Mamellang Mosebetsing oa Kotulo!
“Ba jalang peō ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo.”—PESALEME EA 126:5.
1. Ke hobane’ng ha ho loketse ho ‘kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi’ kajeno?
KA MOR’A leeto la boraro la Jesu Kreste la ho bolela Galilea, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.” (Matheu 9:37) Boemo bo ne bo tšoana Judea. (Luka 10:2) Kaha ho ne ho le joalo lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, boemo ke bofe kajeno? Ha e le hantle, selemong se fetileng sa tšebeletso, Lipaki tsa Jehova tse fetang 6 000 000 li ile tsa mamella mosebetsing oa kotulo har’a batho ba lefatše ba 6 000 000 000, bao boholo ba bona e leng ba ‘sohlokehileng le ba qhalakaneng joaloka linku tse se nang molisa.’ Kahoo khothatso ea Jesu ea ho ‘kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae’ e nakong hona joale joalokaha e ne e le nakong makholong a lilemo a fetileng.—Matheu 9:36, 38.
2. Ke eng e etsang hore batho ba re tsebe?
2 Jehova Molimo, Mong’a kotulo, o arabetse kōpo ea ho romela basebetsi ba eketsehileng. ’Me ke thabo e kaakang ho kopanela mosebetsing oo oa kotulo o tsamaisoang ke Molimo! Le hoja re fokola ka palo ha re bapisoa le lichaba, ho kopanela ha rōna ka cheseho boboleling ba ’Muso le mosebetsing oa ho etsa barutuoa ho etsa hore lefatše le re tsebe. Linaheng tse ngata re boleloa hangata litabeng. Ho kokota monyako tšoantšisong ea thelevishene ho ka etsa hore batho ba re ke Lipaki tsa Jehova tse kokotang. Ha ho pelaelo hore mosebetsi oa rōna oa Bokreste joaloka bakotuli ba tšoantšetso o tsebahala haholo lekholong lena la bo21 la lilemo.
3. (a) Re tseba joang hore mosebetsi oa ho bolela ’Muso o ne o hlokomeleha lekholong la pele la lilemo? (b) Ke hobane’ng ha re ka re mangeloi a tšehetsa tšebeletso ea rōna?
3 Lekholong la pele la lilemo le teng lefatše le ne le bona mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ’me le hlorisa baphatlalatsi ba litaba tse molemo. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ho ’na ho bonahala Molimo a behile rōna baapostola qetellong pontšong re le banna ba khethetsoeng lefu, hobane [rōna baapostola] re fetohile sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše, le ho mangeloi, le ho batho.” (1 Bakorinthe 4:9) Ka ho tšoanang, ho tiisetsa ha rōna joaloka baphatlalatsi ba ’Muso ho sa tsotellehe mahloriso ho etsa hore lefatše le re tsebe ’me ke habohlokoa ho mangeloi. Tšenolo 14:6 e re: “[’Na moapostola Johanne ke ile] ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” Ha ho pelaelo hore re tšehelitsoe ke angeloi tšebeletsong ea rōna—mosebetsing oa rōna oa kotulo!—Baheberu 1:13, 14.
‘Ba Hloiloeng’
4, 5. (a) Jesu o ile a fa barutuoa ba hae temoso efe? (b) Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba kajeno ‘ba hloiloe’?
4 Ha baapostola ba Jesu ba ne ba rongoa joaloka bakotuli, ba ile ba ela hloko taelo ea hae ea hore ‘ba be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloke molato joaloka maeba.’ Jesu o ile a phaella: “Itebeleng khahlanong le batho; etsoe ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba. . . . Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 10:16-22.
5 Kajeno re ‘hloiloe’ hobane “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” e leng Satane Diabolose, eo e leng sera se seholo sa Molimo le batho ba Hae. (1 Johanne 5:19) Lira tsa rōna li bona katleho ea rōna ea moea empa li hana ho lumela hore e tsoa ho Jehova. Bahanyetsi ba bona lifahleho tsa rōna tse thabileng le tse bososelang ha re kopanela ka thabo mosebetsing oa kotulo. Ba makatsoa ke bonngoe ba rōna! Ha e le hantle, ba ka ’na ba lumela ka lesisitheho ha ba etela linaheng tse ling ’me ba fumana hore le hona moo Lipaki tsa Jehova li etsa mosebetsi o tšoanang le oo ba o bonang linaheng tsa habo bona. Ha e le hantle, rea tseba hore ka nako e loketseng, Jehova, motšehetsi oa rōna le mohloli oa bonngoe ba rōna, o tla tsebahatsoa le ho lira tsa rōna.—Ezekiele 38:10-12, 23.
