Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 5/15 maq. 24-27
  • U ka Hatela Pele Moeeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Hatela Pele Moeeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Matlafatsa Bahlanka ba Hae
  • ‘Hlobola Botho ba Khale’
  • Joaloka “Mollo” ka Hare ho Rōna
  • Ho Leotsoa Joalokaha Eka ke ka Tšepe
  • Lebaka le Utloahalang la ho Hatela Pele Moeeng
  • Na U Ananela Mokhatlo oa Jehova o Hlophisitsoeng o Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ntho e Molemo ho Feta Litaemane
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Na U Bona ho Hlokahala Hore U Hatele Pele Moeeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Bacha​—⁠Tsoelang Pele ho Tiea Tumelong ka Mor’a ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 5/15 maq. 24-27

U ka Hatela Pele Moeeng

HO KA ba thata ho lemoha bohlokoa ba sebele ba ntho. Ho joalo ka litaemane. Le hoja taemane e bentšitsoeng e phatsima, taemane e sa bentšoang e lerootho feela. Leha ho le joalo, ka hare-hare ho taemane e sa bentšoang ho ka lebelloa ho fumana lehakoe la bohlokoa le letle.

Ka litsela tse ngata Bakreste ba tšoana le litaemane tse sa bentšoang. Le hoja re sa ntse re le hōle le phetheho, re na le bohlokoa ba motheo boo Jehova a bo ananelang. Joaloka litaemane, kaofela ha rōna re na le litšobotsi tsa rōna tse re khethollang. ’Me e mong le e mong oa rōna a ka hatela pele moeeng haeba eo e le takatso ea rōna e tsoang pelong. Botho ba rōna bo ka hloekisoa e le hore bo ka phatsima ka ho eketsehileng tlotlisong ea Jehova.—1 Bakorinthe 10:31.

Ka mor’a hore taemane e sehoe le ho bentšoa, e fetisoa boemong bo eketsang ho phatsima ha eona. Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka re sebelisa maemong a fapaneng kapa likabelong tse fapaneng haeba re ‘apara botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.’—Baefese 4:20-24.

Khatelo-pele e joalo moeeng e ka ’na ea se tle habonolo, feela joalokaha taemane boemong ba eona ba tlhaho e sa phatsime joaloka lehakoe la bohlokoa. Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore re tlose bofokoli bo sa ntseng bo saletse, ho fetola boikutlo ba rōna mabapi le ho amohela boikarabelo kapa hona ho ikitlaetsa ka matla ho intša tloaelong e itseng ea moea. Empa re ka hatela pele haeba ka sebele re batla, kaha Jehova Molimo a ka re neha “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.”—2 Bakorinthe 4:7; Bafilippi 4:13.

Jehova o Matlafatsa Bahlanka ba Hae

Ho seha litaemane ho hloka hore motho a itšepe ka lebaka la ho ba le tsebo e phethahetseng, kaha hang ha ho sehoa karolo e itseng e sa bentšoang ea taemane, hangata ke phetho. Lejoe le bitsang chelete e ngata—ka linako tse ling e le karolo ea 50 lekholong ea lejoe le e-song ho sehoe—le lokela ho sehoa le lahloe hore ho hlahisoe sebōpeho se batlehang. Le rōna re hloka ho itšepa ka lebaka la tsebo e nepahetseng bakeng sa ho lokisa botho ba rōna le ho hatela pele moeeng. Re tlameha hore ka ho khetheha re be le kholiseho ea hore Jehova o tla re fa matla.

Leha ho le joalo, re ka ’na ra ikutloa re sa tšoanelehe kapa ra nahana hore re ke ke ra khona ho etsa ho eketsehileng. Nakong e fetileng, bahlanka ba Molimo ba tšepahalang le bona ka linako tse ling ba ne ba ikutloa joalo. (Exoda 3:11, 12; 1 Marena 19:1-4) Ha Molimo a fa Jeremia kabelo ea hore e be “moporofeta oa lichaba,” o ile a re: “Ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngoana.” (Jeremia 1:5, 6) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se itšepe ha hae puong, Jeremia e bile moprofeta ea sebete eo ntle le ho tsilatsila a ileng a nehelana ka melaetsa e tobileng ho batho ba tletseng bora. Sena se ile sa khoneha joang? O ile a ithuta ho itšetleha ka Jehova. Hamorao Jeremia o ile a ngola: “Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova.”—Jeremia 17:7; 20:11.

Ka ho tšoanang, le kajeno Jehova o matlafatsa ba behang tšepo ea bona ho eena. Edward,a ntate oa bana ba bane, ea ileng a lieha ho hatela pele moeeng, o ile a hlokomela hore sena ke ’nete. Oa hlalosa: “Ke ne ke bile e mong oa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse robong, empa ho ne ho bonahala ke sa hatele pele moeeng. Bothata ke hore ke ne ke se na ea ntšusumetsang ’me ke ne ke sa itšepe. Ka mor’a ho fallela Spain, ke ile ka iphumana ke le phuthehong e nyenyane e neng e e-na le moholo a le mong feela le mohlanka ea sebeletsang. Ka lebaka la tlhoko ena, moholo o ile a nkōpa hore ke etse likabelo tse ngata. Ke ne ke thothomela ha ke qala ho nehelana ka lipuo le ho phetha likabelo tse ling sebokeng. Leha ho le joalo, ke ile ka ithuta ho itšetleha ka Jehova. Ka linako tsohle moholo enoa o ne a mpabatsa le ho mpha litlhahiso tse bohlale bakeng sa ho ntlafatsa.

“Ka nako e tšoanang, ke ile ka eketsa mosebetsi oa ka oa tšebeletso ea tšimo le ho etella lelapa la ka pele hamolemo moeeng. Ka lebaka leo, ’nete e bile le moelelo o moholo ho bohle lapeng, ’me ke ile ka ikutloa ke khotsofetse haholo. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang, ’me ke sebetsa ka thata ho hlaolela litšobotsi tsa molebeli oa Mokreste.”

‘Hlobola Botho ba Khale’

Joalokaha Edward a ile a hlokomela, khatelo-pele moeeng e hloka hore motho a tšepe Jehova. Ho hlaolela “botho bo bocha” bo kang ba Kreste le hona ke habohlokoa. Sena se ka etsoa joang? Mohato oa pele ke ho ‘hlobola’ litšobotsi tseo e leng karolo ea botho ba khale. (Bakolose 3:9, 10) Joalokaha ho se phethahale, ho tšoanang le liminerale tseo e seng tsa bohlokoa, ho tlameha ho tlosoa taemaneng e sa bentšoang hore e be lehakoe la bohlokoa le phatsimang, ho joalo le ka boikutlo ‘ba lefatše,’ bo lokela hore bo tlosoe e le hore botho ba rōna bo bocha bo ka phatsima ka ho feletseng.—Bagalata 4:3.

Bo bong ba boikutlo bo joalo ke ho tsilatsila ho amohela boikarabelo ka lebaka la ho tšaba hore ho tla batloa ho hongata ho rōna. Ke ’nete hore boikarabelo bo bolela mosebetsi, empa mosebetsi o khotsofatsang. (Bapisa le Liketso 20:35.) Pauluse o ile a lumela hore boinehelo ba bomolimo bo hloka hore re ‘sebetse ka thata le ho ikitlaetsa.’ Re etsa joalo ka thabo hobane o itse, “re behile tšepo ea rōna ho Molimo ea phelang,” eena eo le ka mohla a sa lebaleng mosebetsi oo re o etsang lebitsong la Bakreste-’moho le batho ba bang.—1 Timothea 4:9, 10; Baheberu 6:10.

Litaemane tse ling li na le “lipha” tsa tlhaho nakong eo li bōpehang ’me ho hlokahala hore li tšoaroe ka hloko. Leha ho le joalo, ka thuso ea sesebelisoa se bitsoang polariscope, motho ea e bentšang a ka khona ho bona lipha tsena le ho sebetsa lehakoe lena ka katleho. Mohlomong re na le bofokoli ka ho rōna, kapa lipha, ka lebaka la semelo sa rōna kapa phihlelo e sithabetsang. Ke eng seo re ka se etsang? Ho tla hlokahala hore re qale ka ho lumela hore re na le bothata ’me re be le boikemisetso ba ho batla ho bo hlōla ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Ka sebele re tlameha ho ikimollela ho Jehova ka thapelo, ’me mohlomong hape re batle thuso ea moea ho moholo oa Mokreste.—Pesaleme ea 55:22; Jakobo 5:14, 15.

Bofokoli bo joalo bo ka ho rōna bo ile ba ama Nicholas. Oa hlalosa: “Ntate e ne e le lekhoba la tahi ’me o ile a re hlokofatsa haholo ’na le khaitseli ea ka. Ha ke qeta sekolong ke ile ka ea sesoleng, empa botho ba ka ba borabele bo ile ba phakisa ba nkenya khathatsong. Ba boholong sesoleng ba ile ba nkisa chankaneng ka lebaka la ho rekisa lithethefatsi, ’me ka lekhetlo le leng ke ile ka thoba. Qetellong ke ile ka tsoa sesoleng empa likhathatso li ne li ntse li nkapere. Le hoja bophelo ba ka bo ne bo ferekane ka lebaka la tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le ho noa ka ho tlōtseng, ke ne ke thahasella Bibele ’me ke ne ke labalabela ho ba le bophelo bo nang le morero. Qetellong ke ile ka teana le Lipaki tsa Jehova, ka fetola mokhoa oa ka oa bophelo ’me ka amohela ’nete.

“Leha ho le joalo, ho nkukile lilemo pele ke amohela le ho sebetsana le bofokoli bo leng teng bothong ba ka. Ke ne ke hloile bolaoli ka ho feletseng le ho halefa ha ke fuoa keletso efe kapa efe. Le hoja ke ne ke batla hore Jehova a ntšebelise ka botlalo, bofokoli bona bo ne bo ntšitisa. Qetellong, ka thuso ea baholo ba babeli ba utloisisang, ke ile ka lumela bothata ba ka ’me ka qala ho sebelisa keletso ea bona e lerato ea Mangolo. Le hoja ka linako tse ling khalefo e itseng e hlahella, hona joale ke khona ho laola botho ba ka bo mabifi. Ke leboha tsela e bontšang mamello eo Jehova a sebetsaneng le ’na ka eona hammoho le thuso e lerato ea baholo. Ka lebaka la khatelo-pele ea ka moeeng, ke sa tsoa khetheloa ho ba mohlanka ea sebeletsang.”

Joalokaha Nicholas a ile a hlokomela, ho fetola boikutlo bo tebileng ha ho bonolo. Re ka ’na ra talimana le phephetso e tšoanang. Mohlomong re batho ba khenang kapele. Mohlomong re koetlile sekhopi kapa mohlomong re nahana haholo ka ho ipusa. Ka lebaka leo, khatelo-pele ea rōna ea Bokreste e ka ba e fokolang. Babentši ba litaemane ba na le phihlelo e joalo ka mahakoe a bitsoang li-naat. Ha e le hantle ana ke mahakoe a mabeli a ileng a qhibiliha ho ba ntho e le ’ngoe nakong eo taemane e bōpehang. Ka lebaka leo, li-naat li na le libōpeho tse sa tšoaneng tse etsang hore ho li seha ho latela sebōpeho sa tsona ho be thata haholo. Tabeng ea rōna, re fumana tšekamelo ea moea oa ho etsa lintho e loantšana le tšekamelo ea ho se phethahale ha rōna. (Matheu 26:41; Bagalata 5:17) Ka linako tse ling re ka ikutloa re e-na le tšekamelo ea ho khaotsa ho loana, ra itšireletsa ka hore ho se phethahale ho leng teng bothong ba rōna hase habohlokoa. Re ka ’na ra re: ‘Ke tšoenngoa ke eng, ba heso le metsoalle ba sa ntse ba nthata.’

