Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka February: E ka ba Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ka monehelo oa R3,50 kapa Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R10,50. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50. April le May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa e tlang ka poso ka monehelo oa R38,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo ea likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng ea likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ka selemo ke R19,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka likopi tsa limakasine ha mpho e hanoa.
◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba leha e le bafe ba e-na le bothata ba ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ho fanoe ka thuso. Hlahlobang lirapa tsa 12-20 tsa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.
◼ Mokete oa Sehopotso o tla ba ka Labobeli, la 2 April, 1996. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pejana, ka kōpo hopolang hore ho tsamaisoa ha bohobe le veine tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala pele letsatsi le likela. Hlahlobang mehloling ea sebaka sa lōna ho fumana hore na letsatsi le likela neng tulong ea lōna. Ha ho liboka tse lokelang ho tšoaroa letsatsing leo ntle le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Haeba ka tloaelo phutheho ea lōna e tšoara liboka ka Labobeli, le ka rata ho li fetisetsa letsatsing le leng la beke haeba Holo ea ’Muso e fumaneha.
◼ Bahoeletsi ba lakatsang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March, April le May ba lokela ho etsa litokisetso tsa bona hona joale le ho tlisa liforomo tsa kōpo nako esale teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo le hore ho be le limakasine le libuka tse lekaneng.
◼ La 20 April, 1996, e tla ba Letsatsi la Limakasine le khethehileng la rōna la selemo le selemo. Nakong e fetileng ba bangata ba ile ba thabela ho kopanela mosebetsing oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha le sa qale hona joale ho lokisetsa ho kopanela ka botlalo le selemong see? Liphutheho li lokela ho romela liodoro tse khethehileng tsa limakasine kapele-pele kamoo ho ka khonehang.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora 1996 Yearbook of Jehovah’s Witnesses hammoho le liodoro tsa tsona tsa February. Ho tla fumaneha 1996 Yearbook ka Sefora, Segerike, Senyesemane, Sepotoketsi, Setaliana le Sezulu. Ho fihlela ha libuka tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ngoloa “Back Ordered” ho li-invoice tsa phutheho. Li-Yearbook ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R5,60 e le ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba bileng lenaneng ka nako e fetang likhoeli tse tšeletseng ba ka fumana kopi ea mahala eo phutheho e ka kōpang phokoletso bakeng sa eona. Bo-pula-maliboho ba ka fumana likopi tse eketsehileng ka R3,70 e le ’ngoe.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Lipaki Tsa Jehova le Thuto (phutheho le batho bohle: R1,00; bo-pula-maliboho: R0,70)—Seafrikanse, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu
Meqolo e hatisitsoeng hape ea Watchtower ea 1951 (phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R22,00)—Senyesemane
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste (phutheho le batho bohle: R5,60; bo-pula-maliboho: R3,70)—Sesotho, Sexhosa
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng (phutheho le batho bohle: R3,50; bo-pula-maliboho: R2,65)—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Secroatia, Sedache, Sefora, Segerike, Sehungari, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepolish, Sepotoketsi, Serussia, Seserbia, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu
◼ Likhatiso tse Ncha tsa Braille tse Fumanehang:
Lipaki Tsa Jehova le Thuto (moqolo o le mong)—Grade-two Senyesemane
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng (meqolo e ’meli)—Grade-two Senyesemane