Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
1 Jehova ke “Eena ea rutang batho tsebo.” (Pes. 94:10, NW) O sebelisa rōna ho hasa tsebo e pholosang bophelo e buang ka eena ho ba sa lemoheng mokhoa oa ho mo sebeletsa ka tsela e amohelehang. Buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ke kofuto e ntle e rutang eo ka eona ba pelo li tšepahalang ba ka fumanang kutloisiso e nepahetseng ea Molimo Lentsoeng la hae le ngotsoeng, Bibele. (1 Tim. 2:3, 4) Tsela e hlakileng le e utloahalang eo ka eona buka ea Tsebo e hlalosang ’nete e tla thusa batho hore ba utloisise seo Jehova a batlang ho ba ruta sona. Khoeling ena re batla ho kenya batho moqoqong o tla ba etsa hore ba batle ho bala buka ena. Litlhahiso tse ling ke tsena. Ho e-na le ho leka ho li hopola ka hlooho, leka ho hatisa mehopolo ea sehlooho ka mantsoe a hao le ka mokhoa oa tlhaho oa ho qoqa.
2 Kaha batho ba bangata ba lahlehetsoe ke moratuoa ka lefu, u ka hlahisa tšepo ea tsoho moqoqong ka hore pele u bue se kang sena:
◼ “Boholo ba rōna re lahlehetsoe ke moratuoa ka lefu. Na u kile ua ipotsa hore na u tla ke u ’mone hape? [Emela karabo.] Lefu e ne e se karolo ea morero oa pele oa Molimo bakeng sa motho. Jesu o ile a paka hore baratuoa ba rōna ba ka pholosoa lefung. [Bala Johanne 11:11, 25, 44.] Le hoja sena se etsahetse makholo a lilemo a fetileng, se bontša seo Molimo a tšepisitseng ho re etsetsa sona. [Phetla buka ea Tsebo setšoantšong se leqepheng la 85 ’me u bale tlhaloso ea sona. Ebe joale u hlahisa setšoantšo se leqepheng la 86 ’me u bue ka sona.] Haeba u batla ho bala ka ho eketsehileng ka tšepo ena e tšelisang ea tsoho, ke tla thabela ho u siela buka ena ka monehelo oa R3,50.”
3 Ka mor’a puisano ea pele ka tšepo ea tsoho, u ka qala moqoqo o latelang le eena motho eo ka tsela ena:
◼ “U tla hopola hore ke ile ka re lefu e ne e se karolo ea morero oa pele oa Molimo bakeng sa motho. Haeba hoo ke ’nete, ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? Likolopata tse ling li phela lilemo tse fetang 100, ’me ho na le lifate tse phetseng likete tsa lilemo. Ke hobane’ng ha batho ba phela lilemo tse 70 kapa tse 80 feela? [Emela karabo.] Re shoa hobane batho ba babeli ba pele ha baa ka ba mamela Molimo.” Bala Baroma 5:12. Phetla leqepheng la 53 bukeng ea Tsebo ’me u bale sehlooho sa khaolo eo. Hlahlobang lirapa tse tharo tse qalang, u supe likarabelo tsa lipotso tse ngotsoeng. Beha nako ea hore hamorao u tla khutla le tl’o buisana ka karolo e setseng ea khaolo eo. Khothaletsa motho eo hore khabareng a qetelle ho e bala.
4 Haeba u bua le motho eo ho bonahalang hore ke oa bolumeli, u ka ’na ua re:
◼ “Hona joale ho na le malumeli a fapaneng a makholo-kholo. A ruta mefuta eohle ea litumelo tse loantšanang. Batho ba bang ba bolela hore malumeli ’ohle a lokile ’me ha ho tsotellehe hore na re lumela eng. Maikutlo a hao ke afe? [Emela karabo.] Jesu o ile a ruta bolumeli ba ’nete ’me a bontša hore mefuta e meng ea borapeli ha e amohelehe ho Molimo. [Bala Matheu 7:21-23.] Haeba re batla ho khahlisa Molimo, re tlameha ho mo rapela tumellanong le thato ea hae.” Phetla buka ea Tsebo khaolong ea 5, bala sehlooho, ’me u supe tse ling tsa lihloohoana. Hlalosa hore boitsebiso bona bo tla thusa motho hore a ithute hore na a ka khahlisa Molimo joang. Nehelana ka buka eo ka monehelo oa R3,50.
5 Batho ba ferekaneng kahobane ho e-na le malumeli a mangata haholo ba ka ’na ba ananela karabelo ea potso ena leetong la hao la ho boela:
◼ “Kajeno ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale a fapaneng, re ka tseba joang hore na bo nepahetseng ke bofe? U ne u tla sheba eng? [Emela karabo.] Jesu o ile a re bolella hore na re ka khetholla balateli ba hae ba ’nete joang.” Bala Johanne 13:35. Hlahloba serapa sa 18 le sa 19 khaolong ea 5 ea buka ea Tsebo. Totobatsa hore ka ho sebelisa litataiso tsena tsa Mangolo le mokhoa oa ho khetha ka ho tlosa se fosahetseng motho a ka hlokomela bolumeli ba ’nete. Pheta kamoo Lipaki tsa Jehova li tsebahalang kateng lefatšeng lohle ka lerato la tsona la ’nete le litekanyetso tsa boitšoaro tse phahameng. Hlalosa kamoo thuto ea Bibele, ho sebelisoa buka ea Tsebo, e tlang ho khetholla ka ho hlakileng mokhoa oa borapeli oo Molimo a o amohelang.
6 Haeba u kopana le motsoali, katamelo ena e ka ’na ea atleha:
◼ “Letsatsi le leng le le leng, re utloa litlaleho ka boitšoaro bo sa laoleheng ba bacha bao ho bonahalang ba se na litekanyetso tsa boitšoaro ho hang. Batho ba bang ba baholo ba batla ho beha molato tsamaisong ea sekolo ka hore ha e rute bana phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. U nahana hore koetliso ee e lokela ho fanoa ke mang? [Emela karabo.] Mamela seo Bibele e se buang ka taba ena. [Bala Baefese 6:4.] Seo se re bolella hore ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro ho bana ke boikarabelo ba batsoali.” Phetla buka ea Tsebo leqepheng la 145, bala serapa sa 16, ’me u hlalose litšoantšo tse leqepheng la 147. Hlalosa hore buka e reretsoe hore lelapa lohle le ithute eona. U sebelisa serapa sa 17 le 18 leqepheng la 146, kōpa ho bontša kamoo re khannang thuto e joalo le malapa.
7 Haeba u ile ua qala thuto le motsoali ea amehileng leetong la pele, u ka ’na ua e ntšetsa pele leetong la ho boela ka ho re:
◼ “Lefatše la kajeno le beha liteko tse ngata ka pel’a bacha ba rōna. Hona ho ba thatafaletsa haholo hore e be ba tšabang Molimo ha ba hōla. Mohlomong u tla hopola hore puisanong ea rōna e fetileng, re ile ra qoolla melao-motheo e ’meli. Joaloka batsoali ba tšabang Molimo, ho hlokahala re behele bana ba rōna mehlala e metle, ’me re lokela ho ba bontša lerato la rōna re sa khaotse. Ho na le ntho e ’ngoe eo Bibele e reng bana baa e hloka ho batsoali ba bona.” Bala Liproverbia 1:8. Phetla leqepheng la 148 bukeng ea Tsebo ’me u tsoele pele ka thuto, u akaretse lirapa tsa 19-23. Etsa tlhahiso ea hore u tla khutla ho tla ithuta le lelapa lohle, le qala ka khaolo ea 1.