Ho Qalisa Moqoqo ha U Khutlela
1 E le hore u ka atleha ho qalisa moqoqo le motho ea bontšitseng thahasello ketelong ea pele, leka ho haha holim’a se thehiloeng lekhetlong la pele. Sepheo ke ho thusa motho hore a ananele bohlokoa ba mehopolo le lingoliloeng tse siiloeng lekhetlong la pele.
2 Iphe nako ea ho lokisetsa ha u tla etsa leeto la ho boela. Khetha litlhaloso tse thahasellisang tse leng khatisong eo u nehelanang ka eona. Sebelisa temoho ho khetha hore na u tla akaretsa boitsebiso bo bokae le hore na u tla nka nako e kae. Hangata puisano e khutšoaane ka ntlha e le ’ngoe kapa tse peli e molemo ntle leha ho bontšoa thahasello e sa tloaelehang. Nahana ka lihlooho tse latelang:
3 Ke maemo afe a nakong e tlang ao re ka lebellang hore a be teng lefatšeng haeba e tla ba lehae la motho la ka ho sa feleng? Puisano ena e thehiloe ho Tšenolo 11:18 le ho Esaia 35:1, 2, joalokaha mangolo ana a hlalositsoe ’me a etselitsoe le litšoantšo bukeng ea Khotso ea ’Nete maqepheng 97-8.
Moqoqo o ka kenyelletsoa ka hore:
◼ “Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke u etetse, re ile ra buisana kamoo Molimo o rerileng hore lefatše le be teng ka ho sa feleng. Empa ke ile ka u siela potso eo u neng u tla sala u nahana ke eona: Nakong eo ho tla rena maemo afe? Ke thabela hore ebe ke khutlile ’me ka bokhutšoaane re arolelane karabelo ea Bibele le uena.”
4 Seo re tlamehang ho se etsa e le hore re thabele bophelo tlas’a ’Muso oa Molimo. Sehlooho sena se ka hōlisoa ka ho sebelisa Deuteronoma 30:15, 16, 19 le Johanne 4:23, joalokaha ho hlalositsoe bukeng ea Khotso ea ’Nete leqepheng 93.
U ka qala ka hore:
◼ “Ke ile ka thabela moqoqo oa rōna ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa bokhopo. [Mo kōpe hore a tle le buka ea hae ea Khotso ea ’Nete.] Potso e lokelang ho ama e mong le e mong oa rōna ke hore, Ke eng seo re lokelang ho se etsa e le hore re ka rua molemo phetohong ee? Hlokomela seo Jesu a se boletseng ho Johanne 4:23, joalokaha e qotsitsoe bukeng ea hao leqepheng 93.”
5 Ho tla khotsofatsoa litlhoko life lefatšeng la Paradeise? U ka sebelisa Pesaleme ea 67:6, 7 le 72:16 kapa Mikea 4:3, 4 le Esaia 65:21, 22. Litlhaloso tse loketseng li fanoe bukeng ea Khotso ea ’Nete maqepheng 97-100.
U ka ’na ua sebelisa mantsoe ana ha u qala:
◼ “Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke le mona [bolela letsatsi], re ile ra hlokomela tšepiso ea Molimo ka Mora oa oona ea ho tsosetsa baratuoa ba shoeleng lefatšeng la Paradeise. A mang a mahlohonolo a tla thabeloa ke afe? Buka ea hao e sebelisa Mangolo e bontša hore na a mang a ’ona e tla ba afe.” Motheong oa litšupiso tse ka holimo, bala temana e le ’ngoe kapa tse peli Bibeleng le litlhaloso tse tsoang bukeng, mohlomong lirapa 11, 15 le 16 maqepheng 97-100.
6 Batho ba bangata ba bontšitse thahasello molaetseng oa ’Muso oo re o bolelang. Ba bangata ba amohetse lingoliloeng tsa rōna. Maemong a mang, re hlokometse kananelo moqoqong oa rōna oa pele o tsoang Mangolong. Ka hona, etsa maeto a ho boela ho bohle ba bontšitseng thahasello, ’me u leke ho ba ruta ’nete.—Matt. 10:11; 28:19, 20; Joh. 21:17; Tšen. 22:17.