Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/10 maq. 3-6
  • U ka Paka Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Paka Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolela Khanya ea Borena ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na U Itokiselitse ho Paka Neng le Neng ha U Fumana Monyetla?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Rorisang Jehova ka ho Paka ka Mokhoa o sa Reroang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Re Lipaki ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 8/10 maq. 3-6

U ka Paka Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha!

1. (a) Ho paka ha monyetla o hlaha ho bolela’ng? (b) Ke ba bakae ba teng sebokeng see ba ileng ba utloa litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka hore ba pakeloe ha monyetla o hlaha?

1 Ke batho ba bakae phuthehong ea heno ba utloileng ’nete ka lekhetlo la pele ka ho pakeloa ha monyetla o hlaha? Palo ea bona e ka ’na ea u makatsa. Neng le neng ha monyetla o hlaha re bolella batho bao re teanang le bona letsatsi le letsatsi litaba tse molemo—ha re le maetong, ha re chaketse beng ka rōna kapa baahelani, ha re le mabenkeleng, esita le ha re le sekolong, mosebetsing le libakeng tse ling. Sehlopheng se seng sa Lipaki tse fetang 200 tse kolobelitsoeng, tse 40 lekholong li ile tsa utloa litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka hore li pakeloe ha monyetla o hlaha! Ka hona, ruri mokhoa ona oa ho bolela litaba tse molemo oa ipabola.

2. Ka Mangolong ho na le mehlala efe ea ba neng ba paka neng le neng ha monyetla o hlaha?

2 Baboleli ba litaba tse molemo ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba atisa ho bolela neng kapa neng ha monyetla o hlaha. Ka mohlala, ha Jesu a le leetong ’me a feta Samaria, o ile a pakela mosali ea neng a il’o kha metsi selibeng sa Jakobo. (Joh. 4:6-26) Ha Filipi a buisana le molaoli oa lekhotla oa Ethiopia ea neng a bala buka ea Esaia, o ile a qala ka ho mo botsa potso e reng: “Na u tseba seo u se balang?” (Lik. 8:26-38) Ha moapostola Pauluse a ne a koaletsoe chankaneng Filipi, o ile a pakela molebeli oa teronko. (Lik. 16:23-34) Hamorao ha Pauluse a le litlamong, “o ne a amohela ka mosa bohle ba kenang ho tla ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste.” (Lik. 28:30, 31) Le uena u ka pakela batho ha monyetla o hlaha, esita le ha u le motho ea lihlong. U ka etsa seo joang?

3. Ke eng e ka re thusang haeba re le lihlong?

3 Tsela ea ho Qala Moqoqo: Boholo ba rōna re thatafalloa ho qala moqoqo le batho bao re sa ba tsebeng. Ho thata ho pakela esita le batho bao re ba tsebang. Leha ho le joalo, ntho e ka re susumeletsang ho bua le bona ke ho nahanisisa ka molemo oa Jehova, linnete tse babatsehang tseo a li fileng bahlanka ba hae le maemo a sithabetsang ao batho ba lefatšeng ba leng ho ’ona. (Jon. 4:11; Pes. 40:5; Mat. 13:52) Ho feta moo, re ka kōpa Jehova hore a re thuse hore re ‘itete sebete.’ (1 Bathes. 2:2) Mor’abo rōna e mong ea tsoang sekolong sa Gileade o ile a re: “Hangata ke fumana hore thapelo ea nthusa ha ke thatafalloa ho bua le batho.” Haeba u le leqe ho bua le batho, etsa thapelo e khutšoanyane ka pelong.—Neh. 2:4.

4. Qalong re ka ’na ra ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

4 Hoa hlaka hore ha motho a paka neng le neng ha monyetla o hlaha, ha ho hlokahale hore a qale moqoqo kapa a bale lengolo joalokaha eka o tšimong. Se ka ’nang sa re thusa ke ho ba le sepheo sa ho qala moqoqo re sa ikutloe re tlamehile ho pakela motho hang-hang. Bahoeletsi ba bangata ba bolela hore ha ba etsa joalo ba qetella ba le sebete sa ho bolella batho litaba tse molemo. Haeba motho a sa batle ho bua le uena ha ho hlokahale hore u mo qobelle. Khaotsa moqoqo ka tsela e mosa ebe u tloha ho eena.

5. Morali’abo rōna e mong ea lihlong o thusoa ke’ng hore a pake neng le neng ha monyetla o hlaha?

5 Ha morali’abo rōna e mong ea lihlong a reka ’marakeng, o sheba motho ka mahlong ebe oa bososela. Haeba motho eo le eena a bososela, o akhela lentsoe le le leng kapa a mabeli. Haeba motho eo a thabela seo a se buang, o ba le sebete sa ho tsoela pele ho buisana le eena. O mo mamela ka hloko ’me o leka ho lemoha hore na motho eo o amehile ka’ng e le hore a mo bolelle litaba tse molemo a sekametse tabeng eo. Mokhoa ona o ile oa mo thusa hore a tsamaise lingoliloeng tse ngata a be a qale thuto ea Bibele.

6. Re ka ’na ra qala moqoqo joang neng le neng ha re fumana monyetla?

6 Ho Qala Moqoqo: Re ka re’ng ha re qala moqoqo? Ha Jesu a ne a buisana le mosali ea neng a le selibeng, o ile a qala feela ka hore a ikōpele metsi. (Joh. 4:7) Ka hona, mohlomong re ka qala moqoqo ka ho lumelisa ka mosa kapa ka ho botsa potso. Ha le ntse le qoqa u ka ’na ua fumana monyetla oa ho bontša motho seo Bibele e se buang ’me mohlomong u jale peō ea ’nete. (Moek. 11:6) Ba bang ba ile ba atleha ka hore ba bue ntho e ka makatsang batho ’me ea etsa hore ba botse lipotso. Ka mohlala, ha u ntse u emetse ho kena ka ngakeng, u ka ’na ua qala moqoqo ka ho re, “Ho tla ba monate mohlang ke seng nke ke ka hlola ke kula.”

7. Ho ba hlokolosi ho re thusa joang hore re pake neng le neng ha monyetla o hlaha?

7 Ho ba hlokolosi le hona ho ka re thusa ho qala moqoqo. Ha re bona motsoali ea nang le bana ba itšoereng hantle, re ka ’na ra babatsa motsoali eo, ebe re mo botsa potso ena, “Ebe ke’ng e u thusitseng hore u atlehe ho hōlisa bana hantle hakaale?” Morali’abo rōna e mong o mamela litaba tseo basebetsi-’moho le eena ba buang ka tsona ebe o ba bolella litaba tse molemo a itšetlehile ka seo ba se thahasellang. Hoba a utloe hore mosali e mong eo a sebetsang le eena o lokisetsa lenyalo, o ile a mo fa Tsoha! e buang ka tsela ea ho lokisetsa lechato. Sena se ile sa bula monyetla oa hore a tsoele pele ho buisana le eena ka Bibele.

8. Re ka sebelisa lingoliloeng tsa rōna joang ha re qala moqoqo?

8 Tsela e ’ngoe eo re ka qalang moqoqo ka eona ke hore re se ke ra pata lingoliloeng tsa rōna ha re li bala. Mora e mong oabo rōna o phetla sehlooho se thahasellisang Molula-Qhooeng kapa Tsoheng! ebe o qala ho se bala. Haeba a bona motho ea pel’a hae a shebile makasine oo, o mo botsa potso kapa a mo hlalosetse sehlooho sena ka bokhutšoanyane. Ka ho etsa joalo o qetella a qoqa le motho eo ’me a mo pakela. Ho beha lingoliloeng tsa rōna pepeneneng ho ka hohela batho bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona ’me ha etsa hore ba botse lipotso.

9, 10. (a) Ke joang u ka ipatlelang litsela tsa ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha? (b) Ke litsela life tse u sebeletsang?

9 Ho Bula Menyetla: Kaha ho setse nako e seng kae pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o phethoa, ha rea lokela ho nka ho paka ha monyetla o hlaha e le ntho e ka iketsahallang feela e sa reroa. Ho e-na le hoo, re lokela ho bula menyetla ea ho paka ha re ntse re phetha mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Nahana ka batho bao u tla kopana le bona le hore na u ka qala moqoqo joang ka tsela e nang le botsoalle. Tsamaea u nkile Bibele le likhatiso tseo u ka li abelang batho ba thahasellang.—1 Pet. 3:15.

10 Ka bohlale bahoeletsi ba bangata ba ipuletse menyetla ea ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha. Morali’abo rōna e mong ea lulang mohahong o sirelelitsoeng ka thata o ea sebakeng sa boikhathollo sa moo ebe o beha litšoantšo tse ntle tsa tlhaho. Ha batho ba tlil’o boha litšoantšo tseo tse ntle ’me ba bua ka tsona, o sebelisa monyetla oo ho qala moqoqo ’me a bue le bona ka tšepiso ea Bibele ea hore ho tla ba le “leholimo le lecha le lefatše le lecha.” (Tšen. 21:1-4) Na le uena u ka ipatlela litsela tseo ka tsona u ka pakang neng le neng ha monyetla o hlaha?

11. Ke joang re ka thusang motho ea thahasellang eo re mo paketseng ha monyetla o hlaha?

11 Ho Thusa ba Thahasellang: Haeba motho a thahasella ho u mamela batla litsela tsa ho mo thusa. Haeba ho loketse, u ka ’na ua re ho eena: “Ra tla ra qoqa hamonate! Joale nka u fumana kae hore re tle re qoqe hape?” Bahoeletsi ba bang ba fa batho liaterese le linomoro tsa bona tsa founo ebe ba re: “Re qoqile hamonate. Haeba ho na le lintlha tse ling tseo u batlang ho li tseba mabapi le seo re buisaneng ka sona, u ka mphumana mona.” Haeba uena u ke ke ua khona ho thusa motho eo ea thahasellang, hlophisa hore phutheho e loketseng e mo thuse ka hore hang-hang u ise foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ho mongoli oa phutheho ea heno.

12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ngola nako eo re e qetileng re paka ha monyetla o hlaha? (b) Ho hlahile litholoana life ha bahoeletsi ba paka ha monyetla o hlaha? (Sheba lebokose le reng “Ho Paka Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha ho Beha Litholoana!”)

12 Re lokela ho tlaleha nako eo re e qetang re paka neng le neng ha monyetla o hlaha. Kahoo, tiisa hore u ngola nako eo, esita leha e le metsotso e seng mekae ka letsatsi. Ak’u nahane ka taba ena: Haeba letsatsi le letsatsi mohoeletsi e mong le e mong a nka metsotso e mehlano a paka neng le neng ha monyetla o hlaha, ka khoeli nako eo e tla ba lihora tse fetang limilione tse 17!

13. Ke’ng e tla re susumelletsa ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha?

13 Re na le mabaka a utloahalang a ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha—re rata Molimo le baahelani ba rōna. (Mat. 22:37-39) Haeba re ananela litšobotsi tsa Jehova ho tloha botebong ba pelo re bile re utloisisa merero ea hae, re tla susumelletseha ho bua ka “khanya ea bokhabane ba borena ba hae.” (Pes. 145:7, 10-12) Ho ameha ka baahelani ba rōna ho tloha pelong ho re susumelletsa hore nako e sa le teng, re bolele litaba tse molemo neng kapa neng ha re fumana monyetla. (Bar. 10:13, 14) Haeba kaofela ha rōna re nahana esale pele ka batho bao re tla kopana le bona ’me re itokisa re ka paka neng le neng ha monyetla o hlaha ’me mohlomong ra ba le thabo ea ho thusa motho e mong ea pelo e ntle hore a fumane ’nete.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Se ka ’nang sa u thusa ke ho ba le sepheo sa hore ha u kopana le batho u qale moqoqo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ka bohlale bahoeletsi ba bangata ba ipuletse menyetla ea ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha

[Lebokose le leqepheng la 5]

Re ka Etsa’ng ho Qala Moqoqo?

◼ Rapella thuso ea hore u qale moqoqo

◼ Khetha batho bao u bonang lifahleho tsa bona li elile ’me ba sa potlaka

◼ Ba shebe ka mahlong, u bososele ’me u bue ka ntho eo bobeli ba lōna le e thahasellang

◼ Ba mamele ka hloko

[Lebokose le leqepheng la 6]

Ho Paka Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha ho Beha Litholoana!

• Ha mor’abo rōna e mong a le karacheng, a emetse hore koloi ea hae e lokisoe, o ile a pakela batho bao a neng a e-na le bona ’me a ba fa limemo tsa puo ea phatlalatsa. Ha a le kopanong selemong se latelang, mor’abo rōna e mong eo a sa mo tsebeng o ile a mo lumelisa a mo thabetse. E ne e le e mong oa banna bane bao a ileng a ba fa limemo ha a le karacheng! Monna eo o ile a ea mamela puo ea phatlalatsa ’me a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele. Eena le mosali oa hae ba ne ba se ba kolobelitsoe.

