Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
NA KA tloaelo u nolofalloa ke ho qoqa le batho ba bang? Ho ba bangata, ho nahana feela ka taba ea ho tšoara moqoqo, haholo-holo le motho eo ba sa mo tsebeng, ho ba bakela matšoenyeho. Mohlomong batho ba joalo ba lihlong. Ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ke tla re’ng? Nka qalisa moqoqo joang? Nka o ntšetsa pele joang?’ Batho ba sebete, ba sa tšabeng batho ba ka ’na ba ba le tšekamelo ea ho bua haholo. Phephetso ea bona e ka ’na ea e-ba ea ho fata ba bang maikutlo le ho ithuta ho mamela se boleloang. Kahoo kaofela ha rōna, ho sa tsotellehe hore na re lihlong kapa ha re tšabe batho, re lokela ho tsoela pele ho hlaolela tsebo ea ho qoqa.
Qala ka Lapeng
E le hore u ntlafatse tsebo ea hao ea ho qoqa, ke hobane’ng ha u sa qale ka lapeng? Moqoqo o hahang o ka tlatsetsa haholo thabong ea lelapa.
Ntho ea bohlokoa haholo e ka lebisang moqoqong o joalo ke ho tsotellana ka ho teba. (Deut. 6:6, 7; Liprov. 4:1-4) Ha re tsotella ba bang, rea buisana ’me rea mamela ha motho e mong a batla ho bua. Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ke ho ba le ntho e molemo eo u ka e buang. Haeba re e-na le lenaneo la kamehla la ho bala Bibele le ho ithuta, re tla ba le lintho tse ngata tseo re ka li arolelanang le ba bang. Ho sebelisa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ho ka tsosa moqoqo. Mohlomong re bile le phihlelo e monate tšebeletsong ea tšimo motšehare. Ho ka etsahala hore re bale ntho e itseng e rutang kapa e qabolang. Re lokela ho itloaetsa ho arolelana le ba bang lintho tsena moqoqong o hahang oa lelapa. Hape sena se tla re thusa ho qoqa le batho bao e seng litho tsa lelapa la rōna.
Ho Buisana le Motho eo U sa mo Tsebeng
Batho ba bangata ba tsilatsila ho qalisa moqoqo le motho eo ba sa mo tsebeng. Empa kahobane Lipaki tsa Jehova li rata Molimo le baahelani ba tsona, li ikitlaelletsa ho ithuta mokhoa oa ho qoqa e le hore li arolelane linnete tsa Bibele le ba bang. Ke eng se ka u thusang ho ntlafatsa karolong ee?
Molao-motheo o boletsoeng ho Bafilipi 2:4 ke oa bohlokoa. Re khothalletsoa hore re se hlokomele ‘lithahasello tsa litaba tsa [rōna] feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ Ak’u o nahane tjena: Haeba u e-s’o ka u kopana le motho ea itseng, o u nka u le motho eo a sa mo tsebeng. U ka etsa joang hore a phutholohe? Pososelo e mofuthu le tumeliso e nang le botsoalle e tla thusa. Empa ho na le ho eketsehileng hoo u lokelang ho ho hlokomela.
E ka ’na eaba u mo sitisitse ho seo a neng a se nahanne. Haeba u leka ho etsa hore le buisane ka seo uena u se nahanneng u sa natse seo eena a se nahanneng, na o tla arabela hantle? Jesu o ile a etsa’ng ha a kopana le mosali e mong selibeng Samaria? Mosali eo o ne a nahanne ka ho kha metsi. Jesu o ile a qala moqoqo oa hae le mosali eo motheong oo ’me ka potlako a o fetola hore e be moqoqo oa moea o tletseng bophelo.—Joh. 4:7-26.
Haeba u ela lintho hloko, le uena u ka lemoha seo batho ba se nahanang. Na motho eo o shebahala a thabile kapa a hlomohile? Na ke motho ea hōlileng, mohlomong ke sekooa? Na ho na le lintho tse bontšang hore ho na le bana lelapeng leo? Na motho eo o bonahala a eme hantle linthong tse bonahalang kapa ke motho ea sokolang ho fumana lintho tsa ho iphelisa? Na mekhabiso e ka tlung kapa mabenyane a hae a bontša hore ke motho oa bolumeli? Haeba tumeliso ea hao e bontša hore u hlokomela lintho tse joalo, motho eo a ka ’na a u talima u le motho ea nang le lithahasello tse tšoanang le tsa hae.
Haeba u sa khone ho teana le mong’a ntlo lifahleho li talimane, mohlomong u utloa lentsoe la hae feela monyako o ntse o notletsoe, u ka ’na ua phetha ka ho re’ng? Ho ka ’na ha etsahala hore ebe motho eo o phela ka tšabo. Na u ka sebelisa boitsebiso boo ho qalisa moqoqo u ntse u le ka ntle?
Libakeng tse ling hoa khoneha ho kenyelletsa motho moqoqong ka ho mo bolella ho hong ka uena—semelo sa hao, lebaka leo u tlileng ha hae ka lona, lebaka la hore u lumele ho Molimo, lebaka leo u qalileng ho ithuta Bibele ka lona le kamoo Bibele e u thusitseng kateng. (Lik. 26:4-23) Ho hlakile hore sena se lokela ho etsoa ka masene le ka sepheo se hlakileng. Ka lehlakoreng le leng, sena se ka etsa hore motho eo a u bolelle ho hong ka eena le kamoo a bonang lintho kateng.
Litsong tse ling, ke ntho e tloaelehileng ho bontša kamohelo e mofuthu ho batho basele. Batho ba ka ’na ba u mema habonolo feela hore u kene ka tlung ba be ba u fe le setulo. Ha u se u lutse fatše, haeba u botsa ka tlhompho hore na lelapa leo le phela joang ’me u mamela karabelo eo ka botšepehi, mong’a ntlo le eena a ka ’na a mamelisisa seo u se buang. Lichaba tse ling li rata baeti haholo, kahoo ho ka ’na ha hlokahala hore u qete nako e ngata u lumelisa feela. Nakong eo, ba ka ’na ba hlokomela hore ho na le lintho tseo le tšoanang ho tsona. Sena se ka lebisa puisanong ea moea e ruisang molemo.
Ho thoe’ng haeba sebakeng seo u lulang ho sona ho e-na le batho ba bangata ba buang lipuo tseo u sa li tsebeng? U ka finyella batho baa joang? Haeba u ka ithuta esita le litumeliso tse bonolo feela ka tse ling tsa lipuo tseo, batho ba tla lemoha hore ua ba thahasella. Sena se ka bula tsela bakeng sa lipuisano tse eketsehileng.
Kamoo U ka Ntšetsang Moqoqo Pele Kateng
Hore u ntšetse moqoqo pele, thahasella ho utloa maikutlo a motho e mong. Mo khothalletse ho ntša maikutlo a hae haeba a rata ho etsa joalo. Lipotso tse khethiloeng hantle li ka thusa. Lipotso tse batlang maikutlo a motho li molemo haholo hobane hangata li etsa hore motho a se ke a arabela feela ka hore e kapa che. Ka mohlala, ha u se u boletse bothata bo teng tikolohong ea lōna, u ka ’na ua botsa: “U nahana hore boemo boo bo bakiloe ke’ng?” kapa “U nahana hore bo ka loka joang?”
Ha u botsa potso, mamelisisa karabo. Bontša thahasello ea hao ea sebele ka ho bua lentsoe le itseng, ka ho ōma ka hlooho, ka boitšisinyo bo itseng. U se ke ua kena motho hanong. Ka kelello e bulehileng, nahana ka seo a se buang. ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’ (Jak. 1:19) Ha u arabela, bontša hore u ne u hlile u mametse seo a neng a se bolela.
Leha ho le joalo, u hlokomele hore hase batho bohle ba tla araba lipotso tsa hao. Batho ba bang ba ka arabela feela ka ho phahamisa lintši kapa ka ho bososela. Ba bang ba ka ’na ba arabela ka hore feela e kapa che. U se ke ua nyahama. U se ke ua fela pelo. U se ke ua leka ho qobella moqoqo. Haeba motho a rata ho mamela, sebelisa monyetla oo ho arolelana le eena mehopolo ea Mangolo. Ka mor’a nako e itseng, motho eo a ka ’na a u nka u le motsoalle. Kahoo mohlomong o tla rata ho u bolella maikutlo a hae a lokolohile haholoanyane.
Ha u ntse u bua le batho, u lule u ntse u hopotse nako e tlang. Haeba motho a botsa lipotso tse ngata, araba tse ling tsa tsona empa u siee e le ’ngoe kapa tse peli bakeng sa moqoqo oa lōna oa nako e tlang. Ithaopele ho etsa lipatlisiso ’me u arolelane le eena seo u se fumaneng. Haeba a sa botse lipotso, u ka ’na ua phetha moqoqo oa lōna ka potso eo u nahanang hore o tla e thahasella. Ithaopele ho bua ka eona ketelong e latelang. Likhopolo tse ngata li ka fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, bukaneng ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le litokollong tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Ha U E-na le Balumeli-’moho
Ha u kopana le e mong oa Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele, na u nka bohato ba pele ba hore le tsebane? Kapa na u ikemela feela u thōtse? Lerato bakeng sa barab’abo rōna le lokela ho re susumelletsa ho ba tseba. (Joh. 13:35) U ka qala joang? U ka ’na ua bolela feela hore na u mang ’me u kōpe motho eo ho u bolella lebitso la hae. Hangata ho mo botsa hore na o fumane ’nete joang ho tla lebisa moqoqong o thahasellisang ’me ho tla le thusa hore le tsebane. Esita le haeba seo u se buang e ka ’na eaba ha se bontše bokheleke, ho motho e mong boiteko ba hao bo bontša hore ua mo tsotella, ’me eo ke eona ntho ea bohlokoa.
Ke eng e ka tlatsetsang moqoqong o nang le morero ha u e-na le setho sa phutheho ea heno? Bontša thahasello ea sebele ho motho eo le ho lelapa la hae. Na seboka se sa tsoa fela? Bua ka likhopolo tseo u li fumaneng li thusa. Sena se ka le ruisa molemo bobeli ba lōna. U ka ’na ua bua ka ntlha e thahasellisang e tsoang tokollong ea morao-rao ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! Sena ha sea lokela ho etsoa bakeng sa mponeng kapa ho leka tsebo ea ba bang. Se etse ka morero oa ho arolelana le ba bang ntho eo u e thahasellang ka ho khethehileng. Le ka ’na la bua ka kabelo ea puo eo e mong oa lōna a nang le eona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me le fapanyetsane maele mabapi le hore na e ka neheloa joang. Hape le ka ’na la arolelana liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo.
Ho hlakile hore hangata thahasello ea rōna ho batho e etsa hore re bue ka batho—lintho tseo ba li buang le tseo ba li etsang. Mohlomong mesoaso le eona e ka ba karolo ea lipuo tsa rōna. Na seo re se buang e tla ba se hahang? Haeba re nka ka botebo keletso ea Lentsoe la Molimo ’me re susumetsoa ke lerato la bomolimo, ka sebele lipuo tsa rōna e tla ba tse hahang.—Liprov. 16:27, 28; Baef. 4:25, 29; 5:3, 4; Jak. 1:26.
Pele re kopanela tšebeletsong ea tšimo rea lokisetsa. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse ntho e itseng e thahasellisang eo u ka e arolelanang le metsoalle ha u qoqa? Ha u ntse u bala le ha u utloa lintho tse thahasellisang, hlokomela lintlha tseo u batlang ho li arolelana le ba bang. Ka mor’a nako e itseng, u tla ba le tse ngata tseo u ka khethang ho tsona. Ho etsa sena ho tla u thusa hore u fetele ka nģ’ane ho taba ea ho bua feela ka bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ka holimo ho tsohle, e se eka seo u se buang se ka fana ka bopaki ba kamoo Lentsoe la Molimo e leng la bohlokoa kateng ho uena!—Pes. 139:17.
[Lebokose le leqepheng la 63]
LITHUSO TSA HO QALISA MOQOQO
• Ela hloko litloaelo tsa sebaka seo
• Fana ka pabatso ea sebele
• Bua ka ntlha eo le e thahasellang hammoho
• Botsa potso e fatang maikutlo
[Lebokose le leqepheng la 65]
LITŠOANELEHO TSE THUSANG
• Boikutlo ba nyakallo
• Ho ba mofuthu le ho tšepahala
• Thahasello e loketseng ea botho