Rorisang Jehova ka ho Paka ka Mokhoa o sa Reroang
1 Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba batla menyetla ea ho mo rorisa letsatsi le leng le le leng. (Pes. 96:2, 3; Baheb. 13:15) Tsela e ’ngoe ea ho etsa seo ke ka ho paka ka mokhoa o sa reroang. Kajeno barapeli ba Jehova ba bangata ba thabela hore ebe ho bile le ea ba boleletseng molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o sa reroang.
2 Ho pakela motho a le mong ka mokhoa o sa reroang ho atisa ho bula monyetla oa hore ba bang ba utloe molaetsa oa ’Muso. Ka mohlala, puisano ea Jesu le mosali oa Mosamaria selibeng sa Jakobo e ile ea etsa hore ba bangata ba thahaselle litaba tse molemo. (Joh. 4:6-30, 39-42) Ha Pauluse le Silase ba ne ba le teronkong Filipi, ba ile ba pakela molebeli oa teronko, ’me litho tsohle tsa lelapa la hae tsa amohela ’nete.—Lik. 16:25-34.
3 Menyetla: U na le menyetla efe ea ho paka ka mokhoa o sa reroang? Ba bang ba etsa seo ha ba ntse ba reka mabenkeleng, ha ba tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba kapa ha ba emetse ho bona ngaka. Ba bang ba khona ho paka nakong ea khefu mosebetsing kapa sekolong. Ho beha se seng sa lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele pepeneneng ho ka etsa hore ba bang ba botse lipotso ka seo re se lumelang.—1 Pet. 3:15.
4 Tsela ea ho Qalisa: Ngoanana e mong ea lilemo li supileng ea lihlong o ne a utloile sebokeng hore ke habohlokoa hakae hore bohle ba bolele. Ka hona ha a e-ea mabenkeleng le ’mè oa hae a kenya libukana tse peli ka mokotlaneng oa hae. Ha ’mè oa hae a ntse a tšoarehile k’haontareng, ngoanana enoa o ile a buella bukana ho mofumahali e mong ea ileng a e amohela. Ha a botsoa hore na ke joang a bileng le sebete sa ho atamela mofumahali eo, ngoanana enoa ea lihlong a araba: “Ke mpile ka re, Ke se ke itokisitse, iu! Eaba kea ea!”
5 E le hore re ka paka ka mokhoa o sa reroang, re lokela ho ba le moea o tšoanang le oa ngoanana eo e monyenyane. Re ka thusoa ke eng? Rapella sebete sa ho bua. (1 Bathes. 2:2) Lokisetsa potso kapa polelo e mabapi le taba e thahasellisang eo u ka e sebelisang ho qalisa moqoqo. Ebe u ba le tšepo ea hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao.—Luka 12:11, 12.
6 Ho paka ka mokhoa o sa reroang ho batho bao re kopanang le bona letsatsi le leng le le leng ho tlotlisa Jehova ’me hoa re thabisa. Ho ka ’na ha thusa motho e mong ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng.