Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 12/15 maq. 16-20
  • Bakotuli ba Eketsehileng Ba Hlokahala ka Potlako!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakotuli ba Eketsehileng Ba Hlokahala ka Potlako!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chai e Khōlō
  • Ho Potlakile Haholo Kajeno
  • Ba Likete ba Arabela Hona Joale
  • Tumelo e Suthisa ‘Lithaba’
  • Le be Bakotuli ba Thabileng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Mamellang Mosebetsing oa Kotulo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Masimo a Soeufetse Bakeng sa Kotulo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli​—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 12/15 maq. 16-20

Bakotuli ba Eketsehileng Ba Hlokahala ka Potlako!

“Kotulo e kholo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona mongʼa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—LUKA 10:2

1. U ka ikutloa joang ka mantsoe a Jesu a ho Luka 10:2, empa u eletsoa ho etsa ntho efe e molemo?

HA U bala mantsoe ana a Jesu, na a u ama? Kaha a boletsoe makholo a 19 a lilemo a fetileng, mohlomong u ka nahana hore a se a feletsoe ke bohlokoa ba oona. Ho fihlella qeto e potlakileng joalo e ka ba phoso ka sebele. A ke re talime se neng se etsahala ha Jesu a bua mantsoe ao, ʼme re hlahlobe boemo ba rōna kajeno, hore re utloisise bohlokoa ba mantsoe a hae.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 10:11.

2. Ke boemo bofe bo neng bo hloka mehato e potlakileng bo neng bo talimane le Jesu ka 32 C.E., ʼme o ile a bo sebetsa joang?

2 Ka 32 C.E., Mokete oa Metlotloane o ne o se o fetile, ʼme ho ne ho setse likhoeli tse tšeletseng feela pele Jesu a bolaoa thupeng ea tlhokofatso. Ho thusa ho potlakisa mosebetsi oa boboleli, Jesu a roma barutuoa ba 70 “ka bobeli, hore ba mo etelle pele metseng eohle, le nģalong tsohle moo a neng a tla ea teng.” Ba tloha moo ba hopotse mantsoe a Jesu: “Kotulo e kholo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona mong a kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Luka 10:1, 2.

Chai e Khōlō

3. Hlalosa liphello tse ling tsa boboleli bo ekelitsoeng likhoeling tsa ho qetela tsa boboleli ba Jesu.

3 Mosebetsi o ekelitsoeng oa boboleli o bile le liphello life? Rea bala: “Ba mashome a supileng ba khutla ba thabile, ba re: Morena, re hlōtse le bona bademona ka lebitso la hao.” E bile ponahatso e hlollang hakaakang ea matla a Molimo holim’a bademona! Tlaleho eo ea tšebeletso e ile ea thabisa Jesu haholo, hobane o itse: “Ke ne ke talima Satane a e-oa leholimong joale ka lehalima.” (Luka 10:17, 18) Jesu o ne a tseba hore Satane le bademona ba hae ba tla qetella ba lihuoe leholimong kamor’a ho tsoaloa ha ʼMuso oa Messia maholimong. Empa ha Jesu a sa le lefatšeng, ho hlōloa ha bademona ba sa bonahaleng ke batho ba nama le mali ho ile ha tiisa ketsahalo e thabisang e neng e le ka pele ho eena. Ka hona Jesu o ne a bua ka ho lihuoa ha nako e tlang ha Satane maholimong e le ntho e tia etsahala.—Tšenolo 12:5, 7-10.

4. Morero oa mosebetsi oa kotulo o entsoeng ke Jesu le barutuoa ba hae pele ho la 14 Nisane, 33 C.E. e ne e le ofe?

4 Kotulo eo Jesu a neng a bua ka eona e ne e se ea mabele kapa ea litholoana empa e ne e le ea batho, batho ba kang linku ba neng ba ikemiselitse ho amohela molaetsa oa ʼMuso. Litholoana tsa kotulo eo li ne li se li bonahala. Leha ho le joalo, mosebetsi oa kotulo o entsoeng ke Jesu le balateli ba hae likhoeling tseo tse setseng pele ho la 14 Nisane, 33 C.E., e ne e le motheo oa chai e khōlō e neng e tla latela lefu la Jesu le tsoho ea hae.—Bapisa Pesaleme ea 126:1, , 5, 6.

5. Ke liketsahalo life tse hlasimollang tse etsahetseng ka Pentakonta, 33 C.E., ʼme li ile tsa ama joang mosebetsi oa kotulo o neng o tla latela?

5 E ne e le letsatsi la Pentakonta, 33 C.E. Balateli ba Jesu ba ka bang 120 ba ne ba bokane hammoho Jerusalema. “Joale hang, ha utluoa molumo o tsoang leholimong, o kang oa moea o fokang ka sefefo; ntlo eohle eo ba lutseng ho eona ea tlala oona . . . ʼme bohle ba tlala Moea o Halalelang, ʼme ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea o ba buisang kateng.” Ea e-ba ke qalo ea kotulo e khōlō! “Ba ekeletsoa tsatsing leo ka batho ba likete tse batlileng ho ba tharo.” (Liketso 1:15; 2:1-4, 41) “Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi ʼohle, ba le pelo ʼngoe, . . . ba boka Molimo, ʼme ba khahlisa sechaba kaofela. ʼMe Morena a ʼna a eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.” (Liketso 2:46, 47) Hamorao re fumana hore: “Bongata joa ba lumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletsoa ka banna le ka basali.” ʼMe hamorao: “Lentsoe la Molimo le ne le ntse le tsoela pele; ʼme barutuoa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha lumela le baprista ba bangata.”—Liketso 5:14; 6:7.

6. Khanyetso ea mosebetsi oa boboleli ea hlahisa litholoana life?

6 Joale khanyetso molaetseng oa ʼMuso ea e-ba mabifi. Na e ile ea fokolisa mosebetsi oa kotulo? Che, hobane “ba neng ba qhalanntsoe ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.” Filippi a ea motseng oa Samaria; matšoele a mo mamela ka cheseho; batho ba nang le bademona, ba holofetseng le liritsa ba folisoa bohle. Ha ho makatse ha ‘thabo e khōlō e bile teng motseng oo.’—Liketso 8:1-8.

7. Taelo ea Jesu e ho Liketso 1:8 e ne e tla qetella e ntšelitsoe pele ka boholo bo bokae?

7 Jesu ea tsositsoeng o ne a boleletse barutuoa ba hae, hore: “’Me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Boholo ba tšimo bo ne bo hloka basebetsi ba bangata—ka potlako! Ho ne ho ka lebelloa chai e khōlō hakaakang ea barutuoa! ʼMe ho ne ho se ho kotuloa ka sebele—ka tataiso ea moea o halalelang oa Molimo. Kamor’a tšokoloho ea Saule ea neng a na le moea oa ho bolaea, rea bala: “Joale, likereke li ne li lutse ka khotso kahohle Judea, le Galilea, le Samaria; li ne li hahisoa, li tsamaea ka tšabo ea Morena; ʼme li ne li anafala ka tšeliso ea Moea o Halalelang.” (Liketso 9:31) Ha batho ba kang linku ba arabela ka bongata, barutuoa ba pele ba Jesu ba ne ba hopola kamehla mantsoe a hae: “Rapelang ke hona mong a kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Na Jehova, “Mong a kotulo,” o ile a arabela thapelo eo? Ka sebele! Haeba ho ne ho se joalo, ho ne ho ka tlalehoa joang hore: ‘Tšepo ea Evangeli . . . e boleletsoe babopuoa bohle ba tlas’a leholimo’?—Ba-Kolosse 1:23.

Ho Potlakile Haholo Kajeno

8. Ke hobane’ng ha lilemong tsa bo-1980 ho hlokeha basebetsi ba eketsehileng ba ʼMuso ho feta leha e le neng pele?

8 Kajeno, lilemong tsa bo-1980, ho hlokahala basebetsi ba bangata kotulong ho feta leha e le neng pele. Lebaka? Kahobane tšimo ea lefatše e khōlō haholo. Hape kotulo e khōlō haholo. Sena se lumellana le mantsoe a boprofeta a Jesu. O boletse hore balateli ba hae ba ne ba tla etsa mesebetsi e meholo ho e entsoeng ke eena ha a ne a le lefatšeng, mabapi le ho bolela litaba tse molemo.—Johanne 14:12.

9. (a) Ho potlaka ha mosebetsi oa boboleli kajeno ho ile ba hatisoa ponong ea Johanne joang, kamoo ho hlalosoang ho Tšenolo 7:1-3? (b) Ke qeto efe e fanoang ke lentsoe “lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana” ho Tšenolo 14:4?

9 Ho potlaka ha mosebetsi oa boboleli kajeno ho totobatsoa ke boemo bo kotsi bo hlalositsoeng ponong e neuoeng Johanne, kamoo e tlalehiloeng kateng ho Tšenolo khaolo Re 7:1-3. Moo, “mangeloi a mane a eme likhutlong tse ʼnè tsa lefatše” a bonoa “a thibetse meea e mene ea lefatše.” Mangeloi a tla thibela “meea e mene” ka nako e telele hakae? Ho fihlela ‘ho tšoauoe bahlanka ba Molimo oa rōna liphatleng tsa bona.’ Mosebetsi oo o ne o tla nka nako e kae? Karabo re e bontšoa ke ʼnete ea hore moketeng oa Sehopotso ka la 15 ʼMesa, 1984, e bile ba 9 081 feela ba neng ba ipolela e le litho tsa ba 144 000. Ba tlotsitsoeng kajeno ke litho tsa ho qetela tsa ba hlalositsoeng ho Tšenolo 14:4 e leng “ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.” Ka hona ho bonahala e ka boholo ba “lithakangoaha” bo se bo bokeletsoe. Empa na polelo “lithakangoaha” ha e bontše hore ho tla ba le litholoana tse ling tsa morao? E! Sena se ile sa tšoantšetsoa hantle ke ho kotuloa ha litholoana tse ling tse ngata qetellong ea selemo sa temo sa Bajode nakong ea Mokete oa Metlotloane.—Deuteronoma 16:13-15.

10. Ke likotulo life tse peli tse ʼnileng tsa etsoa mehleng ena, ʼme sena se totobatsa joang tlhokahalo e potlakileng ea bakotuli ba eketsehileng?

10 Ka hona ho totobetse hore ho ne ho tla buleha kotulo e ʼngoe ha ea masala a tlotsitsoeng e fihla qetellong ea eona. Na sena hase bontšoe ke karolo e latelang ea pono ea Johanne? “Ka mor’a tseo, ka talima, ʼme ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Johanne a bolelloa: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo.” (Tšenolo 7:9, 14) Sebaka se lekane motinyane feela ho qetella mosebetsi ona oa pokello ea “bongata bo boholo.” Hang feela ha “meea e mene ea lefatše” e lokolloa, e tla tšoaea ho qaleha ha “mahlomola a maholo,” ’me nako e tla be e se e ile! Na u bona kamoo ho potlakileng kateng hore ho be le basebetsi ba eketsehileng kotulong e le hore ho bokelloe bongata bo ntseng bo fumanoa?

Ba Likete ba Arabela Hona Joale

11. (a) “Linku tse ling” tsa Jesu li kopanela kotulong ka tekano e kae? (b) Lenane la ba bileng Sehopotsong ka 1984 le bontsa eng?

11 Jesu o profetile ho atolosoa ha mosebetsi oa hae oa kotulo ea ba kang linku ha a ne a re: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ʼme li tla utloa lentsoe la ka, ʼme mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Johanne 10:14, 16) Ho se ho e-na le ba kaholimo ho 2 800 000 ba “linku tse ling” ba iponahatsang ka mafolo-folo e le litho tsa ‘mohlape o le mong.’ Lenaneng leo, ba 179 421 ba ile ba kolobetsoa selemong sa tšebeletso sa 1984! Leha ho le joalo, lenane la ba bileng moketeng oa Sehopotso e bile 7 416 974. Sena se re bolella eng? Hore ho na le ba bangata ba utloileng lentsoe la Molisa, empa ka mabaka a itseng ha ba e-s’o arabele memong e mofuthu ea Jesu: “Ntatele.”—Luka 5:27.

12. Re tlameha ho botsa lipotso life tsa bohlokoa hona joale?

12 U eme lehlakoreng lefe mosebetsing oa bohlokoa oa kotulo ‘bofelong ba tsamaiso ena ea lintho’? (Mattheu 13:39) Na u har’a bongata bo thabileng bo kopanelang thabo ea kotulo? Kapa na u moshebelli eo kelello ea hae e mo hanelang ho amohela phatlalatsa memo ea Molisa ea Molemo: “Ntatele”? Ke ʼnete hore ha ho ea mong ho rōna kajeno ea lakatsang ho iketsetsa seipato joaloka banna bao ba bararo ba tlalehiloeng ho Luka khaolo 9, bao ho buuoeng ka bona sehloohong sa rōna se ka pele. Ak’u nahane ka lintho tse lahlehetseng banna bao ba bararo—thabo ea tšebeletso ea ʼMuso, ho akarelletsa ho lokolla batho ba bang tlamong ea bademona!—Luka 9:57-62; 10:17.

13. Tumelo e nka karolo ea bohlokoa joang tabeng ea ho ithaopela ha hao ho ba mokotuli?

13 Moapostola Pauluse o itse: “Empa tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang.” (Ba-Heberu 11:6) E, ho hlokahala tumelo ho motho e mong le e mong ho behela lithahasello tsa hae tsa botho kathoko le ho ithaopela ho nehela bophelo ba hae ho Molimo e le mokotuli. Ka mohlala, mohlomong u khathatsoa ke bophelo; mohlomong litho tse ling tsa lelapa la hao li hanyetsa ka tsela e mabifi Lipaki tsa Jehova; mohlomong u ikutloa hore u se u tsofetse haholo ho ka etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hao; ka lehlakoreng le leng, mohlomong u ikutloa u hlōleha ho thulana le khatello ea lithaka sekolong. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, u se lebale hore Jehova o utloisisa mathata a hao hamolemo ho feta motho leha e le ofe. Hape, o itokiselitse ho atamela haufi le uena le ho u matlafatsa boikemisetsong ba hao ba ho mo sebeletsa haeba feela u nka mehato e hlokahalang.—Pesaleme ea 103:13, 14; Jakobo 4:8.

Tumelo e Suthisa ‘Lithaba’

14. Hlalosa hore Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe a hae ho Mattheu 17:20.

14 Jesu o itse: “Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng ʼme ho ka be ho se letho le le sitang.” Ka bo-1980 ba likete tse makholo ba ile ba amohela memo e kōpang bakotuli ba eketsehileng. Mathata a botho a neng a bonahala e le lithaba a ile a hlōloa ka thuso ea Jehova. (Mattheu 17:20; 19:26) Nahanisisa liphihlelo tse latelang:

15, 16. Hlalosa kamoo mohlankana United States le monna oa Mokatholike Brazil ba ileng ba hlōla mathata a maholo a neng a eme tseleng ea bona ea kolobetso.

15 Mohlankana California, U.S.A., o ne a jeoa ke lefu la polio, le mo holofalitse hampe ʼme bahabo ba ne ba mo lahlile. Ka letsatsi le leng Lipaki tsa Jehova ha li ntse li e-ea ka ntlo le ntlo tsa mo fumana. Thuto ea Bibele ea qalisoa le eena. Empa o ne a le lihlong hoo a neng a sa talimane lifahleho le Paki e fihlileng ho tla tsamaisa thuto, empa o ne a shebisa setulo sa hae sa lihole leboteng. Ho nkile likhoeli hore mohlankana eo a hlōle mathata a hae. Leha ho le joalo, a a hlōla ʼme hona joale ke Paki e thabileng, le e kolobelitsoeng.

16 Banyalani ba Makatholike Brazil ba ne ba sa khotsofatsoe ke bolumeli ba bona ʼme ba qetella ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Joale ba ne ba ikutloa hore litlhoko tsa bona tsa moea lia tlatsoa, empa ho ne ho na le bothata bo boholo, bo kang thaba: Monna, Antonio, e ne e le lekhoba la koae. E ne e se e le lilemo tse 48 a tsuba, o qalile a le lemo li supileng! Ka lilemo o ile a leka ho itokolla mokhoeng ona empa a hlōleha. Leha ho le joalo, nakong ena, lintho li ne li fapane, kamoo Antonio a re phetelang kateng: “Joale ke ithutile hore haeba ke batla ho khahlisa Molimo le ho inehela ho etsa thato ea oona, ke lokela ho lahla mokhoa ona. Kamor’a lithapelo tse telele, ka qetella ke o lahlile.” O ile a thaba hakaakang ha a bonahatsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing!—Pesaleme ea 66:19; Mareka 11:24.

17. (a) Ke tšusumetso efe e mpe eo Jesu le barutuoa ba hae ba thulaneng le eona e ntseng e le matla ka ho fetisisa kajeno? (b) Jesu le barutuoa ba hae lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlōla bademona ba neng ba kene ho batho joang, ʼme kajeno a hlōloa joang?

17 Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba kopana kamehla le bothata ba Bajode ba kenoeng ke bademona. Le kajeno lena litšusumetso tse mpe tsa bademona lia sebetsa, haholo-holo kaha Satane le makhotla a hae a bademona ba lihiloe leholimong ho theohela mona lefatšeng. (Tšenolo 12:7-9, 12, 17) Kajeno Jehova ha a nea batho ba hae matla a mohlolo a ho leleka bademona joalokaha a ne a entse tšimolohong ea Bokreste. Leha ho le joalo, lihlomo tsa moea tseo a li neileng Bakreste li sebeletsa e le tšireletso tšusumetsong ea bademona, ʼme li ka sebelisoa ho thusa ho lokolla ba bang taolong ea bona. (Ba-Efese 6:10-18) Ghana e tlalehile sena: “Ka baka la mosebetsi o khothetseng oa baena, ba bangata ba lokolotsoe tlamong ea bademona.” Paki e ’ngoe ea teana le mofumahali tšebeletsong, ʼme hang kamor’a hore a buisane le eena ka Bibele, “mofumahali a qala ho ntša meokho.” Bothata e ne e le eng? Paki e tlalehile: ‘O ne a tšoeroe ke modemona, o ne a etsa hore a ntše meokho, ʼme chelete leha e le efe eo a e tšoereng e ne e nyamela.’ Thuto ea kamehla ea Bibele ea mo thusa ho itokolla tlhaselong ea modemona eo, ’me a nolofalloa ho inehela ho Jehova.—Johanne 8:32.

18. Ke phihlelo efe e bontšang hore mangeloi a sebetsa ka mafolo-folo ho tataisa mosebetsi oa boboleli?

18 Mathata a kang a hlalositsoeng mona kaholimo a ka ba maholo hoo motho a ka nahanang ho ipolaea. Bona taba ea mofumahatsana oa New Zealand. Paki e ileng ea teana le eena ka lekhetlo la pele ea hlokomela hore o ne a “khathatsehile maikutlong.” Hamorao a lumela hore “o ne a il’o ipolaea empa a fihlela qeto ea hore a rapele Molimo pele, a kōpe thuso ea oona.” Hona motsotsong oo Paki ea kokota monyakong, eaba o “leboha Molimo haholo ka ho araba thapelo ea hae.” Na ebile ho oelana ha lintho? Haeba ho joalo, ke ka baka la’ng ha lintho tse tšoanang joalo li etsahala kapele hakana? Jesu o itse’ng? “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, . . . o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.” (Mattheu 25:31, 32; bona hape Tšenolo 14:6.) Mangeloi a thusa Jesu mosebetsing oa kotulo, ’me a tataisetsa “ba sebetsang” le Monghali ho ba llang, ba kōpang thuso ea Hae.—1 Ba-Korinthe 3:6, 9; bona Liketso 8:26-39; 16:9, 10.

19. Kajeno lefatšeng lohle ho bonahala boemo bofe, ʼme bo re biletsa ketsong efe?

19 Kajeno, ho sa natsoe hore na re phela hokae, ho na le batho ba likete ba imeloang le ba nyahamisoang ke mathata ao batho ba bangata ba Jehova ba seng ba a hlōtse. Ba bang ba bona ba lula haufi le ntlo ea hao! Ba hloka thuso e potlakileng ea hao. Jesu o boletse: “Kotulo e khōlō.” Re kōpa Mong a kotulo ho romela basebetsi ba eketsehileng kotulong ea hae lemong sa 1986. E se e ka pelo ea hao e ka u susumetsa ho arabela memong: Bakotuli ba Eketsehileng—Ba Hlokahala ka Potlako!

Lipotso tsa Khopotso

◻ Mong a kotulo ke mang?

◻ Ke likotulo life tse peli tse tsoetseng pele?

◻ Ke mesebetsi efe e meholo eo Jesu a boletseng hore balateli ba hae ba ne ba tla e etsa?

◻ Ke hobane’ng ha tumelo e hlokahala ho bakotuli bohle?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela