Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/15 maq. 10-15
  • Le be Bakotuli ba Thabileng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le be Bakotuli ba Thabileng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rongoa Joaloka Bakotuli
  • Molaetsa oa Rōna oa Tšepo
  • Ho Batla ka Katleho
  • Lula U E-na le Khotso Mosebetsing oa Kotulo
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Bakotuli
  • Le Tsoele Pele ka Thabo Kotulong
  • Mamellang Mosebetsing oa Kotulo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bakotuli ba Eketsehileng Ba Hlokahala ka Potlako!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Masimo a Soeufetse Bakeng sa Kotulo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli​—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/15 maq. 10-15

Le be Bakotuli ba Thabileng!

“Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—MATHEU 9:37, 38.

1. Ke eng e re thusang ho tsoela pele re etsa thato ea Molimo?

HA RE hopola letsatsi leo re ileng ra kolobetsoa ka lona re le ba bang ba bahlanka ba Jehova, ebang ke lilemong tse seng kae kapa tse ngata tse fetileng, ho ka ’na ha bonahala eka ke maobane feela. Ho rorisa Jehova e bile ntho ea sehlooho bophelong ba rōna ba boinehelo. Ha re ntse re reka nako e loketseng ho thusa ba bang hore ba utloe le hore mohlomong ba amohele molaetsa oa ’Muso, re ile ra ameha haholo ka ho sebeletsa Jehova ka thabo. (Baefese 5:15, 16) Ho fihlela kajeno, re fumana hore nako e tsamaea ka potlako ha re phathahane, ’me ‘re etsa ho hongata mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakorinthe 15:58) Le hoja re thulana le mathata, thabo ea rōna ha re etsa thato ea Jehova e re susumelletsa ho tsoela pele.—Nehemia 8:10.

2. Ke eng e re thabisang mosebetsing oa tšoantšetso oa kotulo?

2 Joaloka Bakreste, re tšoarehile mosebetsing oa tšoantšetso oa kotulo. Jesu Kreste o ile a tšoantša ho bokelloa ha batho hore ba fumane bophelo bo sa feleng le kotulo. (Johanne 4:35-38) Kaha re nkile karolo mosebetsing o joalo oa kotulo, ho tla re khothatsa ho hlahloba thabo ea bakotuli ba pele ba Bakreste. Re tla hlahloba lintlha tse tharo tse re thabisang mosebetsing oa kajeno oa kotulo. Tsona ke (1) molaetsa oa rōna oa tšepo, (2) katleho ea rōna ha re ntse re batla le (3) boikutlo ba rōna ba ho ba bakotuli ba bōpang khotso.

Ho Rongoa Joaloka Bakotuli

3. Balateli ba pele ba Jesu ba ile ba thabisoa ke eng?

3 Bophelo ba bakotuli ba pele—haholo-holo ba baapostola ba tšepahalang ba 11 ba Jesu—bo ile ba fetoha haholo ka letsatsi le leng ka 33 C.E. ha ba nyolohela thabeng ea Galilea ho ea teana le Kreste ea tsositsoeng! (Matheu 28:16) Ho ka etsahala hore ebe ho ne ho e-na le “barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano” ketsahalong eo. (1 Bakorinthe 15:6) Ka lihloohong tsa bona ho ne ho luma mosebetsi oo Jesu a ba fileng oona. O ile a re ho bona: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō, ba ile ba fumana thabo e khōlō mosebetsing oa kotulo ha ba bona liphutheho tsa balateli ba Kreste li ntse li thehoa libakeng tse ngata. Ka mor’a nako, ‘litaba tse molemo li ne li boleloa pōpong eohle e tlas’a leholimo.’—Bakolose 1:23; Liketso 1:8; 16:5.

4. Barutuoa ba Kreste ba ile ba rongoa tlas’a maemo afe?

4 Pejana tšebeletsong ea hae Galilea, Jesu o ne a ile a bitsa baapostola ba 12 ’me a ba roma ka ho khetheha hore ba bolele: “’Muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 10:1-7) Eena ka boeena o ne a ile a “etela metse le metsana eohle [ea Galilea], a ruta ka lisynagogeng tsa eona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso ’me a phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong.” Jesu o ile a hauhela bongata, “hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:35, 36) Ka qenehelo e khōlō, o ile a re ho barutuoa ba hae: “E, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo [Jehova Molimo] hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matheu 9:37, 38) Maikutlo a Jesu a hore ho hlokahala bakotuli Judea ha aa ka a fetoha le ha ho ne ho setse likhoeli tse tšeletseng feela tsa tšebeletso ea hae lefatšeng. (Luka 10:2) Liketsahalong tsena ka bobeli, o ile a roma balateli ba hae joaloka bakotuli.—Matheu 10:5; Luka 10:3.

Molaetsa oa Rōna oa Tšepo

5. Re phatlalatsa molaetsa oa mofuta ofe?

5 Joaloka bahlanka ba Jehova ba mehleng ena, ka thabo re arabela pitsong ea bakotuli. Ntlha e ’ngoe e re thabisang haholo ke hore re isa molaetsa oa tšepo ho batho ba nyahameng le ba tepeletseng maikutlo. Joaloka barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, re na le tokelo e kaakang ea ho bolela litaba tse molemo—molaetsa oa sebele oa tšepo—ho ba ‘sohlokehileng ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa’!

6. Baapostola ba ile ba tšoareha mosebetsing ofe lekholong la pele la lilemo?

6 Bohareng ba lekholo la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ne a tšoarehile ho boleleng litaba tse molemo. Mosebetsi oa hae oa kotulo o ne o atleha e le kannete hobane ha a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe hoo e ka bang ka 55 C.E., o ile a re: “Barab’eso, joale ke le tsebisa litaba tse molemo tseo ke ileng ka le bolella tsona, tseo hape le ileng la li amohela, tseo hape le emeng ho tsona.” (1 Bakorinthe 15:1) Baapostola le Bakreste ba bang ba pele e ne e le bakotuli ba mahlahahlaha. Le hoja Bibele e sa re bolelle hore na ke baapostola ba bakae ba ileng ba pholoha liketsahalo tsa makhaola-khang tse ileng tsa fella ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E., rea tseba hore moapostola Johanne o ne a ntse a bolela hoo e ka bang lilemo tse 25 hamorao.—Tšenolo 1:9.

7, 8. Ke molaetsa ofe oa tšepo oo bahlanka ba Jehova ba ’nileng ba o phatlalatsa ka potlako ho feta pele?

7 Ka mor’a moo ho ile ha latela lilemo tse makholo tsa puso ea baruti ba Bokreste-’mōtoana, e leng “motho ea sa eeng ka molao” oa mokoenehi. (2 Bathesalonika 2:3) Leha ho le joalo, ho ea qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ba neng ba batla ho phela tumellanong le lithuto tsa Bokreste ba mathomo ba ile ba amohela molaetsa oa tšepo ’me ba phatlalatsa ’Muso. Ha e le hantle, ho tloha tokollong ea eona ea pele (July 1879), sehlooho sa koranta ena se ’nile sa akarelletsa mantsoe a reng, “Herald of Christ’s Presence,” “Herald of Christ’s Kingdom,” kapa “O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.”

8 ’Muso oa Molimo oa leholimo o ile oa hlongoa matsohong a Jesu Kreste ka 1914, ’me hona joale re phatlalatsa molaetsa oa tšepo ka potlako ho feta pele. Hobane’ng? Hobane har’a lintho tse molemo tseo puso ea ’Muso e tla li finyella, e ’ngoe ke ho felisa tsamaiso ena e khopo haufinyane. (Daniele 2:44) Na ho na le molaetsa o molemo ho feta oo? Hona ke eng e ka re thabisang ho feta ho kopanela ho phatlalatseng ’Muso pele “matšoenyeho a maholo” a fihla?—Matheu 24:21; Mareka 13:10.

Ho Batla ka Katleho

9. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae taelo efe, ’me batho ba ile ba arabela molaetsa oa ’Muso joang?

9 Ntlha e ’ngoe e re thabisang joaloka bakotuli ke katleho eo re nang le eona ha re batla ba fetohang barutuoa ’me ba ikopanya le rōna mosebetsing oa kotulo. Khale koana ka 31-32 C.E., Jesu o ile a laela barutuoa ba hae: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.” (Matheu 10:11) Boitšoaro ba batho mabapi le molaetsa oa ’Muso bo bontša hore hase bohle ba neng ba tšoaneleha. Leha ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba ne ba bolela litaba tse molemo ka cheseho hohle moo ho neng ho e-na le batho.

10. Pauluse o ile a phehella ho batla ba tšoanelehang joang?

10 Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, ho batla ba tšoanelehang ho ile ha tsoela pele ka matla. Pauluse o ile a behelana mabaka le Bajuda synagogeng ea bona le batho ba neng ba le teng ’marakeng Athene. Ha a ne a paka Areopago motseng oo oa Bagerike, “banna ba bang ba [ile ba] ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli, bao har’a bona hape ho neng ho e-na le Dionysiase, moahloli oa lekhotla la Areopago, le mosali ea bitsoang Damarise, le ba bang ntle ho bona.” Kae le kae moo Pauluse a neng a e-ea teng, o ne a boetse a beha mohlala ho boleleng “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—Liketso 17:17, 34; 20:20.

