Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
HO TLOHA HA SOVIET UNION E QHALOA KA 1991, BATHO BA PHELANG MOO BA ILE BA THABELA BOLOKOLOHI BO EKETSEHILENG BA HO RAPELA MOLIMO. BOLOKOLOHI BO JOALO BO BOETSE BA NKOA E LE LETLOTLO KE BA FALLETSENG LINAHENG TSE LING.
HO BA bangata ba phelang moo pele e neng e le Soviet Union, bolokolohi ba ho bokana phatlalatsa ho rapela Molimo ke monyaka o moholo ho bona—oo ba o tinngoeng ka lilemo tse mashome-shome.
Ka mor’a Phetohelo ea Mabolshevik ka 1917, ho ile ha e-ba kotsi ho bala Bibele Russia, ’me batho ba seng bakae ba ile ba beha bolokolohi ba bona kotsing ka ho e bala. Lipaki tsa Jehova e ne e le mekhelo. Ha e le hantle, makasine ea Newsweek ea la 16 April, 1956—lilemong tse ka bang 44 tse fetileng—e ile ea qotsa mocha e mong oa Jeremane Bochabela ha a re: “Ha ho na ba bang ba balang Bibele haese Lipaki tsa Jehova feela.” Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa koalloa literonkong le likampong tsa mosebetsi o boima ka lebaka la ho tšoara liboka tsa thuto ea Bibele le ka lebaka la ho bolela molaetsa oa Bibele. Leha ho le joalo, hohle moo li neng li e-ea teng, li ne li lebisa tlhokomelo ea tsona tšepong ea tsona e thehiloeng Bibeleng, joalokaha lebokose le kenyelelitsoeng le bontša.
Ha Soviet Union e qala ho qhalana ka 1991, Lipaki li ile tsa tšoara likopano tse supileng moo tse fanang ka lenaneo la taeo ea Bibele. Ka kakaretso, ho ile ha e-ba teng batho ba 74 252 ho tsona. Ka 1993, lilemo tse peli feela hamorao, ba 112 326 ba ile ba e-ba teng likopanong tse joalo tse robeli tse neng li tšoaretsoe lirephabliking tse 4 ho tse 15 tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union.a Ba bangata har’a likete-kete tseo ba ne ba ile ba qeta lilemo tse ngata literonkong le likampong tsa mosebetsi o boima, Soviet Union. Bakreste bana ba tšepahalang ba ile ba thabela bolokolohi ba bona ba ho rapela Molimo ntle ho tšitiso haholo.
Selemo se seng le se seng ho tloha ka 1993, batho ba tsoang lirephabliking tsa moo pele e neng e le Soviet Union ba ananela tokelo ea ho bokana ka bolokolohi lipokanong tsa Bokreste naheng ea habo bona. Ka mohlala, selemong se fetileng Lipaki tsa Jehova le metsoalle ea tsona tse 282 333 li ile tsa thabela ho rapela ’moho Likopanong tsa Setereke tse 80 tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” tse neng li tšoaretsoe lirephabliking tseo pele e neng e le tsa Soviet Union. ’Me ho ile ha kolobetsoa ba 13 452.
Ho ka ’nang ha bonahala ho makatsa ke hore selemong se fetileng ho ile ha boela ha tšoaroa likopano ka puo ea Serussia linaheng tse ling tsa lefatše. Ka kakaretso batho ba 6 336 ba ile ba e-ba teng lipokanong tse joalo tse ’nè tse neng li tšoaretsoe linaheng tse ling tse kantle ho moo e pele e neng e le Soviet Union! Li ne li tšoaretsoe hokae? Hona ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba buang Serussia ba e-na le thahasello e matla joalo Bibeleng? A re qaleng ka ho hlahloba hakhutšoanyane potso e qetellang.
Ba Ela Hloko Tlhoko ea Moea
Russia e na le histori e telele ea bolumeli. Likereke tsa eona tse khabisitsoeng, tse hahiloeng lilemong tse makholo tse fetileng, li har’a tse tummeng ka ho fetisisa Bokreste-’mōtoaneng. Leha ho le joalo, Kereke ea Orthodox ea Russia, ho tšoana le Kereke ea Roma e K’hatholike, e ile ea boloka batho ba le lefifing ba sa tsebe Bibele.
Buka e ’ngoe ea morao tjena e bitsoang The Russian Tragedy—The Burden of History e hlalosa hore “ha ho mohla Bibele e kileng ea e-ba karolo ea bohlokoa ea Boorthodox ba Russia.” Ho ea ka setsebi sa Lerussia sa bolumeli Sergei Ivanenko, phello ke hore “ho se tsebe Bibele ha balumeli ba Orthodox ho lebisitse ’neteng ea hore litho tse ngata tsa lipharishe tsa likereke tsa Orthodox li be monyetleng o moholoanyane oa ho susumetsoa ke litumela-khoela, matla a phahametseng tlhaho le boselamose ho feta ba sa lumelang.”
Sengoli se tummeng sa Lerussia Tolstoy se ile sa hlokomela ntlha e tšoanang. Se ile sa ngola: “Ke ikholisitse hore thuto ea kereke [ea Orthodox ea Russia] e ne e hlile e le bolotsana le ho qhekella ho kotsi, ’me e sebelisa pokello e mpe ka ho fetisisa ea litumela-khoela le boloi, e leng ho koahelang ka ho feletseng moelelo oohle oa thuto ea Bokreste.”
Boemo bona bo ile ba ipaka e le mobu o manoni bakeng sa ho hlahisa Bokomonisi ba Soviet Union hammoho le thuto ea bona ea hore Molimo ha a eo le leano la bona le tsebahalang hohle la hore: “Bolumeli ke matekoane ho batho.” Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana Bokomonisi ka bobona bo ile ba fetoha mofuta oa bolumeli, ’me ka tloaelo ba bitsoa Bolumeli ba Makomonisi. Empa Bolumeli ba Makomonisi ha boa ka ba tšoarella. Ha ’Muso oa Soviet Union o putlama ka 1991, batho ba limilione ba ile ba ferekana ’me ba ipotsa hore na ba tla retelehela hokae. Ka khothatso ea Lipaki tsa Jehova, batho ba Russia ba likete-kete ba ile ba batla likarabo ka Bibeleng.
Ka lebaka la tsamaiso e ntle ea thuto, batho ba Russia ke ba bang ba batho ba rutehileng ka ho fetisisa lefatšeng. Kahoo, hase feela hore batho ba bangata ba Russia e ile ea e-ba babali ba Bibele empa hape e ile ea e-ba barati ba lithuto tsa eona. Ka nako e tšoanang, haholo-holo lilemong tse leshome tsa ho tloha ho bo-1990, batho ba likete tse makholo ba tsoang moo pele e neng e le Soviet Union ba ile ba fallela linaheng tse ling, tse kang Jeremane, Greece le United States. Ka liphello life?
Bolokolohi ba Borapeli Jeremane
Lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, Majeremane a mangata a ile a fallela Russia. Ea tsebahalang haholo ke Sophie ea neng a le lilemo li 15, eo ka 1762 a ileng a hlahlama monna oa hae ho ba ’musi oa Russia. Nakong ea puso ea hae e telele, Sophie, eo hamorao a ileng a tsebahala e le Catherine e Moholo, o ile a mema lihoai tsa Majeremane ho tla lula Russia. Kahoo, ha Jeremane e hlasela Soviet Union nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, litloholo tse ngata tsa Majeremane ana li ile tsa isoa Siberia le lirephabliking tsa Soviet Union tse kang Kazakhstan, Kyrgyzstan le Uzbekistan. Morao tjena Majeremane a mangata a buang Serussia, hammoho le ba bang ba tsoang moo pele e neng e le Soviet Union, ba falletse Jeremane ho ea thabela maemo a molemonyana a moruo.
Ka December 1992 phutheho ea pele ea ba buang Serussia Jeremane e ile ea thehoa Berlin. Selemong se fetileng, liphutheho tse 52 le lihlotšoana tse 43 li ile tsa theha lipotoloho tse tharo tsa Serussia, Jeremane. Ho ile ha e-ba le tlhōrō ea ba 4 920 ba bileng teng Kopanong ea Setereke ea Serussia ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” e neng e tšoaretsoe Cologne, ho tloha ka la 30 July ho isa ho la 1 August, moo ba 164 ba ileng ba kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba bona ho Jehova. Pejana, ka la 1 April liphuthehong tse Jeremane tsa ba buang Serussia, ba 6 175 ba ne ba bile teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Jesu.
Batho ba Russia ba United States
United States le eona e bile le tšubuhlellano ea batho ba buang Serussia ba tsoang moo pele e neng e le Soviet Union. The New York Times e ile ea tlaleha: “Pakeng tsa 1991 le 1996, batho ba Russia e bile bona sehlopha sa bajaki se hōlang ka potlako e fetisisang Brooklyn. Nakong eona eo, Lefapha la Ho Falla le Ho Fa Batho Litokelo tsa ho ba Baahi le ile la amohela bajaki ba fetang 339 000 United States ba tsoang moo pele e neng e le Soviet Union.”
Hamorao, Times ea January 1999 e ile ea boela ea tlaleha hore lilemong tse leshome tse fetileng, Bajuda ba ka bang 400 000 ba tsoang moo pele e neng e le Soviet Union ba ile ba fallela New York City le libakeng tse haufi le eona. Ho phaella moo, batho ba Russia ba likete ba falletse likarolong tse ling tsa United States lilemong tsa morao tjena. Ka mohlala, California e ka leboea e bile le tšubuhlellano ea bajaki ba bacha ba tsoang Russia ba ka bang 35 000, e leng ho etsang hore e be sebaka sa boraro se nang le bajaki ba bangata ka ho fetisisa ba tsoang moo pele e neng e le Soviet Union se latelang New York le Los Angeles. Batho bana ba buang Serussia ba boetse ba arabela monyetleng oa ho ithuta Bibele, ’me ba makholo ba bona ba fetohile barapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova.
Morao tjena, ka la 1 April, 1994, ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea Lipaki tsa Jehova tse buang Serussia United States, Brooklyn, New York. Hamorao, liphutheho tsa Serussia li ile tsa qaloa Pennsylvania, California le Washington. Ho ile ha qaloa lihlopha tsa thuto likarolong tse ling tse ngata tsa naha.
Ea Pele United States
Ho tloha ka la 20 ho fihlela ka la 22 August selemong se fetileng, ba etsang tlhōrō ea ba 670 ba tsoang likarolong tsohle tsa United States le Canada ba ile ba thabela ho ba teng kopanong ea pele ea setereke ea puo ea Serussia e neng e tšoaretsoe New York City. Lipuo tsohle li ile tsa nehelanoa ka Serussia, ’me tšoantšiso e aparetsoeng ka ho feletseng, e neng e tšoantšisa tlaleho ea Bibele ea Jakobo le Esau, e ile ea tšoantšisoa ke litho tsa phutheho ea Serussia ea Los Angeles, California. Ka sebele e ile ea e-ba tšobotsi e hlahelletseng ea kopano.
Ntlha e ’ngoe e ileng ea hlahella e ile ea e-ba ho kolobetsoa ha batho ba 14, bao kaofela ha bona ba hlahang setšoantšong se bontšitsoeng. Ba ’maloa ba ne ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 4 000 ho tloha Portland, Oregon, Los Angeles le San Francisco, California, ho tla kolobetsoa kopanong eo e neng e tšoaretsoe New York City. Bana ba 14 ba ne ba kile ba lula lirephabliking tseo pele e neng e le tsa Soviet Union e leng Armenia, Azerbaijan, Belarus, Moldova, Russia le Ukraine. Liphihlelo tsa bona li senola kamoo ba nkang tsebo ea Molimo le bolokolohi ba ho mo rapela e le letlotlo kateng.
Svetlana (moleng o ka pele, oa boraro ho tloha ka ho le letšehali) o hōletse Moscow. Ha a le lilemo li 17 o ile a nyaloa ke sebini se seng se tummeng se mo sieang ka lilemo tse ngata, ’me ka 1989 ba ile ba tla United States le mor’a bona oa lesea. Monna oa hae o ne a tsamaea haholo, ’me ka mor’a lilemo tse hlano ba ile ba hlalana.
Ha Svetlana a kopana le Paki e ’ngoe eo a neng a sebetsa le eona, metsoalle ea hae e ile ea mo lemosa ka ho ikamahanya le seo e ileng ea mo bolella hore ke “sehlotšoana sa bokhelohi se neng se tla laola bophelo ba [hae] le ho mo nkela chelete eohle ea [hae].” Leha ho le joalo, o ne a batla ho tseba seo Bibele e se rutang. Ka mor’a hore a bontšoe lebitso la Molimo ka Bibeleng, o re: “Ke ile ka khahloa haholo ke hore Lipaki ke tsona feela tse le tsebahatsang.”
A sa le mocha, Andrei (moleng o ka morao, oa boraro ho tloha ka ho le letšehali) o ile a siea lelapa labo Siberia ho ea ntšetsa pele koetliso ea hae ea boatlelete moo kajeno e leng St. Petersburg. Nakoana ka mor’a moo, Soviet Union e ile ea qhalana, ’me ka 1993, Andrei a fallela United States, a le lilemo li 22. Oa hlalosa: “Ke ile ka qala ho nahana ka Molimo ’me ka qala ho ea Kerekeng ea Orthodox ea Russia. Ka le leng, nakong ea mokete oa Easter oa Serussia, ke ile ka qeta bosiu bohle ke le kerekeng ke batla ho atamela ho Molimo.”
Ka eona nako eo, Svetlana o ile a kopana le Andrei, ’me a mo bolella seo a ithutileng sona thutong ea hae ea Bibele. O ile a lumela ho ea le eena sebokeng sa Lipaki tsa Jehova, ’me ka mor’a moo a amohela thuto ea Bibele. Ka January 1999 ba ile ba nyalana. Ha ba qeta ho kolobetsoa kopanong, ba ne ba nyakalletse haholo.
Pavel (moleng o ka morao, oa bone ho tloha ka ho le letšehali) o hlahetse haufi le Qaraghandy, Kazakhstan, empa hamorao a fallela Nal’chik, Russia. Motse ona o moholo o haufi le Chechnya le Dagestan, moo ho kupang ntoa e khōlō. Pavel o ile a qala ho kopana le Lipaki moo ka August 1996, empa khoeling e hlahlamang eo a fallela San Francisco. O ne a keneletse lithethefatsing a bile a e-na le ngoana oa ngoanana, eo a neng a mo siile Russia le ’m’ae.
Hang-hang ha a fihla United States, Pavel o ile a ikopanya le Lipaki tsa Jehova ’me a amohela thuto ea Bibele. O ile a lokisa bophelo ba hae ’me a ngolla ’mè oa moralinyana oa hae ka litumelo tseo a sa tsoa li fumana. Hona joale o ithuta le Lipaki, ’me ho etsoa litokisetso tsa hore a tle United States e le hore ba nyalane le Pavel ’me ba sebeletse Jehova hammoho ba le California hammoho le moralinyana oa bona.
George (moleng o ka morao, oa bobeli ho tloha ka ho le letšehali) o hlahetse Moscow a ba a hōlela teng. O tlile United States ka 1996, ’me selemong se latelang seo a nyala Flora, ea hlahetseng Azerbaijan. George o ne a kena Kereke ea Orthodox ea Russia, empa ka mor’a hore a bale kopi ea makasine ea Molula-Qhooa, o ile a botsa lipotso ka thuto ea Boraro-bo-bong. Karabelong ea lengolo la hae ho Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a amohela bukana ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? Ka 1998 eena hammoho le Flora ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Hona joale Flora le eena o itokisetsa ho kolobetsoa.
Ntlha e ’ngoe e ileng ea hlahella e ile ea e-ba ho amoheloa ha litumeliso tse tsoang Moscow, moo ba 15 108 ba neng ba bokane ’moho kopanong hona mafelo-bekeng ao. Ba neng ba le kopanong New York City ba ile ba thaba hakaakang ha ba utloa tsebiso ea hore ba 600 ba kolobelitsoe moo! Seo e ne e le ’nete ka ho khetheha ha ho talingoa litlaleho tse tšosang tsa likoranta le thelevishene tse neng li qalile ho phatlalatsoa United States le libakeng tse ling bekeng e etellang pele nako ea kopano eo.
Se Neng se Etsahala Moscow
Ka la 21 July, 1999, Lipaki li ile tsa saenela tumellano ea ho sebelisa Lebala la Lipapali la Olympic le batlang le le bohareng ba Moscow le haufi le kereke e khōlō ea Orthodox ea Russia. Empa beke pele kopano e qala ho ne ho hlakile hore ho tla ba le khanyetso. Ka Laboraro la la 18 August, ho ne ho ntse ho e-s’o fanoe ka tumello ea ho sebelisa lebala leo la lipapali, le hoja chelete ea ho le hira e ne e se e lefiloe. Ho ile ha totobaletsoa ba boholong hore Lipaki tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao e le mokhatlo oa bolumeli Russia, joalokaha lebokose le leqepheng la 28 le bontša.
Kaha baeti ba tlang kopanong ba ka bang 15 000 ba ne ba itokisetsa ho ba teng ka Labohlano hoseng, baemeli ba Lipaki ba ne ba tšoenyehile. Baeti ba bang ba neng ba e-tla Moscow ba ne ba tsoa metseng le litoropong tse bohōle ba lik’hilomithara tse ngata. Qetellong, ka mor’a puisano ea lihora tse ngata, hoo e ka bang ka hora ea borobeli mantsiboea, ka Labone la la 19 August, baokameli ba lebala la lipapali ba ile ba thabela ho tsebisa baemeli ba Lipaki hore kopano e ka tsoela pele. Batsamaisi ba motse ba ne ba tsebisitse hore ha ba na khanyetso ea letho khahlanong le kopano eo.
Hoseng ho hlahlamang ba likete ba ile ba tšolohela lebaleng la lipapali. Baithaopi ba Lipaki ba ne ba sebelitse bosiu bohle ho lokisetsa baeti bao. Hoseng hoo ha pele ho ne ho boetse ho le teng batlalehi ba litaba, ba neng ba boleletsoe pejana ka thibelo ea ho tšoara kopano. E mong oa bona o ile a re: “Rea le lebohela! Re thabela ho utloa hore kopano ea lōna e tsoela pele.”
Mohlala oa Boitšoaro bo Laolehileng
Baokameli ba lebala la lipapali ba ile ba nahana hore e ne e tla ba bohlale hore ba nke mehato ea tšireletso. Kahoo, batho ba tšireletso ba nkile thepa e tsomang libetsa tsa tšepe e kang e sebelisoang ho hlahloba baeti boema-fofane ba ile ba behoa likeiting tsohle. Mapolesa le ’ona a ne a katile likarolo tsohle tsa lebala la lipapali. Kopano e ile ea tsoela pele hantle ka tsela e laolehileng ho sa tsotellehe tšokelo e matla.
Ka Moqebelo thapama motho e mong o ile a letsa a bolela hore ho behiloe bomo lebaleng leo la lipapali. Tšoso eo e ile ea etsoa nakoana pele puo e etellang pele ea ho qetela letsatsing leo e fela. Kahoo, ka kōpo ea baokameli ba lebala la lipapali, ho ile ha etsoa tsebiso e khutšoanyane ea hore re tsoe lebaleng la lipapali hang-hang. Ha e mong le e mong a tsoa ka tsela e laolehileng, liofisiri tsa lebala la lipapali le mapolesa li ile tsa makala. Li ne li e-s’o bone ntho e joalo! Li ile tsa botsa hore na ho ne ho ile ha itlhakisetsoa seo.
Ha ho bomo e ileng ea fumanoa, ’me letsatsing le hlahlamang lenaneo la letsatsi le ile la lelefatsoa hore le akarelletse se sa kang sa nehelanoa ka Moqebelo. Baokameli ba lebala la lipapali ba ile ba thabela kopano eo.
Greece le Libakeng Tse Ling
Mafelo-bekeng a ho qetela a August le a qalang a September, likopano tsa puo ea Serussia li ile tsa boela tsa tšoaroa Greece—ea pele Athene, ea ntan’o ba Thesalonika. Ka kakaretso ba 746 ba ile ba e-ba teng, ’me ha kolobetsoa ba 34. Ho na le liphutheho tse 8 tsa ba buang Serussia, Greece, le lihlotšoana tse 17 tse entsoeng ka bajaki ba tsoang moo pele e neng e le lirephabliki tse ka boroa tsa Soviet Union. Li tšoara liboka tsa tsona ka Serussia le ka lipuo tse ling tse buuoang ke bajaki bao.
E mong oa ba ileng ba kolobetsoa Athene ke Victor. O ne a sa lumele hore Molimo o teng, empa ka August 1998 o ile a ba teng kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e le Athene, eo mosali oa hae a neng a kolobetsoa ho eona. O re o ile a khahloa ke lerato le ileng la bontšoa ke ba neng ba le teng hoo a ileng a susumelletseha ho ithuta Bibele.
Monna e mong ea bitsoang Ighor o ile a amohela kopi ea buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me ka mor’a ho e bala o ile a lahla litšoantšo tsa hae tsa bolumeli. O bile a qala ho itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho ngolla ofisi ea lekala e Athene le ho eteloa ke Lipaki ka November 1998, o ile a ea hang-hang sebokeng sa phutheho e le ka lekhetlo la pele ’me esale ho tloha ka nako eo ha a e-s’o fosoe ke seboka. Hona joale, ka mor’a hore a kolobetsoe, pakane ea Ighor ke ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova.
Batho ba buang Serussia ba falletse linaheng tse ling tse ngata lefatšeng tseo re sa li bolelang. Ba bangata ba batho bana le bona ba thabela bolokolohi ba bona ba ho ithuta Bibele le ho bokana ’moho phatlalatsa ho rapela Molimo. Ho bona tokelo ena ke monyaka o moholo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linaha tse latelang ke lirephabliki tse 15, tseo hona joale e seng e le linaha tse ipusang: Armenia, Azerbaijan, Belarus, Estonia, Georgia, Kazakhstan, Kyrgyzstan, Latvia, Lithuania, Moldova, Russia, Tajikistan, Turkmenistan, Ukraine le Uzbekistan.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Batho ba Russia ba Ratang Bibele
Moprofesa Sergei Ivanenko, eo e leng setsebi se hlomphehang sa bolumeli Russia, o hlalositse Lipaki tsa Jehova e le batho ba hlileng ba inehetseng ho ithuteng Bibele. Bukeng ea hae ea morao tjena ea Serussia e bitsoang O lyudyakh, nikogda nye rasstayushchikhsya s bibliey (Batho Bao ho Seng Mohla ba sa Nkang Libibele Tsa Bona), o ngotse ka histori ea tsona ea khajana Soviet Union: “Esita le ha li ne li qetella li le teronkong ka lebaka la ho tšepahalla litumelo tsa tsona, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ’na tsa fumana litsela tsa ho sebelisa Bibele.” E le ho bontša sena, o ile a pheta phihlelo ena e latelang.
“Batšoaruoa ba ne ba thibetsoe ho ba le Bibele. Ba ne ba amohuoa Libibele nakong ea ha ho phenyekolloa. Ho e ’ngoe ea likampo tse ka leboea, e mong oa Lipaki tsa Jehova e ne e le setsebi sa motlakase ’me o ne a boloka libuka tsa Bibele transfomareng ea motlakase e neng e e-na le motlakase o mongata haholo. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e ne e tlameletsoe thapong e itseng ka ho khetheha, ’me e ne e le monna eo feela ea neng a tseba hore na ke thapo efe e lokelang ho huloa e le hore e ntšuoe—ka mohlala, Kosepele ea Matheu—ntle le ho chesoa ke motlakase. Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na balebeli ba ne ba shebisisa hakae, ho phenyekolla ha hoa ka ha hlahisa litholoana tsa letho, kahoo Bibele ena e ikhethang ha ea ka ea fumanoa.”
[Lebokose le leqepheng la 28]
Lipaki Tsa Jehova li Boela li Ngolisoa ka Molao Russia
Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka mafolofolo Russia ka lilemo tse fetang lekholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la lithibelo tsa ’muso, Lipaki ha lia ka tsa ngolisoa ka molao ho fihlela ka la 27 March, 1991. Ka nako eo, li ile tsa ngolisoa ka molao tlas’a lebitso la Setsi sa Tsamaiso ea Mekhatlo ea Bolumeli sa Lipaki tsa Jehova, U.S.S.R.
Ka la 26 September, 1997, ho ile ha ntšoa molao o reng, “Bolokolohi ba Letsoalo le Mokhatlo oa Bolumeli.” Molao ona o mocha o ile oa phatlalatsoa hohle ke mecha ea phatlalatso. Hobane’ng? Hobane ba bangata ba ne ba nka hore ho fetisoa ha molao ona ke boiteko ba ho thibela tšebetso ea malumeli a nang le balateli ba fokolang, Russia.
Kahoo, ho sa tsotellehe tšokolo eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa e sokola hore li ngolise ka molao ka 1991, molao ona o mocha oa Bolokolohi ba Letsoalo Russia o ne o hloka hore li boele li ngolise ka molao hammoho le mekhatlo e meng ea bolumeli. Sena se ile sa hlahisa lipotso tse ngata. Na see ke pontšo ea hore ba boholong Russia ba khutlela leanong la ho hatella Lipaki tsa Jehova? Kapa na ho mamelloa ha malumeli a mang le bolokolohi ba borapeli tse neng li sirelelitsoe ke Molao-motheo oa ’Muso o Kopanetsoeng oa Russia li ne li tla khomareloa?
Qetellong karabo e ile ea fihla. Lipaki li ile tsa thaba hakaakang ha li boela li ngolisoa ka molao ha Lefapha la Toka la Russia le fana ka lengolo la bopaki ba ho ngolisoa ka molao ha “Setsi sa Tsamaiso sa Lipaki tsa Jehova Russia,” ka la 29 April, 1999!
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Kopano ea pele ea setereke ea puo ea Serussia, United States
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Tšoantšiso ea Bibele, New York, e etsoa ke Phutheho ea Serussia ea Los Angeles
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Bana ba 14 ba kolobelitsoeng New York ba tsoa moo pele e neng e le lirephabliki tse tšeletseng tsa Soviet Union
[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]
Ba fetang 15 000 ba ile ba kopana Lebaleng la Lipapali la Olympic, Moscow