Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qala Moqoqo ka Sepheo sa ho Paka ka Tsela e sa Reroang
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa? Hangata ha re paka ka ntlo le ntlo re fumana batho ba bangata ba le sieo. Leha ho le joalo, re ntse re ka kopana le bona ha re le lipalangoeng tsa sechaba, ngakeng, ha re nkile khefu mosebetsing kapa sekolong le ha re le libakeng tse ling. Ke thato ea Jehova hore e mong le e mong a fumane monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso. (1 Tim. 2:3, 4) E le hore re pake, hangata ho hlokahala hore e be rōna ba qalang moqoqo.
Leka Sena Khoeling Ena:
Beke ka ’ngoe leka ho qoqa le motho a le mong ka sepheo sa ho paka ka tsela e sa reroang.