Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha ho ba Baboleli ba Evangeli
“U etse mosebetsi oa ’moleli oa evangeli [kapa, moromuoa].”—2 TIMOTHEA 4:5, NW, mongolong o botlaaseng ba leqephe.
1. Ke litaba life tse molemo tse ileng tsa boleloa ke baboleli ba evangeli lekholong la pele la lilemo?
KAJENO ho bolela eng ho ba ’moleli oa evangeli? Na u eena? Lentsoe “’moleli oa evangeli” le tsoa ho lentsoe la Segerike eu·ag·ge·li·stesʹ, le bolelang “’moleli oa litaba tse molemo.” Ho tloha ha ho thehoa phutheho ea Bokreste ka 33 C.E., litaba tse molemo tsa Bakreste li ile tsa totobatsa mokhoa oo Molimo a o sebelisang bakeng sa ho bolokeha ’me tsa phatlalatsa hore Jesu Kreste o ne a tla khutla hamorao hore a qale puso ea hae ea ’Muso holima batho.—Mattheu 25:31, 32; 2 Timothea 4:1; Ba-Heberu 10:12, 13.
2. (a) Litaba tse molemo li entšitsoe joang mehleng ea rōna? (b) Kajeno Bakreste bohle ba ’nete ba na le tlamo efe?
2 Ho tloha ka 1914 ho ea pele, bopaki bo ile ba qala ho eketseha ba hore pontšo eo Jesu a ileng a fana ka eona mabapi le ho khutla ha hae le ho ba teng ha hae a sa bonahale e ne e phethahala. (Mattheu 24:3-13, 33) Le lekhetlong lena, litaba tse molemo li ne li tla akarelletsa polelo “’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:7, 31; Mareka 1:14, 15) Ka sebele, nako e ne e fihlile ea hore boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Mattheu 24:14 bo phethahale ka tsela e khōlō: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Ka hona, hona joale ho bolela evangeli ho kopanyelletsa ho tsebahatsa ka ’Muso oa Molimo o hlonngoeng le ka mahlohonolo ao o tla a tlisetsa batho ba utloang haufinyane. Bakreste bohle ba laeloa hore ba etse mosebetsi ona ’me ba “etse barutuoa.”—Mattheu 28:19, 20, NW; Tšenolo 22:17.
3. (a) Lentsoe “’moleli oa evangeli” le na le moelelo ofe o eketsehileng? (Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqephe 770, karolo 2, serapa 2.) (b) See se phahamisa lipotso life?
3 Ho phaella ho boleleng litaba tse molemo ka kakaretso, Bibele e sebelisa lentsoe “’moleli oa evangeli” ka moelelo o khethehileng mabapi le batho ba tlohang tšimong ea habo bona ho ea bolela litaba tse molemo moo li e-so ka li boleloa teng. Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le baboleli ba bangata ba evangeli bao e leng baromuoa, ba kang Filippi, Pauluse, Barnabase, Silase, le Timothea. (Liketso 21:8; Ba-Efese 4:11) Empa ho thoe’ng ka nako ea rōna e khethehileng ho tloha ka 1914? Na batho ba Jehova kajeno ha baa iketsa ba fumanehang e le baboleli ba evangeli libakeng tsa habo bona hammoho le baromuoa?
Khatelo-pele ho Tloha ka 1919
4, 5. Litebello bakeng sa mosebetsi oa boboleli ba evangeli e ne e le life ka moraonyana ho 1914?
4 Ho ea qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918, bahlanka ba Molimo ba latsoitse khanyetso e ntseng e eketseha ho tsoa ho bakoenehi le baruti ba Bokreste-’mōtoana le metsoalle ea bona ea lipolotiki. Ha e le hantle, boboleli ba sebele ba evangeli ba Bokreste bo ile ba batla bo ema tsi! ha ka June 1918 basebeletsi ba etelletseng pele ba Mokhatlo oa Watch Tower United States ba ne ba ahloleloa lilemo tse 20 teronkong ka liqoso tsa bohata. Na lira tsa Molimo li ile tsa atleha ho felisa boboleli ba litaba tse molemo?
5 Ka ho sa lebelloang, ka March 1919 basebeletsi ba Mokhatlo ba ile ba lokolloa ’me hamorao ba hlakoloa molato oa liqoso tsa bohata tse ileng tsa ba kenya teronkong. Ba e-na le tokoloho eo ba neng ba sa tsoa e fumana, Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba ile ba hlokomela hore ho ne ho sa na le mosebetsi o mongata o sa ntsaneng o tla etsoa pele ba ka nkeloa moputsong oa bona oa leholimo e le majalefa-’moho ’Musong oa Molimo.—Ba-Roma 8:17; 2 Timothea 2:12; 4:18.
6. Mosebetsi oa boboleli ba evangeli o ile oa tsoela pele joang pakeng tsa 1919 le 1939?
6 Morao ka 1919 batho ba neng ba tlaleha hore ba kopanetse ho haseng litaba tse molemo ba ne ba le ka tlaase ho 4 000. Lilemong tse mashome a mabeli ka mor’a moo, banna ba bangata ba ile ba itlhahisa ho ba baboleli ba evangeli ba baromuoa, ’me ba bang ba ile ba romeloa linaheng tsa Afrika, Asia, le Europe. Ka 1939, ka mor’a lilemo tse 20 tsa boboleli ba ’Muso, Lipaki tsa Jehova li ne li eketsehile li le ka holimo ho 73 000. Keketseho ena e babatsehang, e bileng teng ho sa tsotellehe mahloriso a mangata, e ne e tšoana le se ileng sa etsahala lilemong tse qalang tsa phutheho ea Bokreste.—Liketso 6:7; 8:4, 14-17; 11:19-21.
7. Lilemong tsa 47 C.E. le 1939, ke boemo bofe bo tšoanang bo neng bo le teng mabapi le mosebetsi oa Bokreste oa boboleli ba evangeli?
7 Leha ho le joalo, ka nako eo Lipaki tse ngata tsa Jehova li ne li le linaheng tsa Boprostanta tseo ho tsona ho buuoang Senyesemane. Ha e le hantle, ho bahoeletsi ba ’Muso ba 73 000, ba etsang karolo e ka holimo ho 75 lekholong ba ne ba tsoa Australia, Brithani, Canada, New Zealand, le United States. Joalokaha ho bile joalo ka 47 C.E., ho ne ho hlokahala hore ho khothatsoe baboleli ba evangeli hore ba amehe haholo ka linaha tsa lefatše tse sa sebetsoeng khafetsa.
8. Ka 1992, Sekolo sa Gileade se ne se finyelletse eng?
8 Lithibelo le mahloriso tse ileng tsa etsoa nakong ea ntoa ha lia ka tsa thibela moea o matla oa Jehova o halalelang hore o susumelletse bahlanka ba hae hore ba itokisetse keketseho e khōloanyane. Ka 1943, nakong ea ha Ntoa ea II ea Lefatše e le tlhōrōng ea eona, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ile oa theha Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ka morero oa ho hasa litaba tse molemo ka ho pharalletseng. Ka March 1992, sekolo sena se ne se se se rometse baromuoa ba 6 517 linaheng tse fapaneng tse 171. Ho phaella moo, banna ba ile ba koetlisetsoa ho hlokomela makala a Mokhatlo oa Watch Tower a leng linaheng lisele. Ho tloha ka 1992, ho bahokahanyi ba Likomiti tse 97 tsa Makala, ba 75 ba koetlisitsoe Gileade.
9. Ke mananeo afe a koetliso a ileng a tlatsetsa tsoelo-peleng ea mosebetsi oa boboleli ba evangeli le ho etsa barutuoa?
9 Ntle ho Sekolo sa Gileade, mananeo a mang a koetliso a hlomelletse batho ba Jehova hore ba atolose le ho ntlafatsa mosebetsi oa bona oa boboleli ba evangeli. Ka mohlala, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se sebetsa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Tokisetso ena, hammoho le Seboka sa beke le beke sa Tšebeletso, e koetlisitse bahoeletsi ba limillione ba ’Muso hore ba atlehe tšebeletsong ea phatlalatsa. Ho boetse ho na le Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, se fanang ka koetliso ea bohlokoa ho baholo le bahlanka ba sebeletsang e le hore bana ba ka hlokomela hamolemo liphutheho tse ntseng li eketseha. Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se thusitse baboleli ba bangata ba evangeli ba nako e tletseng hore ba atlehe haholoanyane mosebetsing oa bona oa boboleli. Haufinyane, Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se bile teng linaheng tse fapa-fapaneng ho thusa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba seng lenyalong hore e be bo-Timothea ba kajeno.
10. Koetliso eohle e babatsehang e fanoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo e bile le phello efe? (Kopanyelletsa le boitsebiso bo leng lebokoseng.)
10 Phello ea koetliso ee eohle e bile efe? Ka 1991, Lipaki tsa Jehova li bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba ka holimo ho limillione tse ’nè ba leng mafolo-folo linaheng tse 212. Leha ho le joalo, ho fapana le boemo bo neng bo le teng ka 1939, ba etsang karolo e ka holimo ho 70 lekholong ea bona ba tsoa linaheng tsa K’hatholike, tsa kereke ea Orthodox, tseo e seng tsa Bokreste, kapa linaha tse ling, tseo ho tsona Senyesemane e seng puo e khōlō.—Bona lebokose “Keketseho ho Tloha ka 1939.”
Lebaka Leo li Atlehang ka Lona
11. Moapostola Pauluse o ile a neha mang tlotla bakeng sa katleho ea hae joaloka mosebeletsi?
11 Lipaki tsa Jehova ha li ithorisi ka baka la keketseho ena. Ho e-na le hoo, li nka mosebetsi oa tsona ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a o nka ka eona, joalokaha a hlalositse lengolong la hae le eang ho Bakorinthe. “Pauluse ke mang na? Le Apollose ke mang na? Ke bahlanka bao le lumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filoeng ke Morena. ’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang.”—1 Ba-Korinthe 3:5-7, 9.
12. (a) Lentsoe la Molimo le phetha karolo efe boboleling bo atlehang ba evangeli? (b) Ke mang ea khethiloeng joaloka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, ’me tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho bontša ho ikokobelletsa ha rōna bohlooho ba hae ke efe?
12 Ha ho pelaelo hore khōlo e tsotehang e bileng teng ho Lipaki tsa Jehova e bile teng ka baka la tlhohonolofatso ea Molimo. Ke mosebetsi oa Molimo. Kaha li hlokomela ’nete ena, li tsoela pele ho ikitlaetsa ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mehla. Sohle seo li se rutang mosebetsing oa tsona oa boboleli ba evangeli se thehiloe Bibeleng. (1 Ba-Korinthe 4:6; 2 Timothea 3:16) Ntho e ’ngoe e entseng hore boboleli ba tsona ba evangeli bo atlehe ke ho hlokomela ha tsona ka ho felletseng Eo Molimo a mo khethileng ho ba Hlooho ea phutheho, e leng Morena Jesu Kreste. (Ba-Efese 5:23) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša sena ka ho sebelisana ’moho le bao Jesu a neng a ba khethile hore e be baapostola. Banna bana, hammoho le baholo ba bang phuthehong ea Jerusalema, ba ile ba etsa sehlopha se busang sa Bokreste sa lekholong la pele la lilemo. Morena Jesu Kreste a le leholimong o ile a sebelisa sehlopha sena sa Bakreste ba hōlileng moeeng hore se rarolle litseko le ho fana ka tataiso mosebetsing oa boboleli ba evangeli. Ho lumellana ka mafolo-folo ha Pauluse le tokisetso ena ea Molimo ho ile ha fella ka hore liphutheho tseo a neng a li etela li be le keketseho. (Liketso 16:4, 5; Ba-Galata 2:9) Ka ho tšoanang kajeno, ka ho itšoarella ka matla Lentsoeng la Molimo le ka ho lumellana ka mafolo-folo le tataiso e tsoang ho Sehlopha se Busang, baboleli ba evangeli ba Bakreste ba tiisetsoa hore ba tla atleha tšebeletsong ea bona.—Tite 1:9; Ba-Heberu 13:17.
Ho Nka Hore ba Bang Baa ba Fetisa
13, 14. (a) Moapostola Pauluse o fane ka keletso efe joalokaha e tlalehiloe ho Ba-Filippi 2:1-4? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho hopola keletso ee ha re kopanela mosebetsing oa boboleli ba evangeli?
13 Moapostola Pauluse o ile a bontša lerato la sebele ho batho ba batlang ’nete ’me haa ka a bontša boikutlo ba ho ba phahamela kapa ba ho khetha morabe. Ka hona, o ne a ka eletsa balumeli-’moho hore ‘ba nke hore ba bang baa ba fetisa.’—Ba-Filippi 2:1-4.
14 Ka mokhoa o tšoanang, baboleli ba ’nete ba evangeli ba Bakreste kajeno ha ba iphahamise ha ba sebelisana le batho ba merabe le semelo se fapaneng. E mong oa Lipaki tsa Jehova ea tsoang United States ea abetsoeng ho ea sebetsa e le moromuoa Afrika, o re: “Ke tseba hantle hore ha re fetise batho ba bang. Mohlomong re na le chelete e ngata le se bitsoang thuto ea sekolo, empa [batho ba sebaka seo re sebeletsang ho sona] ba na le litšoaneleho tse fetang tsa rōna.”
15. Ke joang ba abetsoeng ho ea sebetsa linaheng lisele ba ka bontšang tlhompho e tiileng ho batho bao e ka ’nang ea ba barutuoa?
15 Ka sebele, ka ho bontša tlhompho e tebileng ho batho bao re ba abelang litaba tse molemo, re tla ba nolofalletsa hore ba amohele molaetsa oa Bibele. Ho boetse hoa thusa ha ’moleli oa evangeli oa moromuoa a bontša hore o thabela ho phela har’a batho bao a abetsoeng ho ba thusa. Moromuoa ea atlehang ea qetileng lilemo tse fetileng tse 38 Afrika oa hlalosa: “Tlaase botebong ba pelo ke ikutloa hore lena ke lehae la ka, ’me batho ba phuthehong eo ke e abetsoeng ke baena ba ka le likhaitseli. Nakong ea ha ke khutletse Canada ke le matsatsing a phomolo, ha ke hlile ha ke ikutloe ke le hae. Bekeng ea ho qetela ke le Canada, ke ikutloa feela ke batla ho khutlela kabelong ea ka. Ke ikutloa ka tsela eo ka linako tsohle. Ke bolella liithuti tsa ka tsa Bibele le baena le likhaitseli kamoo ke thabileng ka teng hore e be ke khutlile, ’me ba ananela ho tseba hore ke batla ho ba le bona.”—1 Ba-Thessalonika 2:8.
16, 17. (a) Baromuoa ba bangata le bao e leng baboleli ba evangeli sebakeng sa habo bona ba bile le phephetso efe e le hore ba ka atleha haholoanyane tšebeletsong ea bona? (b) Moromuoa e mong o bile le phihlelo efe ka baka la ho bua puo ea sebaka seo a neng a le ho sona?
16 Ba bang ha ba fumana hore tšimong ea sebaka seo ba leng ho sona ho na le libaka tse khōlō tseo ho tsona ho buuoang puo esele, ba ile ba etsa boiteko ba ho ithuta puo eo, ka ho etsa joalo ba bontša hore ba nka ba bang ba ba fetisa. Moromuoa e mong o re: “Afrika e ka boroa, ka linako tse ling ho na le boikutlo ba ho se tšepane pakeng tsa batho ba semelo sa Afrika le ba semelo sa Europe. Empa ho bua ha rōna puo ea sebaka seo ho felisa boikutlo bona ka potlako.” Ho bua puo ea batho bao re abelanang litaba tse molemo le bona ke thuso e khōlō hore re finyelle lipelo tsa bona. Ho hloka mosebetsi o boima le ho phehella ka boikokobetso. Moromuoa ea leng naheng ea Asia oa hlalosa: “Ho lula u ntse u etsa liphoso ha ka linako tsohle batho ba u tšeha ka baka la liphoso tsa hao e ka ba teko. Ho ka ’na ha bonahala ho le bobebe ho tela.” Leha ho le joalo, lerato ho Molimo le moahisani le ile la thusa moromuoa enoa hore a tiisetse.—Mareka 12:30, 31.
17 Ka ho hlakileng, batho ba arabela hantle ha melata e loanela ho abelana le bona litaba tse molemo ka puo ea bona. Ka linako tse ling sena se fella ka mahlohonolo a sa lebelloang. Moromuoa ea leng naheng ea Afrika ea Lesotho o ne a bua ka Sesotho le mosali e mong, ea sebetsang lebenkeleng la lintho tse ōhliloeng. Mosebeletsi oa ’muso ea tsoang naheng e ’ngoe ea Afrika ea neng a ntse a boha mehaho o ile a utloa ha ba qoqa. O ile a atamela ’me a babatsa moromuoa enoa, ea ileng a qala ho bua le mosebeletsi enoa oa ’muso ka puo ea habo. Mosebeletsi oa ’muso o ile a ’motsa: “Ke hobane’ng ha u sa tle [naheng ea heso] ’me u sebetse har’a batho ba heso, kaha u boetse u tseba Seswahili?” Ka bohlale, moromuoa o ile a arabela: “Ho ne ho tla ba hotle haholo. Empa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me hona joale mosebetsi oa rōna o thibetsoe naheng ea heno.” Mosebeletsi oa ’muso o ile a arabela: “Ke kōpa hore u se ke ua nka hore kaofela ha rōna re hanyetsa mosebetsi oa lōna. Boholo ba rōna re rata Lipaki tsa Jehova. Mohlomong ka tsatsi le leng le tla khona ho bolela ka bolokolohi sechabeng sa heso.” Nakoana hamorao, moromuoa o ile a thaba ha a utloa hore Lipaki tsa Jehova li fuoe tokoloho ea borapeli hona naheng eo.
Ho Ikemisetsa ho Lahleheloa ke Litokelo
18, 19. (a) Ke ka tsela efe ea bohlokoa Pauluse a ileng a loanela ho etsisa Mong’a hae, Jesu Kreste? (b) Pheta phihlelo (e leng serapeng kapa eo u e tsebang) ho bontša bohlokoa ba ho qoba lebaka leha e le lefe la ho khopisa batho bao re ba abelang litaba tse molemo.
18 Ha moapostola Pauluse a ngola: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste,” o ne a sa tsoa bua ka tlhokahalo ea ho qoba ho khopisa ba bang, a re: “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona. Le se ke la lihela ba-Jode, leha e le ba-Gerike, leha e le kereke ea Molimo, joale ka ha le ’na ke khahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tšoanelang ’na feela, ke mpa ke batla se tšoanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe.”—1 Ba-Korinthe 10:31-33; 11:1.
19 Baboleli ba evangeli ba kang Pauluse, ba ikemiselitseng ho itela molemong oa batho bao ba ba rutang, ba kotula mahlohonolo. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Afrika, banyalani ba baromuoa ba ile ba ea hoteleng ea sebaka seo bakeng sa tinare e le ho keteka lilemo tseo ba li qetileng ba nyalane. Qalong ba ne ba rerile ho reka veine hammoho le lijo, kaha Bibele ha e nyatse tšebeliso e itekanetseng ea lino tse tahang. (Pesaleme ea 104:15) Leha ho le joalo banyalani bana ba ile ba etsa qeto ea ho se etse joalo kaha mohlomong hoo ho ka ’na ha khopisa batho ba sebaka seo. Monna oa hopola: “Nako e itseng ka mor’a moo, re ile ra teana le monna ea neng a pheha hoteleng eo, ’me ra qalisa thuto ea Bibele le eena. Hamorao o ile a re bolella hore: ‘Na le sa hopola ha le ne le il’o ja tinare hoteleng? Kaofela re ne re eme ka mor’a lemati la kichini re le shebile. Taba ke hore, baromuoa ba kereke ba ile ba re bolella hore ho fosahetse hore re noe lino tse tahang. Leha ho le joalo, ha ba tlile hoteleng, ba reka veine ka bolokolohi. Ka hona re ile ra etsa qeto ea hore haeba le ne le ka reka seno se tahang, re ne re ke ke ra le mamela ha le ruta.’” Kajeno, monna eo ea neng a pheha le ba bang ba neng ba sebetsa hoteleng ke Lipaki tse kolobelitsoeng.
Ho sa na le ho Hongata ho Lokelang ho Etsoa
20. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re tiisetse ho ba baboleli ba chesehang ba evangeli, ’me ba bangata ba nkile tokelo efe e thabisang?
20 Ha bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo ntse bo atamela ka potlako, batho ba bangata ba ntse ba laba-labela ho utloa litaba tse molemo, ’me ho potlakile ho feta leha e le neng pele hore Mokreste e mong le e mong a tiisetse ho ba ’moleli oa evangeli. (Mattheu 24:13) Na u ka eketsa karolo ea hao mosebetsing oo ka ho ba ’moleli oa evangeli ka kutloisiso e khethehileng joaloka Filippi, Pauluse, Barnabase, Silase, le Timothea? Ba bangata ba etsa se tšoanang ka ho kenela bopula-maliboho le ka ho iketsa ba fumanehang bakeng sa ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane.
21. Batho ba Jehova ba “buletsoe monyako o moholo oa tšebetso” ka tsela efe?
21 Haufinyane, masimo a maholo ao ho ka boleloang evangeli ho ’ona a bulehile linaheng tsa Afrika, Asia, le Europe Bochabela, e leng moo pele mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o neng o thibetsoe. Joaloka moapostola Pauluse, batho ba Jehova ba “buletsoe monyako o moholo oa tšebetso.” (1 Ba-Korinthe 16:9) Ka mohlala, baboleli ba evangeli ba baromuoa ba sa tsoa fihla naheng ea Afrika ea Mozambique ha ba na nako e lekaneng ea ho ithuta le batho bohle ba batlang ho ithuta Bibele. Re thaba hakaakang hore ebe mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa ngolisoa ka molao naheng eo ka February 11, 1991!
22. Ebang tšimo ea rōna e sebelitsoe ka ho felletseng kapa che, ke eng seo kaofela ha rōna re tlamehang ho ikemisetsa ho se etsa?
22 Linaheng tseo esaleng re e-na le tokoloho ea borapeli ho tsona, baena ba boetse ba thabela keketseho e tsoelang pele. E, hohle moo re leng teng, ho ntse ho e-na le “ho hongata ho ka etsoang mosebetsing oa Morena.” (1 Ba-Korinthe 15:58, NW) Ha ho le joalo, e se eka re ka tsoela pele ho sebelisa nako e setseng ka bohlale ha e mong le e mong oa rōna ‘a etsa mosebetsi oa ’moleli oa evangeli, re phethisise tšebeletso ea rōna.’—2 Timothea 4:5; Ba-Efese 5:15, 16.
Na U ka Hlalosa?
◻ ’Moleli oa evangeli ke eng?
◻ Litaba tse molemo li entšitsoe joang ka mor’a 1914?
◻ Mosebetsi oa boboleli ba evangeli o ile oa tsoela pele joang ho tloha ka 1919?
◻ Ke lintlha life tse khōlō tse tlatselitseng katlehong ea mosebetsi oa boboleli ba evangeli?
[Lebokose le leqepheng la 19]
KEKETSEHO HO TLOHA KA 1939
Nahana ka mehlala e tsoang lik’hontinenteng tse tharo moo baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba ileng ba romeloa teng. Morao ka 1939 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 636 feela ba neng ba tlaleha Afrika Bophirima. Ka 1991 palo ena e ne e eketsehile ho ba ka holimo ho 200 000 linaheng tse 12 tsa Afrika Bophirima. Baromuoa ba boetse ba kentse letsoho keketsehong e tsotehang linaheng tsa Amerika Boroa. E ’ngoe ke Brazil, e ileng ea ba le keketseho ea ho tloha ho bahoeletsi ba ’Muso ba 114 ka 1939 ho ea tlhōrōng ea ba 335 039 ka 1992. Ho bile le keketseho e tšoanang ka mor’a ho fihla ha baromuoa linaheng tsa Asia. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova tse fokolang ka palo Japane li ile tsa hlorisoa haholo, ’me mosebetsi oa tsona o ile oa ema tsi! Eaba, ka 1949, ho fihla baromuoa ba 13 ho thusa ho hlophisa mosebetsi bocha. Selemong seo sa tšebeletso, bahoeletsi ba ka tlaase ho leshome ba hona moo ba ile ba tlaleha tšebeletso ea tšimo bakeng sa Japane eohle, ha ka April 1992 kakaretso ea bahoeletsi e ne e le 167 370.
[Lebokose le leqepheng la 21]
BOKRESTE-’MŌTOANA LE BOTHATA BA PUO
Baromuoa ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba etsa boiteko bo tiileng ba ho ithuta puo esele, empa ba bangata ba ne ba lebelletse hore batho ba sebaka seo ba leng ho sona ba bue puo ea bona ea Europe. Joalokaha Geoffrey Moorhouse a hlalosa bukeng ea hae The Missionaries:
“Bothata ke hore ho tseba puo ea sebaka seo ba leng ho sona hangata ho ne ho nkoa e se habohlokoa ha e se feela mokhoa oa hore ho fetoleloe Lengolo. Ha ho bapisoa ho ne ho etsoa boiteko bo fokolang, ebang ke batho ka bomong kapa mekhatlo e neng e ba hirile, ba ho tiisa hore moromuoa o khona ho bua puo ea batho bao a leng ho bona ka mokhoa o phollatsi hoo o neng o ka fella ka hore ho be teng ho utloisisana ho tebileng pakeng tsa batho ba babeli. Moromuoa e mong le e mong o ne a ithuta mantsoe a seng makae puong ea sebaka seo a leng ho sona . . . Ka mor’a moo, hangata puisano e ne e etsoa ka morethetho o tepelletsang le o se nang thuso oa se bitsoang Senyesemane sa fanakaloko, ka khopolo ea hore motho oa Moafrika o tlameha ho fetohela puong ea moeti oa Lenyesemane. Maemong a mabe ao sena se neng se tla a hlahisa, e ne e boetse e le pontšo e ’ngoe ea ho phahamisa morabe o mong.”
Ka 1922 Sekolo sa Thuto ea Bochabela le ea Afrika se London se ile sa hatisa tlaleho bothateng ba puo. Tlaleho e ne e re: “Re na le maikutlo a hore, kakaretso ea katleho e fumanoeng ke baromuoa lipuong lisele . . . e tlaase ka mokhoa o soabisang le o kotsi.”
Ka mehla baromuoa ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ’nile ba nka ho ithuta puo ea sebaka seo ba leng ho sona e le tlamo, e leng se re thusang ho hlalosa lebaka la katleho ea bona tšimong ea boromuoa.