• Morali’abo rōna ea ileng a fumana linnete ha a pakeloa ha monyetla o hlaha, o nka tšimo ea hae e khethehileng e le batho bao a kopanang le bona ka lebaka la bana ba hae ba bararo. Tšimo ea hae e akha baahelani le batsoali bao a kopanang le bona sekolong le libokeng tsa batsoali. Neng le neng ha a itsebisa batho, ha a bue lintho tse ngata, empa ho tloha botebong ba pelo o ba bolella hore Bibele e mo thusa haholo hore a hōlise bana ba hae, ebe o fetela tabeng e ’ngoe. Joale kaha ba se ba mo tseba, ho ba bonolo hore neng kapa neng a bue le bona ka Bibele. O thusitse batho ba 12 ho fihlela ba kolobetsoa a sebelisa mokhoa ona.

• Ha morali’abo rōna e mong a etetsoe ke monna ea thaothelang batho inshorense, o ile a sebelisa monyetla oo hore a mo pakele. A botsa monna eo hore na a ka rata ho tiisetsoa hore o tla phela hantle, a thabe ’me a phele ka ho sa feleng. O ile a re oa rata ’me a mo botsa hore na ke inshorense efe eo a buang ka eona. Morali’abo rōna o ile a mo bontša litšepiso tsa Bibele ’me a mo fa buka e ’ngoe ea rōna, eo a ileng a e bala kaofela ka bosiu bo le bong. Ho ile ha lokisetsoa hore a khanneloe thuto ea Bibele. A qala ho ea libokeng, ’me hamorao a kolobetsoa.

• Ha morali e mong oabo rōna a le ka sefofaneng, o ile a qala ho buisana le mosali ea lutseng pel’a hae, eaba oa mo pakela. Ha ba theoha sefofaneng, morali’abo rōna o ile a fa mosali eo aterese ea hae le nomoro ea founo ’me a mo khothalletsa hore a kōpe Lipaki Tsa Jehova tse ka mo etelang hore li mo khannele thuto ea Bibele. Letsatsing le latelang ho ile ha fihla Lipaki tse peli ha mosali eo. O ile a qala ho ithuta Bibele, a hatela pele ka potlako, a kolobetsoa, ’me ho e-s’o ee kae o ne a se a khanna lithuto tse tharo tsa Bibele.

• Mora e mong oabo rōna ea foufetseng ea lilemo li 100 ea lulang lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo o atisa ho re, “Re hloka ’Muso.” Polelo eo ea hae e entse hore baoki le bakuli ba mo botse lipotso tse mo thusang hore a hlalose hore na ’Muso ke eng. E mong oa basali ba sebetsang moo o ile a mo botsa hore na o tla etsa’ng Paradeiseng. Eaba oa mo araba, o re: “Ke tla boela ke bone, ke tsamaee ke be ke chese setulo sena sa likooa.” Kaha mora enoa oabo rōna o foufetse, o kōpa mosali enoa hore a mo balle limakasine. Ha morali oa mor’abo rōna a etetse ntate oa hae, mosali eo o ile a kōpa ho ea le limakasine tseo ha hae. Mooki e mong o ile a re ho morali oa mor’abo rōna: “Lepetjo la rōna mona lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo ke ho re: ‘Re hloka ’Muso.’”

• Morali e mong oabo rōna ea neng a eme moleng reschorenteng o ile a utloa sehlopha sa banna-baholo ba neng ba lutse haufi le eena se bua ka lipolotiki. E mong o ile a re ’muso o ke ke oa rarolla mathata a rōna. Morali enoa oabo rōna o ile a re ka pelong, ‘Nke ke ka tlohela monyetla ona.’ O ile a etsa thapelo e khutšoanyane ’me a ea ho bona. Ha a qeta ho itsebisa bona, o ile a ba bolella ka ’muso o tla rarolla mathata a batho, e leng ’Muso oa Molimo, ’me a ba fa bukana eo a neng a e tšoere. Eaba mookameli oa atamela. Morali’abo rōna o ne a nahana hore o tla mo leleka. Ho e-na le ho mo leleka, o ile a mo bolella hore o ne a ntse a mametse, ’me le eena a ka rata ho fumana bukana. Mosebetsi e mong eo le eena a neng a ntse a mametse o ile a tla likeleli li keleketla. O ne a ile a ithuta Bibele pele ’me a batla ho ithuta hape.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela