Masimo a Soeufetse Bakeng sa Kotulo
1. Ho etsoa mosebetsi ofe oa bohlokoa?
1 Ha Jesu a qeta ho pakela mosali oa Mosamaria, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35, 36) Ho ne ho lokela hore ho bokelloe batho ba amohelang molaetsa oa Molimo, ’me Jesu o ile a bona esale pele hore mosebetsi ona o tla etsoa lefatšeng lohle. Jesu o ikakhetse ka setotsoana kotulong ena a le leholimong. (Mat. 28:19, 20) Ke lintho life tse bontšang hore mosebetsi oo o ntse o eketseha ha e le moo o se o tla fela?
2. Ke lintho life tse bontšang hore mosebetsi oa kotulo oa eketseha lefatšeng ka bophara?
2 Kotulo e Etsoang Lefatšeng Lohle: Selemong sa tšebeletso sa 2009, bahoeletsi ba eketsehile ka liphesente tse 3,2 lefatšeng ka bophara. Linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o thibetsoeng, bahoeletsi ba eketsehile ka liphesente tse 14. Palo ea lithuto tsa mahae tsa Bibele tse tlalehoang khoeli le khoeli e ne e le ka holimo ho 7 619 000—e leng palo e fetang tlhōrō ea bahoeletsi, ’me e feta palo ea lithuto tse tlalehiloeng selemong se fetileng ka halofo ea milione. Ha mosebetsi o ntse o eketseha ka potlako libakeng tse ngata, ho ntse ho fihla melaetsa e eketsehileng eo ka eona ho kōptjoang baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade. Linaheng tse ngata, masimo a nang le batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling a beha haholo. Ho hlakile hore Jehova o potlakisa mosebetsi nakong ena ea ha kotulo e se e tla fela. (Esa. 60:22) Na u na le tšepo ea hore ho tla ba le batho ba eketsehileng ba amohelang ’nete ‘masimong’ a phutheho ea heno?
3. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le maikutlo afe mabapi le mosebetsi oa ho kotula tšimong ea phutheho ea habo bona?
3 Kotulo e Etsoang Tšimong ea Phutheho: Ba bang ba ka ’na ba re: “Tšimo eo ke e sebetsang ha e behe hakaalo.” Ke ’nete hore ho na le masimo ao ho bonahalang a sa behe hakaalo ha a bapisoa le a mang kapa a sa beheng ka tsela eo a kileng a beha ka eona nakong e fetileng. Ka lebaka leo, Lipaki tse ling li ka ’na tsa e-ba le maikutlo a hore mosebetsi oa ho kotula o felile libakeng tseo, le hore joale mosebetsi oa tsona o fokotsehile, ’me e se e le feela hore li qolotse ba seng bakae ba setseng. Na ho hlile ho joalo?
4. Re lokela ho ba le maikutlo afe a nepahetseng ka tšebeletso ea rōna, hona hobane’ng?
4 Ho tloha ha mosebetsi oa ho kotula o qala ho fihlela o fela, bakotuli ba lokela ho ikitlaetsa. Mantsoeng a Jesu a latelang, hlokomela hore nako e lekane motinyane: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Jehova, e leng eena Mong’a kotulo, oa ikarabella tabeng ea hore na litholoana li tla hlaha neng le hore na li tla hlaha hokae. (Joh. 6:44; 1 Bakor. 3:6-8) Mosebetsi oa rōna ke ofe? Bibele e re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole.” (Moek. 11:4-6) Ke ’nete hore ha mosebetsi oa ho kotula o haba ho fela, eo hase nako ea hore re phomotse matsoho!
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho ba matjato ha re bolela litaba tse molemo tšimong e bonahalang e sa behe?
5 Tsoelang Pele ho Kotula: Le haeba tšimo ea rōna e sebelitsoe ka makhetlo a mangata ’me ho bonahala ho se na batho ba amohelang ’nete, ho na le lebaka le utloahalang la hore ha re sebetsa tšimo re chesehe re be re phehelle kapa re be le maikutlo a hore nako e lekane motinyane. (2 Tim. 4:2) Liphetoho tse khōlō tse etsahalang lefatšeng li etsa hore batho ba fetole maikutlo a bona ’me ba nahane ka ho teba ka nako e tlang. Ha bana ba ntse ba hōla, ba ka ’na ba utloa ba batla ho sireletseha le ho phomola kelellong. Batho ba bang ba ka ’na ba khahloa ha re ntse re phehella. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba sa kang ba mamela nakong e fetileng ba ka mamela nakong e tlang. Ho hlokahala hore re lemose le bao ka boomo ba hanyetsang molaetsa oa rōna.—Ezek. 2:4, 5; 3:19.
6. Haeba boholo ba batho ba tšimong ea rōna ba sa amohele molaetsa, ke’ng e tla re thusa ho lula re cheseha?
6 Haeba tšimo eo re e sebetsang e le thata, ke’ng e tla re thusa hore re lule re cheseha? Mohlomong re ka leka mekhoa e meng ea ho paka, e kang ho paka libakeng tsa khoebo kapa ho paka ka thelefono, ho phaella mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Kapa re ka feto-fetola tsela eo re buang ka eona e le hore molaetsa oa rōna o be monate. Re ka ’na ra fetola nako eo re etsang mosebetsi ona ka eona ’me ra kopanela tšebeletsong mantsiboea kapa ka linako tseo ka tsona batho ba ka fumanehang malapeng. Mohlomong re ka etsa matsapa a ho ithuta puo e ’ngoe e le hore re bolelle batho ba eketsehileng litaba tse molemo. Re ka ba ra atolosa tšebeletso ea rōna ka ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ra fallela sebakeng seo ho sona ho hlokahalang bakotuli ba eketsehileng. Haeba re e-na le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi oa ho kotula, re tla ikitlaelletsa ho kopanela mosebetsing ona oa bohlokoa kahohle kamoo re ka khonang.
7. Re lokela ho kotula ho fihlela neng?
7 Balemi ba na le nako e seng kae ea ho phutha lijo, kahoo ha ba phomole kapa hona ho khoehlisa ho fihlela ba phethile mosebetsi. Ka ho tšoanang ha motho a etsa mosebetsi oa kotulo ea tšoantšetso o lokela ho lemoha hore nako e lekane motinyane. Re lokela ho kotula ho fihlela neng? Re lokela ho kotula nakong ena eohle ea ‘qetello ea tsamaiso ea lintho’ ho fihlela “bofelo” bo fihla. (Mat. 24:14; 28:20) Re batla ho tšoana le Mosebeletsi ea ka sehloohong oa Jehova, ’me re qete mosebetsi oo re o filoeng. (Joh. 4:34; 17:4) Ka lebaka leo, a re tsoeleng pele ho etsa tšebeletso ea rōna ka cheseho, ka thabo le ka maikutlo a nepahetseng ho fihlela bofelong. (Mat. 24:13) Kotulo ha e e-s’o fele!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 2]
Ho tloha ha mosebetsi oa ho kotula o qala ho fihlela o fela, bakotuli ba lokela ho ikitlaetsa