Likenyelletso Tse Susumelletsang Beng ba Matlo ho Mamela
1 Karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa nehelanong ea hao ea ntlo le ntlo ke efe? Ba bangata ho rōna ba ka lumela hore ke kenyelletso. Haeba u sa atlehe ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo metsotsoaneng e ka bang 30 e qalang, ho ka ’na ha etsahala hore a khaotse puisano.
2 U lokela ho nahana ka lintho life ha u lokisetsa nehelano e atlehileng? Hlahloba mekhoa le litlhoko tsa batho bao ho ka etsahalang hore u teane le bona. Na ho tloaelehile ho etsa metlae, kapa na ho tla lebelloa hore u kene tabeng hang-hang? Na ho na le banyalani ba bangata ba bacha sebakeng sa heno? Ba amehile ka eng? Na batho ba sebakeng sa heno ba hlokomela mathata a tobaneng le batho ka kakaretso?
U ka ’na ua ba susumelletsa ho mamela ka ho re:
◼ “Lumela. Lebitso la ka ke ______. Kea khathatseha ha ke bala ka batho ba lapileng le ba bolaoang lintoeng. Na le uena ua khathatseha?” Lipotso tse ling tse ka thusang ho qalisa puisano ke tsena: “Tharollo ke efe mathateng a lefatše?” “Na u nahana hore ho na le ea ka felisang mathata a teng lefatšeng kajeno?” “Na u nahana hore ho na le ’musi ea nang le litšoaneleho tse kang tse boletsoeng ho Esaia 9:6, 7? [Bala lengolo lena u be u le hlalose.] ”
3 Libakeng tse ling, batho ba ka bontša kameho e khōlō ka lehae le lelapa la bona ho feta litaba tse kang khotso ea lefatše.
U ka ’na ua tsosa thahasello ka ho botsa:
◼ “U bona eka uena le lelapa la hao le tla phela bophelo ba mofuta ofe lilemong tse leshome tse tlang? Pono ea Bibele ka nako e tlang e khothatsa haholo hobane e re bolella esale pele ka ho tla ha ’musi ea tla busa ka melao-motheo e phethahetseng. Hlokomela hore na Esaia 9:6, 7 e re’ng ka eena.”
4 Na u phela sebakeng seo tlōlo ea molao le polokeho e leng litaba tsa letsatsi le letsatsi? Ba bang ba ka ’na ba mamela haeba u sebelisa kenyelletso ea pele tlas’a sehlooho “Bokebekoa/Tširelo” leqepheng 10 bukeng ea Ho Bea Mabaka.
Mohlomong u ka re:
◼ “Lumela. Re buisana le batho ka taba ea polokeho ea botho. Re pota-potiloe ke tlōlo ea molao e ngata, ’me e ama bophelo ba rōna.” Joale potso e kang e reng “Tharollo ke efe?” kapa “Na u nahana hore ho na le ea ka felisang mathata aa lefatšeng?” kapa “Ho thoe’ng haeba ’musi a ne a e-na le litšoaneleho tse kang tsee?” li ka ’na tsa thusa ho qalisa puisano. Joale u ka bala Esaia 9:6, 7.
5 Kaofela ha rōna, ho kopanyelletsa le bacha ba lilemong tsa ho kena sekolo, re ka sebelisa linehelano tsena tse bonolo tse nang le lengolo le le leng. Ha e le hantle, u ka rata ho leka e le ’ngoe ha u nehelana ka limakasine. Na ha u lumele hore nehelano e joalo ea Mangolo e ka ba tsela e ntle ea ho lemoha haeba momameli a bontša thahasello ea ’nete? Re kholisehile hore ba bangata ba tla thabela ho sebelisa linehelano tsena ka January, ha ba nehelana ka limakasine le ha ba nehelana ka mpho e tloaelehileng ea khoeli.
6 Haeba u sebelisa metsotsoana e qalang e 30 ea ketelo ea hao ka katleho, ka tsela eo u itšoarang ka eona le ka kenyelletso ea hao, u tla finyella pakane ea bohlokoa ea ho susumelletsa beng ba matlo ho mamela.