalle oa hao u halefile. Bibele e re: “Motho ea bohale o hotetsa phapang; empa ea liehang ho hlonama o tima likomang.” (Liproverbia 15:18) Kahoo, ema ho fihlela bohale bo kokobetse pele u leka ho rarolla bothata. Lisa oa lumela: “Qalong u halefile, empa u lokela ho ipha nako ea ho kokobetsa bohale. Ema ho fihlela u se u sa halefela motho eo haholo. Joale u ka ea ho motho eo ’me ua lula fatše le eena la buisana taba ka tsela e nang le khotso.”
Ntho ea bohlokoa ke “khotso.” Hopola, sepheo sa hao ha se ho tjolietsa motsoalle oa hao. Ke ho rarolla taba ka khotso, ’me haeba ho khoneha, ho tsosolosa setsoalle. (Pesaleme ea 34:14) Kahoo, bua se tsoang pelong. Lisa o etsa tlhahiso: “U ka ’na ua re, ‘Ke motsoalle oa hao, ’me le uena u motsoalle oa ka; ke mpa ke rata ho tseba se etsahetseng.’ U lokela ho tseba lebaka la ketso e etsahetseng. Hang ha u le tseba, hangata ha ho be thata ho sebetsana le boemo.”
Ka sebele e tla be e le ho fosahetseng ho leka ho iphetetsa, mohlomong ka ho seba motho eo le ka ho leka ho etsa hore ba bang ba be ka lehlakoreng la hao. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngolla Baroma: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho mang kapa mang.” (Baroma 12:17) Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na u utloisitsoe bohloko ka ho tebileng hakae, ho busetsa molamu sefateng ho tla mpefatsa bothata le ho feta. Nora o re: “Ho iphetetsa ha ho thuse ka letho, kaha ha ho mohla le tla boela le e-ba metsoalle.” Ho fapana le hoo, o phaella ka hore ho etsa sohle se matleng a hao ho nchafatsa setsoalle “ho etsa hore u ikutloe u le motho ea molemonyana.”
Empa ho thoe’ng haeba motsoalle oa hao a sa arabele boitekong ba hao ba ho bōpa poelano? Boemong bo joalo, hopola hore metsoalle e ba ea mefuta e sa tšoaneng. Moeletsi oa lelapa Judith McCleese o re: “Hase motsoalle e mong le e mong eo e tla ba oa hlooho ea khomo. Tseba hore u ka ba le setsoalle sa mefuta e sa tšoaneng.” Leha ho le joalo, u ka itšelisa ka ’nete ea hore u phethile karolo ea hao ho tsosoloseng khotso. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.
Lifefo li tla tsukutla esita le metsoalle ea hlooho ea khomo. Haeba u ka mamella sefefo ua se ke ua se lumella hore se senye pono ea hao ka ba bang kapa ho itšepa ha hao, u hatela pele hantle tseleng ea ho ba motho e moholo ea hōlileng tsebong. Le hoja ba bang ba ka ’na ba ‘sekamela ho tsekollaneng,’ Bibele e boetse e re tiisetsa hore “ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.”—Liproverbia 18:24, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
U ka ’na ua tsosolosa setsoalle ka ho bua ka se etsahetseng