Pina ea 133
Ho Jala Peō ea ’Muso
1. Oh, tlong lōna bohle makhoba a Jah,
A mo utloang linthong tsohle.
Etsang mosebetsi oo le o neiloeng
Ka moo Kreste’a seng a’o entse.
Jalang hlaku tsa ’nete ea Jehova
Mobung o beang tholoana.
Lulang tšebetsong e rokang Jehova
Le tle le bee litholoana.
2. Lihlaku tse ling li ka oela tseleng,
’Me linonyana tsa li ja.
Hangata tse ling li ka oela majoeng,
Tsa ba tsa chesoa ke sera.
Lipelaelo li pupetsa Lentsoe
Joaloka meutloa hantle.
Leha ho le joalo lihlaku tse ling
Li ka oela mobung o motle.
3. Ha hlaku li oela mobung o motle,
Mojali k’een’a lokelang
Ho tšosa “linonyana” tsa Satane,
Ho se be l’e le ’ngoe e shoang.
Haeba a le seli a ka tlosa
Meutloa kaofela e teng.
’Me joale li tla bea tse mashome
A mararo, kap’a tšeletseng.