Etsa Hore Lenyalo la Hao e be Kopano e Tšoarellang
“Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—MATTHEU 19:6.
1. Motheo oa katleho ea lenyalo ke ofe har’a Bakreste ba ’nete kajeno?
BATHO ba likete-kete har’a batho ba Jehova kajeno ba thabela manyalo a khotsofatsang le a tšoarellang. Leha ho le joalo, katleho eo e sabaletseng ho hang ha e be teng ka kotsi. Manyalo a Bakreste a atleha ha banyalani ka bobeli (1) ba hlompha pono ea Molimo ka lenyalo ba bile ba (2) leka ka matla ho phela tumellanong le melao-motheo ea Lentsoe la hae. Etsoe ke Molimo ka boeena ea thehileng tokisetso ea lenyalo. Ke Eena ‘eo lelapa le leng le le leng lefatšeng le bitsoang ka eena.’ (Ba-Efese 3:14, 15, NW) Kaha Jehova o tseba hore na ho hlokahala eng ho atlehisa lenyalo, re ithuisa molemo ka ho latela tataiso ea hae.—Esaia 48:17, NW.
2. Liphello tsa ho hlōleha ho sebelisa melao-motheo ea Bibele lenyalong ke life?
2 Ka lehlakoreng le leng, ho hlōleha ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka fella ka masisa-pelo lenyalong. Litsebi tse ling li lumela hore hoo e ka bang likarolo tse peli ho tse tharo tsa batho ba kenang lenyalong kajeno United States ba tla qetella ba hlalane. Esita le Bakreste hase mekhelo likhatellong le litsitsipanong tsa ‘linako tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1, NW) Mathata a moruo le likhatello libakeng tsa mosebetsi li ka ba le phello e kotsi lenyalong lefe kapa lefe. Bakreste ba bang le bona ba ile ba nyahama habohloko ha balekane ba bona ba hlōleha ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Mosali e mong oa Mokreste o re: “Ke rata Jehova, empa lenyalo la ka le bile le mathata a mangata ka lilemo tse 20. Monna oa ka ke moithati ’me ha a batle ho etsa liphetoho leha e le life. Ke ikutloa ke le tlas’a khatello.” Banna le basali ba Bakreste ba bangata ba bile le maikutlo a tšoanang. Ke’ng se phoso? ’Me ke’ng se ka thibelang lenyalo ho fetoha ho iphapanya ho se nang botsoalle kapa bora bo feletseng?
Ho Tšoarella ha Lenyalo
3, 4. (a) Tekanyetso ea Molimo ke efe bakeng sa lenyalo? (b) Ke hobane’ng ha ho tšoarella ha lenyalo ho loketse ebile ho le molemo?
3 Esita le tlas’a maemo a molemohali, lenyalo ke kopano ea batho ba sa phethahalang. (Deuteronoma 32:5) Kahoo moapostola Pauluse o ile a re “ba joalo [ba kenang lenyalong] ba tla ba le matšoenyeho nameng.” (1 Ba-Korinthe 7:28) Maemo a mang a feteletseng a ka ’na a fella ka karohano kapa tlhalo. (Mattheu 19:9; 1 Ba-Korinthe 7:12-15) Leha ho le joalo, maemong a mangata Bakreste ba sebelisa keletso ea Pauluse: “Mosali a se ke a hlala monna oa hae . . . , le eena monna a se ke a hlala mosali oa hae.” (1 Ba-Korinthe 7:10, 11) Ka sebele, lenyalo le ne le reretsoe hore e be tlamo e tšoarellang, hobane Jesu Kreste o itse: “Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—Mattheu 19:6.
4 Ho motho ea ikutloang a le tlas’a khatello lenyalong le se nang botsoalle kapa le se nang lerato, tekanyetso ea Jehova e ka bonahala e le e se nang kutloelo-bohloko le e sa utloahaleng. Empa ha ho joalo. Ho tšoarella ha tlamo ea lenyalo ho susumetsa banyalani ba tšabang Molimo ho tobana le mathata a bona le ho batla ho a rarolla, ho e-na le ho potlakela ho khaola litlamo tsa bona pontšong ea pele ea khathatso. Monna e mong ea bileng lenyalong ka lilemo tse fetang 20 o ile a beha taba ka tsela ena: “Le ke ke la qoba linako tsa matšoenyeho. Le ke ke la thabelana ka linako tsohle. Ke eona nako eo ka eona ho itlama e leng habohlokoa.” Ho hlakile hore banyalani ba Bakreste ba ikutloa hore ba na le boikarabelo bo ka sehloohong ho Jehova Molimo, Moqapi oa lenyalo.—Bapisa le Moeklesia 5:4.
Bohlooho le Boikokobetso
5. Keletso e ’ngoe ea Pauluse ke efe bakeng sa banna le basali?
5 Kahoo, ha mathata a hlaha, hase nako ea ho batla tsela ea ho tsoa ho ’ona, empa ke ea ho batla tsela e molemo haholoanyane ea ho sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo. Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a Pauluse a fumanoang ho Ba-Efese 5:22-25, 28, 29: “Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joalo ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hlooho ea mosali, joalo ka ha Kreste le eena e le hlooho ea Kereke, ’me ke eena ’Moloki oa ’mele oa hae. Joalo ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle. Lōna banna, ratang basali ba lōna, joalo ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona. Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joalo ka ’mele oa bona. Ea ratang mosali oa hae, eba oa ithata. Hobane ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong; empa o ee a e fepe, a e baballe, joalo ka ha Kreste le eena a etsa Kereke.”
6. Banna ba Bakreste ba lokela ho fapana le banna ba lefatše joang?
6 Hangata banna ba ’nile ba sebelisa matla a bona a bonna hampe ’me ba hatella basali ba bona. (Genese 3:16) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a phehella banna ba Bakreste hore ba se ke ba tšoana le banna ba lefatše, ba be joaloka Kreste, e se be bakhahlapetsi ba laolang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba basali ba bona. Ka sebele, monna Jesu Kreste le ka mohla e ne e se ea hlokang kutloelo-bohloko kapa ea hatellang. O ne a nka balateli ba hae e le ba bohlokoa a bile a ba hlompha, a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo.”—Mattheu 11:28, 29.
7. Monna a ka hlompha mosali oa hae joang ha a tlameha ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso?
7 Monna oa Mokreste o hlompha mosali oa hae joaloka pitsa e fokolang. (1 Petrose 3:7) Nka ka mohlala hore o tlameha ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso. Monna o tla nahana sena ka hloko, e be ea tšehetsang le ea nahanelang ka hohle kamoo a ka khonang. Lebaka le ka sehloohong leo basali ba faneng ka lona bakeng sa tlhalo ke ho hlokomoloha ha banna ba bona bana kapa lelapa. Kahoo, monna oa Mokreste o batla ho thusa mosali oa hae lapeng ka litsela tse hlokomelehang tse tsoelang lelapa lohle molemo.
8. Boikokobetso ba basali ba Bakreste bo akareletsa eng?
8 Ho hlomphuoa ho nolofaletsa basali ba Bakreste ho ikokobeletsa banna ba bona. Leha ho le joalo, sena ha se bolele bokhoba bo feletseng. Molimo o laetse hore mosali o ne a lokela hore e se be lekhoba, empa e be “motlatsi” (“molekane,” mongolo o botlaaseng ba leqephe), e leng ho bolelang ntho e loketseng monna. (Genese 2:18, NW) Ho Malakia 2:14, ho buuoa ka mosali e le “molekane” oa monna. Ha e le hantle, basali linakong tsa Bibele ba ne ba thabela tokoloho e kholoanyane le bolokolohi. Mabapi le “mosali ea khabane,” Bibele e re: “Pelo ea monna oa hae ea mo tšepa.” Ka sebele, o ne a tšepetsoe litaba tse kang tlhokomelo e akaretsang ea lelapa, ho hlokomela ho rekoa ha lijo, ho sebetsana le theko le thekiso ea thepa, le ho tsamaisa khoebo e nyenyane.—Liproverbia 31:10-31.
9. (a) Basali ba tšabang Molimo linakong tsa Bibele ba ile ba bonahatsa boikokobetso ba ’nete joang? (b) Mosali oa Mokreste a ka thusoa ke eng hore a lule a ikokobelitse kajeno?
9 Leha ho le joalo, mosali ea tšabang Molimo o ne a hlokomela bolaoli ba monna oa hae. Ka mohlala, Sara ‘o ne a utloa Abrahama, a ’mitsa morena oa hae,’ eseng e le tloaelo e bonahatsang mekhoa e metle, empa e le pontšo e tiileng ea boikokobetso ba hae. (1 Petrose 3:6; Genese 18:12) Hape ka ho rata o ile a siea lehae la hae le mabotho-botho motseng oa Ure e le hore a ka lula litenteng le monna oa hae. (Ba-Heberu 11:8, 9) Empa boikokobetso bo ne bo sa bolele hore mosali o ne a ke ke a etsa ketso e bonahatsang boikarabelo ha ho hlokahala. Ha Moshe a hlōleha ho sebetsa tumellanong le molao oa Molimo tabeng ea lebollo, mosali oa hae, Sefora, o ile a thibela kotsi ka ho nka khato ka tieo. (Exoda 4:24-26) Ho ameha ho hongata ho feta ho thabisa motho ea sa phethahalang. Basali ba tlameha ho ‘ikokobetsa ka tlas’a banna ba bona, joalo ka ha ba ikokobetsa ho Morena.’ (Ba-Efese 5:22) Ha mosali oa Mokreste a nahana ka kamano ea hae le Molimo, sena se mo thusa ho hlokomoloha liphoso tse nyenyane le likhaello tsa monna oa hae, joalokaha ho hlokahala hore monna a etse seo ha a sebetsana le eena.
Puisano—Karolo ea Bohlokoa ea Lenyalo
10. Puisano e bohlokoa hakae lenyalong?
10 Ha a botsoa hore na lebaka le le leng le leholo ka ho fetisisa leo ka lona banyalani ba arohanang ke lefe, ’muelli oa molao oa tlhalo o ile a araba: “Ho se khone ho buisana ka botšepehi, ho senola mehopolo e ka hare-hare le ho tšoarana joaloka metsoalle ea hlooho ea khomo.” E, puisano ke karolo ea bohlokoa ea lenyalo le tiileng. Joalokaha Bibele e bolela, “moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” (Liproverbia 15:22) Ho hlokahala hore banna le basali ba bona e be ‘metsoalle e tšepanang,’ e thabelang kamano e mofuthu, e haufi-ufi. (Liproverbia 2:17, NW) Leha ho le joalo, banyalani ba bangata ba thatafalloa ke ho buisana, ka hona ho hlonama hoa eketseha ho fihlela ho qhoma bohale bo senyang. Kapa balekane ba lenyalo ba ka ’na ba ipata ka mor’a ponahalo e khahlehang e thetsang ea ho ba mekhoa e metle, maikutlong ba arohana.
11. Puisano pakeng tsa monna le mosali e ka ntlafatsoa joang?
11 Ho bonahala hore karolo ea bothata bona ke hore hangata banna le basali ba na le mekhoa e sa tšoaneng ea ho bua. Ho bonahala hore basali ba bangata ba thabela ho bua ka maikutlo, ha banna ka kakaretso ho bonahala hore ba thabela ho bua ka liketsahalo. Basali ba sekametse haholo ho ipeha boemong ba motho e mong le ho fana ka tšehetso ea maikutlo, ha banna ba sekametse tabeng ea ho batla litharollo le ho fana ka tsona. Ho ntse ho le joalo, monyetla oa puisano e molemo o teng moo balekane ka bobeli ba ikemiselitseng ho ba ‘mafolo-folo ho utloa, ba lieha ho bua, ba lieha le ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Shebanang mahlong ’me le hle le mamelisise. E mong a ntše maikutlo a e mong ka lipotso tse nahanelang. (Bapisa le 1 Samuele 1:8; Liproverbia 20:5.) Ho e-na le ho leka ho fana ka tharollo e potlakileng ha molekane oa hao a senola bothata, mamela ka hloko ha u ntse u sebeletsa ho rarolla mathata. ’Me ka boikokobetso le rapele hammoho, le batle tataiso ea bomolimo.—Pesaleme ea 65:2; Ba-Roma 12:12.
12. Balekane ba lenyalo ba Bakreste ba ka reka nako joang e mong bakeng sa e mong?
12 Ka linako tse ling likhatello le litsitsipano tsa bophelo li bonahala li siea balekane ba lenyalo ba na le nako e fokolang kapa matla bakeng sa puisano e nang le morero. Leha ho le joalo, haeba Bakreste ba lokela ho boloka lenyalo la bona le hlompheha le ho le sireletsa khahlanong le ho silafala, ba tlameha ho lula ba atamelane. Ho hlokahala hore ba tšoare kopano ea bona e le ntho ea bohlokoa, e molemo, ’me ba lokela ho reka nako bakeng sa ho ba hammoho. (Bapisa le Ba-Kolosse 4:5.) Maemong a mang tharollo ea bothata ba ho fumana nako ea puisano e molemo e ka ba feela ho koala TV. Ho lula hammoho kamehla ha ba noa tee kapa kofi ho ka thusa balekane ba lenyalo ho tsoela pele ho buisana ka tsela e ipiletsang maikutlong. Liketsahalong tse joalo ba ka ‘rerisana hammoho’ litaba tsa lelapa tse sa tšoaneng. (Liproverbia 13:10, NW) ’Me ke ho bohlale hakaakang ho sebelisa mokhoa oa ho buisana ka likhohlano tse nyenyane le ho se lumellane pele e e-ba mohloli o ka sehloohong oa khohlano!—Bapisa le Mattheu 5:23, 24; Ba-Efese 4:26.
13. (a) Jesu o ile a beha mohlala ofe tabeng ea ho lokoloha le ho tšepahala? (b) Litsela tse ling tseo balekane ba lenyalo ba ka atamelanang ka tsona ke life?
13 Monna e mong o ile a re: “Hangata, ho thata ho ’na, hore ke hle ke ntše maikutlo a ka ’me ke hle ke bolelle [mosali oa ka] kamoo ke hlileng ke ikutloang kateng.” Leha ho le joalo, ho itšenola ke senotlolo sa bohlokoa sa ho hōlisa katamelano. Hlokomela kamoo Jesu a neng a lokoloha ho bao e tla ba litho tsa sehlopha sa monyaluoa oa hae le ho tšepahala ho bona. O itse: “Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.” (Johanne 15:15) Kahoo, nka molekane oa hao e le motsoalle. Tšepa molekane oa hao mabapi le maikutlo a hao. Etsa boiteko ba ho bua “lipolelo tsa lerato” tse bonolo tse etsoang ka tieo. (Sefela sa Lifela 1:2, NW) Ka linako tse ling puisano e bonahatsang ho lokolohelana e ka ’na ea bonahala e le e sa tloaelehang, empa ha balekane ba lenyalo ka bobeli ba etsa boiteko bo lekaneng, ho tla finyelloa se eketsehileng mabapi le ho etsa lenyalo la bona kopano e tšoarellang.
Ho Sebetsana le ho se Lumellane
14, 15. Likhang li ka qojoa joang?
14 Ho se lumellane ha sebele ho tla hle ho hlahe ka linako tse ling. Empa ha ho hlokahale hore lelapa la lōna le be boemong bo bobe ba ho ba ‘ntlo e tletseng likhang.’ (Liproverbia 17:1, NW) Hlokomelang hore le se ke la buisana ka litaba tse amang maikutlo moo bana ba ka ’nang ba le utloa, ’me molekane e mong a bontše ho nahanela maikutlo a e mong. Ha Ragele a ne a bua ka ho nyahama ha hae ka lebaka la boemo ba hae ba ho ba nyopa ’me a kōpa Jakobo hore a mo fe bana, o ile a araba ka bohale: “A ke eme bakeng sa Molimo o u hanetseng le ho beleha na?” (Genese 30:1, 2) Haeba mathata a lelapa a hlaha, sebetsanang le bothata, le se ke la hlasela motho. Nakong ea puisano ea lekunutung, qobang ho “bebera” kapa ho kenana hanong ho sa hlokahale.—Liproverbia 12:18.
15 Ke ’nete, u ka ’na ua ba le maikutlo a matla mabapi le pono ea hao, empa a lokela ho boleloa ka ntle ho “tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang.” (Ba-Efese 4:31) Monna e mong o re: “Buisanang ka mathata a lōna ka molumo oa lentsoe o tloaelehileng. Haeba lentsoe la e mong le phahama, khaotsang. Buisanang hape ka mor’a nako e khutšoanyane. Qalisang hape.” Liproverbia 17:14 e fana ka keletso e molemo: “Khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.” Lekang ho buisana ka litaba tsena hape ha maikutlo a lōna a theohile.
Lulang le Tšepahala e Mong ho e Mong
16. Ke hobane’ng ha bofebe e le ketso e tebileng hakaale?
16 Ba-Heberu 13:4 e re: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” Bofebe ke sebe khahlanong le Molimo. Hape bo senya lenyalo. (Genese 39:9) Moeletsi e mong oa lenyalo oa ngola: “Hang ha bo senotsoe, bofebe bo hlasela lelapa lohle joaloka leholiotsoana le befileng, bo senya malapa, bo felisa ho tšepana le ho itlhompha ha botho, bo lematsa bana.” Bo ka ’na ba fella ka ho ima kapa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.
17. Litšekamelo tsa bofebe li ka qojoa joang kapa hona ho haneloa?
17 Batho ba bang ba matlafatsa litšekamelo tsa bofebe ka hore mehopolo ea bona e haptjoe ke pono e senyehileng ea lefatše ka likamano tsa botona le botšehali joalokaha li bontšoa libukeng, thelevisheneng, le libaesekopong. (Ba-Galata 6:8) Leha ho le joalo, bafuputsi ba bolela hore bofebe hangata bo ba teng eseng feela ka lebaka la takatso ea likamano tsa botona le botšehali empa ka lebaka la seo ho lumeloang hore ke tlhoko ea hore motho a pake hore o ntse a khahleha kapa ka lebaka la takatso ea ho ba le boikutlo ba hore o ratoa haholoanyane. (Bapisa le Liproverbia 7:18.) Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, Mokreste o tlameha ho hana ho nahana lintho tse iqapeloang tsa boitšoaro bo bobe. Ka botšepehi buisana ka maikutlo a hao le molekane oa hao. Haeba ho hlokahala, batla thuso ho baholo ba phutheho. Ho etsa joalo ho ka hla ha u thibela hore u oele sebeng. Ho feta moo, ho hlokahala hore Bakreste ba be hlokolosi ha ba sebelisana le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona. Ho nyalana le motho e mong empa u talima e mong osele ho mo lakatsa ho khahlanong le melao-motheo ea Mangolo. (Jobo 31:1; Mattheu 5:28) Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi ka mokhoa o khethehileng mabapi le ho hōlisa maikutlo a matla a lerato ho basebetsi-’moho le bona. Boloka likamano tse joalo e le tse ntle empa e le tse nang le morero.
18. Ke’ng seo hangata se leng motsong oa mathata a likamano tsa botona le botšehali lenyalong, ’me a ka rarolloa joang?
18 Tšireletso e khōloanyane ke kamano e mofuthu, e lokolohileng le molekane oa motho. Bafuputsi ba bangata ba bolela hore mathata a likamano tsa botona le botšehali lenyalong hase hangata e leng a ’mele empa hangata a bakoa ke puisano e seng molemo. Mathata a mofuta ona a hlaha seoelo ha banyalani ba buisana ka bolokolohi ’me ba fana ka litokelo tsa lenyalo e le pontšo ea lerato ho e-na le ho ba tlamo.a Ka tlas’a maemo a joalo a loketseng, kamano e atamelaneng e ka sebeletsa ho matlafatsa tlamo ea lenyalo.—1 Ba-Korinthe 7:2-5; 10:24.
19. “Tlamo e phethahetseng ea bonngoe” ke eng, ’me e ka ba le phello efe lenyalong?
19 Ke lerato leo e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe” ka phuthehong ea Bokreste. Ka ho hlaolela lerato, banyalani ba tšabang Molimo ba khona ho ‘tsoela pele ba mamellana ’me ba tšoarelana ka bolokolohi.’ (Ba-Kolosse 3:13, 14, NW) Lerato le laoloang ke melao-motheo le batla boiketlo ba ba bang. (1 Ba-Korinthe 13:4-8) Hlaolelang lerato le joalo. Le tla le thusa ho matlafatsa tlamo ea lenyalo la lōna. Sebelisang melao-motheo ea Bibele bophelong ba lōna ba lenyalo. Haeba le etsa joalo, lenyalo la lōna le tla ipaka ho ba kopano e tšoarellang ’me le tla isa thoriso le tlhompho ho Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho “Puisano—Hase Feela ho Bua,” se leng ho Molula-Qhooa oa August 1, 1993, se bontšitse hore banyalani ba ka hlōla mathata joang tabeng ena.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha lenyalo e lokela ho ba tlamo e tšoarellang?
◻ Pono ea Bibele ke efe ka bohlooho le boikokobetso?
◻ Banyalani ba ka ntlafatsa puisano joang?
◻ Banyalani ba ka sebetsana le ho se lumellane joang ka tsela ea Bokreste?
◻ Ke’ng se tla thusa ho matlafatsa tlamo ea lenyalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Haeba mosali oa hae o tlameha ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso, monna oa Mokreste a ke ke a lumella hore a imeloe ka ho feteletseng