Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/96 leq. 7
  • Meqoqo ea Botsoalle e ka Finyella Pelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meqoqo ea Botsoalle e ka Finyella Pelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qala Moqoqo ka Sepheo sa ho Paka ka Tsela e sa Reroang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka ho Buisana le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling, ka ho Qalisa Moqoqo le Batho ka Morero oa ho ba Ruta ka Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 6/96 leq. 7

Meqoqo ea Botsoalle e ka Finyella Pelo

1 Moqoqo o ka hlalosoa e le “ho fapanyetsana likhopolo ka puo.” Ho qala meqoqo ea botsoalle sehloohong se amang ba bang ho ka ’na ha hapa thahasello ea bona ’me ho ka re thusa ho finyella lipelo tsa bona ka molaetsa oa ’Muso. Phihlelo e bontšitse hore ho na le katleho e khōlō ho kenya batho moqoqong oa botsoalle le o phutholohileng ho feta ho ba behela puo.

2 Mokhoa oa ho Qala Moqoqo oa Botsoalle: Hore ebe re khona ho qoqa le ba bang ha ho bolele hore re lokela ho hlahisa mokhoa o makatsang oa maikutlo le oa mangolo. Ho mpa feela ho akarelletsa ho etsa hore motho e mong a bue le rōna. Ka mohlala, ha re e-na le moqoqo oa botsoalle le moahelani oa rōna, hase o qobelloang empa o phutholohile. Ha re nahane ka mantsoe a rōna a latelang empa re arabela ka tlhaho maikutlong ao a a hlahisang. Ho bontša thahasello ea ’nete ho seo a se buang ho ka ’na ha mo khothaletsa ho tsoela pele a qoqa le rōna. Ho lokela ho ba joalo ha re pakela ba bang.

3 Lihlooho tse kang tlōlo ea molao, mathata a bocha, litaba tsa sebaka ka seng, maemo a lefatše, kapa esita le boemo ba leholimo li ka sebelisoa ho qala meqoqo ea botsoalle. Litaba tse amang bophelo ba batho ka ho toba li sebetsa haholo ho tsoseng thahasello ea bona. Hang ha moqoqo o qaliloe, ka bonolo re ka o lebisa molaetseng oa ’Muso.

4 Ho ba le moqoqo o phutholohileng ha ho bolele hore ho lokisetsa esale pele ha ho hlokahale. Hoa hlokahala. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale ho qapa kemiso e qobelloang kapa ho tšoara puo ka hlooho, e leng ho tla fella ka moqoqo o sa tenyetseheng kapa o sa ikamahanyeng le maemo a teng. (Bapisa le 1 Bakorinthe 9:20-23.) Tsela e babatsehang ea ho lokisetsa ke ho khetha sehlooho se le seng sa Mangolo kapa tse peli, ka tebello ea ho haha moqoqo ho tsona. Ho hlahloba lihlooho tse fumanoang bukeng ea Ho Bea Mabaka ho tla ipaka ho le molemo bakeng sa sena.

5 Litšoaneleho Tsa Bohlokoa Bakeng sa Moqoqo oa Botsoalle: Ha re qoqa le ba bang, re lokela ho ba ba mofuthu le ba tšepahalang. Ho bososela le ponahalo e thabileng li thusa ho bonahatsa litšoaneleho tsena. Re na le molaetsa o molemohali lefatšeng; o ipiletsa haholo ho batho ba pelo li tšepahalang. Haeba ba ikutloa hore ho ba thahasella ha rōna ho susumetsoa ke takatso e hlokang boikaketsi ea ho arolelana le bona litaba tse molemo, joale ba ka ’na ba susumelletseha ho mamela.—2 Bakor. 2:17.

6 Ho tšoareha moqoqong e lokela ho ba phihlelo e thabisang. Ka hona, re lokela ho ba mosa le ho ba bohlale ha re hlahisa molaetsa oa ’Muso. (Bagal. 5:22; Bakol. 4:6) Loanela ho siea motho e mong a e-na le maikutlo a matle. Ka tsela ena, esita le haeba re sa atlehe ho finyella pelo ea hae qalong, a ka ’na a amohela haholoanyane nakong e tlang ha Paki e qoqa le eena.

7 Ho qala moqoqo oa botsoalle hase ka lebaka la botsebi ba puo e rarahaneng. Ke taba feela ea ho tsosa thahasello tabeng eo motho a amehileng ka eona. Hang ha re lokiselitse esale pele, joale re tla be re loketse ho kenya batho meqoqong ea botsoalle. A re ikemisetseng ho finyella lipelo tsa bao re kopanang le bona ka ho arolelana le bona litaba tse molemohali tse ka fumanoang, tsa mahlohonolo a ’Muso a sa feleng.—2 Pet. 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela