Khothalla ho “Paka ka ho Phethahetseng”
1, 2. U khahloa ke eng mabapi le tsela eo Pauluse a neng a talima boboleli ba litaba tse molemo ka eona, ’me re ka etsisa mohlala oa hae oa ho “paka ka ho phethahetseng” joang?
1 Ho tšoana le Jesu le bahlanka ba bang ba bangata ba boholo-holo ba tšepahalang, moapostola Pauluse e ne e le ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo, o ne a “paka ka ho phethahetseng” ho sa tsotellehe maemo. Esita leha a le litlamong, “o ne a amohela ka mosa bohle ba kenang ho tla ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste ka bolokolohi bo boholo.”—Lik. 28:16-31.
2 Le rōna re ka “paka ka ho phethahetseng” ka linako tsohle. Sena se akarelletsa ho pakela batho bao re kopanang le bona mabenkeleng, mosebetsing, sekolong le ha re e-ea kapa re khutla likopanong.—Lik. 28:23; Pes. 145:10-13.
3. Re ka qoba joang hore bopaki ba rōna bo sa reroang e be ntho e etsoang ka tšohanyetso feela?
3 Na ke Bopaki ba Tšohanyetso Kapa bo sa Reroang? Na ho na le phapang? E. Ntho e etsahalang ka tšohanyetso ke e etsahalang ka tsietsi kapa ho sa lebelloa, joalokaha eka ha ea reroa kapa joalokaha eka hase ea bohlokoa. Ka sebele tšebeletso ea rōna ha e etsoe joalo. Joalokaha Pauluse a ile a etsa, ho tlotlisa Molimo ka ho paka ke habohlokoa ho rōna, ’me re lokela ho ikemisetsa ho paka kae le kae ha ho loketse. Leha ho le joalo, mokhoa oo re atamelang ba bang ka oona o ka hlalosoa ka nepo e le o sa reroang—ho bolelang hore ke o phutholohileng, o botsoalle le oa tlhaho. Mokhoa ona o ka beha litholoana tse ntle.
4. Ke eng se ileng sa nolofalletsa Pauluse ho paka a le ha hae?
4 Lokisetsa ho Paka: Esita leha a le litlamong ha hae Roma, Pauluse o ile a batla menyetla ea ho paka. O ile a nka khato a le ntlong eo a neng a lula ho eona, a memela baeta-pele ba Bajuda ha hae. (Lik. 28:17) Le hoja ho ne ho e-na le phutheho ea Bokreste Roma, Pauluse o ile a hlokomela hore Bajuda ba neng ba lula motseng oo ba ne ba tseba ho fokolang ka tumelo ea Bokreste. (Lik. 28:22; Bar. 1:7) Ha aa ka a tlohela ho “paka ka ho phethahetseng” ka Jesu Kreste le ka ’Muso oa Molimo.
5, 6. Ke menyetla efe eo re ka bang le eona ea ho fana ka bopaki bo sa reroang, ’me re ka etsa litokisetso life e le hore re ka etsa joalo ka katleho?
5 Nahana ka batho bohle ba tsebang ho honyenyane ka Lipaki Tsa Jehova bao u ka kopanang le bona ha u le leetong. Mohlomong ha ba tsebe hore re ithaopela ho khannela batho lithuto tse sa lefelloeng tsa lehae tsa Bibele. Falimehela menyetla e hlahang ea ho pakela bao u kopanang le bona ha u le leetong, ha u khefulitse ka thōko ho tsela, ha u tšela peterole karacheng, ha u le mabenkeleng, ha u le hoteleng, ha u le reschorenteng, ha u tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba kapa ha u etsa lintho tse ling tse joalo. Lokisetsa esale pele seo u tla se bua ho qalisa moqoqo le ho fana ka bopaki bo bokhutšoanyane. Mohlomong nakong e tlang u tla itlhakisa ka ho paka ka mokhoa o sa reroang ho baahelani ba hao, beng ka uena, basebetsi-’moho le ho batho ba u tsebang.
6 U lokela ho ba le lingoliloeng tseo u tla li tsamaisa ha u fana ka bopaki bo sa reroang. E ka ba lingoliloeng life? Mohlomong u ka tsamaisa pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? Totobatsa lirapa tsa pele tse hlano, tse fanang ka mabaka a sa tšoaneng a ho ithuta Bibele. Bontša eo u buang le eena setlankane se ka morao sa ho kōpa ho khanneloa thuto e sa lefelloeng ea lehae ea Bibele. Ha u kopana le motho ea thahasellang, mo tsamaisetse bukana ea Seo a se Hlokang. Haeba u nahana hore u tla kopana le batho ba buang puo e ’ngoe, nka bukana ea Good News for All Nations. Leqephe la 2 le hlalosa kamoo u ka e sebelisang kateng ho paka. Haeba u tsamaea ka koloi, mohlomong u ka khona ho nka lingoliloeng tse seng kae tsa motheo e le hore u ka li tsamaisetsa ba bontšang thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso.
7, 8. Ke temoso efe eo re lokelang ho e mamela mabapi le ponahalo ea rōna le boitšoaro ha re le leetong kapa nakong ea boikhathollo?
7 Nahana ka Ponahalo ea Hao le Boitšoaro: Re lokela ho tiisa hore boitšoaro, moaparo le boitlhopho ba rōna ha li fe ba bang maikutlo a fosahetseng kapa ha li etse hore ba ‘bue hampe’ ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Lik. 28:22) Sena hase sebetse feela ha re le libokeng, likopanong tse khōlō kapa tse nyenyane, empa se boetse se sebetsa ha re le leetong kapa nakong ea boikhathollo. Molula-Qhooa oa August 1, 2002, leqepheng la 18, serapeng sa 14, o ile oa hlokomelisa oa re: “Ponahalo ea rōna ha ea lokela ho ba ea mponeng, e tsoileng tseleng, e tsosang takatso, kapa ea liaparo tse bonaletsang le tse sa koaheleng ’mele hantle kapa tsa ho matha le lifeshene. Ho phaella moo, re lokela ho apara ka mokhoa o bontšang ‘hore [re] fa Molimo tlhompho ea borapeli.’ Sena se etsa hore re inahane, na ha ho joalo? Hase feela taba ea ho apara hantle ha re e-ea libokeng tsa phutheho [kapa likopanong] ’me ka linako tse ling re be ba sa tsotelleng. Ponahalo ea rōna e lokela ho bonahatsa tlhompho ea borapeli le boikutlo bo hlomphehang kahobane ka linako tsohle re Bakreste le basebeletsi.”—1 Tim. 2:9, 10.
8 Re lokela ho apara ka boitlhompho le ka mokhoa o nang le seriti. Haeba kamehla moaparo oa rōna o bontša hore re lumela ho Molimo, le ka mohla re ke ke ra tlohela ho paka ka mokhoa o sa reroang hobane re le lihlong ka lebaka la ponahalo ea rōna.—1 Pet. 3:15.
9. Pauluse o ile a atleha joang ho paka Roma?
9 Ho Paka ka Mokhoa o sa Reroang ho Beha Litholoana: Lilemo tse peli tseo Pauluse a li qetileng a le litlamong Roma, o ile a khola litholoana tse molemo boitekong ba hae ba ho paka. Luka o tlaleha hore ‘ba bang ba ile ba qala ho lumela lintho tse boleloang.’ (Lik. 28:24) Pauluse o ne a hlokomela tšusumetso eo mosebetsi oa hae oa ho “paka ka ho phethahetseng” o neng o e-na le eona ha a ne a ngola, ’me a re: “Litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo li tsoele pele ho e-na le ka ho hong hosele, hoo litlamo tsa ka li fetohileng tse tsebahalang phatlalatsa kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela; ’me boholo ba barab’abo rōna Moreneng, ba ikutloa ba kholisehile ka lebaka la litlamo tsa ka tsa chankana, ba bontša sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.”—Bafil. 1:12-14.
10. Selemong se fetileng, banyalani ba bang ba ile ba atleha ho paka joang?
10 Selemong se fetileng, ka mor’a hore ba qete letsatsi ba le kopanong ea setereke, banyalani ba bang ba ile ba e-ba le phihlelo e thabisang ea ho paka ka mokhoa o sa reroang ho mosali e mong ea sebetsang reschorenteng ea ileng a ba botsa ka libeche tsa bona tsa kopano. Ba ile ba mo bolella ka kopano le ka tšepo eo Bibele e fanang ka eona mabapi le bokamoso ba moloko oohle oa batho. Ba ile ba mo tsamaisetsa pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? ’me ba mo hlalosetsa ka tokisetso e sa lefelloeng ea thuto ea lehae ea Bibele. Mosali eo o ile a re o batla hore ho be le ea mo etelang, o ile a ngola lebitso la hae le aterese ka mor’a pampitšana, ’me a kōpa banyalani bao hore ba etse litokisetso. Ho khothalla ho “paka ka ho phethahetseng” ho ka ’na ha etsa hore u thabele katleho efe?
11. Ke litšobotsi life tseo re lokelang ho li hlaolela e le hore re ka ntšetsa pele litaba tse molemo ka ho “paka ka ho phethahetseng”?
11 Ntšetsa Pele Litaba Tse Molemo ka ho Phethahetseng: Nahana kamoo Pauluse a ileng a thaba kateng ha a utloa hore Bakreste-’moho le eena ba ne ba etsisa mohlala oa cheseho ea hae! E se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna ho ntšetsa pele litaba tse molemo ka ho paka ka mokhoa o sa reroang ka tumelo ea rōna e thehiloeng Bibeleng.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Lingoliloeng Tse Hlokahalang Bakeng sa ho Fana ka Bopaki bo sa Reroang
■ Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? (pampitšana)
■ Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? (bukana)
■ Good News for All Nations (bukana)
■ Lingoliloeng tse ling tsa motheo
[Lebokose le leqepheng la 4]
U se ke Ua ba Lebala!
U se ke ua lebala bo-mang? Bohle ba thahasellang ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste kapa puong e khethehileng. Na re ba memetse ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso? Mohlomong ba bangata ba bona, haeba ba khothatsoa ka mosa, ba ka ba teng. Ka ho thabela botsoalle bo mofuthu le lenaneo le hahang la moea libokeng, ba tla atamela haufi le Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Ke hobane’ng ha u sa ba meme ’me u bone se tla etsahala? Ba bolelle sohle seo ba lokelang ho se tseba, ho akarelletsa le nako ea liboka le kamoo liboka tse sa tšoaneng li tsamaisoang kateng.