U Tla Re’ng ha U Boela?
1 Hore re atlehe tšebeletsong ea rōna ho hlokahala hore re lokisetse e le hore ha re boela ho ba ileng ba bontša thahasello nakong e fetileng, re tle re khone ho tsosolosa thahasello ea bona ’me re ntšetse puisano ea rōna pele. Re ka etsa see joang?
2 Kaha ka tieo Bakreste ba ’nete ba thahasella batho ba bang, mohlomong u ka qala ka ho bua ka ntho eo u e hlokometseng ho mong’a ntlo ketelong e fetileng.
Ho motho ea ileng a senola kameho ea hae ka tlōlo ea molao, mohlomong u ka re:
“Ha re ne re buisana nakong e fetileng u ile ua bolela hore u khathatsoa ke keketseho e bonahalang ea ho hloka molao. Na u nahana hore ho hira mapolesa a eketsehileng ho tla rarolla bothata boo?”
Haeba motho a boletse hore o tšoentsoe ke liketsahalo tse ntseng li etsahala boemong ba lefatše, mohlomong u ka re:
◼ “Ha re ne re buisana nakong e fetileng o ile oa phahamisa ntlha ea bohlokoa ka ho haella ha khotso lefatšeng. Na u nahana hore baeta-pele ba lefatše ba tla tlisa taolo e ncha ea lefatše?”
Ho motho ea tenoang ke boithati ba batho ba bang, mohlomong u ka re:
◼ “Ha re ne re buisana nakong e fetileng o ile oa phahamisa ntlha ea bohlokoa mabapi le meharo eo re e bonang ho batho ka kakaretso. U nahana hore pono ea Molimo ke efe ka batho ba meharo? [Emela karabo.] Bibele e bolela sena ho Ba-Efese 5:5.”
3 Lipolelo tse ling tse ’nileng tsa sebelisoa ka katleho li kopanyelletsa tsena:
◼ “Kaha ke ile ka thabela puisano ea rōna haholo nakong e fetileng, kahoo ke ile ka batlisisa ntlha ena e khutšoaane hore ke u bontše kamoo Jehova a hlokomelang bothata ba batho ba hlokang mahae. Hlokomela Esaia 65:21-23.”
◼ “Ke ile ka thabela tlhaloso ea hao ea hore batho ba hloka puso e molemonyana.”
◼ “U ile ua botsa potso e thahasellisang ea hore na ekaba malumeli ’ohle a amoheloa ke Molimo.”
◼ “Seo u ileng ua se bua ka ho rereloa lintho esale pele se ile sa etsa hore ke nahane.”
◼ “Ke ne ke ntse ke nahana ka puisano ea rōna, ’me ho na le ntlha e ’ngoe ka har’a buka ea Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? eo ke nahanang hore u tla e thabela. [U ka ’na ua bontša mong’a ntlo lintlha tse khethiloeng ka har’a buka.]”
Likenyelletso tse kang tsena li bontša hore re ananetse puisano eo re bileng le eona nakong e fetileng le hore re thahasella ho buisana le mong’a ntlo hape.
4 Pele u etsa leeto la ho boela, nahana seo u tla se bua. Etsa hore nehelano ea hao e tšoanele motho ka mong.
5 Haeba motho eo re mo etetseng a tšoarehile, re ka ’na ra atleha ka ho re:
◼ “Kea tseba hore u na le metsotso e fokolang feela, empa taba ke ena eo u ka nahanang ka eona ha u ntse u qetela mosebetsi oa hao. [Bala Mattheu 5:3.]”
Kapa mohlomong u ka re:
◼ “Ke u ngoletse mangolo ana a mararo. Kaha ha se nako e ntle ea ho buisana le uena, e re ke a siee, ’me etlare ha ke khutla, ke tla thabela ho sebelisa metsotso e mehlano ke buisana le uena ka ’ona.”
6 Likatamelo tse Seng Ntle Tseo re Lokelang ho li Qoba: Hangata lipotso tse ka ’nang tsa etsa hore mong’a ntlo a se arabele hantle kapa tsa mo hlabisa lihlong ha li be le liphello tse ntle. Tsena li kopanyelletsa: “Na u balile boitsebiso boo ke u sietseng bona?” “Na u na le lipotso?” “Na u sa nkhopola?” “Ke tlile ho tla botsa hore na u sa ntsane u thahasella ho bua ka merero ea Molimo ka lefatše lena.”
7 Re tla chesehela ho etela batho ba ileng ba bontša thahasello nakong e fetileng haeba re lokisetsa esale pele hore re ba fe thuso eo ka sebele e nang le morero.