Pina ea 211
Ho Kopanela ka Thabo Kotulong
1. Re phela nakong ea kotulo.
Re rata tokelo ena.
‘Ba kotulang’ ke mangeloi.
Re ba sebetsang le oona.
Ke Kreste’a re buletseng khoro
Ka hore a jale “tšimo.”
Lijalo li loketse kotulo,
A re kotuleng haholo.
2. “Mofoka” o khethollehile
’Me “koro” e ka “molikong.”
Ha e le mofoka ke oona
O re sitisang kotulong.
Bahlanka ba Jah ba sebetsa
Letsatsi le leng le le leng.
Kotulo’a ba kang linku e khōlō,
Ka baka leo re ba thuseng.
3. Lerato ho ba habo rōna,
Ke lona le re tataisang.
Le tšebetso e potlakile,
Ke bofelo bona bo tlang.
Ke nako ea ho nka bohato,
Ho thusa ba ratang ’nete.
Re ka thaba hakaakang tšebetsong,
Ha batho ba utloa Lentsoe!
4. Le Kreste o s’a hlokometse
Kamoo koro e butsoitseng,
Le batho ba hlokang ho rutoa,
Le masimo a soeufetseng.
Re thabile haholo hore
E be re sebetsa le Jah.
Re tšepeheng mosebetsing ona,
’Me re cheseheng kamehla.