Pina ea 176
Amohelang Morena ea Tlang!
1. Ke nako ea ho amohela Molimo
Moetsi oa tsohle Ea matla ’ohle.
O bokella lichaba le Mora oa hae.
Ba maholimong ba bina pin’a ntoa ba sa phetse.
‘Menyako phahamisang hlooho tsa lōna’
Morena oa khanya a tle a kene.
Molim’o tl’o fa Kreste matla a hore
Lemong tse sekete a tle a buse.
O tla bontša matla a hae ’Musong o tlang.
Fatšeng ho tle ho buse Morena Jah hape.
2. Morena le ’Musi oa rōna Jehova,
O tlisitse ’Mus’o ke keng oa fela.
O tšoaneloa ke kamohelo e khōlō;
Re bontšeng Morena ea tlang hore o’a amoheloa.
Phahamisang menyako! Re tlisa thabo,
’Me re bina pina ka thabo’e khōlō.
‘Jehova ke mohale ntoeng o’a tšabeha.’
Re ke re mo roke le har’a batho.
Ke nako ea ho putsa bahlanka ba hae.
A re’amoheleng ’Mōpi ea tlang ka mofuthu.