Melemo ea ho Rata Lentsoe la Molimo
‘Rata [bohlale], ’me bo tla u sireletsa. . . . Bo tla u tlotlisa hobane ua bo amohela.’—LIPROVERBIA 4:6, 8, NW.
1. Ho rata Lentsoe la Molimo e le kannete ho akarelletsa eng?
HO BALA Bibele ke habohlokoa ho Mokreste. Leha ho le joalo, ho e bala ka bohona feela ha ho bontše hore motho o rata Lentsoe la Molimo. Ho thoe’ng haeba motho a bala Bibele empa a etsa lintho tseo Bibele e li nyatsang? Ho totobetse hore ha a rate Lentsoe la Molimo ka tsela eo mongoli oa Pesaleme ea 119 a neng a le rata ka eona. Ho rata Lentsoe la Molimo ho ile ha etsa hore a phele tumellanong le seo le se hlokang.—Pesaleme ea 119:97, 101, 105.
2. Ke melemo efe e tsoang bohlaleng bo thehiloeng Lentsoeng la Molimo?
2 Ho phela tumellanong le Lentsoe la Molimo ho hloka hore motho a se ke a khaotsa ho etsa liphetoho mohopolong le tseleng eo a phelang ka eona. Tsela e joalo e bontša bohlale ba bomolimo, boo e leng ho sebelisa hamolemo tsebo le kutloisiso tse fumanoang ka ho ithuta Bibele. ‘Rata [bohlale], ’me bo tla u sireletsa. Bo nke e le ba bohlokoa bo phahameng, ’me bo tla u phahamisa. Bo tla u tlotlisa hobane ua bo amohela. Bo tla fa hlooho ea hao mofapa-hlooho o khahlehang; bo tla beha moqhaka oa botle holim’a hao.’ (Liproverbia 4:6, 8, 9, NW) Ke khothatso e ntle hakaakang ea ho hlaolela lerato la Lentsoe la Molimo le ho tataisoa ke lona! Ke mang ea sa batleng ho sireletsoa, ho phahamisoa le ho tlotlisoa?
Ho Sireletsoa Kotsing e sa Khaotseng
3. Ho feta leha e le neng, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba sireletsoe, hona ho mang?
3 Bohlale bo fumanoang ka ho ithuta le ho phela tumellanong le Lentsoe la Molimo bo sireletsa motho ka tsela efe? Taba ea pele, o sireletsoa ho Satane Diabolose. Jesu o rutile balateli ba hae ho rapella ho lopolloa ho ea khopo, e leng Satane. (Matheu 6:13) Kajeno, ho potlakile kannete hore re akarelletse kōpo ena lithapelong tsa rōna. Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekoa leholimong ka mor’a 1914, ka lebaka leo, Satane o “halefile haholo, [kaha o] tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:9, 10, 12) Ha nako e se e ile hakana, e tlameha ebe bohale ba hae boa tota ha a sa atlehe ntoeng ea hae khahlanong le “ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.”—Tšenolo 12:17.
4. Bakreste ba sireletsoa joang likhatellong tsa Satane le marabeng a hae?
4 Bohaleng ba hae, Satane o tsoela pele ho tsosetsa basebeletsi bana ba Bakreste moferefere le ho fehla mahloriso a befileng kapa ho bakela mosebetsi oa bona litšitiso tse ling. O boetse o batla ho hohela baboleli ba ’Muso hore ba lebise tlhokomelo linthong tse kang ho hlahella lefatšeng, ho rata boikhathollo, ho fumana lintho tse bonahalang le ho lelekisa monyaka, ho e-na le ho e lebisa mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba sireletsoa ke eng hore ba se ke ba inehela khatellong ea Satane kapa ba se ke ba tšoasoa ke maraba a hae? Ka sebele, lintho tsa bohlokoa ke thapelo, kamano e haufi le Jehova le tumelo ea hore litšepiso tsa hae li tla fela li phethahale. Empa tsena tsohle li amana le ho tseba likhopotso tsa Lentsoe la Molimo le ho ikemisetsa ho li ela hloko. Likhopotso tsena li tla ka ho bala Bibele le lithuso tsa ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng tsa Bokreste, ho ela hloko keletso ea Mangolo e tsoang ho molumeli-’moho le rōna, kapa feela ka ho nahanisisa ka ho teba ka melao-motheo ea Bibele eo moea oa Molimo o re hopotsang eona.—Esaia 30:21; Johanne 14:26; 1 Johanne 2:15-17.
5. Bohlale bo thehiloeng Lentsoeng la Molimo bo re sireletsa ka litsela life?
5 Ba ratang Lentsoe la Molimo ba sireletsoa ka litsela tse ling. Ka mohlala, ba qoba ho tepella maikutlong le maloetse a ’meleng a bakoang ke lintho tse kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, tšebeliso ea koae le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Bakorinthe 7:1) Ha ba tlatsetse ho senyeng likamano ka ho seba kapa ka lipuo tse seng mosa. (Baefese 4:31) Leha e le hore ba ba le lipelaelo ka hore ebe ba batlisisa lifilosofing tse thetsang tsa bohlale ba lefatše. (1 Bakorinthe 3:19) Ka ho rata Lentsoe la Molimo, ba sireletsoa linthong tse neng li ka senya kamano ea bona le Molimo le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ba lula ba phathahane ka ho thusa baahelani ba bona hore ba be le tumelo litšepisong tse babatsehang tse ka Bibeleng, baa tseba hore ka tsela eo ba tla ‘ipholosa hammoho le ba ba mamelang.’—1 Timothea 4:16.
6. Bohlale bo thehiloeng Lentsoeng la Molimo bo ka re sireletsa joang esita le tlas’a maemo a boima?
6 Ke ’nete hore e mong le e mong—esita le ba ratang Lentsoe la Molimo—a ka tleloa ke ‘nako le ketsahalo e sa lebelloang.’ (Moeklesia 9:11) Ho ke ke ha qojoa hore ba bang har’a rōna ba angoe ke likoluoa, ho kula ho tebileng, likotsi, kapa ho shoa pele ho nako. Ho ntse ho le joalo, re sireletsehile. Motho ea ratang Lentsoe la Molimo e le kannete a ke ke a hlaheloa ke tlokotsi e ka mo lematsang ka ho sa feleng. Kahoo, ha rea lokela ho ameha ho tlōlisa ka se ka ’nang sa etsahala nakong e tlang. Ka mor’a hore re nke mehato eohle ea ho itšireletsa, ho molemo ho siea litaba matsohong a Jehova ’me re se ke ra lumella hore ho se sireletsehe ha bophelo ba kajeno ho re amohe khotso. (Matheu 6:33, 34; Bafilippi 4:6, 7) Hopola bonnete ba tšepo ea tsoho le ea bophelo bo molemo ha Molimo a “etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:5; Johanne 11:25.
Bontša Hore U ‘Mobu o Motle’
7. Jesu o ile a bolella bongata bo boholo bo neng bo tlil’o mo mamela papiso efe?
7 Bohlokoa ba ho ba le pono e nepahetseng ka Lentsoe la Molimo bo ile ba totobatsoa ho e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu. Ha Jesu a ntse a bolela litaba tse molemo ho pholletsa le Palestina, bongata bo boholo bo ile ba phuthehela ho mo mamela. (Luka 8:1, 4) Leha ho le joalo, hase bohle ba neng ba hlile ba rata Lentsoe la Molimo. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba ile ba tla mo utloa hobane ba ne ba batla ho bona mehlolo kapa hobane ba ne ba thabela tsela ea hae e hlollang ea ho ruta. Kahoo, Jesu o ile a bolella bongata bona bo boholo papiso: “Mojali o ile a tsoa ho ea jala peō ea hae. Joale, ha a ntse a jala, e ’ngoe ea eona ea oela haufi le tsela eaba e hatakeloa fatše, ’me linonyana tsa leholimo tsa e ja kaofela. E ’ngoe ea oela holim’a lefika, ’me, ka mor’a hore e mele, ea omella ka lebaka la ho se be le mongobo. E ’ngoe ea oela har’a meutloa, ’me meutloa e ileng ea hōla le eona ea e bipetsa. E ’ngoe ea oela mobung o motle, ’me, ka mor’a hore e mele, ea hlahisa litholoana tse lekholo.”—Luka 8:5-8.
8. Papisong ea Jesu, peō ke eng?
8 Papiso ea Jesu e bontšitse hore batho ba ne ba tla arabela ka litsela tse sa tšoaneng boboleling ba litaba tse molemo, ho itšetlehile ka boemo ba pelo ea motho ea mametseng. Peō e jaloang ke “lentsoe la Molimo.” (Luka 8:11) Kapa, joalokaha tlaleho e ’ngoe ea papiso ena e bolela, peō ke “lentsoe la ’muso.” (Matheu 13:19) Jesu o ne a ka sebelisa polelo leha e le efe ho tsena, etsoe sehlooho sa Lentsoe la Molimo ke ’Muso oa leholimo tlas’a Jesu Kreste e le Morena, ’me ka oona Jehova o tla tlosa qoso bobusing ba hae le ho halaletsa lebitso la hae. (Matheu 6:9, 10) Ha e le hantle, peō ke molaetsa oa litaba tse molemo tse ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Lipaki tsa Jehova li totobatsa molaetsa ona oa ’Muso ha li ntse li jala peō li etsisa Mojali oa pele, Jesu Kreste. Li fumana karabelo efe?
9. Ke eng se tšoantšetsoang ke peō e oelang (a) ka thōko ho tsela? (b) holim’a lefika? (c) har’a meutloa?
9 Jesu o itse peō e ’ngoe e oela ka thōko ho tsela ’me ea hatakeloa. Sena se bolela batho ba tšoarehileng haholo hoo peō ea ’Muso e sitoang ho mela lipelong tsa bona. Pele ba hlaolela lerato la Lentsoe la Molimo, “Diabolose oa tla ’me o tlosa lentsoe leo lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba lumela ’me ba pholoha.” (Luka 8:12) Peō e ’ngoe e oela holim’a lefika. Sena se bolela batho ba khahloang ke molaetsa oa Bibele empa ba sa o lumelle hore o ame lipelo tsa bona. Ha khanyetso e e-tla kapa ha ba fumana ho le thata ho sebelisa keletso ea Bibele, “baa oa” hobane ha ba na metso. (Luka 8:13) Joale ho na le ba utloang lentsoe empa ba sithabetsoa ke “matšoenyeho le maruo le menyaka ea bophelo bona.” Qetellong, joaloka limela tse haretsoeng ke meutloa, “ba bipetsoa ka ho feletseng.”—Luka 8:14.
10, 11. (a) Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke mobu o motle? (b) Re lokela ho etsa eng ho ‘boloka’ Lentsoe la Molimo ka lipelong tsa rōna?
10 Ea ho qetela ke peō e oelang mobung o motle. Sena se bolela batho ba amohelang molaetsa ka “pelo e ntle le e molemo.” Ka tlhaho, e mong le e mong oa rōna a ka rata ho lumela hore o oela sehlopheng sena. Leha ho le joalo, qetellong, ke pono ea Molimo eo e leng ea bohlokoa. (Liproverbia 17:3; 1 Bakorinthe 4:4, 5) Lentsoe la hae le re ho ba ha rōna le “pelo e ntle le e molemo” ke seo re se bontšang ka liketso tsa rōna ho tloha hona joale ho fihlela lefung la rōna kapa ho fihlela Molimo a felisa tsamaiso ena ea lintho e khopo. Haeba tsela eo re arabelang ka eona ha re qala ho utloa molaetsa oa ’Muso e le ntle, ho lokile. Leha ho le joalo, ba nang le pelo e ntle le e molemo ba amohela Lentsoe la Molimo ’me ‘baa le boloka ’me ba beha litholoana ka mamello.’—Luka 8:15.
11 Tsela feela e tšepahalang ea ho boloka Lentsoe la Molimo ka lipelong tsa rōna ke ea ho le bala le ho ithuta lona boinotšing le ha re bokane le balumeli-’moho le rōna. Sena se akarelletsa ho ithuisa molemo o feletseng ka lijo tsa moea tse lokisetsoang ka mocha o khethetsoeng ho hlokomela lithahasello tsa moea tsa balateli ba Jesu ba ’nete. (Matheu 24:45-47) Ka mekhoa e joalo, ba bolokang Lentsoe la Molimo ka lipelong tsa bona ba khothalletsoa ho rata ho “beha litholoana ka mamello.”
12. Re lokela ho beha litholoana life ka mamello?
12 Mobu o motle o beha litholoana life? Mobung oa sebele, lipeō li hōla hore e be limela tse behang litholoana tse nang le peō ea mofuta oa tsona, e ka jaloang hore e behe litholoana tse eketsehileng. Ka ho tšoanang, ba nang le lipelo tse ntle le tse molemo, peō ea lentsoe ea hōla ka ho bona, e etsa hore ba tsoele pele moeeng ho fihlela le bona ba ka jala peō ka lipelong tsa ba bang. (Matheu 28:19, 20) ’Me mosebetsi oa bona oa ho jala o khetholloa ka mamello. Jesu o ile a bontša bohlokoa ba mamello ha ho jaloa ha a ne a re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha. ’Me litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:13, 14.
“Ho Beha Litholoana Mosebetsing o Mong le o Mong o Molemo”
13. Pauluse o ile a etsa thapelo efe e ileng ea amahanya litholoana le tsebo ea Lentsoe la Molimo?
13 Moapostola Pauluse le eena o ile a bua ka tlhokahalo ea ho beha litholoana, ’me o ile a amahanya ho beha litholoana le Lentsoe la Molimo. O ile a rapela hore balumeli-’moho le eena ‘ba tlale tsebo e nepahetseng ea thato ea [Molimo] ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo.’—Bakolose 1:9, 10; Bafilippi 1:9-11.
14-16. Tumellanong le thapelo ea Pauluse, ba ratang Lentsoe la Molimo ba beha litholoana life?
14 Kahoo, Pauluse o bontša hore pakane hase ho hahamalla ho ba le tsebo ea Bibele. Ho e-na le hoo, ho rata Lentsoe la Molimo ho re susumelletsa hore re “tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova” ka ho tsoela pele ho “beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo.” Mosebetsing ofe o molemo? Ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ke kabelo e ikhethang bakeng sa Bakreste matsatsing ana a ho qetela. (Mareka 13:10) Ho ekelletsa moo, ba ratang Lentsoe la Molimo ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho tšehetsa mosebetsi ona ka chelete. Ba thabela tokelo ena, kaha baa tseba hore “Molimo o rata mofani ea nyakaletseng.” (2 Bakorinthe 9:7) Menehelo ea bona e sebelisetsoa ho lefella litšenyehelo tsa mosebetsi o etsoang mehahong ea mahae a Bethele a fetang 100 ao ho ’ona ho laoloang mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ’me ho a mang ho hatisoa Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Menehelo ea bona e boetse e thusa ho lefella litšenyehelo tsa likopano tsa Bokreste tse khōlō le tsa ho roma balebeli ba tsamaeang, baromuoa le baevangeli ba bang ba nako e tletseng.
15 Mesebetsi e meng e molemo e akarelletsa ho haha le ho hlokomela litsi tsa borapeli ba ’nete. Ho rata Lentsoe la Molimo ho susumelletsa barapeli ba hae ho tiiseha hore Liholo tsa Likopano le Liholo tsa ’Muso ha li hlokomolohuoe. (Bapisa le Nehemia 10:39.) Kaha lebitso la Molimo le hlaha ka lehlakoreng le ka pele la mehaho e joalo, ke habohlokoa hore e lule e hloekile ka ntle le ka hare ebile e khahleha le hore boitšoaro ba ba rapelang ka har’a liholo tse joalo bo se ke ba nyatsuoa. (2 Bakorinthe 6:3) Bakreste ba bang ba khona ho etsa se eketsehileng. Ho rata Lentsoe la Molimo ho ba susumelletsa ho tsamaea libaka tse telele e le hore ba kopanele ho haheng libaka tse ncha tsa borapeli likarolong tsa lefatše tseo ho tsona bofutsana kapa ho hloka batho ba nang le tsebo ea mosebetsi li etsang hore ho hlokahale thuso.—2 Bakorinthe 8:14.
16 “Ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo” ho boetse ho akarelletsa ho hlokomela boikarabelo ba lelapa le ho ameha ka Bakreste ba habo rōna. Ho rata Lentsoe la Molimo ho re susumelletsa ho arabela litlhokong tsa “ba amanang le rōna tumelong” Le “ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba [matlo a rōna].” (Bagalata 6:10; 1 Timothea 5:4, 8) Tabeng ena, ho molemo ho sebeletsa ho etela bakuli le ho tšelisa ba llang. ’Me baholo ba liphutheho le Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele ba etsa mosebetsi o motle hakaakang ho thuseng batho ba nang le maloetse a ba bakelang mathata! (Liketso 15:29) Ho hong hape ke likoluoa tse ntseng li eketseha—tse ling tsa tsona ke tsa tlhaho ’me tse ling li bakoa ke booatla ba motho. Ka thuso ea moea oa Molimo, Lipaki tsa Jehova li iketselitse botumo bo botle likarolong tse ngata tsa lefatše ba ho potlakela ho thusa balumeli-’moho le tsona le ba bang ba hlasetsoeng ke likoluoa le likotsi. Tsena tsohle ke litholoana tse molemo tse bonahatsoang ke ba ratang Lentsoe la Molimo.
Melemo e Khanyang ea Nakong e Tlang
17, 18. (a) Ho finyelloa eng ka ho jaloa ha peō ea ’Muso? (b) Ba ratang Lentsoe la Molimo ba tla tloha ba bona liketsahalo life tse sisinyang lefatše?
17 Ho jaloa ha peō ea ’Muso ho tsoela pele ho tlisetsa moloko oa batho melemo. Lilemong tsa morao tjena batho ba fetang 300 000 selemo ka seng ba lumeletse molaetsa oa Bibele ho mela ka metso lipelong tsa bona hoo ba nehetseng bophelo ba bona ho Jehova le ho tšoantšetsa seo ka ho kolobetsoa metsing. Ba letetsoe ke bokamoso bo khanyang hakaakang!
18 Ba ratang Lentsoe la Molimo baa tseba hore haufinyane Jehova Molimo o tla ema hore a tlotlise lebitso la hae. “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e tla felisoa. (Tšenolo 18:2, 8) Joale, Morena Jesu Kreste o tla bolaea ba hanang ho phela tumellanong le Lentsoe la Molimo. (Pesaleme ea 2:9-11; Daniele 2:44) Ka mor’a moo, ’Muso oa Molimo o tla tlisa tokoloho ea ka ho sa feleng tlōlong ea molao, ntoeng le likoluoeng tse ling. Ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore batho ba tšelisoe ka lebaka la bohloko, ho kula le lefu.—Tšenolo 21:3, 4.
19, 20. Ke bokamoso bofe bo khanyang bo tlelang ba ratang Lentsoe la Molimo e le kannete?
19 Ba ratang Lentsoe la Molimo ba tla etsa mesebetsi e molemo e babatsehang hakaakang ka nako eo! Baphonyohi ba Armagedone ba tla qala ka mosebetsi o thabisang oa ho fetola lefatše lena paradeise. Ba tla ba le tokelo e hlollang ea ho lokisetsa litlhoko tsa batho ba shoeleng bao hona joale ba phomotseng mabitleng ’me ba le khopolong ea Molimo, ho lebeletsoe hore ba tla tsoha bafung. (Johanne 5:28, 29) Ka nako eo, baahi ba lefatše ba tla tataisoa ka ho phethahetseng ke ’Musi Morena, Jehova, ka Mora oa hae ea phahamisitsoeng, Jesu Kreste. ‘Ho tla buloa meqolo,’ e senolang litaelo tsa Jehova bakeng sa ho phela lefatšeng le lecha.—Tšenolo 20:12.
20 Ka nako ea Jehova e loketseng, sehlopha se feletseng sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang se tla tsosetsoa moputsong oa sona oa leholimo e le “majalefa hammoho le Kreste.” (Baroma 8:17) Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, ho tla etsoa hore batho bohle ba ratang Lentsoe la Molimo lefatšeng ba phethahale kelellong le ’meleng. Ka mor’a hore ba tšepahale ha ba le tekong ea ho qetela, ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng ’me ba tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21; Tšenolo 20:1-3, 7-10) Eo e tla ba nako e hlollang hakaakang! Ka sebele, ebang Jehova o re file tšepo ea leholimong kapa ea lefatšeng, lerato le tšoarellang la Lentsoe la hae le boikemisetso ba ho phela tumellanong le bohlale ba bomolimo li tla re sireletsa hona joale. ’Me nakong e tlang bo ‘tla re tlotlisa hobane rea bo amohela.’—Liproverbia 4:6, 8, NW.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ho rata Lentsoe la Molimo ho tla re sireletsa joang?
◻ Peō ea papiso ea Jesu ke eng, hona e jaloa joang?
◻ Re ka bontša joang hore re ‘mobu o motle’?
◻ Ba ratang Lentsoe la Molimo ba ka lebella melemo efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Peō ea papiso ea Jesu e tšoantšetsa molaetsa oa litaba tse molemo tse ka Lentsoeng la Molimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lipaki tsa Jehova li etsisa Mojali e Moholo
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ba pholohileng Armagedone ba tla thabela litholoana tsa lefatše