Latella Thahasello ka Temoho Matsatsing A Phomolo
1 December ke khoeli eo ka eona batho ba bangata ba bontšitseng thahasello molaetseng oa rōna ho ka etsahalang hore ba tšoarehe ka mesebetsi ea matsatsi a phomolo. Ka baka leo, ha re latella thahasello, ho tla hlokahala hore re be le temoho ’me mohlomong re ikemisetse ho kena tabeng ka potlako, ntle le haeba mong’a ntlo a bontša hore o laba-labela puisano e teletsana.
2 Re Nahane Esale Pele Hore na Re Tla Re’ng: Re tlameha hore ka linako tsohle re be le taba e hlakileng ka mohopolong eo re tla e bua. Sena se hloka hore re ’ne re hlahlobe seo re ileng ra se ngola ketelong e fetileng ’me re ikhopotse lintlha tse koahetsoeng puisanong le lipotso leha e ka ba life tse ileng tsa sala hore mong’a ntlo a nahane ka tsona.
3 Haeba tlhahiso e ho serapa 3 sehloohong se ka holimo e ile ea sebelisoa, ha re khutlela re ka re:
◼“Nakong ena ea selemo, batho ba bangata ba nahana ka tsoalo ea Kreste. Ha re ne re buisana nakong e fetileng, ke ile ka tšepisa hore ke tla abelana le uena ’nete e thahasellisang ka motse oo Jesu a tsoaletsoeng ho ’ona. Na ua tseba hore Bibele e boletse lilemo tse 700 esale pele hore Jesu o ne a tla tsoalloa Bethlehema?” Emela karabo. Joale ha u qeta ho bala Mikea 5:2, u ka re: “Ke boprofeta bo makatsang, na ha ho joalo? Le hoja ena e le ’nete e thahasellisang ea Bibele, na u ne u tseba hore boprofeta ba Bibele bo boetse boa phethahala nakong ea rōna?” Haeba motho a na le nako, re ka ntšetsa puisano pele, kapa haeba a tšoarehile, re ka ithaopela ho khutlela le ho tla buisana le eena ka ho eketsehileng.
4 Haeba re ile ra siea pampitšana “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso,” re ka bua tjena:
◼“Hlokomela se boletsoeng mona ho leqephe 3, tlas’a sehloohoana ‘Bophelo Lefatšeng le Lecha la Molimo.’ Sena se ama maemo a tla ba teng tlas’a ’Muso oa Molimo. [Bua ka serapa sa pele le sa bobeli, u totobatse mangolo a mang.] Na u ka thabela ho phela joalo?” Etsa tlhahiso ho mong’a ntlo hore u ka thabela ho khutla bekeng e hlahlamang ’me le buisane ka lintlha tse ’maloa tse tsoang pampitšaneng. Haeba mong’a ntlo a e-s’o be le buka Motho e Moholo, ’montše kamoo khaolo 111 e hlalosang ka ho batsi ka teng pontšo eo Jesu a faneng ka eona e neng e tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Nehelana ka buka ho eena.
5 Ho Buella Thuto ea Lehae ea Bibele: Haeba re ka siela mong’a ntlo buka Motho e Moholo kapa eba o se a ntse a na le eona, ho tla ba hotle ho ’montša kamoo thuto ea lehae ea Bibele e tšoaroang ka teng u sebelisa khaolo 111. Re ka sebelisa mokhoa o tšoanang le o sebelisoang Thutong ea Buka ea Phutheho. Haeba thuto e ntse e tsoela pele, re ka ithuta e ’ngoe ea libukana tse lekanang le makasine kapa ra ea ka ho toba bukeng ea Phela ka ho sa Feleng.
6 E se eka ka mehla re ka ikemisetsa ho latella thahasello eohle. Re tlameha ho bontša temoho ’me ka mehla re leke ho betla tsela bakeng sa ketelo e hlahlamang ka ho botsa lipotso tse thahasellisang qetellong ea puisano ka ’ngoe. Sena se tla re thusa hore “re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Tim. 3:17, NW.