Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 maq. 13-15
  • Na ke Lokela ho Bolella Motho e Mong Hore ke Tepelletse Maikutlo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Bolella Motho e Mong Hore ke Tepelletse Maikutlo?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bua le Batsoali ba Hao
  • Ho Bua le Motsoalle
  • “Likōpo Tsa Lōna Tse Matla a li Tsebisoe Molimo”
  • Ke Mang ea ka Nthusang ho Rarolla Mathata a Ka?
    Tsoha!—1993
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha ba Bang ba Mpolella Mathata a Bona?
    Tsoha!—2005
  • Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
    Tsoha!—2008
  • Kamoo ho ka Thusoang ba Tepelletseng Maikutlo Hore ba Fumane Thabo Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Bolella Motho e Mong Hore ke Tepelletse Maikutlo?

“Ha ke ikutloa ke tepelletse maikutlo, qalong ke khetha hore ke se ke ka bua ka hona kahobane batho ba ka ’na ba nahana hore ke ngoana ea likhathatso. Empa joale ke lemoha hore ho hlokahala hore ke bue le motho e mong e le hore ke fumane thuso.”—Alejandro, ea lilemo li 13.

“Ha ke ikutloa ke tepelletse maikutlo, ha ke batle thuso ho metsoalle ea ka hobane ha ke nahane hore e ka nthusa. E ka ntšeha feela.”—Arturo, ea lilemo li 13.

HOO e batlang e le e mong le e mong oa hlonama ka linako tse ling.a Leha ho le joalo, kahobane u mocha ’me u batla u se na phihlelo, ho bonolo hore u sithabetsoe ke likhatello tsa bophelo. Lintho tse batloang ke batsoali ba hao, metsoalle le matichere; liphetoho tsa nakong ea ho kena bonneng kapa bosaling tse bang teng ’meleng le maikutlong; kapa boikutlo ba hore u hlōlehile ka lebaka la phoso e sa reng letho—tsena tsohle li ka u bakela masoabi le ho hlomoha.

Ha seo se etsahala, ho molemo hore ho be le motho eo u ka mo phetlelang sefuba. Beatriz ea lilemo li 17 o re: “Haeba nke ke ka khona ho bua le e mong ka mathata a ka, ke nahana hore ke tla phatloha.” Leha ho le joalo, ka masoabi, bacha ba bangata ba ipolokela mathata a bona—’me hangata ba iphumana ba ntse ba nyahama ka ho eketsehileng. María de Jesús Mardomingo, moprofesa Lefapheng la Bongaka la Madrid, o bolela hore bacha ba eang bohōleng ba ho ipolaea hangata ba jeoa ke bolutu haholo. Bacha ba bangata ba ileng ba leka ho ipolaea empa ba pholoha, ba boletse hore ha baa ka ba khona ho fumana motho e moholo leha a le mong eo ba neng ba ka qoqa le eena le eo ba neng ba ka mo phetlela sefuba.

Ho thoe’ng ka uena? Na ho na le motho eo u ka buang le eena ha u nyahame? Haeba ha a eo, u ka bua le mang?

Bua le Batsoali ba Hao

Alejandro ea qotsitsoeng qalong, o hlalosa seo a se etsang ha a tepelletse maikutlo: “Ke ea ho ’Mè hobane esale ke hlaha, o ’nile a ntšehetsa ’me o nthusa hore ke itšepe. Ke boetse ke bua le Ntate hobane o bile le liphihlelo tse tšoanang le tsa ka. Haeba ke sa thaba ’me ke sa bolelle motho, joale ke utloa ke sa thaba le ho feta.” Rodolfo ea lilemo li 11 oa hopola: “Ka linako tse ling tichere e ne e ’nyenyefatsa ’me e nkhalefela, kahoo ke ne ke hlomoha haholo. Ke ne ke e-ea ntloaneng ke e’o lla. Joale hamorao, ke ile ka bua le ’Mè, ’me o ile a nthusa hore ke rarolle bothata ba ka. Haeba ke ne ke sa bua le eena, nka be ke ile ka hlomoha haholoanyane.”

Na u kile ua nahanela ho phetlela batsoali ba hao sefuba? Mohlomong u nahana hore ba ke ke ba khona ho utloisisa mathata a hao. Empa na ho hlile ho joalo? Ba ka ’na ba se ke ba utloisisa ka ho feletseng likhatello tsohle tseo bacha ba tobanang le tsona lefatšeng la kajeno; leha ho le joalo, na hase ’nete hore mohlomong ba u tseba hamolemo ho feta kamoo motho leha e le ofe ea lefatšeng a u tsebang kateng? Alejandro o re: “Ka linako tse ling ha ho bonolo hore batsoali ba ka ba nkutloele bohloko ’me ba utloisise kamoo ke ikutloang kateng.” Leha ho le joalo, oa lumela: “Kea tseba hore nka bua le bona.” Hangata bacha baa makala ha ba lemoha kamoo batsoali ba bona ba utloisisang mathata a bona hantle kateng! Kahobane ba hōlile ’me ba na le phihlelo e eketsehileng, hangata ba ka fana ka keletso e molemo—sena ke ’nete ka ho khetheha haeba ba na le phihlelo ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.

Beatriz ea qotsitsoeng pejana o re: “Ha ke bua le batsoali ba ka, ke fumana khothatso le tharollo e sebetsang bakeng sa mathata a ka.” Kahoo, ka lebaka le utloahalang Bibele e fana ka keletso ena ho bacha: “Mor’a ka, boloka litaelo tsa ntat’ao, u se ke ua furalla thuto ea ’m’ao. Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.”—Liproverbia 6:20; 23:22.

Ho hlakile hore ho thata ho phetlela batsoali ba hao sefuba haeba u se na kamano e ntle le bona. Ho ea ka Dr. Catalina González Forteza, phuputso e ileng ea etsoa har’a liithuti tsa sekolo se phahameng e ile ea bontša hore ba neng ba bolela hore ba lekile ho ipolaea ba ne ba sa itšepe ’me ba se na kamano e ntle le batsoali ba bona. Ho fapana le hoo, hangata bacha ba qobang monahano o joalo o kotsi “ke ba thabelang kamano e ntle le bo-’mè le bo-ntate ba bona.”

Ka lebaka leo, ka bohlale sebeletsa hore u hlaolele kamano e ntle le batsoali ba hao. Itloaetse ho buisana le bona kamehla. Ba bolelle lintho tse etsahalang bophelong ba hao. Ba botse lipotso. Moqoqo o joalo o etsoang ka bolokolohi o ka u nolofalletsa hore u ba atamele ha u e-na le bothata bo tebileng.

Ho Bua le Motsoalle

Empa na ha ho bonolo haholoanyane ho bolella thaka ea hao ha u e-na le mathata? Ho hotle ho ba le metsoalle eo u ka e tšepang. Liproverbia 18:24 e bolela hore “motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.” Empa le hoja lithaka tsa hao li ka u utloela bohloko ’me tsa u tšehetsa, hase kamehla li ka fanang ka keletso e molemohali. Etsoe, hangata li hloka phihlelo joaloka uena. U sa hopola Roboame? E ne e le morena mehleng ea Bibele. Ho e-na le ho amohela keletso e tsoang ho banna ba nang le phihlelo, ba hōlileng, o ile a mamela lithaka tsa hae. Phello e bile efe? E bile tlokotsi! Roboame o ile a lahleheloa ke tšehetso ea boholo ba sechaba sa hae le kamohelo ea Molimo.—1 Marena 12:8-19.

Bothata bo bong ba ho phetlela lithaka tsa hao sefuba e ka ba taba ea ho boloka lekunutu. Arturo ea qotsitsoeng qalong o re: “Bashanyana ba bangata bao ke ba tsebang ba bua le metsoalle ea bona ha ba utloile bohloko. Empa hamorao, metsoalle ea bona e senolela ba bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ea ba soma.” Gabriela ea lilemo li 13 o bile le phihlelo e tšoanang. O re: “Ka tsatsi le leng ke ile ka fumana hore motsoalle oa ka o ne a bolella motsoalle oa hae litaba tsa ka tsa botho, kahoo ha kea ka ka hlola ke mo phetlela sefuba. E, ke bua le lithaka tsa ka, empa ke leka hore ke se ke ka li bolella lintho tse tla nkama hampe haeba li li phetela ba bang.” Kahoo ha u batla thuso, ke habohlokoa ho fumana motho ea ‘sa phunyeng lekunutu la e mong.’ (Liproverbia 25:9) Ho ka etsahala hore motho eo e be motho e moholo ho uena.

Kahoo haeba ka lebaka le itseng u sa khone ho fumana tšehetso lapeng, ho lokile ho fumana motsoalle eo u ka mo phetlelang sefuba, empa tiisa hore o na le phihlelo bophelong le tsebo ea melao-motheo ea Bibele. Ntle ho pelaelo, phuthehong ea heno ea Lipaki tsa Jehova ho na le batho ba joalo. Liliana ea lilemo li 16 o re: “Ke phetletse barali ba bang beso ba Bakreste sefuba, ’me sena se bile molemo haholo. Kaha ba baholo ho ’na, keletso ea bona ea utloahala. Ba fetohile metsoalle ea ka.”

Ho thoe’ng haeba le bomoea ba hao bo qalile ho fokola? Mohlomong u hlomohile hoo u qalileng ho hlokomoloha thapelo kapa ho bala Bibele. Ho Jakobo 5:14, 15, Bibele e fana ka keletso ena: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang har’a lōna? A a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me a ba mo rapelle, ba mo tšasa ka oli ka lebitso la Jehova. ’Me thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa.” Phutheho ea heno ea Lipaki tsa Jehova e na le banna ba hōlileng ba nang le phihlelo ea ho thusa batho ba nyahameng kapa ba kulang moeeng. Buisana le bona ka bolokolohi. Bibele e bolela hore banna ba joalo ba ka ba “joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla.”—Esaia 32:2.

“Likōpo Tsa Lōna Tse Matla a li Tsebisoe Molimo”

Leha ho le joalo, mohloli o molemo ka ho fetisisa oa thuso ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) Ha u hlomohile ’me u tepelletse maikutlo, latela keletso ea Bafilippi 4:6, 7: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” Jehova o ikemiselitse ho u mamela kamehla. (Pesaleme ea 46:1; 77:1) Ka linako tse ling ho hlokahala feela hore u rapele bakeng sa hore u imolle kelello ea hao.

Haeba nako le nako u ikutloa u hlomohile kapa u tepelletse maikutlo, le ka mohla u se ke ua lebala hore bacha ba bang ba bangata ba kile ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ka mor’a nako e itseng, maikutlo a joalo hangata aa fela. Empa nakong ea ha a sa le teng, u se ke ua utloa bohloko u le mong. Bolella e mong hore u utloa bohloko. Liproverbia 12:25 e re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” U fumana “puo e molemo” ea khothatso joang? Ka ho bolella e mong—motho ea nang le phihlelo, tsebo le bohlale ba bomolimo bakeng sa hore a u fe matšeliso le thuso eo u e hlokang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba maikutlo a ho hlomoha a tsoela pele, ho ka ’na ha bontša hore u na le pherekano e tebileng ea maikutlo kapa u na le boloetse bo tebileng ba ’mele. Ho khothalletsoa hore u fumane tlhokomelo e potlakileng ea bongaka. Bona sehlooho se reng “Ho Hlōla Ntoa Khahlanong le ho Tepella Maikutlo,” tokollong ea March 1, 1990, ea koranta ea rōna ea habo ena, Molula-Qhooa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Ha ke bua le batsoali ba ka, ke fumana khothatso le tharollo e sebetsang”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Batsoali ba tšabang Molimo, ho e-na le lithaka tsa hao, hangata ba boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho u eletsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela