Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 12/8 maq. 23-25
  • Nka Sebetsana Joang le Batsoali ba Maikutlo a Feto-fetohang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le Batsoali ba Maikutlo a Feto-fetohang?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matšoao a Temoso
  • ‘Na ho na le ho Phoso?’
  • Etsa Lintho ka Masene!
  • Hobane’ng Batsoali ba ka ba na le Maikutlo a Feto-fetohang?
    Tsoha!—1993
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Loana?
    Tsoha!—1989
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 12/8 maq. 23-25

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebetsana Joang le Batsoali ba Maikutlo a Feto-fetohang?

CLAUDIA o re: “Bothata ba ka ke hore ’mè oa tšoha ’me o khopiseha habonolo.a Ka letsatsi le leng o ile a botsa hore na ho ithuta ha ka piano ho ea joang. Ke ile ka ’molella feela hore ho ntse ho ea hantle ’me ka kena ka kamoreng ho ea ithuta ho letsa piano. ’Mè o ile a tla, ’me ka khalefo a bolela hore ke hloka mekhoa, ’me a tsoa a halefile. Ke ile ka halefa haholo eaba ke letsa piano haholo feela ’me ka balehela kamoreng ea ka. Joale ’mè a tla ’me a nkomanyetsa ho letsa piano haholo.”

Ka sebele batsoali ba ka khopiseha habonolo ha ba ikutloa ba se monate. Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u tlameha ho hlokomela metsamao ea hao ha ba le teng, ka ho tšaba hore u se u ntse u emetsoe ke ho tšoauoa phoso, ho omanngoa, kapa esita le ho behoa molato. Leha ho le joalo, sehlooho “Hobane’ng Batsoali ba ka ba na le Maikutlo a Feto-fetohang?” tokollong ea Tsoha! e fetileng, se bontšitse hore ke ho tloaelehileng ka ho feletseng hore nako le nako batsoali ba feto-fetohe maikutlong. Hangata sena se bakoa ke khatello ea maikutlo, mokhathala, bophelo bo seng botle le likhatello tsa bophelo.b Ho tseba sena ho ka ’na ha etsa hore u utloele batsoali ba hao bohloko. (Bapisa le Liproverbia 19:11.) Empa ha ho fetole taba ea hore ka linako tse ling ho ka ’na ha ba thata ho sebetsana le bona. Ke eng seo u ka se etsang ho ntlafatsa lintho?

Matšoao a Temoso

Liproverbia 24:3 e re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” Tumellanong le molao-motheo ona, ntho e ’ngoe eo u ka e etsang ke ho leka ho hlokomela ha batsoali ba hao ba se monate. Mopesaleme o itse ka boemo ba hae ba khatello ea maikutlo: “Ke tsamaea letsatsi lohle ke hlomohile.” (Pesaleme ea 38:7, BPN) Ka sebele motho ea seli o ne a tla hlokomela hore ho na le ho hong ho phoso ka eena! Ka tsela e tšoanang, hangata motsoali o tla bontša matšoao a hlakileng a hore ha a ikutloe hamonate.

Ka hona bangoli ba ntseng ba le bacha ba buka The Kids’ Book About Parents ba ile ba bokella lethathamo la matšoao a temoso a tloaelehileng ao bacha ba lokelang ho a hlokomela. Har’a lintho tse hlokometsoeng e ne e le ‘ho ja haholo ha batsoali, ho se bue, ho robala kapele, ho se lumelise ha ba tla lapeng ba tsoa mosebetsing, ho halefela e mong le e mong, ho hlokomoloha lipotso tsa hao,’ le ‘ho tonela TV mahlo ka mokhoa o sa bontšeng thahasello.’ Malapeng a mang, ka linako tse ling ho ka lebelloa esale pele hore batsoali ba tla khopiseha—joaloka nakong ea ha ba lokela ho lefa likoloto. Boemong leha e le bofe, ka ho ba seli u ka khona ho hlokomela matšoao a temoso a batsoali ba hao.

‘Na ho na le ho Phoso?’

Joale, ke eng seo u se etsang ha u hlokomela hore motsoali o hloname? Na u lokela ho qoba ho bonana le batsoali ba hao? Che. Liproverbia 15:20 e re: “Ngoana ea bohlale o thabisa ntat’ae.” Sena hase bolele hore u tlameha ho ikimetsa ka mathata a batsoali ba hao ba hōlileng. Ntle ho moo, motsoali ka mong o tlameha ho ‘nka mojaro oo e leng oa hae.’ (Ba-Galata 6:5, NW) Empa bonyane u ka bontša thahasello ho bona. Ka mohlala, u ka botsa ka masene: ‘Na ho na le ho phoso?’ (Bapisa le Nehemia 2:1, 2.) Ho ka ’na ha e-ba le ho fokolang feela kapa ha se be le letho leo u ka le etsang ho fetola boemo, empa ba ka ananela thahasello ea hao e lerato boiketlong ba bona.

Mocha ea bitsoang Kama o khothaletsa ho sebetsa litaba tjena ha motsoali ea nang le maikutlo a feto-fetohang a fihla lapeng: “Ka mor’a ho lumelisa, e-ea kamoreng ea hao ka nakoana, ho fihlela batsoali ba iketlile. E be joale ua tsoa ’me u botse hore na molato ke eng le hore na ba hlotse joang . . . Hlokomela haeba ba batla hore u etse ntho e itseng.” Ka linako tse ling, ho bontša motsoali eo tlhokomelo e hlokahalang feela kapa kameho ho ka felisa boikutlo ba ho se thabe.

Bukeng ea hae My Parents Are Driving Me Crazy, Dr. Joyce Vedral o bolela kamoo ngoanana ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Deena a ileng a arabela boikutlong ba ’ma’e ba khalefo. Deena o re: “Ha ke e-tsoa ka [kamoreng ea ka] ’me ke bona tlhonamo sefahlehong sa hae, ke ile ka mo tšoara ’me ka mo kopa ka matsoho haholo pele a ka etsa ntho leha e le efe ho nthibela. Joale ke ile ka mo aka haholo ’me ka re, ‘’Mè, kea u rata.’ Ekare u ka be u ile ua bona kamoo maikutlo a hae a ileng a fetoha ka teng—hang-hang.” Dr. Vedral oa qetella: “Pheko e phethahetseng bakeng sa motsoali ea hlonameng ke ho bontša kameho. . . . Kameho e ka tsosa boikutlo ba thabo.” Bibele e boletse tjena: “Lerato lea haha.”—1 Ba-Korinthe 8:1, NW.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho bonahala batsoali ba hao ba halefisitsoe ke uena ka bouena. Haeba u sa kholiseha hore na ke hobane’ng, leka ho buisana le batsoali ba hao hanyenyane e le hore ka bolokolohi u ka hlalosa mabaka leha e le afe a utloisang bohloko. (Bapisa le Liproverbia 20:5.) Ka mohlala, ngoanana ea bitsoang Ruth, o ile a hlokomela hore eena le ntat’ae ba ne ba ntse “ba arohana hanyane ka hanyane” le hore o ne a mo nyatsa ka ho sa utloahaleng ka lebaka la limaraka tsa hae tsa sekolo. Ka mor’a puisano ea lelapa ka sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . ,” Ruth o ile a botsa hore na ke eng se tšoenyang ntat’ae. “Re ile ra hlokomela hore Ntate o ne a leka ho atleha ka bana ba hae, kaha eena a ne a ile a qobelloa ho tlohela sekolo. O ne a batla hore re be le likarete tse ipabotseng tsa tlaleho ea sekolo.” Ha Ruth a fumana limaraka tse tlaase ho feta tse lebeletsoeng, ntate o ne a halefa. Phello ea puisano ea bona e bile efe? Ruth o re: “E nthusitse hore ke talime lintho ho ea ka pono ea hae.” Joalokaha ho ka lebelloa, ntat’ae le eena o ile a tlameha ho etsa liphetoho tse itseng monahanong oa hae. Ruth oa tlaleha: “Lintho li qala ho ntlafala.”

Ka ho ba le moqoqo o tšoanang, u ka ’na ua hlokomela hore batsoali ba hao ba na le mabaka a utloahalang a ho u halefela. E ka ’na ea e-ba ntho e fokolang feela joaloka hore u lebale ho phetha kabelo e itseng ea mosebetsi oa ntlo. Liproverbia 10:5 ea hopotsa: “Ea bokellang lehlabula ke ngoana ea bohlale; empa ea robalang ha ho kotuloa, ke ngoana ea hlabisang lihlong.” Mohlomong ho ba mafolo-folo haholoanyane ho ka ntlafatsa maikutlo a batsoali ba hao haholo.

Etsa Lintho ka Masene!

Leha ho le joalo, ka linako tse ling motsoali ha a moeeng oa ho phetla sefuba, ’me boiteko bohle ba ho mo khothaletsa ho etsa joalo oa bo halefela kapa a bo hanele. Joale? Bibele e re bolella kamoo Davida, ha a sa le mocha, a ileng a sebetsana le boemo bo tšoanang bo amang maikutlo. Joaloka mocha Davida o ne a sebetsa ka tlung ea borena ea Morena Saule e le sebini. Leha ho le joalo, Saule o ne a laoloa ke maikutlo a feto-fetohang le ho tlala khalefo. Ketsahalong e ’ngoe Saule o ile a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo! Leha ho le joalo, hlokomela seo Bibele e se bolelang ho 1 Samuele 18:14 ka boitšoaro ba Davida: “Davida a etsa tsohle ka masene, ’me Jehova o na a le ho eena.”

Ke batsoali ba ’maloa ba halefang habonolo joaloka Morena Saule. Ho ntse ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore u be masene ha u sebetsana le bona. Ka mohlala, Sam e mocha o re: “Ntate hase Mokreste, ’me o bohale! Ha a halefela motho leha e le ofe, o qala ho omana e le kannete. Ruri u tlameha ho hlokomela seo u se buang le seo u se etsang. U tlameha ho leka ho se mo khopise.” Bibele e bolela sena: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.”—Liproverbia 22:3.

Sena hase bolele hore u qobe ho kopana le batsoali ba hao. Leka kamoo u ka khonang ho ba mofuthu le ho ba botsoalle. Haeba u khathatsa motsoali ea hlonameng ka lipotso tse sa hlokahaleng kapa ka mathata a fokolang ao ho ka buisanoang ka ’ona ka nako e ’ngoe, u tla be u qholotsa motsoali oa hao. (Bapisa le Liproverbia 15:23; 25:11.) Ka sebele, ha ba na le khatello maikutlong ’me ba khathetse, ba ka ’na ba ikutloa joaloka monna ea lokileng Jobo ha a ne a botsa: ‘Le tla ’ne le hlokofatse moea [“sephefumolohi sa,” NW] oa ka ho isa kae?’ (Jobo 19:2) Ka hona ke bohlale ho qoba litloaelo leha e le life tse khopisang tseo u tsebang hore li tena batsoali ba hao—joaloka ho etsa molumo o lerata ka chepise kapa ho toatlatsa menoana. Ka ho tšoanang, e tla be e le ho se nahanele hore u letse sebapala-lik’hasete sa hao ka molumo o phahameng haholo kapa ho bulela thelevishene haholo.

Tsela e ’ngoe ea ho etsa lintho ka masene ke ho nka bohato ba pele. Na ka mehla ’Mè ha a ikutloe hamonate ha a tla lapeng ho tsoa mosebetsing? Haeba u fihla lapeng pele, ke hobane’ng u sa teke tafole, u qhale lithōle, kapa u hlatsoe lijana? Lumelisa ’mè oa hao ka tsela e bontšang kameho. Liketso tse joalo li ka ’na tsa mo etsa hore a hloloheloe ho tla lapeng. Ngoanana e mong ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Julie o nka bohato bo joalo ba pele. O re: “’Mè o khanna bese ea bana ba sekolo, ’me hangata o fihla lapeng a khopisehile. Kahoo ke tlameha ho mo siruha hanyenyane. Ke sutha tseleng ea hae feela ho fihlela a kokobetse. Joale ke tla mo hlokomella bana ba banyenyane ke hloekise kapa ke mo etsetse ntho e ’ngoe.”

Leha u ka leka ka hohle ho e qoba joang kapa joang ho tla hlaha khohlano e itseng ha batsoali ba khopisehile kapa ba halefa habonolo. Ha sena se etsahala, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka u thusa hore u qobe ho mpefatsa boemo bo seng bo ntse bo le bobe. Ka mohlala, Liproverbia 15:1 e re: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.” Tataiso e eketsehileng e fanoe ho Liproverbia 17:27, e balehang tjena: “Ea itšoarang lipuong o tseba hlalefo, ’me ea pelo e ikhutselitseng o na le kutloisiso.” Hape, hopola hore le hoja batsoali ba na le maikutlo a bona a seng monate, mohlomong ho na le linako tseo ka tsona ba hlasimolohileng, ba thabileng, ’me ba nyakaletseng ha ba na le uena. Nka linako tseo e le tsa bohlokoa, ’me u li sebelise e le monyetla oa ho hlaolela likamano tse ntle le batsoali ba hao. Ho tla etsa hore linako tse thata li se be thata haholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Sehlooho sena se tšohla liphetoho tsa maikutlo tse tloaelehileng tseo batho ba bangata ba bang le tsona. Batsoali ba tšoenyehileng maikutlong ka lebaka la khatello e khōlō, ho lemalla tahi kapa lithethefatsi, kapa ho kula ho hong ho tebileng ’meleng le maikutlong ba ka ’na ba hloka thuso ea litsebi.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batsoali ba sebetsang ba ananela ha bana ba bona ba ba thusa mesebetsing ea ntlo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela