Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/94 leq. 8
  • Hlaolela Thahasello Bukeng ea Phela ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlaolela Thahasello Bukeng ea Phela ka ho sa Feleng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa Maetong a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 9/94 leq. 8

Hlaolela Thahasello Bukeng ea Phela ka ho sa Feleng

1 Ha re etela batho mahaeng a bona, hangata re fumana hore ba tšoarehile ka ho felletseng ka “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho.” (Mar. 4:19, NW) Re tobana le phephetso ea ho hapa thahasello ea bona ka nehelano e susumelletsang motho ho nahana ka ho teba. Qalong, batho ba bangata ba ka ’na ba ba le thahasello e fokolang ho seo re se buang. Haeba re ka bua ho hong ho tla ama bophelo ba bona, re ka ’na ra khona ho tsosa thahasello e itseng molaetseng oa ’Muso. Senotlolo sa ho qalisa lipuisano ke ho khetha lintlha tse ipiletsang tse ka buelloang bukeng ea Phela ka ho sa Feleng. U ka re’ng?

2 U ka ’na ua sebelisa katamelo ena:

◼ “Haeba u ne u e-na le matla, ke bothata bofe bo bakang matšoenyeho mehleng ea rōna boo u neng u ka bo lokisa? [Emela karabo, ’me haeba e le e loketseng, lumela hore batho ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang.] Ho tla fihlela mothating ona, ho bonahala baeta-pele ba lefatše ba bile le katleho e fokolang ho fumaneng litharollo tsa mathata a mangata a rarahaneng a kajeno. Empa ho na le Ea ka felisang mathata ana ’ohle a amang moloko oa batho ’me o tla a felisa. Ka kōpo hlokomela se boletsoeng ho Pesaleme ea 145:16. [Bala lengolo, ’me u bue ka litšoantšo tse leng maqepheng a 11-13.] Serapa sa 14 leqepheng la 14 se phahamisa potso eo re qetang ho buisana ka eona ’me se tsoela pele ho botsa: ‘Empa hona ho tla etsahala neng?’” Hlalosa hore buka e tla araba potso eo, ’me u nehelane ka buka.

3 Kapa u ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:

◼ “Mohlomong u tseba boikutlo ba ho nyahama bo tlisoang ke ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Mohlomong ho ile ha etsa hore u hlomohe ’me u ikutloe hore u ea se nang thuso haholo. Mohlomong u ile ua nahana ka lipotso tsena: [Bala lipotso tse serapeng sa 1 leqepheng la 76.] Na e ke ke ea ba ho tšelisang ho fumana likarabo tsa lipotso tsee? Ho ka ’na ha u khothatsa ho tseba hore Bibele e na le tšepiso e tiileng bakeng sa bafu. [Bala Johanne 5:28, 29.] Buka ena e re thusa ho utloisisa boemo ba bafu le hore na ho na le tšepo efe ka bokamoso.” Ka bokhutšoanyane bua ka khaolo ea 8 le ea 20. Neha mong’a ntlo monyetla oa ho hlahloba buka.

4 Ho ka etsahala hore u tla hlaheloa ke menyetla ea ho paka ka mokhoa o sa reroang. Haeba ho joalo, ka mantsoe a hao u ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:

◼ “Lefatše le tletse mathata mehleng ena, ’me ha ho pelaelo hore le uena u na le ’ona. Ka masoabi, ho bonahala eka ba hlokang molato ke bona ba utloang bohloko le ho feta. Na u nahana hore Molimo o tla ke a felise ho utloa bohloko kaofela? [Emela karabo.] E re ke bontše hore na Molimo o tšepisa eng bakeng sa ba mo sebeletsang. [Bala Pesaleme ea 37:40 ebe u phetla bukeng ea Phela ka ho sa Feleng leqepheng la 99.] Buka ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse bokhopo le kamoo a tla bo felisa kateng.”

5 Haeba u mohoeletsi e monyenyane, u ka sebelisa nehelano e thehiloeng litšoantšong tse fumanehang maqepheng a 156-8. U ka ’na ua qala ka ho botsa:

◼ “Na u ka rata ho phela lefatšeng le tjee? [Emela karabo.] Setšoantšo ka seng litšoantšong tsena tse ntle se thehiloe tšepisong e boletsoeng Lentsoeng la Molimo, Bibele. [Bontša litšupiso tsa Mangolo.] Buka ena e ka u thusa hore u ithute haholoanyane ka tšepiso ea Molimo ea ho etsa lefatše lohle paradeise. E na le boitsebiso bo bolokang bophelo ’me e loketsoe ke nako e hlokahalang ho e bala.”—Joh. 17:3.

6 Jehova o tla hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna haeba re etsa boiteko bo tiileng ba ho tataisetsa batho ba kang linku metsing a ’nete. Ka hona a re ikitlaetseng ka September ho hlaolela thahasello bukeng ea Phela ka ho sa Feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela