Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 11/8 maq. 21-22
  • Hobane’ng Batsoali ba ka ba na le Maikutlo a Feto-fetohang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane’ng Batsoali ba ka ba na le Maikutlo a Feto-fetohang?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likhatello le ho Nyahama
  • Bothata Lilemong tse Bohareng
  • Ho Nahanela Batsoali ba Hao
  • Nka Sebetsana Joang le Batsoali ba Maikutlo a Feto-fetohang?
    Tsoha!—1993
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Bontše Thahasello e Eketsehileng ho ’Na?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 11/8 maq. 21-22

Hobane’ng Batsoali ba ka ba na le Maikutlo a Feto-fetohang?

JEANETTEa e mocha o re: “Ho thata ho sebetsana le ’mè. Haeba a khathetse, o o ntšetsa ho ’na. Ha ho letho leo ke le buang le nepahetseng.” Jim o na le bothata bo tšoanang. O re: “Ha ho ka ba le phoso, ba u halefela ntle le mabaka. Ka mohlala, ha koloi e hana ho luma. Ntate o tla nkharumela—joalokaha eka ke molato oa ka!”

Ke pelaelo e tloaelehileng har’a bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20: Batsoali ba bona ba na le maikutlo a feto-fetohang, ba rata ho belaela, ’me ho thata ho tseba maikutlo a bona esale pele. Ka letsatsi le leng ba thabile, ba nyakaletse, ’me baa u tšepa. Ka letsatsi le latelang, ba tepeletse, ba hloname ’me ba tšoaea phoso nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e buang le eo u e etsang. Mocha e mong oa ipelaetsa: “Ba nkharumela ntle le mabaka.”

Leha ho le joalo, le hoja ka linako tse ling ho ka bonahala ho ferekanya, e batla e le motho e mong le e mong—ho akareletsa le batsoali—ea feto-fetohang maikutlong nako le nako. Ke karolo ea ho ba motho. Kahoo Bibele e re bolella ka batho ba fapaneng ba le ‘pelong e thabileng,’ “boikutlong ba ho iketla,” kapa ba le “boikutlong ba ntoa.” (Esthere 1:10; Jobo 11:19, NW; Liketso 12:20, NW) Liphetoho tse ling tsa maikutlo ho bonahala li amana le litsamaiso tse fapaneng tsa ’mele. Ka mohlala, basali hangata ba ba le liphetoho tsa maikutlo nakong ea ho ilela khoeli. ’Me ho tloaelehile hore ba batona le ba batšehali ba tepelle ’meleng kapa maikutlong motšehare oa mantsiboea le ka shoalane.

Likhatello le ho Nyahama

Sehlooho se seng ho American Health sea hlokomela: “Maikutlo a mangata a mabe a na le motso oa boemo ba ’mele. Le hoja ho kula le ho se je hantle e ka ba mabaka a sehlooho, hangata mokhathala e ba oona sesosa se ka sehloohong.” Tsena ke “linako tse bohloko,” ’me malapeng a mangata haeba e se boholo ba ’ona, ka bobeli ’mè le ntate ba tlameha ho sebetsa. (2 Timothea 3:1) Mokhathala le ho tepella ke liphello tse tloaelehileng. Ha batsoali ba bangata ba tepeletse maikutlong ke likhatello tse sa khaotseng, ba ka ’na ba ikutloa joaloka Jobo ea lokileng, ea ileng a itlhalosa a “loeba ka har’a tlokotsi.”—Jobo 10:15; 14:1, BPN.

Ha batsoali ba tšoarehile haholo ka mathata a bona, puisano e ka ’na ea se be teng. Jason e mocha oa belaela: “Ba u bolella hore u etse ntho e itseng, ’me ua e etsa. Empa joale ba bolela hore ba u boleletse hore u etse ntho e ’ngoe esele, me baa khena. Ua teneha, ’me ba u fa kotlo ka baka la ho khena!”

Ka linako tse ling likhatello tsa bophelo li ka boela tsa qeta matla a maikutlo a batsoali a hlokahalang bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa hao. Liproverbia 24:10 e re: “Ha u tepella mohl’a tsietsi, matla a hao a manyenyane.” Motsoali e mong o ile a ipolela: “Ke tloaetse ho lata Diana sekolong ha ke ea hae ke tsoa mosebetsing. O tla kena ka koloing ’me a qale ho mpolella lintho tsohle tse etsahetseng sekolong letsatsing leo—’me ka matsatsi a mang ho hang ke hloka matla a ho mo mamela. Kea be ke khathetse haholo ’me ke tšoarehile ka liketsahalo tsa ka tsa letsatsi hoo ke hlokang mamello ea tsa hae.” Ho ka ’na ha bonahala eka ke ho hlokomolohuoa ha batsoali ba itšoara ka tsela ena, empa hangata ke phello ea ho hong ho fetang mokhathala.

Mongoli Clayton Barbeau oa hlokomela: “Ho ka boela ha etsahala hore ebe batsoali ba hao ba na le mathata ao u sa a tsebeng ho hang. Bacha ba bangata ba nyenyefatsa mathata a moruo a bophelo ba lelapa. Ha ho talingoa litšenyehelo tsa ntlo le lijo le ho se tsitse ha mesebetsi ea kajeno, batsoali ba hao ba ka ’na ba khathatseha ka lintho tseo ba e-song ho u bolelle tsona empa ba ntse ba li buisana.” Kapa e ka ’na eaba ba sebetsana le boikarabelo boo e leng ba lekunutu. Ntate e mong oa Mokreste o sebeletsa e le molebeli phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. Morali oa hae o re: “Ka linako tse ling ha a e-na le mathata a mangata a phutheho kelellong, o hlile o belaela haholo. O leka hore a se ke a ho ntšetsa holim’a rōna, empa o ba tlas’a khatello e khōlō hoo a sitoang ho sebetsana le lintho tse ling.” Liproverbia 12:25 e beha taba hantle: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho.”

Batsoali ba hao ba ka leka ka thata ho u patela khatello e joalo. Empa ho joalokaha maele a mang a bolela: “Moea o khathala ke bohloko ba pelo.” (Liproverbia 15:13) Ka linako tse ling bohloko ba bona bo ka hare bo ka ba sithabetsa, ’me lintho tse fokolang tse tšoenyang li ka khoephetsa ho tšoloha ha matšoenyeho a hateletsoeng. Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o re: “Ka linako tse ling ha ntate a fihla hae a tsoa mosebetsing, o tla a batla a halefile ka lebaka la se etsahetseng mosebetsing. ’Me haeba ke lebetse ho etsa ntho e itseng, joale ntate o nkhopotsa ka hona. Joale o qamaka ntho e ’ngoe hape eo a ka nkharumelang ka eona.”

Joale, ha ho pelaelo hore puo e hlohlontšang litsebe e lokela ho qobjoa. (Ba-Kolosse 3:8) Molimo o laela batsoali hore ba se ke ba halefisa bana ba bona. (Ba-Efese 6:4) Empa esita le monna ea lokileng Jobo, ka tlas’a khatello ea maemo a tepeletsang, o ile a iphumana a ‘phatlohile feela.’ (Jobo 6:3, BPN) Kahoo pele u qala ho ahlola batsoali ba hao hampe, ipotse: ‘Ke itšoara joang ha ke bile le letsatsi le lebe, kapa ha ke le tlas’a khatello e khōlō? Na ka linako tse ling ke qala ho belaela kapa ho teneha?’ Haeba ho joalo, mohlomong u ka tšoarela batsoali ba hao haholoanyane.—Bapisa le Mattheu 6:12-15.

Mocha e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Chad o ile a fumana kamoo bophelo ba ntate oa hae bo tepeletsang ka teng. O re: “Ke sebetsa le ntate khoebong ea hae ea ho penta le ho lokisa makoloi, ’me joale ke bona khatello eo a leng tlas’a eona. O ea koana le koana letšehare lohle!”

Bothata Lilemong tse Bohareng

Ho 2 Ba-Korinthe 7:5 (BPN), moapostola Pauluse o ile a lumela hore o ne a na le ‘tšabo pelong.’ Maikutlo a mang a batsoali ba hao a ka ’na a khoephetsoa ke matšoenyeho a ka hare. Buka The Healthy Adolescent e re: “Joalo feela kaha mocha a loana le mathata a bocha, ka ho tšoanang batsoali ba loana le mathata a lilemo. Batsoali ba atamela lilemong tse bohareng, tseo, joaloka lilemo tsa bocha, e leng nako e boima e tletseng matšoenyeho a eona.”

Ho batsoali ba bang ho hlokomela hore ba ntse ba tsofala hoa nyahamisa. Ntate e mong o ile a re: “Ke ile ka qala ho ba le boikutlo ba hore bophelo ba ka boa fela. Mosebetsi oa ka o ne o se o sa thahasellise, bana ba ka ba ne ba itokisetsa ho ntšiea, ke ne ke ikutloa ke tsofetse, ’me ke ne ke se na ntho e ’ngoe eo nka e lebellang ntle le ho ba pensheneng.” Ha u sa ntse u thabela “bocha,” e ka ’na eaba ba mamelletse mathata a ’mele a bakoang ke ho hōla. (Moeklesia 11:10) Ka mohlala, ’mè oa hao e ka ’na eaba o feta liphetohong tsa maro a ’mele tsa ho khaotsa ho ilela khoeli le matšoao a mang ao hangata a tenang—mokhathala, mahlaba a mokokotlo, mocheso, boikutlo bo feto-fetohang, ha re bolela a seng makae feela.b

Ha u ntse u atamela ho ba motho e moholo, batsoali ba hao ba ntse ba talimana le bonnete ba mantsoe a Bibele a ho Genese 2:24 haholoanyane: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae.” Etsoe, e ka ’na eaba u se u ntse u nka mehato e meholo mabapi le ho fumana ho lokoloha ho bona! Buka Talking With Your Teenager e re: “Sena se ka ba bohloko haholo. . . . Rōna [batsoali] re ka ba le boikutlo ba hore ha re sa ratoa ka tsela e tšoanang le eo re neng re ratoa ka eona pele . . . Hangata bacha ba rōna ba ikarola haholoanyane, ha ba hlahise maikutlo a bona habonolo, ba ikemela haholoanyane. Takatso ea bona ea ho se be le rōna, ho ba le phihlelo ka ntle ho lelapa, ho iketsetsa liqeto kapa ho ithera ka ntle ho tšusumetso ea rōna ho bontša hore re se re le ba bohlokoa bo fokolang bophelong ba bona ho feta pele.”

Ka lebaka leo ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling batsoali ba hao ka ho khethehileng ba ka ba le maikutlo a feto-fetohang kapa ba utloa bohloko habonolo mabapi le litaba tse amanang le bolokolohi ba hao ba ho hōla. Steve e mocha o re: “Batsoali ba ka ba lebala habonolo. U ba bolella hore ua intša, ’me hamorao baa botsa, ‘U ea kae?’ U re, ‘Ke le boleletse hore ke il’o bapala volleyball.’ Ba re, ‘Ha u e-s’o re bolelle,’ ’me ba qala ho u kharumela. Sena se etsahala ka linako tsohle.” Empa seo u ka ’nang ua se nka e se ntho ea bohlokoa, kapa ho rata ho belaela e ka ’na ea e-ba feela lerato le kameho tse tebileng ka uena. Baa tseba hore na lefatše le lebe hakae, ’me le hoja ba hlokomela hore u hloka bolokolohi, ka linako tse ling ba ka ’na ba ameha ka boiketlo ba hao. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 11:3.) Ba ka ’na ba itšoara ka tsela e feteletseng linthong tse itseng kapa ba se ke ba lumellana. Na lerato la hao ho bona le lokela ho fokotseha?

Ho Nahanela Batsoali ba Hao

Ha u sa le monyenyane, e ka ’na eaba u ne u talima batsoali ba hao ba tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ba na le matla ’ohle. Ha u ntse u hōla ’me u hlalefa, mohlomong mefokolo ea bona e totobala haholoanyane. ’Me ha batsoali ba hao ba ka fetola maikutlo kapa ba belaela ka linako tse itseng, ho ka ba bonolo ho qala ho ba nyatsa. Empa Bibele e re lemosa khahlanong le ‘ho soma motsoali.’ (Liproverbia 30:17) Ho fapana le hoo, e ka ’na eaba hase bona feela ka lapeng ba feto-fetohang maikutlong. Ngoanana e mong o ile a lumela: “Ka linako tse ling le ’na ke feto-fetoha maikutlong.” Mohlomong u ameha habonolo, u khena habonolo, kapa ea sa buiseheng ho feta kamoo u hlokomelang ka teng.

Ho sa tsotellehe boemo, ho e-na le ho talima batsoali ba hao ka ho ba tšoaea liphoso, leka ho hōlisa boikutlo ba ‘ho hauhela’ le ho ipeha boemong ba bona. (1 Petrose 3:8) Joalokaha sehlooho se latelang letotong lena la lihlooho se tla bontša, sena se ka u thusa ho sebetsana le maikutlo a bona a feto-fetohang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka lilemo tse bohareng le liphephetso tsa tsona, bona litokollo tsa Tsoha! tsa August 8, 1983, le October 8, 1983.

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Batsoali ba bangata ba mpa ba tepeletsoa ke litlhoko tsa bophelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela