Na U Ananela Mokhatlo oa Jehova o Hlophisitsoeng o Lefatšeng?
SHEBA taemane e betliloeng hantle, e khanyang, u bona’ng? Lehakoe leo ka sebele e leng ntho e ntle. Joale hlahloba taemane eo ka microscope, u bona’ng? Mohlomong ho na le mengoapo, ho petsoha, ho na le lintho tse keneng ka har’a eona, kapa likoli tse ling.
Na u ne u ka senya kapa ua lahla taemane ka lebaka feela la tsela eo e shebahalang ka eona tlas’a microscope? Ho hang u ne u ke ke ua etsa seo! Tloha pel’a microscope, ’me u tla ’ne u ananele botle le ho khanya ho sa tloaelehang ho etsang hore taemane e hlahelle ka ho khethehileng ka har’a mahakoe a mang.
Joaloka taemane, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o lefatšeng o hlahelletse ka ho khethehileng ka litsela tse ngata. Ha ho mokhatlo leha e le ofe o hlophisitsoeng lefatšeng o thabelang kamano e haufi-ufi le ’Mōpi. Lengolong le eang ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo, ba neng ba e-na le tšepo ea leholimo, moapostola Petrose o ile a supa kamano ena e khethehileng. O itse: “Le ‘moloko o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, batho ba boloketsoeng morero o khethehileng.’” (1 Petrose 2:9, NW) Kajeno bongata bo boholo ba “linku tse ling,” bo nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng, bo kopane le masala a ‘sechaba seo se halalelang’ ho rapeleng Molimo. (Johanne 10:16) Lihlopha tsena tse peli tse kopaneng hammoho li etsa mokhatlo o hlophisitsoeng o hlahelletseng ka ho khethehileng joaloka lehakoe le letle le le khanyang ka ho sa tloaelehang.
Qoba ho Sheba ba Bang ka Leihlo le Nyatsa-nyatsang
Empa re tlameha ho hlokomela hore mokhatlo ona oa lefatše ka bophara o hlophisitsoeng o entsoe ka batho ba sa phethahalang. Kahoo, ho ne ho ka etsahala joang haeba re ne re ka o sheba ka microscope oa tšoantšetso? E, re ne re tla fumana litšekamelo tsa boetsalibe le likoli tsa botho ho batho bao e leng karolo ea ’ona.—Ba-Roma 3:23.
Moapostola Pauluse o ile a lumela hore o ne a e-na le likoli tse joalo. O itse: “’Na ea ratang ho etsa botle . . . bobe bo nkhomaretse.” (Ba-Roma 7:21) Mokreste e mong le e mong o ba le phihlelo ea ntoa e tšoanang. Bohle re etsa liphoso. Ho feta moo, neng-neng ba bangata ba utloa bohloko ka lebaka la liphoso tsa motho e mong. Na re lokela ho nyahama kapa ho tepella ha likoli le ho se phethahale ha Bakreste-’moho li senoleha? Na seo se lokela ho fokotsa kananelo ea rōna bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? Ho hang seo ha sea lokela ho fokotsa kananelo ea rōna! Ho e-na le hoo, re lokela ho suthela hōle le microscope, kamoo ho ka boleloang ka teng, ’me re khaotse ho tsepamisa mahlo a rōna ho se phethahaleng ha motho ka mong.
Mangolo a thathamisa litšobotsi tse ka senolang batho bao moea o halalelang o sebetsang ho bona. Tse ling tsa tsona ke “lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, botšepehi, bonolo le boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23, BPN) Ka lehlakoreng le leng, mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli, ea lipolotiki, le ea khoebo ea lefatše lena hangata e bonahatsa seo Bibele e se bitsang mesebetsi ea nama: “bōra, liqabang, mohōnō, khalefo, likhang, liphapang, likhaohano, mōna, botahoa, bonyollo, le tse ling tse joalo.” (Ba-Galata 5:20, 21, BPN) Ka hona, joaloka taemane e khanyang har’a majoe feela a tloaelehileng, batho ba Jehova ba hlahelletse ka ho khethehileng ka har’a lefatše le bolileng moeeng.—Mattheu 5:14-16.
‘Ho Kopanngoa Haufi-ufi Khopolong e le ’Ngoe’
Tšobotsi e ’ngoe e hlahelletseng ea taemane ke ho kopana ha eona, pōpeho ea eona ea liathomo tse kopaneng ka matla. Ka ho tšoanang, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lefatšeng o bonahatsa bonngoe bo ke keng ba lekanngoa thutong le boeneng. Bao e leng karolo ea mokhatlo oo o hlophisitsoeng ba sebelisa keletso e fumanoang Bibeleng ho 1 Ba-Korinthe 1:10, (NW) e reng: “Joale kea le khothatsa baena, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore bohle le bue ka ho lumellana, le hore ho se ke ha e-ba likhaohano mahareng a lōna, empa hore le kopanngoe haufi-ufi khopolong e le ’ngoe le mokhoeng o le mong oa ho nahana.”
Lipaki tsa Jehova li boetse li hlōtse lehloeo la merabe le boikhantšo ba bochaba. Kaha li na le “bohlale bo tsoang holimo,” ha li ‘arole ka leeme.’ (Jakobo 3:17, BPN) Re lebisa khanya ho Jehova bakeng sa seo a se finyelletseng tabeng ena ka mokhatlo o hlophisitsoeng o entsoeng ka batho ba sa phethahalang.
Ho fapana le sena, makasine oa The Christian Century, ha o bua ka selemo sa 1990, o ile oa bolela hore “ho feta leha e le neng pele ho bonahala lefatše le arotsoe ke lihlopha tsa bolumeli le ke likhopolo tsa morabe le tsa bochaba tse amanang haufi-ufi le litumelo tsa bolumeli. Ho tloha India ho ea Europe le ho tloha Bochabela bo Hare ho ea Pacific, bolumeli bo ikopantse le ho tšehetsa ka botšepehi lintho tsa merabe le bochaba—hangata ka liphello tse kotsi tsa lipolotiki.” Ka ho hlakileng, ba batlang ho sebeletsa Molimo ba ka retelehela mokhatlong o le mong feela o hlophisitsoeng o thabelang moea oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae.
‘Ke Entse Phatla ea Hao Joaloka Taemane’
Taemane ke lejoe la tlhaho le thata ka ho fetisisa leo motho a le tsebang. Bibele e bua ka tšebeliso ea litaemane ha ho kutluloa kapa ho betloa lintho tse thata. (Jeremia 17:1) Hlokomela hape, mantsoe a Jehova ho Ezekiele: “Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, joale ka lifahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ea hao, joale ka liphatla tsa bona. Ke thatafatsa phatla ea hao joale ka daemane, le ho feta lehakoe.” (Ezekiele 3:8, 9) Jehova o ile a fa Ezekiele boikemisetso bo thata joaloka taemane bo ileng ba mo nolofalletsa ho profetela sechaba se manganga.—Ezekiele 2:6.
Ka ho tšoanang kajeno, Jehova o entse hore batho ba hae ba thatafale joaloka taemane ha ba tobane le khanyetso e khōlō. Lipaki tsa Jehova li mamelletse ho thibeloa ka molao, ho hlaseloa ke lihlopha tsa mahoo-hoo, ho bolaoa ka ntle ho tumello ea molao ke lihlopha tsa mahoo-hoo, ho otloa, ho kenngoa literonkong ka ntle ho mabaka, ho hlokofatsoa, esita le ho bolaoa. Leha ho le joalo, li bontšitse hore tumelo ea tsona ke e ke keng ea senngoa.
“Bahlanka ba ka ba Tla Thaba”
Bibele e ile ea bolela esale pele ka nako ea ha batho ba ne ba tla ba le “sebopeho sa borapeli” empa “e le ba latotseng matla a jona.” (2 Timothea 3:1, 5) Koranta e ’ngoe e tlaleha hore “Maprostanta, Mak’hatholike a Roma le Bajode kaofela ba amehile ka lenane la litho le ntseng le qepha” likerekeng le lisynagogeng tsa bona. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova ke liithuti tse tiileng tsa Bibele. Ka palo e ntseng e hōla, ba baholo le ba banyenyane, banna le basali, kaofela ha bona ba kopanela libokeng tse ’maloa tsa beke le beke. Lengolo le eang koranteng e ’ngoe le ile la bua ka tsona ’me la re “bolumeli ba tsona ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo li nang le eona, ’me kameho ea tsona feela ke ho bo abelana le ba bang.”
Boikutlo bo joalo bo etsa hore mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o hlahelle ka ho khethehileng joaloka taemane ea bohlokoa. ’Me tlotla e isoa ho Ea matlafatsang le ea tataisang batho ba sa phethahalang ka thuso ea moea oa hae o halalelang.
Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele: “Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja . . . Bonang, bahlanka ba ka ba tla noa . . . Bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba . . . Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona.”—Esaia 65:13, 14.
Kajeno re bona ho phethahatsoa ha boprofeta bona. Molimo o hlokomela batho ba oona ka tsela e hlollang! Kahoo, haeba u kopanela le bona, u se ke ua lumella monahano o mobe ho u amoha thabo ea hao. Talima taba kaofela ’me u hopole: Ha ho mokhatlo leha e le ofe o hlophisitsoeng lefatšeng o thabelang tlhokomelo e khethehileng le tšireletso ea Molimo ho feta ’ona. Le ka mohla u se ke ua khaotsa ho tšoara tokelo ea hao ea ho ba karolo ea ’ona joaloka letlotlo.