Ke Mang ea ka Nthusang ho Rarolla Mathata a Ka?
“MOTHO o tsoaletsoe masoabi.” Ke kamoo ho ileng ha bolela monna ea tsielehileng ea bitsoang Jobo lilemo tse ka bang likete tse ’nè tse fetileng. (Jobo 5:7) Mohlomong bophelo ba hao ha boa tlala maemo a sithabetsang joaloka ba Jobo. Empa ntle le pelaelo u na le mathata le matšoenyeho a mangata.
Ha sehlopha se seng sa bacha ba Maamerika se botsoa, “Ke eng se le tšoenyang ka ho fetisisa?” ba bangata ba ile ba supa sekolo, batsoali, chelete, metsoalle, le banab’abo motho e le mehloli ea matšoenyeho. Ho thoe’ng ka uena? Na u talimane le khatello ea lithaka, matšoenyeho a chelete, kapa mathata a sekolo? Na u fumana ho le thata ho mamella maemo a ferekanyang ’meleng le kelellong a lilemo tsa bocha? Na u tšoenyehile ka bokamoso ba hao?
U hopotse mathata ana kaofela, ho bonolo ho nyahama le ho ba tlas’a khatello ea maikutlo. Ha e le hantle, haeba u ne u lokela ho ipolokela matšoenyeho a joalo, u ka iphumana u arohile ho ba bang maikutlong. (Bapisa le Liproverbia 18:1.) Joale, u lokela ho sebetsana le mathata a botho joang? Na u hlile u lokela ho talimana le ’ona u le mong?
Che, hobane mathata a hao—le hoja a bonahala a le maholo—haa khetheha. Ka mor’a ho ithuta boitšoaro ba batho ka hloko, Morena Salomone ea bohlale o ile a etsa qeto ea hore “ha ho ho hocha leha ho le hong tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 1:9) E, ba bang ba kile ba tobana le mathata a tšoanang hantle le a hao ’me ba a rarolla ka katleho. Kahoo hase ka mehla u lokelang ho itharollela lintho; ka linako tse ling u ka fumana thuso ho motho ea seng a kile a etsa seo. Etsoe, ha u ne u etela sebakeng seo u sa se tsebeng, na u ne u ke ke ua batla litaelo ho motho ea seng a kile a ea moo? Potso ke hore, U lokela ho ea ho mang bakeng sa ho fumana thuso e joalo?
Lithaka—Na ke Mohloli o Molemohali oa Keletso?
Bacha ba bangata ba khetha ho arolelana mathata a bona le lithaka tsa bona. Anita e mocha oa hlalosa: “Ka linako tse ling ke nahana hore liphetoho tse nketsahallang li khethehile. Ke ba le boikutlo ba hore, ‘Na ba bang le bona ba ba le phihlelo ee?’ Ke ipotsa hore na ke booatla ha ke ikutloa ka tsela eo.” U ka ba le boikutlo ba hore thaka ea hao e ka utloisisa maikutlo a hao le hore motho e moholo—haholo-holo motsoali—e ka ba ea ahlolang kapa ea tšoaeang liphoso haholo.
Empa le hoja lithaka tsa hao li ka ’na tsa utloisisa, tsa ipeha boemong ba hao, tsa e-ba le kutloelo-bohloko, hase ka mehla li ka u fang keletso e molemohali. Joalokaha Bibele e hlalosa, “batho ba hōlileng . . . matla a bona a ho nahana a koetlisitsoe ho khetholla pakeng tsa se lokileng le se fosahetseng.” Joang? Bibele ea araba: “Ka ho sebelisoa nako e telele,” ke hore, phihlelo! (Ba-Heberu 5:14; The New English Bible) Ka lebaka la ho hloka phihlelo e joalo, bacha ba batla ba sa hōlisa “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana” ho fihla boemong ba batho ba baholo. (Liproverbia 3:21, NW) Ka hona ho mamela keletso ea mocha-’moho le uena ho kotsi. Liproverbia 11:14 ea lemosa: “Sechaba se lihuoa ke ho hloka likeletso.”
Bohlokoa ba ho ba le Batsoali ba Tšabang Molimo
Ka kakaretso batsoali ba boemong bo molemonyana ba ho u fa tataiso e bohlale. Jobo ea lokileng o ile a beha taba tjena: “Maqheku a na le bohlale, lilemo tse ngata li na le kutloisiso.” (Jobo 12:12) Mohlomong, batho ba boemong bo nepahetseng ka ho fetisisa ba ho u thusa tabeng ena ke batsoali ba hao ba tšabang Molimo. Tabeng ea pele, ba u tseba hamolemo ho feta mang kapa mang. Ka lebaka la hore ebe ba ile ba loana le a mang a mathata a tšoanang le ao u talimaneng le ’ona, ba ka etsa ho hongata ho u thusa ho phema bothata. A bua joaloka motsoali, Salomone o ile a eletsa: “Bana ba ka, mamelang thuto ea ntat’a lōna, le e nahane, le tle le fihlele kelello. Hobane ke le ruta thuto e molemo.”—Liproverbia 4:1, 2.
Nahana ka monna e mocha oa Ghana ea bitsoang Samuel. Ha a ntse a le sekolong se phahameng, o ile a lokela ho etsa qeto ea hore na a hahamalle thuto ea lefatše kapa ho sebetsa e le ’moleli oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova. Oa hlalosa: “Kaha lelapa leso le ne le momahane ’me mecha ea puisano e le metle, ho ne ho le bonolo ho phetlela batsoali ba ka sefuba sa ka.” Batsoali ba Samuel ba ile ba mo lebisa tseleng ea boboleli ba nako e tletseng—mosebetsi oo a ntseng a tsoela pele ho hahamalla ho o phetha. Samuel o khothaletsa hore bacha ba kenyeletse batsoali ba bona ha ba rarolla mathata a botho hobane “ba na le phihlelo e eketsehileng bophelong ’me mohlomong ba kile ba talimana le mathata a tšoanang . . . ’me ba boemong bo molemonyana ba ho fana ka pono e hlakileng ea mahlakore a taba ka bobeli.”
Ka ho thahasellisang, ho latela phuputso ea Gallup ea haufinyane, palo e khōlō ea bacha e batla tataiso ea batsoali—esita le linthong tse kang lithethefatsi, sekolo, le likamano tsa botona le botšehali.
‘Ha ba Nkutloisise!’
Leha ho le joalo, ka masoabi bacha ba bangata ba ikhula ho batsoali ba bona ha ba fihla lilemong tsa bocha. Ba bangata ba ikutloa joaloka moshemane ea lilemo li 16 ea ileng a re: “Ke lekile ho bua le batsoali ba ka kamoo ke tšohileng ka teng ka limaraka tsa ka le hore ke nahana hore sekolo sena se thata haholo, empa ba mpolella hore ke mpa ke le botsoa le hore ke lokela ho ithuta haholoanyane.” Ngoanana e mocha oa Mokreste oa Afrika o ile a tsebahatsa kameho e tšoanang, a re: “Tlaase botebong ba ka, kea tseba hore ke na le mathata a botho ao ke hlokang thuso ho ’ona, empa ke tšaba hore batsoali ba ka ba ke ke ba nkutloisisa.”
Ke ’nete, esita le batsoali ba tšabang Molimo ba ntse ba haelloa ka linako tse ling. Ba ka ’na ba itšoara ka tsela e tlōtseng moeli linthong tse itseng, ba hlōleha ho mamela, ba se ke ba u utloisisa, kapa ea e-ba ba ahlolang. Leha ho le joalo, sena hase bolele hore u lokela ho ba qhelela ka thōko bophelong ba hao. Jesu Kreste o ile a hōlisoa ke batsoali ba neng ba sa phethahala. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Jesu “o na a ba utloa.” Ha ho pelaelo hore tšusumetso ea bona e ne e mo thusa ho tsoela pele “a hola hlalefong . . . le molemong, pel’a Molimo le batho.”—Luka 2:51, 52.
Na u rua molemo bohlaleng le phihlelong tsa batsoali ba hao? Haeba ha ho joalo, hlokomela se boleloang ka bukeng Adolescence, ea Eastwood Atwater: “Ha bacha ba susumetsoa ke lithaka tsa bona ho feta tekano, hangata ke hobane ho na le se haellang kamanong ea motsoali le mocha eseng hobane lithaka li ipiletsa haholoanyane.” U na le kamano ea mofuta ofe le batsoali ba hao? (Ba-Galata 6:5) Na ho ka etsahala hore ebe morao tjee u ’nile ua qoba ho bua le bona? Joale ke hobane’ng ha u sa etse se matleng a hao ho lokisa litaba?a Sena ke karolo ea seo Salomone a ileng a se bitsa “mora oa sebele” kapa morali oa batsoali ba motho.—Liproverbia 4:3, NW.
Malcolm, mocha oa Ghana eo hona joale a seng a lula United States, o kile a nahana hore batsoali ba hae ha ba utloisise maikutlo a hae. Empa ba ile ba tsoela pele ho fana ka phihlelo ea bona bophelong le taeo ea Lentsoe la Molimo. Lengolong leo a le ngoletseng batsoali ba hae haufinyane, Malcolm o ile a ngola: “Kea tseba hore ho ile ha e-ba le moo re sa utloisisaneng teng nakong e fetileng. Empa ha ke hetla morao, ke makalla tsela eo le ileng la mamella bohlooho-thata ba ka ’me ka bonolo la amohela tse ling tsa liqeto tseo ke neng ke ntse ke li etsa. Ke tseba se etsahalang malapeng a mang, ’me ka sebele Bibele e entse phapang [lelapeng la rōna]. Ke sa boela ke re kea leboha.”
Iphumanele Bohlale bo Sebetsang!
Ho fapana le ho hatella khōlo ea hao, ho amohela tataiso ea batsoali ba hao e ka ba tsela e potlakileng ka ho fetisisa ea ho ba motho e moholo ea nang le boikarabelo. Hamorao uena ka ho tšoanang u ka hōlisa ‘bohlale, tsebo, le matla a ho nahana.’ (Liproverbia 1:4, NW) U tla be u hlomeletsoe bakeng sa ho hlahlobisisa mathata le ho etsa liqeto tse utloahalang tsa hore na u a rarolle joang.
Kamoo ho leng ka teng, hase bacha bohle ba hlohonolofalitsoeng ka ho ba le batsoali ba tšabang Molimo. Leha ho le joalo, e ka ba phoso ho etsa qeto ea hore ha oa lokela ho mamela seo batsoali ba hao ba se buang hobane feela e se Bakreste. E sa ntse e le batsoali ba hao, ’me ka hona ba lokeloa ke ho hlomphuoa. (Ba-Efese 6:1-3) Ho fapana le hoo, ha u ka ba fa monyetla, u ka sibolla hore ba na le keletso e sebetsang e ngata eo ba ka fanang ka eona. Ha u hloka tataiso moeeng, leka ho phetlela setho se tšepahalang sa phutheho ea Bokreste sefuba sa hao. Moo ha hoa lokela ho ba thata ho fumana motho e moholo ea tšabang Molimo ea tla u mamela ka hloko, ka kutloisiso le ka pelo e nang le kutloelo-bohloko.
Hape, hopola hore moea oa Jehova ke mohloli o lulang o le teng oa thuso le matla bakeng sa ba o kōpang. (Luka 11:13) Jehova o boetse o fane ka boitsebiso bo bongata boo u ka bo fumanang ka Bibeleng le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Tatellano eona ena ea lihlooho e thusitse bacha ba likete ho fumana likarabo tse sebetsang mathateng a bona! Ka ho ithuta ho kenella ka ho teba le ho etsa lipatlisiso, u ka ’na ua khona ho rarolla mathata a mangata ka bouena.—Liproverbia 2:4.
Ha e le hantle, ho feta tlas’a mathata ke karolo ea bophelo. Empa hoa thusa ho ba le pono e nepahetseng e kang eo mopesaleme a neng a e-na le eona. O ile a ngola: “Ho molemo ho ’na ha ke bile ka kokobetsoa, ke tle ke ithute ho mamela likomelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:71) E, ho rarolla mathata ho ka u bōpa le ho u koetlisa. Empa ha ua lokela ho talimana le ’ona u le mong. Fumana thuso. Hangata ea fumaneha ho ba e kōpang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho fumana litlhahiso tse ’maloa tse sebetsang tabeng ena, bona khaolo 2 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho amohela tataiso ea batsoali e ka ba tsela e potlakileng ka ho fetisisa ea ho ba motho e moholo ea nang le boikarabelo