6. Re kholisehile ka eng ha re ntse re etsa mosebetsi oa kotulo, empa ho hlaha potso efe?
6 Mong’a kotulo o file Mora oa hae, Jesu Kreste, “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) Kahoo, Jehova o sebelisa Jesu ho tsamaisa mosebetsi oa kotulo ka mangeloi a leholimo le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” le tlotsitsoeng le leng mona lefatšeng. (Matheu 24:45-47; Tšenolo 14:6, 7) Empa re ka loana ka katleho joang le khanyetso ea sera ’me leha ho le joalo ra ’na ra lula re thabile ha re ntse re tiiselitse mosebetsing oa kotulo?
7. Re lokela ho leka ho lula re e-na le boikutlo bofe ha re hanyetsoa kapa re hlorisoa?
7 Ha re thulana le khanyetso kapa mahloriso a feletseng, a re batleng thuso ea Molimo e le hore re ka ba le boikutlo bo kang ba Pauluse. O ile a ngola: “Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa; ha re ntse re hlorisoa, rea mamella; ha re ntse re nyelisoa, re kōpa ka tieo.” (1 Bakorinthe 4:12, 13) Ka linako tse ling, boikutlo bona hammoho le tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa e etsoang ka masene bo fetola boikutlo ba bahanyetsi ba rōna.
8. U fumana khothatso efe mantsoeng a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 10:28?
8 Esita leha re tšosoa ka lefu, cheseho ea rōna joaloka bakotuli ha e tape. Re phatlalatsa molaetsa oa ’Muso pepenene kamoo ho khonehang kateng ntle ho tšabo. Hape re khothatsoa ke mantsoe a Jesu a reng: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea; empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang moea le ’mele Gehena.” (Matheu 10:28) Rea tseba hore Ntat’a rōna oa leholimo ke Ea Fanang ka bophelo. O putsa ba tšepahalang ho eena kamehla le ba mamellang ka botšepehi mosebetsing oa kotulo.
Molaetsa o Phelisang
9. Ba bang ba ne ba arabela joang mantsoeng a Ezekiele, ’me ho etsahala ntho e tšoanang joang kajeno?
9 Ha moprofeta Ezekiele a ne a bolela ka sebete melaetsa ea Jehova ho “lichaba tse tletseng borabele”—e leng ’muso oa Iseraele le oa Juda—batho ba bang ba ne ba thabela ho utloa seo a se bolelang. (Ezekiele 2:3) Jehova o ile a re: “Bona! Ho bona u joaloka pina e tsosang maikutlo a lerato, joaloka motho ea nang le lentsoe le letle ’me a letsa seletsa se likhoele hantle.” (Ezekiele 33:32) Le hoja ba ne ba rata mantsoe a Ezekiele, ba ne ba sa etse letho ka ’ona. Ho etsahala’ng kajeno? Ha masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona a bolela ka sebete melaetsa ea Jehova, ba bang ba rata ho utloa ka mahlohonolo a ’Muso, empa ha ba arabele ka kananelo, ha e be barutuoa hape ha ba kopanele mosebetsing oa kotulo.
10, 11. Lilemong tsa pele tse 50 tsa lekholo la bo20 la lilemo, ho ile ha etsoa’ng ho phatlalatsa molaetsa oa rōna o phelisang, hona e le ka liphello life?
10 Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba amohetse molaetsa oa kotulo ’me ba kentse letsoho ho boleleng melaetsa ea Molimo. Ka mohlala, ho tloha ka 1922 ho fihlela ka 1928 letotong le leng la likopano tsa Bakreste, ho ne ho phatlalatsoa ka mokhoa o hlakileng melaetsa ea kahlolo ea tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. Liea-le-moea li ne li phatlalatsa likahlolo tsena tse neng li boleletsoe ba neng ba le likopanong tseo. Ka mor’a moo, batho ba Molimo ba ile ba aba likopi tsa tsona tse hatisitsoeng tse limilione.
11 Bofelong ba bo-1930, ho ile ha qaleha mokhoa o mong oa mosebetsi oa ho paka ka mekoloko ea phatlalatso. Qalong, batho ba Jehova ba ne ba jara liplakate tse tsebahatsang lipuo tsa phatlalatsa. Hamorao, ba ne ba jara liplakate tse nang le mantsoe a kang “Bolumeli ke leraba le khoebo ea bomenemene” le “Sebeletsa Molimo le Morena Kreste.” Ha ba ne ba etsa mokoloko literateng, ba ne ba hapa tlhokomelo ea ba fetang ka tsela. Mor’abo rōna ea neng a kopanela kamehla mosebetsing ona literateng tse phetheselang tsa London, Engelane, o re: ‘Sena se ile sa tsebahatsa Lipaki tsa Jehova haholo le ho li fa sebete.’
12. Ho phaella melaetseng ea Molimo ea kahlolo, re bua ka eng tšebeletsong ea rōna, ’me hona joale ke bo-mang ba ikopantseng boboleling ba litaba tse molemo?
12 Ha re ntse re bolela melaetsa ea Molimo ea kahlolo, re boetse re hlokomelisa batho ka mahlohonolo ao e leng karolo ea molaetsa ona oa ’Muso. Bopaki bo etsoang ka sebete lefatšeng bo re thusa ho batla ba tšoanelehang. (Matheu 10:11) Boholo ba litho tsa ho qetela tsa sehlopha sa batlotsuoa bo ile ba arabela khothatsong ea kotulo e neng e entsoe ka bo-1920 le bo-1930. Joale, kopanong e ’ngoe ka 1935, ho ile ha boleloa litaba tse babatsehang tsa bokamoso bo thabisang ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Bo utloile melaetsa ea Molimo ea kahlolo ’me bo ikopantse le batlotsuoa boboleling ba litaba tse molemo tse phelisang.
13, 14. (a) Ke matšeliso afe a ka fumanoang ho Pesaleme ea 126:5, 6? (b) Ha re tsoela pele ho jala le ho nosetsa, ho tla etsahala’ng?
13 Mantsoe a Pesaleme ea 126:5, 6, a reng: “Ba jalang peō ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo. Ea tsamaeang, a bile a lla, a nkile mokotla o tletseng peō, ruri o tla kena ka mohoo oa thabo, a nkile mangata a hae,” ke matšeliso a maholo ho bakotuli ba Molimo, ’me haholo-holo ba hlorisoang. Mantsoe a mopesaleme a buang ka ho jala le ho kotula a bontša tlhokomelo ea Jehova le tlhohonolofatso ea hae ho masala a ileng a khutla botlamuoeng Babylona ea boholo-holo. A ne a thabile haholo ha a lokolloa, empa ho ka etsahala hore ebe a ne a lla ha a jala peō naheng e neng e lutse e le thite ka lilemo tse 70 ha a ntse a le kholehong. Leha ho le joalo, ba ileng ba tsoela pele ka mesebetsi ea bona ea ho jala le ho haha ba ile ba thabela litholoana le ho khotsofatsoa ke mesebetsi ea bona.
14 Re ka ’na ra lla ha re lekoa kapa ha rōna kapa balumeli-’moho le rōna re e-ba mahlomoleng ka lebaka la ho loka. (1 Petrose 3:14) Mosebetsing oa rōna oa kotulo, qalong re ka ’na ra thatafalloa kahobane ho bonahala ho se letho leo re ka le supang e le bopaki ba boiteko ba rōna tšebeletsong. Empa ha re ntse re tsoela pele ho jala le ho nosetsa, Molimo o tla melisa, hangata e le ka tsela eo re sa e lebellang. (1 Bakorinthe 3:6) Sena se bontšoa hantle ke liphello tsa kabo ea rōna ea Libibele le lingoliloeng tsa Mangolo.
15. Fana ka mohlala oa molemo oa lingoliloeng tsa Bokreste mosebetsing oa kotulo.
15 Nahana ka mohlala oa monna ea bitsoang Jim. Ha ’m’ae a e-shoa, thepeng ea hae o ile a fumana buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?a O ile a e bala ka thahasello. Puisanong le Paki e ileng ea bua le eena seterateng, Jim o ile a lumela hore e mo etele hape, ’me sena se ile sa fella ka thuto ea Bibele. Jim o ile a tsoela pele kapele moeeng, a inehela ho Jehova eaba oa kolobetsoa. O ile a bolella litho tse ling tsa lelapa labo seo a ithutileng sona. Ka lebaka leo, khaitseli ea hae le moholoane oa hae e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova, ’me hamorao Jim o ile a thabela tokelo ea ho sebeletsa e le moithaopi oa nako eohle Bethele ea London.
Baa Hlorisoa Empa ba Thabile
16. (a) Ke hobane’ng ha ho bile le katleho mosebetsing oa kotulo? (b) Jesu o ile a fana ka temoso efe mabapi le tšusumetso ea litaba tse molemo, empa re atamela batho ka boikutlo bofe?
16 Ke hobane’ng ha mosebetsi oa kotulo o atlehile hakaale? Kahobane Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ba etse hloko taelo ea Jesu e reng: “Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bue leseling; ’me seo le se utloang se hoeshetsoa, le se bolele le le holim’a matlo.” (Matheu 10:27) Leha ho le joalo, re ka lebella mathata, etsoe Jesu o ile a lemosa: “Mor’abo motho o tla nehelana ka mor’abo lefung, le ntate a nehelane ka ngoana oa hae lefung, ’me bana ba tla tsohela batsoali matla ’me ba tla etsa hore ba bolaoe.” Jesu o ile a boela a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng khotso.” (Matheu 10:21, 34) Jesu o ne a se letšolong la ho arohanya malapa. Empa litaba tse molemo li etsa joalo ka linako tse ling. Ho joalo le ka bahlanka ba Molimo kajeno. Ha re etela malapa, boikemisetso ba rōna hase ho a arohanya. Ke takatso ea rōna hore e mong le e mong a amohele litaba tse molemo. Kahoo, re leka ho atamela litho tsohle tsa lelapa ka tsela e mosa, e qenehelang e etsang hore molaetsa oa rōna o ipiletse ho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Liketso 13:48.
17. Ba tšehetsang bobusi ba Molimo ba khetholloa joang, ’me mohlala o mong oa see ke ofe?
17 Molaetsa oa ’Muso o khetholotse ba tšehetsang bobusi ba Molimo. Ka mohlala, nahana kamoo barapeli-’moho le rōna ba ileng ba hlahella e le ba fapaneng kateng kahobane ba ne ba ‘lefa Cesare lintho tsa Cesare empa ba lefa Molimo lintho tsa Molimo’ mehleng ea Bonazi Jeremane. (Luka 20:25) Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli le Bakreste ka lebitso ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana, bahlanka ba Jehova ba ile ba ema ba tiile, ba hana ho tlōla melao-motheo ea Bibele. (Esaia 2:4; Matheu 4:10; Johanne 17:16) Moprofesa Christine King, mongoli oa buka e bitsoang The Nazi State and the New Religions, o ile a re: “Ke ho Lipaki feela moo ’muso [oa Bonazi] o sa kang oa atleha, hobane le hoja o ne o bolaile tse likete, mosebetsi o ile oa tsoela pele ’me ka May 1945 mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ne o ntse o tsoela pele, ha Bonazi bona bo ne bo timetse.”
18. Batho ba Jehova ba bonahatsa boikutlo bofe ho sa tsotellehe mahloriso?
18 Boikutlo bo bontšoang ke batho ba Jehova ha ba talimane le mahloriso ke ba bohlokoa haholo. Leha babusi ba lefatše ba ka ’na ba khahloa ke tumelo ea rōna, ba makatsoa ke hore ha re na bora kapa lehloeo. Ka mohlala, Lipaki tse ileng tsa pholoha Polao e Sehlōhō (pusong ea Bonazi) li atisa ho bua ka thabo le khotsofalo ha li hopola se ileng sa li etsahalla. Lia tseba hore Jehova o ile a li fa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Batlotsuoa ba har’a rōna ba kholisehile hore “mabitso [a bona] a ngotsoe maholimong.” (Luka 10:20) Mamello ea bona e hlahisa tšepo e sa tsoaleng masoabi, ’me bakotuli ba tšepahalang ba lebeletseng ho phela lefatšeng ba na le kholiseho e tšoanang.—Baroma 5:4, 5.
Mamellang Mosebetsing oa Kotulo
19. Ke mekhoa efe e atlehang e sebelisitsoeng tšebeletsong ea Bokreste?
19 Hore na Jehova o tla re lumella ho etsa mosebetsi ona oa tšoantšetso oa kotulo ho fihlela neng, ho tla bonahala. Khabareng, re lokela ho hopola hore bakotuli ba na le mekhoa e khethehileng ea ho sebetsa. Ka ho tšoanang, re ka kholiseha hore ha re tšepahala ho sebelisa litsela tsena tse lekiloeng tsa ho bolela, re tla atleha. Pauluse o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Ke le kōpa ka tieo, e-bang baetsisi ba ka.” (1 Bakorinthe 4:16) Ha Pauluse a teana le baholo ba Efese Miletase, o ile a ba hopotsa hore o ne a sa ka a tlohela ho ba ruta “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 20:20, 21) Motsoalle oa Pauluse Timothea o ne a ithutile hore na mekhoa ea moapostola enoa ke efe ’me kahoo o ne a ka e ruta Bakorinthe. (1 Bakorinthe 4:17) Molimo o ile a hlohonolofatsa mekhoa ea Pauluse ea ho ruta, feela joalokaha a tla hlohonolofatsa mamello ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa ka ntlo le ntlo, maetong a ho boela, lithutong tsa mahae tsa Bibele le kae le kae moo batho ba ka fumanoang teng.—Liketso 17:17.
20. Jesu o ile a bontša joang hore chai e khōlō ea moea e haufi, ’me ho bonahetse joang hore see ke ’nete lilemong tsa morao tjee?
20 Ka mor’a hore Jesu a pakele mosali oa Mosamaria haufi le Sikare ka 30 C.E., o ile a bua ka kotulo ea moea. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo. Mokotuli o se a amohela moputso le ho bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng, e le hore mojali le mokotuli ba ka thaba hammoho.” (Johanne 4:34-36) Mohlomong Jesu o ne a se a bone phello ea puisano ea hae le mosali oa Mosamaria, hobane ba bangata ba ne ba lumela ho Eena ka lebaka la bopaki ba hae. (Johanne 4:39) Lilemong tsa morao tjena, linaha tse ngata li tlositse lithibelo tseo li neng li li etselitse Lipaki tsa Jehova, ho seng joalo li li ngolisitse ka molao, kahoo li bula masimo a macha bakeng sa kotulo. Phello ke hore chai ea moea e tsoela pele. Ha e le hantle, lefatšeng lohle, re fumana mahlohonolo a enneng ha re ntse re tsoela pele ka thabo ho kopanela kotulong ea moea.
21. Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka la ho mamella joaloka bakotuli ba thabileng?
21 Ha lijalo li butsoitse ’me li loketse kotulo, basebetsi ba lokela ho sebetsa ka potlako. Ba lokela ho akofa. Kajeno, ho hlokahala hore tema ea rōna e bonahale le hona e le ka mokhoa o potlakileng hobane re phela “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Ha ho pelaelo hore re thulana le liteko, empa kotulo ea barapeli ba Jehova e khōlō ho feta neng kapa neng. Ka lebaka leo letsatsi lena ke la thabo. (Esaia 9:3) Joaloka basebetsi ba thabileng, a re mamelleng mosebetsing oa kotulo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisoang le ho ajoa ke Lipaki tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
•Mong’a kotulo o arabetse kōpo e tiileng bakeng sa basebetsi ba eketsehileng joang?
•Le hoja re ‘hloiloe,’ re lula re e-na le boikutlo bofe?
•Ke hobane’ng ha re thabile le hoja re hlorisoa?
•Ke hobane’ng ha re lokela ho mamella mosebetsing oa kotulo ka ho o etsa ka potlako?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Ba tšoarehileng kotulong ea moea ba tšehelitsoe ke mangeloi
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Molaetsa oa ’Muso o ile oa isoa ho ba bangata ka mekoloko ea phatlalatso
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Rea jala le ho nosetsa, empa Molimo oa melisa