Ke “Molimo ea Hōlisang”!
“Ea lemang hase letho kapa ea nosetsang, haese Molimo ea hōlisang.”—1 BAKOR. 3:7.
1. Re “basebetsi-’moho le Molimo” ka tsela efe?
“BASEBETSI-’MOHO le Molimo.” Ka mantsoe ao, moapostola Pauluse o ne a hlalosa mosebetsi o khethehileng oo re ka o etsang kaofela ha rōna. (Bala 1 Bakorinthe 3:5-9.) Mosebetsi oo Pauluse a neng a bua ka oona ke oa ho etsa barutuoa. O ile a o tšoantša le ho jaloa le ho nosetsoa ha peō. Re hloka thuso ea Jehova e le hore re tle re atlehe mosebetsing ona oa bohlokoa. Pauluse o re hopotsa hore ke “Molimo ea hōlisang.”
2. Ke hobane’ng ha ’nete ea hore ke “Molimo ea hōlisang” e re thusa hore re nke tšebeletso ea rōna ka tsela e loketseng?
2 ’Nete ena e etsang hore re ikokobetse e re thusa hore re be le maikutlo a loketseng ka mosebetsi oa rōna oa boboleli. Re ka ’na ra khothala mosebetsing oa rōna oa ho bolela le ho ruta, empa qetellong Jehova ke eena ea lokelang ho rorisoa ha motho e e-ba morutuoa. Hobane’ng? Hobane leha re ka leka joang kapa joang, ha ho motho ea ka utloisisang ka botlalo hore na ho tla joang hore motho e be morutuoa, ebile ha ho motho ea ka ho laolang. Morena Solomone o ile a hlalosa boemo boo ka nepo ha a ne a ngola a re: “Ha u tsebe mosebetsi oa Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tsohle.”—Moek. 11:5.
3. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa mosebetsi oa ho jala peō ea sebele le oa ho etsa barutuoa?
3 Na ’nete ea hore ha re utloisise hore na ho tla joang hore motho e be morutuoa e lokela ho etsa hore mosebetsi oa rōna e be o nyahamisang? Che. Ho e-na le hoo, e etsa hore e be o thabisang le o thahasellisang. Morena Solomone o ile a re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” (Moek. 11:6) Ke ’nete hore tabeng ea ho jala peō ea sebele, ha re tsebe hore na e tla mela hokae kapa hore na e tla mela. Maemo a mangata hase ao re ka a laolang. Re ka ’na ra re ho joalo le ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Jesu o ile a hlokomelisa ka taba ena lipapisong tse peli tseo re li tlalehetsoeng khaolong ea bone ea Kosepele ea Mareka. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng lipapisong tsena tse peli.
Mobu oa Mefuta e sa Tšoaneng
4, 5. Ka bokhutšoanyane akaretsa papiso ea Jesu ea mojali ea hasang peō.
4 Joalokaha ho tlalehiloe ho Mareka 4:1-9, Jesu o hlalosa mojali ea jalang, kapa ea hasang peō e qetellang e oetse libakeng tse sa tšoaneng: “Mamelang. Bonang! Mojali o ile a tsoa ho ea jala. Ha a ntse a jala, peō e ’ngoe ea oela haufi le tsela, linonyana tsa tla ’me tsa e ja. Peō e ’ngoe ea oela sebakeng se majoe moo, ka ho hlakileng, e sa kang ea e-ba le mobu o mongata, ’me kapele-pele ea mela ka lebaka la ho se be le botebo mobung. Empa ha letsatsi le chaba, ea tlaboha, ’me ea omella ka lebaka la ho se be le metso. Peō e ’ngoe ea oela har’a meutloa, ’me meutloa ea nyoloha ea e bipetsa, ea se ke ea beha litholoana. Empa tse ling tsa oela mobung o motle, ha li nyoloha ’me li hōla, tsa qala ho beha litholoana, ’me li ne li beha tse mashome a mararo, le tse mashome a tšeletseng le tse lekholo.”
5 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ka kakaretso peō e ne e jaloa ka letsoho. Mojali o ne a tšela peō lemenong la seaparo sa hae kapa ka sejaneng ebe o e hasa tšimong ka letsoho. Kahoo, papisong ena, hase hore mojali ke eena ea jalang peō mobung oa mefuta e sa tšoaneng ka morero. Ho e-na le hoo, peō e jetsoeng e oela libakeng tse sa tšoaneng.
6. Jesu o ile a hlalosa papiso ea mojali joang?
6 Ha ho hlokahale hore re nohe tlhaloso ea papiso ena. Joalokaha ho tlalehiloe ho Mareka 4:14-20, Jesu o ile a tsoela pele ho e hlalosa: “Mojali o jala lentsoe. Joale, bana ke ba haufi le tsela moo lentsoe le jaloang; empa hang ha ba le utloile Satane oa tla ’me o tlosa lentsoe le ileng la jaloa ho bona. Ka ho tšoanang bana ke ba jetsoeng libakeng tse majoe: hang ha ba utloile lentsoe, ba le amohela ka thabo. Leha ho le joalo ha ba na metso ho bona, empa ba tsoela pele ka nakoana; joale hang ha matšoenyeho kapa mahloriso a tsoha ka lebaka la lentsoe, baa khoptjoa. Ho sa ntse ho e-na le ba bang ba jetsoeng har’a meutloa; bana ke ba utloileng lentsoe, empa matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo le litakatso tsa lintho tse ling kaofela lia hlasela ’me li bipetsa lentsoe, ’me e ba le sa beheng. Qetellong, ba ileng ba jaloa mobung o motle ke ba mamelang lentsoe ’me ba le amohela hamolemo ’me ba beha litholoana tse mashome a mararo le tse mashome a tšeletseng le tse lekholo.”
7. Peō le mobu oa mefuta e sa tšoaneng li tšoantšetsa eng?
7 Hlokomela hore Jesu ha a re ho sebelisoa peō ea mefuta e sa tšoaneng. Ho e-na le hoo, o bua ka mofuta o le mong oa peō e oelang mobung oa mefuta e sa tšoaneng, ’me mofuta ka mong o hlahisa litholoana tse sa tšoaneng. Mofuta oa pele oa mobu o thata, kapa o sekaka; oa bobeli ha oa teba; oa boraro o metse meutloa; ’me oa bone oona ke mobu o bonolo, kapa o motle o behang hantle. (Luka 8:8) Peō ke eng? Ke molaetsa oa ’Muso o fumanoang Lentsoeng la Molimo. (Mat. 13:19) Mobu oa mefuta e sa tšoaneng o tšoantšetsa eng? O tšoantšetsa batho bao maemo a lipelo tsa bona a sa tšoaneng.—Bala Luka 8:12, 15.
8. (a) Mojali o tšoantšetsa mang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba sa nke khato e tšoanang ha ba bolelloa molaetsa oa ’Muso?
8 Mojali o tšoantšetsa mang? O tšoantšetsa basebetsi-’moho le Molimo, batho ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso. Joaloka Pauluse le Apolose, baa jala ebile baa nosetsa. Empa le hoja ba sebetsa ka thata, litholoana ha li tšoane. Hobane’ng? Hobane maemo a lipelo tsa batho ba utloang molaetsa ha a tšoane. Papisong ena, mojali ha a na taolo holim’a sena se etsahalang. Taba ena e khothatsa haholo, empa ka ho khetheha e khothatsa bara le baralib’abo rōna ba tšepahalang ba sebelitseng ka lilemo tse ngata, ka linako tse ling ka mashome a lilemo, empa litholoana li le nyenyane haholo.a Ke hobane’ng ha e khothatsa?
9. Moapostola Pauluse le Jesu ba ile ba hatisa ’nete efe e khothatsang?
9 Ho tšepahala ha mojali ha ho lekanngoe ka litholoana tsa mosebetsi oa hae. Pauluse o ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka taba ena ha a ne a re: “Motho e mong le e mong o tla amohela moputso oa hae ho ea ka mosebetsi oa hae.” (1 Bakor. 3:8) Motho o putsoa ho latela mosebetsi oo a o entseng, eseng ho latela litholoana tsa mosebetsi oo. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a hatisa ntlha ena ha barutuoa ba hae ba ne ba khutla leetong la boboleli. Ba ne ba thabile haholo hobane ha ba sebelisa lebitso la Jesu, bademona ba ile ba behoa tlas’a bona. Le hoja seo se ne se thabisa hakaalo, Jesu o ile a re ho bona: “Le se ke la thabela hore ebe meea e behoa tlas’a lōna, empa le thabe kahobane mabitso a lōna a ngotsoe maholimong.” (Luka 10:17-20) Esita le haeba mosebetsi oa mojali o sa hlahise barutuoa ba bangata ba bacha, seo hase bolele hore o ne a sa ikitlaetse kapa a sa tšepahale joaloka ba bang. Litholoana li itšetleha haholo ka hore na boemo ba pelo ea motho ea utloang litaba tse molemo bo joang. Empa qetellong, ke Molimo ea hōlisang!
Boikarabelo ba ba Utloang Lentsoe
10. Ke eng e rerang hore na motho ea utloang lentsoe o tla tšoana le mobu o motle kapa che?
10 Ho thoe’ng ka batho ba utloang lentsoe? Na khato eo ba tla e nka e reriloe esale pele? Che. Hore na ba tla tšoana le mobu o motle kapa che ho ho bona. Ka sebele, boemo ba pelo ea motho bo ka fetoha ba e-ba botle kapa ba e-ba bobe. (Bar. 6:17) Papisong ea hae Jesu o ile a re “hang ha [ba bang] ba utloile” lentsoe, Satane oa tla ’me oa le tlosa. Empa ha ho hlokahale hore ho be joalo. Ho Jakobo 4:7, Bakreste ba khothalletsoa hore ba “hanyetse Diabolose,” ’me o tla ba balehela. Jesu o hlalosa hore qalong batho ba bang ba amohela lentsoe ka thabo empa ka mor’a moo baa khoptjoa kahobane “ha ba na metso ho bona.” Empa bahlanka ba Molimo ba eletsoa hore ba ‘mele ka metso le ho tiea motheong’ e le hore likelello tsa bona li ka utloisisa hore na “bophara le bolelele le bophahamo le botebo ke eng, le ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.”—Baef. 3:17-19; Bakol. 2:6, 7.
11. Motho a ka etsa joang hore a qobe ho lumella matšoenyeho le maruo hore a bipetse lentsoe?
11 Ho hlalosoa hore ba bang ba ileng ba utloa lentsoe ba lumella “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” hore a qale ho hlasela lentsoe le ho le bipetsa. (1 Tim. 6:9, 10) Ba ka qoba see joang? Moapostola Pauluse oa araba: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”—Baheb. 13:5.
12. Ke hobane’ng ha ba tšoantšetsoang ke mobu o motle ba sa behe litholoana tse lekanang?
12 Qetellong, Jesu o bolela hore ba jetsoeng mobung o motle “ba beha litholoana tse mashome a mararo le tse mashome a tšeletseng le tse lekholo.” Le hoja boemo ba lipelo tsa batho ba bang ba nkang khato ka lentsoe bo le botle ’me ba beha litholoana, seo ba se etsang ha ba bolela litaba tse molemo se fapana ho latela maemo a bona. Ka mohlala, mosebetsi oa ba bang oa boboleli o ka ’na oa fokotseha ka lebaka la ho hōla lilemong kapa ho kula ho fokolisang ’mele. (Bapisa le Mareka 12:43, 44.) Hape, mojali a ka ’na a ba le taolo e nyenyane kapa a se ke a ba le eona maemong ana, empa oa thaba ha a bona hore Jehova o hōlisitse.—Bala Pesaleme ea 126:5, 6.
