Pina ea 98
Ho Jala Peō ea ’Muso
E Hatisitsoeng
1. Tloong lōna makhob’a Jehova,
A inehetseng ho eena.
Re sebeletse Mong’a rōna,
’Me re ithuteng ho eena.
Jalang peō le sa tšabe letho
Pelong tse khonang ho beha
Tholoana tse ntle, le rorise ’Mōpi,
’Me le pake ka matla tšimong.
2. E ’ngoe e tla hasana majoeng,
Pelong tse thata haholo.
Leha ba utloa ka nakoana,
Se ka pelong se tla hlaka.
Meutloa e ka pupetsa lentsoe;
Ba khetha ntho tsa lefatše.
Empa e ’ngoe e ka beha tse ngata,
Mobung o motle, o hloekileng.
3. Katleho ea hao tšebeletsong,
E itšetleha ka uena.
Ha u rata baahelani,
Ba ka u bulela pelo.
Eba hlokolosi u ba thuse,
Ka bonolo le sebete.
U ka tšepa ho kotula ka thabo,
Tse mashome kapa lekholo.
(Sheba le Mat. 13:19-23; 22:37.)