11. Tšebeletso e ne e etsoa ka mekhoa efe lilemong tse fetileng?

11 Ka lilemo tse mashome a seng makae tsa ho qetela tsa lekholo la bo19 la lilemo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba kopanela ka sebete ho batleng ba tšoanelehang. Sehloohong se neng se re, “Ba Tlotselitsoe ho Bolela,” Zion’s Watch Tower ea July/August 1881 e ile ea re: “Ho boleloa ha litaba tse molemo . . . ho lebisoa ho ‘ba bonolo’—ba ikemiselitseng le ba utloang, e le hore har’a bona ho hlahisoe ’mele oa Kreste, e leng majalefa-’moho le eena.” Bakotuli ba Molimo ba ne ba atisa ho kopana le batho ha ba tsoa likerekeng ’me ba ba fe lipampitšana tse nang le melaetsa ea Mangolo e lokiselitsoeng ho tsosa khahleho ea ba tšoanelehang. Ka mor’a ho hlahloba ka hloko hore na mokhoa ona oa ho paka oa sebetsa kapa che, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa May 15, 1903, o ile oa phehella bakotuli ho aba lipampitšana “ka ntlo le ntlo, ka Lisontaha thapama.”

12. Re ekelitse katleho ea mosebetsi oa rōna oa ho bolela joang? Etsa mohlala.

12 Lilemong tsa morao tjena, re atolositse tšebeletso ea rōna ka ho kopana le batho ba seng malapeng a bona. Hona ho bile le katleho e khōlō linaheng tseo ho tsona maemo a moruo le ho phehella boikhathollo li tlosang batho malapeng a bona ka linako tseo ho tloaelehileng hore re ba etele ka tsona. Ha Paki e ’ngoe ea Engelane le motsoalle oa eona ba hlokomela baeti ba tlohang kamehla ka libese ka mor’a ho thabela ho ba lebōpong la leoatle, ba ile ba e-ba sebete ho palama libese tseo le ho ea fana ka likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho bapalami ba tsona. Ka khoeli e le ’ngoe feela ba ile ba aba tse 229. Baa tlaleha: “Ha re tšabe ho paka lebōpong la leoatle, libakeng tsa khoebo, kapa phephetso leha e le efe e ka re tobang kahobane rea tseba hore kamehla Jehova o na le rōna.” Ba ile ba theha tselana ea limakasine, ba qalisa thuto ea Bibele ’me bobeli ba bona ba ’nile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang.

13. Hona joale ho hlokahala tokiso efe tšebeletsong ea rōna libakeng tse ling?

13 Ha ho batla ba tšoanelehang ho ntse ho tsoela pele, ho ka ’na ha hlokahala hore re hlahlobe ka hloko libaka tse ling tseo tšebeletso ea rōna e hlokahalang ho tsona. Le hoja Lipaki tse ngata li ’nile tsa tloaela ho bolela ka ntlo le ntlo ka Lisontaha hoseng, libakeng tse ling li fumana hore ho tsohella malapeng a batho ha ho na katleho e khōlō kahobane ho ka etsahala hore ebe beng ba matlo ba sa robetse. Ka ho lokisa kemiso ea tsona, Lipaki tse ngata hona joale li leka ho batla batho nakong ea mantsiboea, mohlomong ka mor’a liboka tsa Bokreste. Ha ho pelaelo hore ho batla ka tsela ena ho bile le katleho. Selemong se fetileng palo ea baboleli ba ’Muso e ile ea eketseha ka karolo ea 2,3 lekholong lefatšeng ka bophara. Sena se tlotlisa Mong’a kotulo ’me se thabisa lipelo tsa rōna.

Lula U E-na le Khotso Mosebetsing oa Kotulo

14. Re bolela molaetsa oa rōna re e-na le boikutlo bofe, hona e le ka lebaka lefe?

14 Lebaka le leng le re thabisang le amana le boikutlo ba ho bōpa khotso boo re bo bontšang mosebetsing ona oa kotulo. Jesu o ile a re: “Ha le kena ka tlung, le lumelise ba ntlo eo; ’me haeba ntlo eo e tšoaneleha, khotso ea lōna eo le e lakaletsang eona e ke e be ho eona.” (Matheu 10:12, 13) Tumeliso ea Seheberu le lentsoe le lumellanang le eona Segerikeng sa Bibele li fetisa khopolo e reng, ‘E se eka u ka atleha.’ Boikutlo bona bo re tataisa tseleng eo re atamelang batho ka eona ha re bolela litaba tse molemo. Re na le tšepo ea hore ba tla amohela molaetsa oa ’Muso. Ba o amohelang, ba lebeletse ho boelana le Molimo ha ba ntse ba bakela libe tsa bona, ba sokoloha le ho etsa thato ea hae. Ka morao ho moo, khotso le Molimo e isa bophelong bo sa feleng.—Johanne 17:3; Liketso 3:19; 13:38, 48; 2 Bakorinthe 5:18-20.

15. Re ka lula re e-na le khotso joang ha batho bao re kopanang le bona ba sa arabele hantle mosebetsing oa rōna oa boboleli?

15 Re ka lula re e-na le khotso joang ha batho bao re kopanang le bona ba sa arabele hantle? Jesu o ile a laela: “Haeba [ntlo eo] e sa tšoanelehe, khotso e tsoang ho lōna e ke e khutlele ho lōna.” (Matheu 10:13) Tlaleho ea Luka mabapi le ho rongoa ha barutuoa ba 70 e akarelletsa polelo ea Jesu e reng: “Haeba motsoalle oa khotso a le teng, khotso ea lōna e tla lula ho eena. Empa haeba a le sieo, e tla khutlela ho lōna.” (Luka 10:6) Ha re atamela batho ho bua le bona ka litaba tse molemo, ho loketse hore re etse joalo ka mokhoa o bontšang thabo le khotso. Ha beng ba matlo ba iphapanya, ba belaela kapa ba re hlaba ka mantsoe, ho hlaha boemo bo etsang hore molaetsa oa rōna oa khotso o ‘khutlele ho rōna.’ Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e re hlokisang khotso eo e leng tholoana ea moea o halalelang oa Jehova.—Bagalata 5:22, 23.

Pakane e Ntle Bakeng sa Bakotuli

16, 17. (a) Pakane ea rōna ke efe ha re etsa maeto a ho boela? (b) Re ka thusa ba nang le lipotso tsa Bibele joang?

16 Joaloka bakotuli, re thabela ho kenya letsoho tabeng ea ho bokella batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Re thaba hakaakang ha motho eo re mo bolellang a amohela molaetsa, a batla ho ithuta ho eketsehileng ’me a bontša hore ke “motsoalle oa khotso”! Mohlomong o na le lipotso tse ngata tsa Bibele ’me re fumana hore re sitoa ho li araba kaofela ha re mo etetse ka lekhetlo le le leng. Kaha e ka ’na ea e-ba ho sa lokelang ho lula nako e telele ka lekhetlo la pele, ho ka etsoa joang? Re ka ’na ra ba le pakane e tšoanang le e buelletsoeng lilemong tse fetileng tse 60.

17 Bukaneng ea boraro ea taeo letotong la libukana tsa Model Study tse hatisitsoeng ho tloha ka 1937 ho fihlela ka 1941 ho ile ha hlaha polelo e neng e re: “Lipaki tsa Jehova kaofela li lokela ho itokisetsa ho etsa pontšo ea kamoo thuto ea Bibele e tšoaroang kateng.” E ile ea tsoela pele ka ho re: “Bahoeletsi bohle [ba ’Muso] ba lokela ho khothalla hore ka litsela tsohle ba thuse batho bao [Molimo] a khahloang ke bona ba bontšang thahasello molaetseng oa ’Muso. Le lokela ho boela ho batho bana, le ntse le arabela lipotso tse fapa-fapaneng . . . , ebe kapele kamoo le ka khonang . . . le qala pontšo ea kamoo thuto ea Bibele e tšoaroang kateng.” Ha ho pelaelo hore pakane ea rōna maetong a ho boela ke ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele le ho e khanna kamehla.a Botsoalle le kameho e lerato bakeng sa motho ea thahasellang li re susumelletsa ho lokisetsa hantle le ho khanna thuto ka katleho.

18. Re ka thusa ba bacha joang hore e be barutuoa ba Jesu Kreste?

18 Ka thuso ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le libukana tse kang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, re ka khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse atlehang ’me kahoo re kenye letsoho ho thuseng batho ba sa tsoa thahasella hore e be barutuoa. Ha re ntse re batla ho etsisa Mosuoe e Moholo, Jesu Kreste, mohlomong liithuti tse joalo tsa Bibele le tsona li tla ithuta ho hong khotsong le thabong ea rōna, botšepehing ba rōna le ho hlompheng ha rōna melao-motheo ea Jehova le litekanyetso tsa hae. Ha re thusa ba bacha ka likarabo tsa lipotso tsa bona, e se eka re ka boela ra etsa sohle seo re ka se khonang ho ba ruta mokhoa oa ho araba ba ba botsang lipotso. (2 Timothea 2:1, 2; 1 Petrose 2:21) Joaloka bakotuli ba tšoantšetso, ha ho pelaelo hore re thabela hore ebe ka karolelano ho ile ha khannoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 4 766 631 lefatšeng ka bophara selemong sena se fetileng sa tšebeletso. Re thaba ka ho khethehileng haeba re balelloa har’a bakotuli ba kentseng letsoho mosebetsing oa lithuto tsa mahae tsa Bibele.

Le Tsoele Pele ka Thabo Kotulong

19. Ke hobane’ng ha nakong ea tšebeletso ea Jesu le nakoana ka mor’a eona ho ile ha e-ba le mabaka a utloahalang a thabo?

19 Nakong ea tšebeletso ea Jesu le nakoana ka mor’a eona, ho ne ho e-na le mabaka a utloahalang a ho thaba kotulong. Ka nako eo, ba bangata ba ne ba amohela litaba tse molemo. Thabo e ne e le khōlō ka ho khethehileng ka Pentekonta ea 33 C.E., hobane ka nako eo ba ka bang 3 000 ba ile ba amohela tataiso ea Petrose, ba amohela moea o halalelang oa Jehova, ’me ea e-ba karolo ea sechaba sa Molimo sa Iseraele ea moea. Ka sebele, palo ea bona e ile ea ’na ea eketseha le thabo ea bona e ile ea khaphatseha ha “Jehova a tsoela pele ho ba eketsa letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.”—Liketso 2:37-41, 46, 47; Bagalata 6:16; 1 Petrose 2:9.

20. Ke eng e re thabisang haholo mosebetsing oa rōna oa kotulo?

20 Ka nako eo, ho ne ho bonahala hore boprofeta ba Esaia ke ’nete: “[Jehova] u entse hore sechaba se be le baahi ba bangata; u entse hore se thabe haholo. Ba thabile ka pel’a hao joalokaha ho thajoa nakong ea kotulo, joaloka ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoeng.” (Esaia 9:3) Le hoja hona joale re bona ‘sechaba seo se nang le baahi ba bangata’ sa batlotsuoa se batla se feletse ka palo, re thaba haholo ha re bona palo ea bakotuli ba bang e ntse e eketseha selemo le selemo.—Pesaleme ea 4:7; Zakaria 8:23; Johanne 10:16.

21. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

21 Ka sebele re na le mabaka a utloahalang a ho tsoela pele ka thabo mosebetsing ona oa kotulo. Molaetsa oa rōna oa tšepo, ho batla ha rōna ba tšoanelehang le boikutlo ba rōna ba ho bōpa khotso—lintlha tsena tsohle lia re thabisa joaloka bakotuli. Leha ho le joalo, li susumelletsa ba bangata hore ba hanyetse. Ho bile joalo ka moapostola Johanne. O ile a kenngoa litlamong sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Ebe re ka lula re thabile joang ha re thulana le mahloriso le khanyetso? Ke eng e tla re thusa ho mamella botho bo thata ba ba bangata bao re ba bolellang hona joale? Sehlooho sa rōna se latelang se fana ka thuso ea Mangolo ho arabela lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ile ha qaloa ka hore ho hlophisoe lithuto libakeng tseo ho tsona ho neng ho ka bokelloa lihlopha tsa batho ba thahasellang. Leha ho le joalo, kapele feela lithuto li ile tsa boela tsa tšoaroa le batho ka bomong le malapa.—Bona Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 574, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

U ka Araba Joang?

•Mosebetsi oa tšoantšetso oa kotulo ke eng?

•Re bolela molaetsa oa mofuta ofe?

•Ke hobane’ng ha re atleha ho batla barutuoa?

•Re lula re e-na le khotso joang mosebetsing oa kotulo?

•Ke hobane’ng ha re tsoela pele ka thabo kotulong?

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

Boboleli lekholong la 1 le la bo20 la lilemo

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Joaloka Pauluse, bakotuli ba kajeno ba leka ho fihla ho batho libakeng tsohle

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Phatlalatsa litaba tse molemo ka thabo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela