Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
1 Na re ka boela ra etsa eng? Na re tla ba bo-pula-maliboho ba thusang nakong ea Sehopotso? Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1997 e ile ea hapa tlhokomelo ea rōna sehloohong se mongolo o moholo se reng, “Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10 000.” Re ne re kholisehile hore le tla nka pitso eo ka botebo. Ha ho bokelloa tlaleho ea tšebeletso ea March 1997, re ile ra thabela ho utloa hore ba 8728 ba ne ba kenetse tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang! Haeba lenaneng leo re ka eketsa ka lenane la bo-pula-maliboho ba kamehla ba 4803 le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 174 ba ileng ba beha khoeling eo, re fumana hore karolo ea 20 lekholong ea bahoeletsi ba leng tlas’a lekala la Afrika Boroa e ne e le tšebeletsong ea bopula-maliboho. Na re ka boela ra ho etsa nakong ee ea Sehopotso?
2 Ka mofuthu re babatsa bohle ba ileng ba etsa boiteko bo khethehileng ba ho eketsa tšebeletso ea bona ea tšimo selemong se fetileng. Ka ho hlakileng, kaofela ha lōna le ile la susumetsoa ke lerato le hlokang boithati bakeng sa Jehova Molimo le baahelani ba lōna. (Luka 10:27; 2 Pet. 1:5-8) Bahoeletsi ba nang le maemo a sa tšoaneng a bophelo ba ile ba hlophisa maemo a bona hore ba kopanele bopula-malibohong bo thusang. Phuthehong e ’ngoe, bahoeletsi ba 51 ba ile ba bula maliboho hammoho khoeling eo, ho akarelletsa baholo ba bangata, ’mè ea nang le moralinyana oa likhoeli li 15, morali’abo rōna ea ileng a tlohela mosebetsi ’me a iphumanela oa nakoana o mo nolofalletsang ho bula maliboho le morali’abo rōna ea hōlileng eo ho neng ho se mohla a kileng a bula maliboho. Molebeli oa potoloho o ile a ngola: “Boiteko bo boholo haholo mosebetsing oa boboleli bo tsoela pele. . . . Sena ha sea ba le phello feela tšimong empa hape liphutheho li tletse cheseho. Barab’abo rōna ba thabela ho tsebana hamolemo esita le ho bona liphello tse ntle tšebeletsong.”
3 Bacha le bona ba ne ba kopanetse selemong se fetileng. Mohoeletsi e mong ea sa kolobetsoang ea lilemo li 13 oa United States o ne a ’nile a lebella nako eo ka eona a tla bontša boinehelo ba hae ho Jehova. Ka mor’a hore a kolobetsoe ka February, o ile a ngola mabapi le takatso ea hae ea ho ba pula-maliboho ea thusang ka March: “Kaha joale ho ne ho se ntho e nthibelang, hang-hang ke ile ka tlatsa kōpo ea ka. . . . Liphihlelo tse ngata tse babatsehang tseo re li thabetseng e ne e ke ke ea e-ba lintho tsa sebele hoja e se ka lebaka la memo e lerato ea ho bula maliboho. Ke leboha Jehova hore ebe ke bile le monyetla ona oa ho ba har’a ba 100-000 [United States] ba ileng ba arabela.” O ipehetse pakane ea ho boela a etsa seo.
4 Mohlomong u bile har’a ba 8728 ba ileng ba kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang ka March e fetileng, kapa ba 7264 ka April kapa ba 4564 ka May. Na u tla boela u ho etsa selemong see? Haeba u ile ua hlōleha ho bula maliboho selemong se fetileng, na u ka ho etsa selemong see? Na re ka feta 10 198, e leng lenane la bao e bileng bo-pula-maliboho ba thusang ka April 1990? Leo e bile lenane le leholo ka ho fetisisa la bo-pula-maliboho ba thusang le kileng la e-ba teng ka khoeli e le ’ngoe bakeng sa linaha tsohle tse leng tlas’a lekala la Afrika Boroa.
5 Tsepamisa Mohopolo Likhoeling Tsa April le May: Selemong sena, Letsatsi la Limakasine le khethehileng le tla ba ka Moqebelo, la 4 April, ’me Sehopotso se tla ba ka Moqebelo, la 11 April, ’me sena se etsa April khoeli e ikhethang bakeng sa mosebetsi o eketsehileng tšebeletsong. (2 Bakor. 5:14, 15) Matsatsing a pele a 11 a khoeli, re tla lebisa tlhokomelo ho memeleng ba thahasellang ba bangata kamoo ho ka khonehang ho tla Sehopotsong. Haeba u rera ho ba pula-maliboho ea thusang, hle tlatsa kōpo ea hao pele ho letsatsi leo u rerang ho qala ka lona.—1 Bakor. 14:40.
6 Kaha May e na le mafelo-beke a mahlano, bahoeletsi ba kenang sekolo kapa ba sebetsang kamehla ba ka nolofalloa ke ho ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo. Ka ho sebetsa lihora tse leshome tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng a mang le a mang ho ana a mahlano, u tla hloka feela lihora tse ling tse eketsehileng tse leshome khoeling eo ho finyella lihora tse hlokahalang tse 60.
7 Ka April le ka May, re tla tsamaisa peeletso ea Molula-Qhooa e le mpho ea khoeli. Moo peeletso e hanoang teng, nehelana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le likopi ka bomong tsa limakasine. Sena se lokela ho khothalletsa ba eketsehileng ho iketsa ba fumanehang hore e be bo-pula-maliboho. Ke hobane’ng ha re bolela joalo? Ho bonolo ho tsamaisa limakasine ’me hoa thabisa ho sebetsa ka tsona tšebeletsong. Li ka sebelisoa ka ho loketseng litšobotsing tsohle tsa tšebeletso—mosebetsing oa ntlo le ntlo le oa mabenkele, esita leha re atamela batho seterateng, moo ho pakoang makoloi, lirapeng tsa boikhathollo le maemong a mang a sa reroang. Habohlokoa ka ho fetisisa, Molula-Qhooa le Tsoha! li buella linnete tsa ’Muso. Li lebisa tlhokomelo phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, li paka hore ’Muso oa Molimo oa busa. Li boetse li ama bophelo ba babali ka ho sebetsana ka ho nang le kutloisiso le litlhoko tsa sebele tsa batho. Haeba re nahana kamoo bophelo ba rōna bo ileng ba angoa kateng ke likhatiso tsena tsa bohlokoa, re tla susumelletseha ho kopanela ho faneng ka tsona ka ho pharaletseng ka April le ka May.
8 Bakeng sa ho lokisetsa mosebetsi ona o matla oa limakasine, u tla rua molemo haholo ka ho hlahloba lihlooho tse latelang: “Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta Tsa ’Nete Tse Nakong” (Molula-Qhooa oa January 1, 1994), “Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo” (Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1995) le “Lokisetsa Nehelano Ea Hao Ea Makasine” (Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996).
9 Baholo Etellang Pele: E le hore ba ka ba le bahoeletsi ba bangata bao e neng e tla ba bo-pula-maliboho selemong se fetileng, baholo phuthehong e ’ngoe ba ile ba behella ka thōko Moqebelo o le mong ka khoeli e ’ngoe joaloka letsatsi le khethehileng la tšebeletso bakeng sa phutheho eohle. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho kopana ka linako tse ngata tse fapaneng ka letsatsi, ho neha bohle ka phuthehong monyetla oa ho kopanela litšobotsing tse fapaneng tsa ho paka. Sena se ne se akarelletsa ho sebetsa masimong a khoebo, ho paka seterateng, ka ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela, ho ngola mangolo le ho paka ka thelefono. Karabelo e bile e khethehileng, bahoeletsi ba 117 ba ile ba kopanela tšebeletsong ea tšimo letsatsing leo. Ba ile ba sebetsa kakaretso ea lihora tse 521 tšebeletsong ’me ba tsamaisa limakasine, libukana le libuka tse 617! Thabo ea Moqebelong oo e ile ea fetela le Sontaha, moo ho bileng le lenane le phahameng ka ho fetisisa Sebokeng sa Phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa.
10 Sebokeng ka seng sa Tšebeletso ka April le ka May, phutheho e lokela ho hopotsoa ka nako le sebaka sa liboka tsa tšebeletso ea tšimo tsa beke e latelang, haholo-holo haeba ho etsoa litokisetso tse eketsehileng ho feta tse bang teng kamoo ho tloaelehileng. Bo-pula-maliboho ba kamehla esita le bahoeletsi bao e seng bo-pula-maliboho ba thusang ba khothalletsoa ho tšehetsa litokisetso tsena tsa sehlopha ho latela maemo a bona.
11 Ho tla hlokahala hore molebeli oa tšebeletso a kopane le mor’abo rōna ea abang masimo ho etsa litokisetso tsa ho sebetsa masimo a sa akaretsoeng kamehla. Tlhokomelo e eketsehileng e ka lebisoa matlong a se nang batho le ho pakeng seterateng le mabenkeleng. Ho ka boela ha hatelloa ho paka mantsiboea. Ho lokela hore ho odaroe limakasine tse lekaneng ka April le ka May bakeng sa mosebetsi o eketsehileng o lebeletsoeng.
12 Bahoeletsi ba Bangata ba ka Tšoaneleha: Mōla oa pele foromong ea kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang o re: “Ka lebaka la lerato la ka ho Jehova le takatso ea ka ea ho thusa ba bang ho ithuta ka eena le ka merero ea hae e lerato, ke lakatsa ho eketsa karolo ea ka tšebeletsong ea tšimo ka ho ngolisa ke le pula-maliboho ea thusang.” Ho rata Jehova le ho batla ho thusa ba bang moeeng ke motheo oa boinehelo ba rōna. (1 Tim. 4:8, 10) Hore motho a tšoanelehe bakeng sa bopula-maliboho bo thusang, o tlameha a be a kolobelitsoe, a e-na le boitšoaro bo botle le ho khona ho sebetsa lihora tse 60 tšebeletsong khoeling eo. Ha bohle re ntse re nahanela maemo a rōna, na ba bang bao ho seng mohla ba kileng ba bula maliboho ba ka etsa joalo selemong see ka April kapa ka May?
13 Ba bangata liphuthehong ba ka elelloa hore ba ka bula maliboho ha ba bona ba bang bao maemo a bona a tšoanang le a bona ba ngolisa. Bana ba sekolo, batho ba hōlileng, ba sebetsang kamehla, ho akarelletsa le baholo le bahlanka ba sebeletsang le ba bang e bile bo-pula-maliboho ba thusang ba atlehileng. ’Mè oa lelapa ea nang le bana ba babeli a bile a sebetsa kamehla o ile a finyella lihora tse 60, a tsamaisa limakasine tse 108, a qalisa lithuto tsa Bibele tse 3 khoeling e le ’ngoe ea bopula-maliboho bo thusang. O entse see joang? O ile a sebelisa nako ea hae ea khefu ea lijo tsa motšehare mosebetsing ho paka tšimong e haufi, a paka ka ho ngola mangolo, le moo ho emisoang makoloi le seterateng. O bile a sebelisa nako eo a sa eeng mosebetsing ka eona beke e ’ngoe le e ’ngoe hamolemo ka ho kopanela le phutheho tšebeletsong ea tšimo. Le hoja pele a ne a nahana hore bopula-maliboho bo thusang e ne e le pakane e ke keng ea finyelloa, ka khothatso e tsoang ho ba bang hammoho le kemiso e sebetsang, o ile a tseba ho hlōla litšitiso.
14 Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:30) Seo e bile sehlooho se khothatsang sa Molula-Qhooa oa August 15, 1995. Se bua ka morali’abo rōna ea neng a e-na le khatello, ea neng a sebetsa kamehla. Na o ile a nahana hore bopula-maliboho bo thusang bo ne bo sa mo tšoanele? Che. Ha e le hantle, o ile a khona ho bula maliboho khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Hobane’ng? Hobane o ne a ikutloa hore bopula-maliboho bo mo thusa ho boloka ho leka-lekana. Ho thusa batho ha ba ntse ba ithuta ’nete ea Bibele le ho ba bona ba fetola bophelo ba bona hore ba fumane kamohelo ea Molimo e ne e le mohloli o moholo ka ho fetisisa oa thabo bophelong ba hae bo maphathaphathe.—Liprov. 10:22.
15 Sehlabelo sa botho le liphetoho leha e le life tseo ho hlokahalang hore motho a li etse bakeng sa ho bula maliboho li putsoa ka ho fetisisa ka litlhohonolofatso tse thabeloang. Morali’abo rōna o ile a ngola mabapi le phihlelo ea hae ka bopula-maliboho bo thusang: “Bo ile ba nthusa hore ke se be moithati le ho tsepamisa mohopolo haholoanyane ho thuseng ba bang. . . . Kea bo buella ho ba ka khonang.”
16 Ho Hlokahala Kemiso e Ntle: Leqepheng la ho qetela la kenyelletso ena, re boetse re fane ka sampole ea likemiso tse ileng tsa fanoa ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1997. Mohlomong e ’ngoe ea tsona e ka tšoanela maemo a hao. Ha u ntse u li hlahloba, nahanela mosebetsi oa hao o tloaelehileng oa khoeli le khoeli. Ke mesebetsi efe ea lapeng e ka etsoang pele u bula maliboho kapa e ka behelloang ka thōko ka nakoana ho fihlela ka mor’a moo? Na e ’ngoe ea nako e neng e sebelisetsoa boithabiso, boikhathollo kapa mefuta e meng ea boikhathollo e ka behelloa ka thōko? Ho e-na le ho sheba kakaretso ea lihora tse 60 tse hlokahalang, lokisetsa kemiso ea hao motheong oa letsatsi le letsatsi kapa beke le beke. Ho hlokahala feela lihora tse 2 ka letsatsi kapa lihora tse 15 ka beke bakeng sa bopula-maliboho bo thusang. Hlahloba likemiso tsa lisampole, ’me u tšoere pensele letsohong, lokisetsa kemiso ea tšebeletso ea botho e ka bang molemo ho uena le lelapa la hao.
17 Karabelo e ntle le tšehetso e eketsehileng tseo phutheho e li bontšitseng tšebeletsong selemong se fetileng e matlafalitse cheseho ea pula-maliboho e mong oa kamehla ea ileng a ngola: “Ke leboha haholo khothatso ea lōna e lerato bakeng sa ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho tšehetsa bopula-maliboho bo thusang. . . . Likemiso tseo le entseng litlhahiso ka tsona li thusitse ba bangata bao ho neng ho se mohla ba kileng ba bula maliboho ho nahana hore ba ka ho etsa. . . . Ke thabile haholo hore ebe ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho latela ka thabo ketello-pele e lerato ea lekhoba le tšepahalang le le masene.”
18 Liproverbia 21:5 (NW) ea re tiisetsa: “Merero ea motho ea mahlahahlaha ka sebele e tla mo tsoela molemo.” Liproverbia 16:3 ea re khothatsa: “U rolele litaba tsa hao tsohle ho Jehova, ’me merero ea hao e tla tiea.” E, ka ho akarelletsa Jehova liqetong tsa rōna le ho itšetleha ka eena ka matla hore a re thuse ho atleha, re ka ba le boikutlo bo botle ka merero ea rōna ea bopula-maliboho bo thusang. Mohlomong ka ho bona hore na kemiso ea rōna e sebetsa hantle joang khoeli e le ’ngoe kapa tse peli tsa bopula-maliboho bo thusang, re tla khona ho tšoaea lebokose le balehang tjena foromong ea kōpo ea bopula-maliboho bo thusang: “Tšoaea mona haeba u batla ho tsoela pele u sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang ho fihlela u tsebisa ho hong.” Leha ho le joalo, re ka talima hape bopula-malibohong bo thusang ka August hobane e na le mafelo-beke a mahlano. Kaha re tla be re phetha selemo sa tšebeletso ka August, ho tla etsoa boiteko bo matla hore e mong le e mong a kopanele ka botlalo kamoo ho ka khonehang tšebeletsong.
19 Jesu o ile a bolela esale pele: “Ea sebelisang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho feta ena.” (Joh. 14:12) Ke tokelo ea rōna e thabisang ho sebeletsa joaloka basebetsi-’moho le Molimo ha boprofeta bona bo ntse bo phethahala ka matla. Hona joale ke nako ea ho bolela litaba tse molemo ka matla ho feta leha e le neng pele, re ithekela nako e loketseng bakeng sa ho etsa mosebetsi ona. (1 Bakor. 3:9; Bakol. 4:5) Ho kopanela hangata kamoo ho ka khonehang tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ke tsela e babatsehang ea ho phetha karolo ea rōna joaloka baboleli ba ’Muso. Ka cheseho re letetse ho bona kamoo pina ea thoriso e tla ba khōlō kateng ho tsoa ho bo-pula-maliboho ba thusang nakong ena ea Sehopotso. (Pes. 27:6) Ha re nahana ka liphello tsa selemong se fetileng, rea ipotsa, ‘Na re ka boela ra ho etsa?’ Re kholisehile hore re ka ho etsa!
[Lebokose le leqepheng la 3]
Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang?
“Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao a botho ke afe, haeba u kolobelitsoe, boitšoaro ba hao bo le botle, u ka lokisetsa ho finyella lihora tse hlokahalang tse 60 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo ’me haeba u lumela hore u ka sebeletsa ka khoeli e le ’ngoe kapa ho feta u le pula-maliboho ea thusang, baholo ba phutheho ba tla thabela ho nahanela kōpo ea hao bakeng sa tokelo ena ea tšebeletso.”—Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 114.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Likemiso Tsa Bopula-maliboho bo Thusang
Sampole ea Litsela Tsa ho Sebetsa Lihora Tse 15 Tsebeletsong ea Tštmo Beke ka ’Ngoe
Hoseng—Mantaha ho fihlela ka Sontaha
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha Hoseng 2
Labobeli Hoseng 2
Laboraro Hoseng 2
Labone Hoseng 2
Labohlano Hoseng 2
Moqebelo Hoseng 2 1/2
Sontaha Halofo ea Letsatsi 2 1/2
Kakaretso ea Lihora: 15
Matsatsi a Mabeli a Feletseng
Ho ka khethoa matsatsi leha e le af e a mabeli a beke
Letsatsi Nako Lihora
Laboraro Letsatsi Lohle 7 1/2
Moqebelo Letsatsi Lohle 7 1/2
Kakaretso ea Lihora: 15
Mantsiboea a Mabeli le Mafelo-beke
Ho ka khethoa mantsiboea leha e le afe amabelihar’abeke
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha Mantsiboea 1 1/2
Laboraro Mantsiboea 1 1/2
Moqebelo Letsatsi Lohle 8
Sontaha Halofo ea Letsatsi 4
Kakaretso ea Lihora: 15
Thapama Har’a Beke le Moqebelo
Sontaha se ka nka sebaka sa letsatsi leha e le lefe
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha Thapama 2
Labobeli Thapama 2
Laboraro Thapama 2
Labone Thapama 2
Labohlano Thapama 2
Moqebelo Letsatsi Lohle 5
Kakaretso ea Lihora: 15
Kemiso ea ka ea Tšebeletso
Etsa qeto ka lenane la lihora bakeng sa nako ka ’ngoe
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha
Labobeli
Laboraro
Labone
Labohlano
Moqebelo
Sontaha
Kakaretso ea Llhora: 15