Ho Kenyelletsa Buka ea Phela ka ho sa Feleng ka Katleho
1 Jesu o ne a le hloahloa tšebelisong ea hae ea likenyelletso. O ne a tseba seo a lokelang ho se bua bakeng sa ho tsosa thahasello. Ketsahalong e ’ngoe o ile a qala moqoqo le mosali oa Mosamaria ka hore ka ho bonolo feela a kōpe metsi. Kapele-pele sena se ile sa hapa tlhokomelo ea hae hobane ‘Bajode ba ne ba sa kopane le Basamaria.’ Moqoqo o ileng oa tsoela pele o ile oa mo thusa le ba bang ba bangata hore qetellong ba fetohe balumeli. (Joh. 4:7-9, 41) Re ka ithuta mohlaleng oa hae.
2 Ha u itokisetsa ho nehelana ka buka ea Phela ka ho sa Feleng, ipotse, ‘Batho ba leng tšimong ea rōna ba amehile ka lintho life haholo-holo? Ke eng se tla ipiletsa ho mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, motho e moholo, monna, kapa mosali?’ U ka lokisetsa likenyelletso tse fetang e le ’ngoe ’me ua rera ho sebelisa eo ho bonahalang e loketse boemo.
3 Kaha ho senyeha ha bophelo ba lelapa ho ngongorehisa ba bangata, u ka ’na ua re:
◼ “Likhatello tsa bophelo tsa letsatsi le letsatsi li behile malapa tlas’a khatello e khōlō kajeno. A ka fumana thuso hokae? [Emela karabo.] Bibele e ka ba thuso ea ’nete ho rōna. [Bala 2 Timothea 3:16, 17.] Mangolo a fana ka tataiso e molemo e ka thusang malapa hore a atlehe. Hlokomela se boletsoeng serapeng sa 3 leqepheng la 238 la khatiso ena, U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.” Bala serapa sa 3, ’me u buelle buka.
4 Haeba u sebelisa tlaleho ea litaba tse hlahileng sebakeng sa moo, u ka ’na ua re:
◼ “Na u utloile tlaleho ea litaba mabapi le [bolela tlaleho eo batho ba moo ba amehileng ka eona]? U nahana joang ka seo? [Emela karabo.] E etsa hore u ipotse hore na ebe lefatše lena le tla fella kae, na ha ho joalo? Bibele e boletse esale pele lintho tse joalo hore ke bopaki ba hore re phela mehleng ea qetello.” Joale nahana ka boitsebiso bo leng bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, maqepheng a 150-3.
5 Ba bangata ba amehile ka bothata bo ntseng bo hōla ba tlōlo ea molao. U ka sebelisa kenyelletso ea pele tlas’a sehlooho “Bokebekoa/Tširelo” leqepheng la 10 bukeng ea “Ho Bea Mabaka”:
◼ “Re ntse re buisana le batho ka taba ea tširelo ea botho. Re pota-potiloe ke bokebekoa bo bongata, ’me bo ama bophelo ba rōna. Na u nahana hore ho tla tla nako eo ka eona batho ba kang ’na le uena ba tla ke ba tsamaee literateng bosiu ’me ba ikutloe ba sireletsehile?” U ka ’na ua bala Pesaleme ea 37:10, 11 ’me u totobatse litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tla li tlisa, u sebelisa maqephe a 156-8 a buka ea Phela ka ho sa Feleng.
6 Haeba u khetha katamelo e bonolo haholoanyane, u ka ’na ua sebelisa kenyelletso e tšoanang le e fumanoang ka holimo-limo leqepheng la 12 bukeng ea “Ho Bea Mabaka”:
◼ “Re khothalletsa baahisani ba rōna hore ba nahane ka bokamoso bo hlollang boo Bibele e re tšepisang bona. [Bala Tšenolo 21:3, 4.] Na see se utloahala se le molemo ho uena? [Emela karabo.] Khaolo ea 19 ea khatiso ena e totobatsa litlhohonolofatso tse ling tseo moloko oa batho o bontšang kutlo o tlang ho li fumana tlas’a ’Muso oa Molimo.” Buella buka Phela ka ho sa Feleng ka monehelo oa R10,50.
7 Ho lokisetsa kenyelletso e atlehang ho ka u thusa hore u finyelle ba lapetseng ho loka.—Matt. 5:6.