Leha ho le joalo, haeba re batla ho sebeletsa barab’abo rōna le ho tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo, ho hlokahala hore re ‘nchafatsoe matleng a susumetsang likelello tsa rōna’ ka ho apara botho bo bocha. Boiteko bona ke ba bohlokoa, joalokaha Nicholas le ba bang ba bangata ba ka tiisa. Mobentši oa taemane oa tseba hore lethebanyana le le leng le ka senya taemane eohle. Ka ho tšoanang, ka ho hlokomoloha tšobotsi e fokolang ea botho ba rōna, re ka senya ponahalo ea rōna ea moea. Ho hobe ka ho fetisisa, bofokoli bo tebileng bo ka re liha moeeng.—Liproverbia 8:33.

Joaloka “Mollo” ka Hare ho Rōna

Mobentši oa taemane o batla hore ho phatsima ho leng ka har’a taemane ho hlahelle. Sena se etsoa ka ho lokisa litšobotsi hore li hlahise mebala e kang ea mookoli. Ka har’a taemane khanya e mebala-bala e lebang koana le koana e hlahisa mollo o etsang hore litaemane li phatsime. Ka ho tšoanang, moea oa Molimo o ka tšoana le “mollo” ka hare ho rōna.—1 Bathesalonika 5:19; Liketso 18:25; Baroma 12:11.

Empa ho thoe’ng haeba re hlokomela tlhokahalo ea ho susumetsoa moeeng? Sena se ka etsoa joang? Re tlameha ho ‘hlokomela litsela tsa rōna.’ (Pesaleme ea 119:59, 60, NW) Sena se tla akarelletsa ho hlokomela lintho tse re fokolisang moeeng le ho lekanyetsa hore na ke mesebetsi efe ea puso ea Molimo e hlokang ho phehelloa ka ho eketsehileng. Re ka matlafatsa kananelo ea moea ka thuto ea botho ea kamehla le thapelo tse etsoang ka tieo. (Pesaleme ea 119:18, 32; 143:1, 5, 8, 10) Ho feta moo, ka ho kopanela le ba sebetsang ka thata tumelong, re tla matlafatsa qeto ea rōna ea ho sebeletsa Jehova ka cheseho.—Tite 2:14.

Louise, mosali e mocha oa Mokreste o ile a lumela: “Ke ile ka nahana ka bopula-maliboho ba kamehla ka lilemo tse peli pele ke ngolisa joaloka pula-maliboho oa kamehla, kapa ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng. Ho ne ho se letho le nthibang, empa ke ne ke qhoaolotse ’me ke ne ke sa etse boiteko ba letho. Joale Ntate o ile a shoa ka tšohanyetso. Ke ile ka hlokomela kamoo bophelo bo senyehang habonolo kateng le hore ’na ke ne ke sa sebelise bophelo ba ka hamolemo. Kahoo ke ile ka fetola pono ea ka ka lintho tsa moea, ka eketsa tšebeletso ea ka ’me ka ba pula-maliboho oa kamehla. Ba nthusitseng ka ho khethehileng tšobotsing ena e bile bara le barali beso ba moea bao ka linako tsohle ba neng ba tšehetsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo le bao kamehla ba neng ba tsamaea le ’na tšebeletsong. Ke ithutile hore ha ho le thata kapa ho le bonolo, re arolelana lintho tsa bohlokoa hammoho le lipakane le metsoalle ea rōna.”

Ho Leotsoa Joalokaha Eka ke ka Tšepe

Litaemane ke tse ling tsa lintho tsa tlhaho tse thata ka ho fetisisa lefatšeng. Ka hona, taemane e sehoa ka e ’ngoe. Sena se ka ’na sa hopotsa liithuti tsa Bibele maele a reng: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17) Sefahleho sa motho se ‘leotsoa’ joang? Motho e mong a ka ’na a atleha ho leotsa kelello le boemo ba moea ba motho e mong, feela joalokaha tšepe e ka sebelisoa ho leotsa lehare la tšepe ea mofuta oa eona. Ka mohlala, haeba re ka tepella maikutlong ka lebaka la ho soetseha ho itseng, khothatso ea motho e mong e ka re matlafatsa haholo. Ka hona ponahalo ea rōna ea masoabi e ka fetoha e molemo, ’me re ka ba le matla a macha bakeng sa ho chesehela mosebetsi. (Liproverbia 13:12) Baholo ba phutheho ka ho khethehileng ba ka re thusa ho re leotsa ka ho fana ka khothatso ea Mangolo le taeo hore re ntlafatse. Ba latela molao-motheo o boletsoeng ke Solomone: “Ruta ea nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. U rute ea lokileng, o tla ekelletsoa tsebo.”—Liproverbia 9:9.

Ha e le hantle, koetliso ea moea e nka nako. Ka lilemo tse fetang tse leshome, moapostola Pauluse o ile a arolela Timothea phihlelo ea hae le mekhoa ea ho ruta. (1 Bakorinthe 4:17; 1 Timothea 4:6, 16) Koetliso e telele eo Moshe a ileng a e neha Joshua ka lilemo tse fetang 40 e ile ea tsoela sechaba sa Iseraele molemo ka nako e telele. (Joshua 1:1, 2; 24:29, 31) Elisha o ile a tsamaea le moprofeta Elija mohlomong ka lilemo tse 6, a fumana motheo o motle bakeng sa tšebeletso ea hae e neng e tla tšoarella lilemo tse ka bang 60. (1 Marena 19:21; 2 Marena 3:11) Ka ho fana ka koetliso e tsoelang pele ka mamello, baholo ba latela mohlala oa Pauluse, Moshe le Elija.

Ho babatsa ke karolo ea bohlokoa ea koetliso. Litlhaloso tse tšepahalang tsa kananelo bakeng sa kabelo e entsoeng hantle kapa liketso tse hlokang ho thoholetsoa li ka susumelletsa ba bang hore ba batle ho sebeletsa Molimo ka botlalo haholoanyane. Ho babatsoa ho haha kholiseho eo hamorao e etsang hore motho a etse boiteko ba ho hlōla bofokoli. (Bapisa le 1 Bakorinthe 11:2.) Khothatso bakeng sa ho hatela pele ’neteng e tla ka lebaka la ho tšoareha ka matla mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le mesebetsi e meng ea phutheho. (Liketso 18:5) Ha baholo ba abela barab’abo rōna boikarabelo tumellanong le khatelo-pele ea bona ea moea, sena se neha banna bana phihlelo ea bohlokoa ’me ho ka etsahala hore e matlafatse takatso ea bona ea hore ba ’ne ba tsoele pele moeeng.—Bafilippi 1:8, 9.

Lebaka le Utloahalang la ho Hatela Pele Moeeng

Litaemane li ’nile tsa nkoa e le tsa bohlokoa haholo. Ho joalo le ka bao hona joale ba kopanelang le lelapa la lefatše lohle la barapeli ba Jehova. Ha e le hantle, Molimo ka boeena o ba bitsa “tse lakatsehang,” kapa lintho “tsa bohlokoa” tsa lichaba tsohle. (Haggai 2:7, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Selemong se fetileng, ba 375 923 e bile Lipaki tsa Jehova tse kolobelitsoeng. Bakeng sa ho amohela keketseho ena, ho hlokahala hore ‘tente e atolosoe haholoanyane.’ Ka ho hatela pele moeeng—le ka ho hahamalla litokelo tsa tšebeletso ea Bokreste—ho ka khoneha ho kenya letsoho ho hlokomeleng keketseho ena.—Esaia 54:2; 60:22.

Ho fapana le litaemane tse ngata tsa bohlokoa tse bolokoang ka liseifing tsa banka ’me li bonoa ka seoelo, ho tšoaneleha ha rōna moeeng ho ka bonahala ka ho totobetseng. Ha ka linako tsohle re bentša le ho bonahatsa litšobotsi tsa rōna tsa Bokreste, re tlotlisa Jehova Molimo. Jesu o ile a khothatsa balateli ba hae: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.” (Matheu 5:16) Ka sebele, seo se re neha lebaka le utloahalang la ho hatela pele moeeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sebelisitsoe mabitso ao e seng a sebele sehloohong sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela