Khaolo ea 15
Ho Haha Lelapa le Hlomphang Molimo
1-3. Ke hobane’ng ha ba bang ba sa khone ho rarolla mathata a tloaelehileng lenyalong le botsoaling, empa ke hobane’ng ha Bibele e ka thusa?
Ha re re u rera ho ikahela ntlo. U reka setša. Ka tebello e khōlō, u bona setšoantšo sa ntlo ea hao e ncha ka kelellong. Empa ho thoe’ng haeba u se na lithulusi ’me u sa tsebe ho haha? Boiteko ba hao e ne e tla ba bo ferekanyang hakaakang!
2 Banyalani ba bangata ba kena lenyalong ba e-na le pono ea lelapa le thabileng, empa ba se na lithulusi leha e le tsebo e hlokahalang ea ho le haha. Hang ka mor’a letsatsi la lechato, ho hlaha mekhoa e fosahetseng. Ho loana le ho ngangisana e ba mokhoa oa letsatsi le letsatsi. Ha bana ba hlaha, ntate e mocha le ’mè ba iphumana ba hloka tsebo ea botsoali ho tšoana leha ba ne ba kena lenyalong.
3 Leha ho le joalo, ka thabo Bibele e ka thusa. Melao-motheo ea eona e tšoana le lithulusi tse u nolofalletsang ho haha lelapa le thabileng. (Liproverbia 24:3) A re boneng hore na joang.
LITHULUSI BAKENG SA HO HAHA LENYALO LE THABILENG
4. Ke hobane’ng ha ho ka lebelloa mathata lenyalong, ’me ho lokiselitsoe litekanyetso life ka Bibeleng?
4 Ho sa tsotellehe hore na balekane ba lenyalong ba bonahala ba tšoanelana hantle hakae, baa fapana ka sebōpeho sa maikutlo, liphihlelo tsa bongoana, le semelo sa lelapa. Ka hona, ho ka lebelloa mathata a itseng ka mor’a lechato. A tla sebetsoa joang? Ha lihahi li haha ntlo, li sheba lipolane. Tsena ke litataiso tse lokelang ho lateloa. Bibele e fana ka litekanyetso tsa Molimo bakeng sa ho haha lelapa le thabileng. Joale a re hlahlobeng tse seng kae tsa tsona.
5. Bibele e hatisa bohlokoa ba botšepehi lenyalong joang?
5 Botšepehi. Jesu o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong a ho se be motho ea se arolang.”a (Matheu 19:6) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lenyalo a le hlomphehe har’a bohle‚ le liphate tsa lenyalo li hloke litšila‚ kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Ka hona batho ba nyalaneng ba lokela ho ikutloa ba tlamehile ka pele ho Jehova ho lula ba tšepahala ho balekane ba bona.—Genese 39:7-9.
6. Botšepehi bo tla thusa ho boloka lenyalo joang?
6 Botšepehi bo fa lenyalo seriti le tšireletseho. Balekane ba tšepahalang baa ho tseba hoo, ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng, ba tla tšehetsana. (Moeklesia 4:9-12) Ho fapane hakaakang le ba lahlang lenyalo la bona kherehloa ka lekhetlo la pele ha ho e-ba le bothatanyana! Kapele-pele batho ba joalo ba fihlela qeto ea hore ba ‘khethile motho ea fosahetseng,’ hore ‘ha ba sa ratana,’ hore molekane e mocha ke pheko. Empa sena hase nehe molekane ofe kapa ofe monyetla oa ho hōla. Ho e-na le hoo, ba joalo ba sa tšepahaleng ba ka ’na ba fetisetsa ’ona mathata ao ho balekane ba bacha. Ha motho a e-na le ntlo e ntle empa a fumana hore marulelo aa nela, ntle ho pelaelo o leka ho a lokisa. Ha a fallele ntlong e ’ngoe. Ka ho tšoanang, ho nka molekane e mong hase tsela ea ho rarolla litseko tseo e leng mohloli oa qabang ea lenyalo. Ha mathata a hlaha, se ke ua batla tsela ea ho tsoa lenyalong, empa sebetsa ka thata hore u le boloke. Botšepehi bo joalo bo nka kopano eo e le ntho e tšoaneloang ke ho sireletsoa, ho e boloka, le ho e baballa.
7. Ke hobane’ng ha ho buisana hangata ho le thata ho batho ba lenyalong, empa ho apara “botho bo bocha” ho ka thusa joang?
7 Puisano. Maele a Bibele a re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” (Liproverbia 15:22) Leha ho le joalo, ho buisana ho thata ho balekane ba bang ba lenyalong. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane batho ba na le mekhoa e sa tšoaneng ea puisano. Ena ke ’nete eo hangata e lebisang ho se utloisisaneng ho hoholo le pherekanong. Khōliso e ka ’na ea tlatsetsa ho sena. Ka mohlala, ba bang e ka ’na eaba ba hōliselitsoe tikolohong eo batsoali ba neng ba ngangisana kamehla. Joale e le batho ba baholo ba nyalaneng, ba ka ’na ba se ke ba tseba mokhoa oa ho bua le balekane ba bona ka tsela e mosa le e lerato. Leha ho le joalo, lelapa la hao ha ho hlokahale hore le senyehe ho ba ‘ntlo e tletseng likomang.’ (Liproverbia 17:1) Bibele e hatella ho apara “botho bo bocha,” ’me ha e lumelle khalefo e lonya, ho tleroha, le puo e litšila.—Baefese 4:22-24, 31.
8. Ke eng e ka thusang ha u sa lumellane le molekane oa hao?
8 U ka etsa eng ha ho e-na le ho se lumellane? Haeba maikutlo a qala ho phahama, u ka ’na ua etsa hantle ho latela keletso ea Liproverbia 17:14: “Khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.” E, u ka ’na ua tlohela puisano eo ho fihlela hamorao, ha bobeli ba lōna maikutlo a kokobetse. (Moeklesia 3:1, 7) Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng, ikemisetse ho ‘potlaka mabapi le ho utloa, u be ea liehang mabapi le ho bua, u be ea liehang mabapi le khalefo.’ (Jakobo 1:19) Pakane ea hao e lokela ho ba ho lokisa boemo, eseng ho hlōla khang. (Genese 13:8, 9) Khetha mantsoe le mokhoa oo u buang ka oona o tla u kokobetsa uena le molekane oa hao. (Liproverbia 12:18; 15:1, 4; 29:11) Ka holim’a tsohle, u se ke ua lula u halefile, empa batla thuso ka ho buisana le Molimo ka thapelo e ikokobelitseng le le hammoho.—Baefese 4:26, 27; 6:18.
9. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore puisano e qala pelong?
9 Maele a Bibele a re: “Pelo ea motho ea bohlale e nepisa molomo oa hae hlalefong, e hlophisa lipuo tsa hae ka thuto.” (Liproverbia 16:23) Joale, ka sebele senotlolo sa puisano e atlehileng se pelong, eseng molomong. Boikutlo ba hao ke bofe ka molekane oa hao? Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba bontše “ho utloelana bohloko.” (1 Petrose 3:8) Na u ka etsa see ha molekane oa hao oa lenyalo a ba le ntho e mo tšoenyang? Haeba ho joalo, ho tla u thusa hore u tsebe mokhoa oa ho arabela.—Esaia 50:4.
10, 11. Monna a ka sebelisa keletso e ho 1 Petrose 3:7 joang?
10 Tlhompho. Banna ba Bakreste ba bolelloa hore ba lule le basali ba bona “ho ea ka tsebo, [ba] ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali.” (1 Petrose 3:7) Hore motho a hlomphe mosali oa hae ho akarelletsa ho hlokomela bohlokoa ba hae. Monna ea lulang le mosali oa hae “ho ea ka tsebo” o ela hloko haholo maikutlo a hae, matla, le bohlale le seriti. Hape o lokela ho ithuta hore na Jehova o talima basali joang le hore na o batla hore ba tšoaroe joang.
11 Ntlong ea hao, a re re u na le sejana se molemo haholo se hlokang tlhokomelo e khōlō. Na u ne u ke ke ua se tšoara ka tlhokomelo e khōlō? Petrose o ile a sebelisa lentsoe “sejana se fokolang haholoanyane” ka tsela e tšoanang, ’me sena se lokela ho susumelletsa monna oa Mokreste hore a bonahatse tlhompho e bonolo ho mosali oa hae ea ratoang.
12. Mosali a ka bontša joang hore o hlompha monna oa hae ka ho tebileng?
12 Empa Bibele e fa mosali keletso efe? Pauluse o ile a ngola: “Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Feela joalokaha ho hlokahala hore mosali a ikutloe hore molekane oa hae o-oa mo hlompha ebile o mo rata haholo, monna ho hlokahala hore a ikutloe hore mosali oa hae o-oa mo hlompha. Mosali ea hlomphang o ne a ke ke a jala liphoso tsa monna oa hae ka ho hloka kelello, ebang monna ke Mokreste kapa che. O ne a ke ke a mo amoha seriti sa hae ka ho mo nyatsa le ho mo nyenyefatsa ebang ke lekunutung kapa phatlalatsa.—1 Timothea 3:11; 5:13.
13. Maikutlo a ka ntšoa joang ka tsela ea khotso?
13 Hona ha ho bolele hore mosali a ke ke a ntša maikutlo a hae. Haeba ho e-na le ntho e mo tšoenyang, ka hlompho a ka bolela maikutlo a hae. (Genese 21:9-12) Ho fetisetsa khopolo ea hae ho monna oa hae ho ka tšoantšoa le ho mo akhella bolo. A ka e akhela habonolo e le hore monna a ka e kapa habobebe, kapa a ka e akhela ka matla hoo e ka mo ntšang kotsi. Ho molemo hakaakang ha balekane ka bobeli ba qoba ho qosana empa, ho e-na le hoo, ba buisana ka mosa le ka mokhoa o bonolo!—Matheu 7:12; Bakolose 4:6; 1 Petrose 3:3, 4.
14. U lokela ho etsa joang haeba molekane oa hao a bontša thahasello e fokolang mabapi le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele lenyalong?
14 Joalokaha re bone, melao-motheo ea Bibele e ka u thusa hore u hahe lenyalo le thabileng. Empa ho thoe’ng haeba molekane oa hao a bontša thahasello e fokolang ho seo Bibele e se buang? Ho ntse ho ka finyelloa ho hoholo haeba uena u sebelisa tsebo ea Molimo karolong ea hao. Petrose o ile a ngola: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka haptjoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:1, 2) Ho hlakile hore se tšoanang se ne se tla sebetsa ho monna eo mosali oa hae a sa thahaselleng Bibele. Ho sa tsotellehe hore na molekane oa hao o khetha ho etsa eng, lumella melao-motheo ea Bibele e u etse molekane ea molemo. Tsebo ea Molimo e ka boetse ea u etsa motsoali ea molemo.
HO HŌLISA BANA HO LATELA TSEBO EA MOLIMO
15. Mekhoa e fosahetseng ea botsoali ka linako tse ling e ka fetisoa joang, empa mokhoa oo o ka fetoloa joang?
15 Ho ba le sakha feela kapa hamore ha ho etse motho hore e be ’metli ea nang le tsebo. Ka ho tšoanang, ho ba le bana feela ha ho etse motho motsoali ea nang le tsebo. Ba tseba kapa ba sa tsebe, hangata batsoali ba hōlisa bana ba bona ka tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona. Ka hona, mekhoa e fosahetseng ea ho hōlisa bana ka linako tse ling e fetisetsoa molokong o mong ho ea ho o latelang. Maele a boholo-holo a Seheberu a re: “Bo-ntat’a bana ba jele morara o bolila, ’me meno a bana a thella.” Empa, Mangolo a bontša hore motho ha aa tlameha ho latela tsela eo batsoali ba hae ba e qalileng. A ka nka tsela e fapaneng, e susumetsoang ke melao ea Jehova.—Ezekiele 18:2, 14, 17.
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlokomela lelapa la hao, ’me see se akarelletsa eng?
16 Jehova o lebella batsoali ba Bakreste hore ba fe bana ba bona tataiso e nepahetseng le tlhokomelo. Pauluse o ile a ngola: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Ke mantsoe a matla hakaakang! Ho phetha karolo ea hao joaloka mohlokomeli, ho akarelletsang ho hlokomela bana ba hao nameng, moeeng, le litlhokong tsa maikutlo, ke tokelo ea motho le boikarabelo ba hae ba bomolimo. Bibele e fana ka melao-motheo e ka thusang batsoali ho haha tikoloho e thabisang bakeng sa bana ba bona. Hlahloba e meng ea ena.
17. Ho hlokahala eng hore bana ba hao ba tle ba be le molao oa Molimo lipelong tsa bona?
17 Behang mohlala o motle. Batsoali ba Baiseraele ba ile ba laeloa: ‘U tlo u a [mantsoe a Molimo] rute bana ba hao, ’me u bue ka ’ona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.’ Batsoali ba ne ba tlameha ho ruta bana ba bona litekanyetso tsa Molimo. Empa temoso ena e ile ea tla ka mor’a selelekela sena: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao.” (Deuteronoma 6:6, 7, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, batsoali ba ke ke ba fana ka seo ba se nang sona. Melao ea Molimo e tlameha hore e ngoloe lipelong tsa lōna pele haeba le batla hore e ngoloe lipelong tsa bana ba lōna.—Liproverbia 20:7; bapisa le Luka 6:40.
18. Ka ho bontša lerato, Jehova o ile a behela batsoali mohlala o babatsehang joang?
18 Fanang ka tiisetso ea lerato la lōna. Kolobetsong ea Jesu, Jehova o ile a bolela: “U Mora oa ka, moratuoa; ke u amohetse.” (Luka 3:22) Kahoo Jehova o ile a amohela Mora oa hae, ka bolokolohi a bolela hore o-oa mo amohela ’me a mo tiisetsa lerato la Hae. Hamorao Jesu o ile a re ho Ntate oa hae: “U nthatile pele lefatše le thehoa.” (Johanne 17:24) Ka hona, joaloka batsoali ba tšabang Molimo, bolellang bana ba lōna ka molomo le ka liketso hore lea ba rata—’me le etse sena khafetsa. Kamehla le hopole hore “lerato lea haha.”—1 Bakorinthe 8:1.
19, 20. Ho ameha eng ho lauoeng ha bana ho nepahetseng, ’me batsoali ba ka rua molemo joang mohlaleng oa Jehova?
19 Taeo. Bibele e hatisa bohlokoa ba ho rata taeo. (Liproverbia 1:8) Batsoali ba itlhohlollang boikarabelo ba ho tataisa bana ba bona kajeno ruri ba tla tobana le maemo a sithabetsang hosesane. Leha ho le joalo, batsoali ba boetse ba lemosoa hore ba se ke ba fetella. Pauluse o ile a ngola: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Batsoali ba tlameha ho qoba ho khalemela bana ba bona ho tlōla tekano kapa ho ba emella ka mefokolo ea bona le ho nyatsa boiteko ba bona.
20 Jehova Molimo, Ntate oa rōna oa leholimo, o beha mohlala mabapi le ho fana ka taeo. Khalemelo ea hae ha ho mohla e fetelletseng. Molimo o ile a bolella batho ba hae: “Ke tla u khalemela ka tekano.” (Jeremia 46:28) Batsoali ba lokela ho etsisa Jehova tabeng ena. Taeo e tlōlang meeli e loketseng kapa e fetelang ka ’nģane ho se reriloeng bakeng sa ho khalemela le ho ruta ka sebele e-ea khopisa.
21. Batsoali ba ka lekanyetsa joang hore na taeo ea bona e-ea sebetsa kapa che?
21 Batsoali ba ka lekanyetsa joang hore na taeo ea bona e-ea sebetsa? Ba ka ’na ba ipotsa, ‘Taeo ea ka e finyella eng?’ E lokela ho ruta. Ngoana oa hao o lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha taeo e sebelisoa. Batsoali ba lokela le ho ameha ka liphello tsa khalemelo ea bona. Ke ’nete, e batla e le bana bohle bao ka lekhetlo la pele ba tlang ho halefisoa ke taeo. (Baheberu 12:11) Empa le ka mohla taeo ha e-ea lokela ho etsa hore ngoana a ikutloe a tšohile kapa a lahliloe kherehloa kapa e mo siee a e-na le maikutlo a hore ka tlhaho o khopo. Pele a khalemela batho ba hae, Jehova o ile a re: “U se ke ua tšaba, . . . hobane ke na le uena.” (Jeremia 46:28) E, khalemelo e lokela ho etsoa ka tsela eo ngoana a tla ikutloa hore le na le eena joaloka batsoali ba lerato, le ba tšehetsang.
HO FUMANA “TATAISO E NANG LE TSEBO”
22, 23. U ka fumana tataiso e hlokahalang joang hore u hahe lelapa le thabileng?
22 Re ka leboha hore ebe Jehova o fane ka lithulusi tseo re li hlokang bakeng sa ho haha lelapa le thabileng. Empa ho ba le lithulusi feela ha hoa lekana. Re tlameha ho itloaetsa ho li sebelisa ka nepo. Ka mohlala, sehahi se ka ’na sa e-ba le mekhoa e mebe ka tsela eo se tšoarang lithulusi tsa sona ka eona. Se ka ’na sa sebelisa tse ling tsa tsona hampe ka ho feletseng. Tlas’a maemo ana, mekhoa ea sona e ka ’na ea fella ka mosebetsi oa boleng bo tlaase. Ka ho tšoanang, hona joale e ka ’na eaba u hlokomela mekhoa e seng metle e keneng ka lelapeng la hao. E meng e ka ’na eaba e metse ka metso ’me ho thata ho e fetola. Leha ho le joalo, latela keletso ea Bibele: “Motho ea bohlale o tla mamela le ho amohela taeo e eketsehileng, ’me motho ea nang le kutloisiso ke eena ea fumanang tataiso e nang le tsebo.”—Liproverbia 1:5, NW.
23 U ka fumana tataiso e nang le tsebo ka ho tsoela pele u fumana tsebo ea Molimo. Ela hloko melao-motheo ea Bibele e sebetsang bophelong ba lelapa, ’me u etse liphetoho moo li hlokahalang. Sheba Bakreste ba hōlileng tsebong ba behang mohlala o motle e le balekane ba lenyalo le batsoali. Bua le bona. Ka holim’a tsohle, tsebisa Jehova lintho tseo u amehileng ka tsona ka thapelo. (Pesaleme ea 55:22; Bafilippi 4:6, 7) A ka u thusa ho thabela bophelo bo thabileng ba lelapa bo mo hlomphang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebaka feela la Mangolo bakeng sa tlhalo e lumellang ho kena lenyalong hape ke “bohlola”—likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo.—Matheu 19:9.
LEKA TSEBO EA HAO
Botšepehi, puisano, le tlhompho li tlatsetsa lenyalong le thabileng joang?
Ke ka litsela life batsoali ba ka tiisetsang bana ba bona hore baa ba rata?
Ho ameha lintlha life taeong e nepahetseng?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 147]