Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka ho Buisana le Batho
1 Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, puisano ke “ho fapanyetsana maikutlo, lipono, menahano, kapa likhopolo ka molomo.” Empa u ka qalisa puisano e theiloeng Bibeleng joang ha batho bao u teanang le bona ba hanyetsa bolumeli kapa ba tšoarehile ka litaba tsa bona? Jesu o ne a botsa lipotso ho etsa hore ba mametseng ba kopanele.—Joh. 4:9-15, 41, 42.
2 Re lokela ho rapela Molimo ka tieo ho re thusa ho fumana batho ba lipelo li tšepahalang le ho re bulela tsela ea ho buisana le bona. Bopaki bo ba bonolo haholoanyane haeba re talima mong’a ntlo ka mong joaloka eo e tlang ho ba mohlanka oa Jehova. Ho ba le mohopolo ona ho tla re thusa ho fetisa ’nete ka mokhoa o mofuthu le o tiileng o tla hohela ba thahasellang.
RE SEBELISE SEO RE NANG LE SONA
3 Buka ea Ho Bea Mabaka e fana ka likenyelletso tse ngata tse molemohali maqepheng 9-15. Tse ling tsa tsona li sebelisa lipotso ka tsela e atlehang. Ha mong’a ntlo a arabela potso, mamela ka tlhompho ebe u arabela ka mokhoa o tla bontša mong’a ntlo hore u nahanisisitse ka seo a se buileng.—Ba-Kol. 4:6.
4 Ha e le hantle, ha u botsa potso, ha u tsebe hore na mong’a ntlo o tla arabela joang. Itokisetse ho fetola puisano ea lōna ka ho loketseng. Leka ho ntšetsa puisano pele ka ho kenyelletsa boitsebiso bo eketsehileng bo tsoang ka Bibeleng bo mabapi le lithahasello tsa hae le ka ho botsa lipotso tse eketsehileng tse utloahalang.
LOKISETSA ESALE PELE
5 E ka ’na eaba u se u tloaelane le monahano o tloaelehileng oa batho ba tšimong ea heno. Haeba ho joalo, khetha likenyelletso bukeng ea Ho Bea Mabaka tse tla atleha haholo tšimong ea heno. Mohlomong u hloka feela ho lumellanya e ’ngoe ea likenyelletso tsena le Sehlooho sa Puisano sa morao-rao. Qalisa puisano ea hao ka lintho tseo u lumelang hore li ama mong’a ntlo, teka bothata ka bokhutšoanyane, ebe u lebisa tharollong ea Bibele. Ha a hlahisa pono ea hae, fana ka tlhaloso e molemo, eseng e nyatsang, ka seo a se buang. Ho thahasella ha hao likhopolo tsa hae le maikutlo ho lokela ho mo khothalletsa ho tsoela pele a buisana le uena. Leka ho fumana lintlha tseo le lumellanang ho tsona ’me u bue ka tsona. Boloka puisano e le molemo ka ho hatisa mahlohonolo a ’Muso e le eona tharollo ea Bibele mathateng a batho.
6 Nka lipono tse fapaneng e le linotlolo tse lebisang puisanong e tsoelang pele. Haeba mong’a ntlo a ikemiselitse ho beha mabaka, u ka botsa, “Na u kile ua nahana taba ee ka tsela ee?” Joale bontša seo Lentsoe la Molimo le se buang ka taba eo. Haeba u fumana hore motho eo ha aa bulehela ho beha mabaka, u se ke ua tsitlella hore a amohele seo u se boletseng. Ho fapana le hoo, phetha ka tlhaloso e nang le botsoalle, u siee tsela e bulehile bakeng sa monyetla o tlang oa ho ’molella litaba tse molemo.—Liprov. 12:8, 18.
7 Batho ba bang ba na le tšekamelo ea ho qoqa ha u teana le bona u sa rera. U se ke ua tsila-tsila ho qalisa puisano le batho bao u teanang le bona seterateng kapa ba sebetsang kapa ba phomotseng jareteng ea bona. Mohlomong ba ka thabela thahasello ea hao ea sebele mosebetsing oa bona, ’me u ka khona ho etsa hore moqoqo o fetohe puisano ka tšepiso ea Bibele ea hore haufinyane lefatše e tla ba paradeise. Ha u qalisa puisano, leka ho e etsa phihlelo e thabisang ho mong’a ntlo. Ha u khona, siea motho eo a na le boikutlo bo molemonyana ka Molimo, Lentsoe la oona, le bahlanka ba oona. Ka tsela ena, esita leha u ke ke ua atleha ho finyella pelo ea hae qalong, lekhetlong le latelang ha Paki e mo etetse a ka ’na a ba le thahasello e khōloanyane.