Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/92 leq. 4
  • Ho Hokahanya Kenyelletso ea Rōna le Lingoliloeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hokahanya Kenyelletso ea Rōna le Lingoliloeng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 7/92 leq. 4

Ho Hokahanya Kenyelletso ea Rōna le Lingoliloeng

1 Ha u lokisetsa nehelano ea hao khoeling ena, mohlomong u ka nahana pele ka mathata a maholo ao batho ba leng sebakeng sa heno ba talimaneng le ’ona ebe u khetha mantsoe a tsoang limakasineng tsa morao-rao kapa bukaneng e lekanang le makasine a supang tharollo e sebetsang, ea Mangolo.

2 Libakeng tse ling, batho ba ka ’na ba ameha ka ho hloka mosebetsi ho ntseng ho hōla le litšenyehelo tse phahameng tsa bophelo. Haeba u tobana le boemo boo, u ka bua ka bothata boo ka ho toba kenyelletsong ea hao.

Mohlomong u ka re:

◼ “Re ntse re buisana le baahisani ba rōna ka se ka etsoang ho tiisa hore motho e mong le e mong o na le mosebetsi le ntlo. Na u lumela hore hoa utloahala ho lebella hore mebuso ea batho e ka finyella see? [Emela karabo ea mong’a ntlo.] Ho na le e mong ea tsebang tsela ea ho rarolla mathata ana; hlokomela tšepiso ea hae e kholisang ho Esaia 65:21-23. [E bale.] ’Mōpi oa rōna o ile a etsa hore tšepiso ena e ngoloe bakeng sa ho re khothatsa, ’me kaofela ha rōna rea e hloka linakong tsena tse thata, na ha ho joalo?”—rsSU, leq. 11.

3 Ha u fihla ntlheng ena nehelanong ea hao, u ka e hokahanya le boitsebiso bo leng limakasineng tsa morao-rao kapa bo leng bukaneng e lekanang le makasine. Haeba u kopanetse mosebetsing oa limakasine, u ka khetha ntlha e loketseng sehloohong sa “Tšepo e Hlōla ho Nyahama!” tokollong ea July 1 ea Molula-Qhooa. Haeba u buella bukana e lekanang le makasine ea “Bonang,” ke hobane’ng u sa bontše kamoo khopolo ea matlo le mosebetsi bakeng sa motho e mong le e mong e bontšitsoeng ka teng sekoahelong se qalong le qetellong ea bukana ena e lekanang le makasine. U ka e phetla e le hore mong’a ntlo a ka bona setšoantšo sohle ka nako e le ’ngoe.

4 Masimong ao beng ba matlo ba amehileng ka lintho tse ngata, kenyelletso e tenyetsehang haholoanyane e tla thusa. U ka batla ho leka kenyelletso ea bobeli e thathamisitsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a “’Muso.”

U ka re:

◼ “Jesu o re rutile ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Oona e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Na u nahana hore haeba thato ea Molimo e ka etsoa mona, ruri lefatše e tla ba paradeise?” Ka mor’a hore mong’a ntlo a arabele, kenyelletsa le ho bala Tšenolo 21:3-5.

Joale, haeba u buella bukana e lekanang le makasine ea ’Muso, bala likarolo tse khethiloeng serapeng sa kenyelletso se ho leqephe 3. Hlokomela polelo e reng: “Molimo o tla sebelisa ’Muso ho felisa lintoa, tlala, maloetse, le tlōlo ea molao.” Botsa mong’a ntlo hore na har’a mathata ana ke afe ao a ikutloang hore a tebile haholoanyane.

Haeba u buella “Molula-Qhooa” oa July 15, u ka re:

◼ “Batho ba bangata ba ka rata ho lumela hore tšepiso ena e tla phethahatsoa, empa ha baa kholiseha hore na efela Bibele e le tataiso e ka tšeptjoang kapa che. Ke kholisehile hore u tla fumana sehlooho sena, ‘Na Bibele ea Ikhanyetsa?,’ se matlafatsa tumelo.”

5 Le bacha ba ka nehelana ka molaetsa oa ’Muso ka tsela e atlehang, esita le ho batho ba baholo.

Ha bahoeletsi ba banyenyane ba kenyelletsa Esaia 65:21-23, ba ka re:

◼ “Kea tseba hore joaloka motho e moholo u na le phihlelo ea bophelo e fetang eo ke nang le eona, empa lengolo lena le fana ka matšeliso ho rōna kaofela.”

6 Tiisa hore u ngola ka hloko lingoliloeng leha e le life tseo u li tsamaisitseng, ho kopanyelletsa le bukana e itseng e lekanang le makasine eo u e tsamaisitseng kapa limakasine. U tla hloka boitsebiso bona ha u khutlela ho ea hlaolela thahasello.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela