Linehelano Tse Bonolo le Tse Atlehang
1 Jesu o ile a bolela ka ’Muso oa Molimo ka mokhoa o bonolo le o tobileng. O ne a tseba hore batho ba kang linku ba ne ba tla arabela hantle ha ba utloa ’nete. O ne a boetse a tseba hore batho ba nahana ka mokhoa o sa tšoaneng, ba na le lithahasello tse sa tšoaneng le matla a sa tšoaneng a ho beha mabaka. Ka ho loketseng, o ile a sebelisa likenyeletso tse sa rarahanang, lipotso, le lipapiso e le ho hapa tlhokomelo ea bamameli ba hae le ho ama lipelo tsa bona. Re ka etsisa mohlala oa hae ’me ra sebelisa hamolemo linehelano tse bonolo le tse atlehang.
2 Sebelisa Buka Ho Bea Mabaka ka Katleho: Kenyeletso ea pele tlas’a se- hlooho “Khiro/Matlo” ho leqephe 11 bukeng ea Ho Bea Mabaka e nakong e bile e ka nehelanoa habonolo.
U ka re:
◼ “Re ’nile ra buisana le batho bao u ahisaneng le bona ka seo re ka se etsang ho tiisa hore ho tla ba le mesebetsi le matlo bakeng sa bohle. Na u lumela hore ke ho utloahalang ho lebella hore mebuso ea batho e ka finyella see? . . . Empa ho na le e mong ea tsebang hore na mathata ana ’ohle a ka rarolloa joang; eo ke ’Mōpi oa batho.” Bala Esaia 65:21-23. Joale u ka botsa mong’a ntlo hore na seo se utloahala joang ho eena.
3 Kenyeletso e tlas’a sehlooho “Leeme/Ho Hlomoha” ho leqephe 12 e tla ipiletsa ho ba bangata kajeno.
U ka botsa:
◼ “Na u kile ua ipotsa: Na Molimo o hlile o-oa tsotella ka leeme le ho hlomoha tseo batho ba fetang ho tsona?” Emela mong’a ntlo hore a arabe ebe u bala Moeklesia 4:1 le Pesaleme ea 72:12-14. Phetla litšoantšong tse ho maqephe 150-3 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng ebe ka bokhutšoaane u bontša kamoo maemo a lefatše kajeno a phethahatsang boprofeta ba Bibele. Ebe u phetla ho maqephe 161-2 ho ’montša hore na Molimo o boletse eng esale pele e le tlhohonolofatso ho batho. Botsa mong’a ntlo hore na ke tšobotsi efe e ipiletsang haholo ho eena.
4 Haeba mong’a ntlo a sa thahaselle buka kapa a se a ntse a na le eona, ke hobane’ng ha u sa buelle limakasine tse peli? Ka linako tsohle leka ho siela mong’a ntlo lingoliloeng tse ling tse kang bukana e lekanang le makasine kapa esita le pampitšana e sa lefelloeng.
◼Ka mohlala, haeba ho hanoa mpho ea buka, u ka re:
◼ “Bukana ena e lekanang le makasine, Na Ruri Molimo oa Re Tsotella?, e hlalosa ka ho hlakileng seo Molimo a tšepisang ho se etsa ho hlokomela litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi ’me e bontša kamoo re ka ruang molemo ho sona.” Phetla ho maqephe 26 le 27 a bukana, ’me u lebise tlhokomelo ho serapa 21.
5 Haeba u etsa qeto ea ho siea pampitšana, e kang Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?, u ka sebelisa katamelo ena:
U ka re:
◼“Lefatšeng kajeno ho na le mahlomola-pelo le likhathatso tse ngata. Pampitšana ena e bontša hore ntoa, khaello ea lijo, le mathata a bophelo kaofela li ile tsa profetoa ka Bibeleng. Empa Molimo o boetse o tšepisitse ho tlisa phetoho e babatsehang ho batho.” Bala serapa sa ho qetela ho leqephe 5 la pampitšana.
6 Thahasello ea rōna e tiileng ho batho, e kopane le nehelano e bonolo le e atlehang e amang pelo, ka sebele e tla ipiletsa ho batho ba kang linku.—Joh. 10:16.