Pina ea 115
“Le Ratane Haholo”
(1 Petrose 4:8, NW)
1. Ke lerato le thusang
Le r’etsang ba mamellang,
Le bao Jah b’amohelang,
Ba mo khahlisang (kamehla).
Ke ka rato ho ronngoeng
Jesu hore a r’iseng
Botsoalleng bo feletseng
Le ’Mōpi’a khanyang.
Rato a re le bontšeng,
Re hateng moo hatileng
Mora oa Ea Phahameng
Kreste’a tšepehang (haholo).
Moo lehloeo le renang,
Re be ba ratang ba bang.
Ke ntho e babatsehang
Eo Jah’a e ratang (oa’e rata), Eo Jah’a e ratang.
2. Rato le tšepahalang
Ha le na se khopisang.
Le re etsa ba hlomphang
Bahabo rōna (baena).
’Me le na le mamello,
Ha le na boikhantšo,
Le felisa khohlano
Ho batho ba Jah.
Mehleng ena e felang
Re be ba utloisisang,
Ka rato le kopanyang
Meloko eohle (ho bohle)!
Etsisang ea Phahameng,
Eena ea re ratileng,
’Me re hle re rataneng
Ka mehla eohle (kamehla), Ka mehla eohle.