Tseba Mokhoa oo U Tšoanetseng ho Araba ka Oona
LIPOTSO tse ling li tšoana le lithaba tsa leqhoa. Karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa e patehile ka tlaase. Hangata motheo oa taba o bohlokoa ho feta taba ka boeona.
Esita leha motho ea botsang a thahasella ho utloa karabo, ho tseba ha hao mokhoa oo u tšoanetseng ho araba ka oona ho ka akarelletsa ho hlokomela hore na u lokela ho bua halelele hakae le mokhoa oo u lokelang ho qala taba ka oona. (Joh. 16:12) Mabakeng a mang, joalokaha Jesu a ile a bolella baapostola ba hae, motho a ka ’na a batla ho tseba boitsebiso boo a sa lokelang ho bo tseba kapa boo ha e le hantle bo ke keng ba mo tsoela molemo.—Lik. 1:6, 7.
Mangolo aa re eletsa: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakol. 4:6) Kahoo, pele re araba, ha rea lokela ho nahana feela ka seo re tla se bua empa hape le mokhoa oo re tla se bua ka oona.
Lemoha Maikutlo a ea Botsang
Basaduse ba ile ba leka ho tšoasa Jesu ka potso e mabapi le mosali ea ileng a nyaloa ka makhetlo a mangata. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore ha e le hantle ba ne ba sa lumele tsohong ea bafu. Kahoo ha a araba, o ile a araba potso ea bona ka tsela e neng e sebetsana le maikutlo a fosahetseng ao e neng e le ’ona motheo oa potso eo. A sebelisa mokhoa o bohlale haholo oa ho beha mabaka le tlaleho e tloaelehileng ea Mangolo, Jesu o ile a bua ka ntho eo ho neng ho se mohla ba kileng ba e nahana pele—bopaki bo hlakileng ba hore ka sebele Molimo o tla tsosa bafu. Karabo ea hae e ile ea makatsa bahanyetsi ba hae hoo ba ileng ba tšaba ho mo botsa lipotso tse ling.—Luka 20:27-40.
Hore u tsebe kamoo u tšoanetseng ho araba kateng, le uena u lokela ho lemoha maikutlo le lintho tseo batho ba u botsang lipotso ba amehileng ka tsona. Ka mohlala, seithuti-’moho kapa mosebetsi-’moho a ka ’na a u botsa hore na ke hobane’ng ha u sa keteke Keresemese. Ke hobane’ng ha a botsa? Na o hlile o batla ho tseba lebaka, kapa o mpa feela a ipotsa hore na ebe u lumeletsoe ho ithabisa? Hore u fumane sena, ho ka ’na ha hlokahala hore u botse lebaka la potso eo. Joale u arabe tumellanong le hoo. Hape u ka ’na ua sebelisa monyetla oo ho bontša kamoo ho latela tataiso ea Bibele ho re sireletsang kateng likarolong tse ling tsa letsatsi leo la phomolo tse ferekantseng batho le ho ba imela.
Ha re re mohlomong u kōptjoa hore u bue le sehlopha sa liithuti ka Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a nehelano ea hao, li ka ’na tsa botsa lipotso. Haeba lipotso tseo li bonahala li tšepahala ebile li hlakile, ho ka ba molemo haholo ho fana ka likarabo tse bonolo le tse tobileng. Haeba lipotso tseo li bonahatsa leeme le leng teng tikolohong eo, u ka finyella molemo o moholo ka hore pele u fana ka likarabo u bolele hakhutšoanyane hore na ke eng e bakang maikutlo a tloaelehileng litabeng tse joalo le hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li khetha hore Bibele e be eona e li behelang litekanyetso. Hangata, ho molemo ho talima lipotso tse joalo e le litaba tseo ho amehiloeng ka tsona, eseng e le litsekisano—le hoja e ka ’na eaba li hlahisitsoe ka tsela eo. Kahoo, karabo ea hao e u fa monyetla oa ho atolosa pono ea bamameli ba hao, e ba neha boitsebiso bo nepahetseng le ho hlalosa motheo oa Mangolo bakeng sa litumelo tsa rōna.
U tla itšoara joang ha mohiri a sa batle ho u lokolla mosebetsing hore u ee kopanong? Pele, sheba lintho ka leihlo la hae. Na mohlomong ho ka thusa haeba u ka ithaopela ho sebetsa nako e eketsehileng mosebetsing ka nako e ’ngoe? Haeba u ka mo hlalosetsa hore thuto e fanoang likopanong tsa rōna e re thusa ho ba basebetsi ba tšepahalang na hoo ho ka thusa? Haeba u bontša hore u nahanela lithahasello tsa hae, mohlomong le eena o tla nahanela hantle seo a se nkang e le sa bohlokoa bophelong ba hao. Empa ho thoe’ng haeba a batla hore u etse ntho e itseng e bontšang ho se tšepahale? Ho bolela ka mokhoa o hlakileng hore u ke ke ua etsa hoo hammoho le ho sebelisa khopolo e tsoang Mangolong ho tla hlalosa boemo ba hao. Empa na mohlomong ho ka ba molemo haholo haeba u ka behelana mabaka le eena pele ka hore motho ea ikemiselitseng ho bua leshano kapa ho utsoa bakeng sa hae a ka boela a bua leshano ho eena kapa a utsoa thepa ea hae?
Ka lehlakoreng le leng, mohlomong u seithuti se sa batleng ho kopanela mesebetsing e itseng ea sekolo e sa lumellaneng le Mangolo. Hopola, ho ka etsahala hore tichere ha e bone lintho kamoo u li bonang kateng ’me ke mosebetsi oa eona ho boloka taolo ka tlelaseng. Liphephetso tseo u talimaneng le tsona ke (1) ho hlompha seo e amehileng ka sona, (2) ho hlalosa boemo ba hao ka tlhompho le (3) ho tiea ho seo u tsebang hore se tla khahlisa Jehova. Hore u be le liphello tse molemohali, ho ka ’na ha hlokahala ho fetang feela tlhaloso e bonolo, le e tobileng mabapi le seo u se lumelang. (Liprov. 15:28) Haeba u mocha, ntle ho pelaelo ’mè kapa ntate oa hao o tla u thusa ho lokisetsa ho hong hoo u ka ho buang.
Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore u arabele liqoso tseo u li tliselitsoeng ke motho e mong ea boholong. Lepolesa, motho ea boholong pusong, kapa moahloli a ka ’na a batla hore u arabe lipotso mabapi le ho mamela molao o itseng, boemo ba hao ba Bokreste ba ho se nke lehlakore, kapa boikutlo ba hao mabapi le ho kopanela litšebeletsong tsa ho rata naha. U lokela ho araba joang? Bibele ea eletsa: “Ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Hape, ipotse hore na ke hobane’ng ha ba amehile ka litaba tsena ’me u amohele kameho eo ka tlhompho. Joale ebe ho etsahala’ng? Moapostola Pauluse o ile a bua ka melao e itseng ea Roma e sireletsang litokelo tsa motho, kahoo u ka ’na ua ba hlokomelisa ka melao e sireletsang litokelo tsa hao e sebetsang boemong ba hao. (Lik. 22:25-29) Mohlomong lintlha tse mabapi le boemo bo ileng ba nkoa ke Bakreste ba pele le Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tla atolosa pono ea motho ea boholong. Kapa u ka ’na ua bontša kamoo ho ela hloko bolaoli ba Molimo ho hlileng ho susumelletsang batho hore ba phehelle haholoanyane ho mamela melao e loketseng ea batho. (Bar. 13:1-14) Ha u entse lintho joalo, polelo e bontšang mabaka a Mangolo mabapi le boemo ba hao e ka ’na ea amoheloa hantle.
Maikutlo ao Motho ea Botsang a Nang le ’Ona ka Mangolo
Ha u etsa qeto mabapi le kamoo u ka arabang kateng, ho ka ’na ha hlokahala hore u boele u nahanele maikutlo ao motho ea botsang a nang le ’ona ka Mangolo a Halalelang. Jesu o ile a etsa sena ha a ne a araba potso ea Basaduse mabapi le tsoho. Ka ho tseba hore ba ne ba lumela mangolong a Moshe feela, Jesu o ile a beha mabaka ka tlaleho e Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, a kenyelletsa litlhaloso tsa hae ka ho re: “Empa hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a ho senola.” (Luka 20:37) Le uena u ka ho fumana ho le molemo ho qotsa likarolo tsa Bibele tseo motho ea u mametseng a li lumelang le tseo a li tloaetseng.
Ho thoe’ng haeba motho ea u mametseng a sa nke Bibele e le e amohelehang? Hlokomela seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa puong ea hae Areopago, joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 17:22-31. O ile a bua ka linnete tsa Mangolo kantle le ho qotsa Bibele ka ho toba. Haeba ho hlokahala, le uena u ka etsa se tšoanang. Libakeng tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore u be le lipuisano tse ’maloa le motho pele u qotsa Bibele ka ho toba. Ha u kenyelletsa Bibele, ho ka ba bohlale hore pele u fane feela ka mabaka a itseng a hore na ke hobane’ng ha e lokela ho eloa hloko ho e-na le ho bolela ka tieo hore ke Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, sepheo sa hao e lokela hore e be ho fana ka bopaki bo hlakileng mabapi le morero oa Molimo ’me, hamorao, u lumelle motho ea u mametseng ho iponela ka boeena seo Bibele e se buang. Bibele e susumetsa ho feta ntho leha e le efe eo re ka ’nang ra e bua.—Baheb. 4:12.
“Kamehla e ke e be se Nang le Mosa”
Ke ho loketseng hakaakang ha bahlanka ba Jehova, eo ka boeena a leng mosa, ba bolelloa hore ba etse hore seo ba se buang “kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai”! (Bakol. 4:6; Ex. 34:6) Sena se bolela hore re lokela ho bua ka mosa, esita leha ho ka bonahala eka re ne re sa tšoanela hore ebe re entse joalo. Re lokela ho bua ka mokhoa o khahlehang, eseng ka bohale kapa ka ho hloka masene.
Batho ba bangata ba tlas’a khatello e khōlō ’me letsatsi le letsatsi ba hlokofatsoa ka mantsoe. Ha re etela batho ba joalo, ba ka ’na ba re buisa hampe. Re lokela ho itšoara joang? Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” Hape karabo e joalo e ka nolofatsa motho ea nang le maikutlo a hanyetsang. (Liprov. 15:1; 25:15) Ho batho ba fetang tlas’a maemo a thata letsatsi le letsatsi, mokhoa oo re etsang lintho ka oona esita le ho bua ka lentsoe le mosa li ka ipiletsa haholo hoo ba ka ’nang ba mamela litaba tse molemo tseo re li tlisitseng.
Ha re na thahasello ea ho phehisana le batho ba sa hlompheng ’nete. Ho e-na le hoo, re lakatsa ho behelana mabaka ka Mangolo le batho ba tla re lumella ho etsa joalo. Ho sa tsotellehe hore na re thulana le boemo bofe, re lula re ntse re hopola hore re lokela ho araba ka mosa le ka kholiseho ea hore litšepiso tsa bohlokoa tsa Molimo lia tšepahala.—1 Bathes. 1:5.
Liqeto Tsa Botho le Litaba Tse Laoloang ke Letsoalo
Ha seithuti sa Bibele kapa molumeli-’moho a botsa hore na o lokela ho etsa joang boemong bo itseng, u lokela ho araba joang? Mohlomong u tseba seo u neng u ka se etsa. Empa motho ka mong o lokela ho jara boikarabelo ka liqeto tseo a li etsang bophelong. (Bagal. 6:5) Moapostola Pauluse o hlalositse hore o ile a khothalletsa batho bao a neng a ba pakela “ho mamela ka tumelo.” (Bar. 16:26) Oo ke mohlala o motle oo re ka o latelang. Motho ea etsang liqeto hore feela a khahlise motho ea mo rutang Bibele kapa motho e mong o sebeletsa batho, ha a phele ka tumelo. (Bagal. 1:10) Kahoo karabo e bonolo, e tobileng e ka ’na ea se ke ea tsoela motho ea botsang molemo.
Joale, u ka araba joang ka mokhoa o lumellanang le tataiso ea Bibele? U ka ’na ua lebisa tlhokomelo melao-motheong e loketseng ea Bibele le mehlaleng e akarelelitsoeng tlalehong ea Bibele. Mabakeng a mang, u ka ’na ua mo bontša mokhoa oa ho etsa lipatlisiso e le hore a iphumanele melao-motheo le mehlala eo ka boeena. U ka ’na ua tšohla melao-motheo le bohlokoa ba mehlala eo empa u sa e lebise boemong bo hlahileng. Botsa motho eo hore na ebe o bona ho hong ho eona ho ka ’nang ha mo thusa ho etsa qeto e bohlale. Leseling la melao-motheo ena le mehlala ena mo khothalletse hore a hlokomele hore na ke tsela efe e neng e ka khahlisa Jehova. Ka tsela ena u mo thusa hore a ‘koetlise matla a hae a ho lemoha ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.’—Baheb. 5:14.
Ho Fana ka Litlhaloso Libokeng Tsa Phutheho
Hangata liboka tsa phutheho ea Bokreste li re fa menyetla ea ho bolela tumelo ea rōna phatlalatsa. Tsela e ’ngoe eo re etsang seo ka eona ke ho fana ka litlhaloso ha re araba lipotso. Re lokela ho fana ka litlhaloso joang? Ka takatso ea ho rorisa, kapa ho bua hantle ka Jehova. Mopesaleme Davida o ile a etsa joalo ha a ne a le “har’a matšoele a phuthehileng.” (Pes. 26:12) Hape re lokela ho fana ka litlhaloso ka mokhoa o tla khothatsa balumeli-’moho, re ba susumelletse “leratong le mesebetsing e metle,” joalokaha moapostola Pauluse a ile a khothalletsa. (Baheb. 10:23-25) Ho ithuta lithuto esale pele ho ka re thusa ho etsa sena.
Ha u kōptjoa hore u fane ka tlhaloso, boloka litlhaloso tsa hao li le bonolo, li hlakile ’me li le khutšoanyane. U se ke ua akaretsa serapa kaofela; buella ntlha e le ’ngoe feela. Haeba u fana ka karolo feela ea karabo, seo se tla neha ba bang monyetla oa ho fana ka litlhaloso tse eketsehileng. Ho molemo haholo hore u hatise mangolo a qotsitsoeng boitsebisong boo. Ha u etsa joalo, leka ho lebisa tlhokomelo karolong ea temana e amanang le ntlha e ntseng e tšohloa. Ithute ho fana ka litlhaloso ka mantsoe a hao ho e-na le ho bala ka ho toba serapeng. U se ke ua khathatseha ha tlhaloso ea hao e sa hlahe ka mokhoa o nepahetseng hantle. Seo se etsahala nako le nako ho motho e mong le e mong ea fanang ka litlhaloso.
Ho totobetse hore ho tseba kamoo re tšoanetseng ho araba kateng ha ho akarelletse feela ho tseba karabo ka boeona. Ho hloka temoho. Empa ho khotsofatsa hakaakang ha u fana ka karabo e tsoang pelong ea hao le e amang lipelo tsa ba bang!—Liprov. 15:23.
[Lebokose le leqepheng la 67]
PELE U ARABA, NAHANA HORE NA
• Ke hobane’ng ha ho botsitsoe potso eo
• Ke motheo ofe o lokelang ho raloa e le hore karabo e utloisisoe hantle
• U ka hlalosa boemo ba hao joang ka mokhoa o bontšang hore u hlompha litaba tse amang motho e mong ka ho teba
• U ka itlhalosa joang ka mosa le ka kholiseho
• Ebe u lokela ho fana ka karabo e tobileng kapa ho fana ka melao-motheo le mehlala ea Bibele e tla thusa motho e mong ho iketsetsa qeto ka seo a tla se etsa
[Lebokose le leqepheng la 70]
KAMOO U KA FANANG KA LITLHALOSO LIBOKENG
• Haeba e le uena ea qalang, fana ka karabo e bonolo, le e tobileng potsong eo
• Ho tlatsetsa puisanong, (1) bontša kamoo lengolo le qotsitsoeng le amanang kateng le ntlha e ntseng e tšohloa, (2) bolela kamoo taba eo e amang bophelo ba rōna kateng, (3) hlalosa kamoo boitsebiso boo bo ka sebelisoang kateng, kapa (4) pheta phihlelo e khutšoanyane e hatisang ntlha ea sehlooho
• Mamela ka hloko litlhaloso tse fanoeng e le hore u tsebe kamoo u ka tlatsetsang ho se seng se boletsoe
• Leka ho fana ka litlhaloso ka mantsoe a hao