Mojali ea Robalang
13, 14. (a) Akaretsa papiso ea Jesu ea monna ea hasang peō. (b) Mojali o tšoantšetsa bo-mang, ’me peō ke eng?
13 Ho Mareka 4:26-29, re fumana papiso e ’ngoe e mabapi le mojali: “Ka tsela ena ’muso oa Molimo o joalokaha motho a lahlela peō mobung, ’me a robala bosiu ’me a tsoha motšehare, ebe peō ea hlaha ’me ea hōla e ba telele, hore na joang ha a tsebe. Mobu [“ka booona,” NW] o beha litholoana butle-butle, lekhasi la joang pele, e ntan’o ba hloohoana ea lehlaka, qetellong lithollo tse tletseng hloohoaneng. Empa hang ha litholoana li ho lumella, o akhela sekele, hobane nako ea kotulo e tlile.”
14 Mojali eo ke mang? Ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba lumela hore mojali eo ke Jesu ka seqo. Empa ho ka boleloa joang hore Jesu oa robala le hore ha a tsebe hore na peō e mela joang? Ha ho pelaelo hore Jesu oa tseba hore na lintho li hōla joang! Ho e-na le hoo, mojali enoa, joaloka eo ho builoeng ka eena pele, o tšoantšetsa baboleli ba ’Muso ka bomong, e leng ba jalang peō ea ’Muso ka mosebetsi oa bona oa ho bolela o etsoang ka cheseho. Peō e lahleloang mobung ke lentsoe leo ba le bolelang.b
15, 16. Papisong ea hae ea mojali Jesu o ile a hlahisa ’nete efe ka khōlo ea peō le khōlo ea moea?
15 Jesu o bolela hore mojali oa “robala bosiu ’me [oa] tsoha motšehare.” Sena hase bolele hore mojali ha a tsotelle. Se mpa feela se bontša tsela e tloaelehileng eo batho ba bangata ba phelang ka eona. Mantsoe a sebelisitsoeng temaneng ena a bontša ntho e lulang e etsahala ea hore motšehare hoa sebetsoa ’me bosiu hoa robaloa, ’me sena se etsahala ka nako e telele. Jesu o ile a hlalosa se ileng sa etsahala nakong eo. O re: “Peō ea hlaha ’me ea hōla e ba telele.” Ka mor’a moo Jesu o phaella ka ho re: “Hore na joang ha a tsebe.” Taba e hatisoang mona ke hore khōlo e etsahala ‘ka boeona.’c
16 Jesu o ne a hlakisa eng moo? Hlokomela hore o ne a bua haholo ka khōlo le ka tsela eo e etsahalang butle-butle ka eona. “Mobu [“ka booona,” NW] o beha litholoana butle-butle, lekhasi la joang pele, e ntan’o ba hloohoana ea lehlaka, qetellong lithollo tse tletseng hloohoaneng.” (Mar. 4:28) Khōlo ena e etsahala butle-butle le ka mekhahlelo. E ke ke ea qobelloa kapa ea potlakisoa. Hoa tšoana le ka khōlo ea moea. Khōlo ena e etsahala ka mekhahlelo ha Jehova a ntse a lumella ’nete hore e hōle ka pelong ea motho ea sekametseng ho lokeng.—Lik. 13:48; Baheb. 6:1.
17. Ke bo-mang ba thabang ha peō ea ’nete e beha litholoana?
17 Mojali o kenya letsoho kotulong joang “hang ha litholoana li ho lumella”? Ha Jehova a etsa hore ’nete ea ’Muso e hōle ka lipelong tsa barutuoa ba bacha, ba qetella ba tsoetse pele hoo ho rata ha bona Molimo ho ba susumelletsang hore ba nehele bophelo ba bona ho eena. Ba bontša boinehelo ba bona ka ho kolobetsoa metsing. Barab’abo rōna ba tsoelang pele ho hōla tsebong, butle-butle ba khona ho nka boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Tholoana ea ’Muso e kotuloa ke mojali eo e leng eena ea qalileng ho jala, hammoho le baboleli ba bang ba ’Muso bao e ka ’nang eaba bona ka bobona ha baa ka ba ameha ha ho ne ho jaloa peō e hlahisitseng morutuoa eo. (Bala Johanne 4:36-38.) Ka sebele, “mojali le mokotuli ba . . . thaba hammoho.”
Seo re Ithutang Sona Kajeno
18, 19. (a) Tlhahlobo ee ea lipapiso tsa Jesu e u khothalitse joang uena ka bouena? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
18 Re ithutile eng tlhahlobong ea rōna ea lipapiso tsee tse peli tse tlalehiloeng ho Mareka khaolo ea 4? Re ka bona ka ho hlaka hore ho na le mosebetsi oa ho jala oo re lokelang ho o etsa. Le ka mohla ha rea lokela ho lumella mabaka a sieo le mathata a ka ’nang a re hlahela ho re thibela ho etsa mosebetsi ona. (Moek. 11:4) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, rea hlokomela hore re na le tlotla e hlollang ea ho nkoa re le basebetsi-’moho le Molimo. Jehova ke eena ea etsang hore batho ba hōle moeeng le ea hlohonolofatsang boiteko ba rōna le boiteko ba ba amohelang molaetsa. Rea hlokomela hore re ke ke ra qobella mang kapa mang hore a hōle moeeng. Le rōna ha rea lokela ho utloa re nyahame kapa re tepeletse haeba khōlo e lieha kapa e sa bonahale. Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore katleho ea rōna e lekanngoa ka botšepehi ba rōna ho Jehova le ka tokelo eo a re fileng eona ea ho bolela “litaba tsena tse molemo . . . hore e be bopaki ho lichaba tsohle.”—Mat. 24:14.
19 Jesu o ile a re ruta eng hape ka ho hōla ha barutuoa ba bacha le ka mosebetsi oa ’Muso? Karabo ea potso eo e fumanoa lipapisong tse ling tse tlalehiloeng Likosepeleng. Re tla sekaseka tse ling tsa lipapiso tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nahana ka mohlala oa boboleli ba Mor’abo rōna Georg Fjölnir Lindal, Iceland, joalokaha o tlalehiloe Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005, leqepheng la 210-211, hammoho le liphihlelo tsa bahlanka ba tšepahalang ba ileng ba mamella empa litholoana li ne li hlaha ka monyebe Ireland, tse hlahang Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1988 (ea Senyesemane), leqepheng la 82-99.
b Nakong e fetileng, makasine ena e ile ea hlalosa hore peō e tšoantšetsa botho bo lokelang ho hōla ho fihlela motho a butsoitse, bo ntse bo susumetsoa ke maemo a tikoloho eo motho a leng ho eona. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore papisong ea Jesu, peō ha e fetohe hore e be mpe kapa hore e be tholoana e bolileng. Seo e se etsang feela ke hore e hōle ho fihlela e butsoa.—Sheba Molula-Qhooa oa December 15, 1980, leqepheng la 16-18.
c Lekhetlo le leng hape leo poleloana ena e sebelisitsoeng ka lona ke ho Liketso 12:10, NW, feela, moo ho buuoang ka hore heke ea tšepe e “ipula ka boeona.”
Na U sa Hopola?
• Ho jala peō ea sebele le ho bolela molaetsa oa ’Muso ho tšoana hokae?
• Jehova o lekanya botšepehi ba ’moleli oa ’Muso joang?
• Jesu o ile a hatisa ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa khōlo ea peō le khōlo ea moea?
• “Mojali le mokotuli ba . . . thaba hammoho” joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tšoantša ’moleli oa ’Muso oa Molimo le mojali oa peō?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ba tšoantšetsoang ke mobu o motle ba kopanela ka pelo eohle mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ho latela maemo a bona
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Molimo ke eena ea ntseng a hōlisa