Nako ea Sehopotso—Ke ea Mosebetsi o Eketsehileng
1. “Mekete e bang ka linako tse itseng” e ile ea e-ba le phello efe ho Baiseraele ba tšabang Molimo?
1 Ka linako tse behiloeng har’a selemo, Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba e-ba le “mekete e bang ka linako tse itseng ea Jehova.” (Lev. 23:2) Ha ba ne ba ipha nako ea ho nahanisisa ka molemo oa Molimo oa bona ba ne ba thaba haholo ’me ba susumelletseha ho chesehela borapeli bo hloekileng.—2 Likron. 30:21–31:2.
2, 3. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re eketse mosebetsi oa rōna oa moea nakong ea Sehopotso, hona re tla keteka Sehopotso neng?
2 Mehleng ea kajeno, tšebeletso ea rōna e thabisang ea puso ea Molimo e eketseha selemo le selemo nakong ea Sehopotso. Ke nako eo ka eona re nahanisisang ka mpho ea bohlokoa eo Jehova a re fileng eona—e leng Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:18, 19) Ha re ntse re nahanisisa ka lerato leo Molimo le Mora oa hae ba le bontšitseng, re susumelletseha ho rorisa Jehova le ho ikitlaelletsa ho phetha thato ea hae.—2 Bakor. 5:14, 15.
3 Selemong sena mokete oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena o tla ba ka Labone la la 24 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Re ka eketsa karolo ea rōna joang tšebeletsong khoeling ea March, April le May?
4, 5. (a) Ba bang ba thusitsoe ke’ng ho finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo? (b) Ke’ng seo u boneng se atleha tšimong ea phutheho?
4 Ho Finyella Batho ba Eketsehileng: Batla litsela tsa ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ha u kopanela tšebeletsong ea tšimo. Na u ka lokisetsa ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo nakong eo ka eona batho ba bangata ba leng hae, joaloka motšehare oa mantsiboea kapa mantsiboea? Haeba ba bang sehlopheng sa heno sa thuto ea buka ba lakatsa ho kopanela tšebeletsong pele ho thuto, molebeli oa thuto ea buka a ka ’na a khona ho lokisetsa hore ho be le seboka se sekhutšoanyane sa tšebeletso e le hore ho sebetsoe tšimo e haufinyane.
5 Tsela e ’ngoe ea ho finyella batho ba bangata ke ka ho paka libakeng tsa sechaba. Morali e mong oabo rōna oa Japane o ne a batla ho ba pula-maliboho ea thusang le hoja a ne a sebetsa mosebetsi oa nako e tletseng. Moholo e mong a sisinya hore letsatsi ka leng pele a ea mosebetsing, a etse bopaki ba seterateng haufi le seteishene sa terene. Ka mor’a ho hlōla lihlong tsa hae le ho songoa ke ba tsamaeang ka terene, o ile a qalisa tselana ea limakasine le batho ba ka bang 40, ho akarelletsa le ba tsamaeang ka terene, ba sebetsang seteisheneng le beng ba mabenkele a haufi. Ka karolelano a tsamaisa limakasine tse 235 ka khoeli. Ka ho arolelana lintlha tsa Mangolo le batho ka metsotso e seng mekae feela ka letsatsi, a khona ho qalisa lithuto tsa Bibele tse tšeletseng.
6. Bacha ba ka eketsa mosebetsi oa bona oa moea joang?
6 Menyetla ea ho Paka: Bahoeletsi ba bangata ba lilemong tsa ho kena sekolo ba ba le matsatsi a phomolo har’a selemo. Tsena e ka ba linako tse molemo tsa hore e be bo-pula-maliboho ba thusang. Ho phaella moo, bacha ba Bakreste ba ka eketsa mosebetsi oa bona ka ho paka sekolong. U ka ’na ua hlolloa ke kamoo liithuti-’moho le uena li ka ’nang tsa labalabela kateng ho tseba seo u se lumelang. Ke hobane’ng ha u sa sebelise monyetla oa lipuisano tsa tlelase kapa meqoqo e ngoloang ea sekolo bakeng sa ho fana ka bopaki? Ba bang ba khonne ho etsa joalo ba sebelisa livideo tsa rōna. Ba bang ba qalisitse lithuto tsa Bibele le liithuti-’moho ’me ba li thusa ho hatela pele ho fihlela li inehetse le ho kolobetsoa. Tsena ke litsela tse molemo tsa ho ‘rorisa lebitso la Jehova.’—Pes. 148:12, 13.
7. (a) Mora e mong oabo rōna o ile a sebelisa menyetla ea ho pakela ba bang joang? (b) Na u bile le phihlelo e tšoanang?
7 Kamehla ha u phetha mabaka, batla litsela tsa ho bua le batho ka Molimo oa rōna ea babatsehang le ka litšepiso tsa hae tse hlollang. Mora e mong oabo rōna ea tsamaeang ka literene tse tšoanang letsatsi le leng le le leng o pakela batho bao a tsamaeang le bona ha maemo a lumela. Ka mohlala, ha a ntse a emetse terene e latelang seteisheneng, o ile a pakela mohlankana e mong letsatsi le leng le le leng ka metsotso e ka bang mehlano. Ka lebaka leo, mohlankana eo le mosebetsi-’moho le eena ba ile ba lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ba ile ba khanneloa thuto ea Bibele ka tereneng ha e ntse e tsamaea. Ka mor’a nako e itseng, nkhono e mong ea neng a mametse lipuisano tsa bona a atamela mor’abo rōna ’me a kōpa hore a mo khannele thuto ea Bibele. Nkhono eo le eena o thabela ho khanneloa thuto ka matsatsi ao a tsamaeang ka terene ka ’ona. Mor’abo rōna o khannetse batho ba leshome thuto ka tsela ena ha a ntse a tsamaea ka terene.
8. Ke mofuta ofe oa tšebeletso o ka nolofalletsang ba tsofetseng kapa ba fokolloang ke bophelo ho eketsa karolo ea bona tšebeletsong?
8 Ho thoe’ng haeba seo u ka se etsang se fokola kahobane u tsofetse kapa u fokolloa ke bophelo? Ho ntse ho ka ba le litsela tseo ka tsona u ka eketsang thoriso ea hao ho Jehova. Na u kile ua leka ho paka ka thelefono? Haeba u sa tsebe hantle hore na u ka etsa sena joang, bolella molebeli oa hao oa thuto ea buka. A ka ’na a khona ho lokisetsa hore bahoeletsi ba sebelisang mokhoa ona ba sebetse le uena. Ha le sebetsa hammoho, e mong a ka ithuta ho e mong ’me le ka thusana ho paka ka katleho. Litlhahiso tse ntle tsa ho paka ka thelefono li ka fumanoa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 2001, leqepheng la 5-6.
9. Re ka thusa liithuti tsa Bibele joang hore li tšoanelehele ho kopanela le phutheho tšebeletsong ea phatlalatsa?
9 Ho ba teng Sehopotsong ho ka ’na ha susumelletsa ba bacha hore ba batle ho eketsa thoriso ea bona ho Jehova. U ka ba thusa ho hlōla tšabo leha e le efe ea ho kopanela mosebetsing oa boboleli ka ho ba phetela liphihlelo tse khothatsang tsa tšebeletso ea tšimo le ka ho ba koetlisa hanyane ka hanyane hore ba hlalose lithuto tsa Bibele ’me ba sireletse tumelo ea bona. (1 Pet. 3:15) Haeba seithuti sa Bibele se bolela hore se lakatsa ho qalisa ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo, bua le molebeli ea okamelang. O tla lokisetsa hore ho kopanoe le seithuti e le ho bona hore na se tšoanelehela ho kopanela le phutheho tšebeletsong ea phatlalatsa. E tlameha ebe pelo ea Jehova e thaba hakaakang ha a bona ba bacha ba ema ka lehlakoreng la hae tsekong ea bokahohle!—Liprov. 27:11.
10. (a) Kemiso e ntle e ka re thusa joang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang? (b) Na u ile ua khona ho lokisetsa ho ba pula-maliboho ea thusang selemong se fetileng nakong ea Sehopotso? U ile ua khona joang?
10 Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang? Lihora tse 50 tse hlokoang ho bo-pula-maliboho ba thusang li lokela ho nkoa ka ho teba. (Mat. 5:37) Sena se bolela hore u tla lokela ho lokisetsa hore ka karolelano u qete lihora tse 12 tšebeletsong ea tšimo beke ka ’ngoe. Na e ’ngoe ea likemiso tsa bopula-maliboho bo thusang tse fanoeng e le mohlala leqepheng la 5 e tšoanela maemo a hao? Haeba ha ho joalo, na u ka iketsetsa kemiso e tla u nolofalletsa ho ba pula-maliboho ea thusang ka March, April kapa ka May? Kōpa hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba hao ba ho eketsa tšebeletso ea hao.—Liprov. 16:3.
11. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka tšehetsa ba tla beng ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang joang?
11 Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tla tšehetsa boiteko ba hao ka ho feletseng ba ho etsa hore nako ena ea Sehopotso e be ea ho lebisa thoriso e khethehileng ho Jehova. Mohlomong ba bangata ba bona e tla be e le bo-pula-maliboho ba thusang. Baholo ba tla lokisetsa hore ho be le liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso, joaloka tsa motšehare oa mantsiboea, har’a beke mantsiboea le mafelong a beke, haeba ho hlokahala. E le ho rera hore na liboka tse joalo li tla ba hokae ’me li tšoaroe neng le hore na ke mang ea tla etella pele, baholo ba ka ’na ba bua le ba entseng litokisetso tse tiileng tsa ho bula maliboho kapa ba nahanelang ho etsa joalo. Baholo ba tla leka ka matla ho etsa litokisetso e le hore ho ka ba le bahoeletsi ba bang ba tla sebetsa le uena ka matsatsi le linako tseo u li beheletseng ka thōko bakeng sa tšebeletso. Ka tsela ena, ho ka etsoa litokisetso tse tiileng ’me ha finyelloa molemo o moholo.—Liprov. 20:18.
12. Re susumelletsoa ke’ng ho rorisa Jehova ka linako tsohle?
12 Etsa Sohle se Matleng a Hao: Haeba maemo a hao a sa u lumelle ho ba pula-maliboho ea thusang, hopola hore Jehova o amohela boiteko le boitelo ba rōna ‘ho ea ka seo re nang le sona, eseng ho ea ka seo re se nang sona.’ (2 Bakor. 8:12) Ho na le lintho tse ngata tseo re ka lebohang Jehova ka tsona. Ke ka lebaka le utloahalang Davida a ileng a ngola tjena: “Ke tla boka Jehova ka linako tsohle; thoriso ea hae e tla ba molomong oa ka kamehla.” (Pes. 34:1) E se eka boo e ka ba boikemisetso ba rōna nakong ena ea Sehopotso.
[Lebokose le leqepheng la 3]
U Tla Atolosa Tšebeletso ea Hao Joang?
◼ Paka nakong eo ka eona batho ba leng hae
◼ Paka libakeng tsa sechaba
◼ Paka mosebetsing kapa sekolong
◼ Paka ka thelefono
◼ E-ba pula-maliboho ea thusang
[Chate e leqepheng la 6]
Likemiso Tsa Bopula-maliboho bo Thusang Tse Fanoeng e le Mohlala—Litsela Tsa ho Sebetsa Lihora Tse 12 Tšimong Beke le Beke
Hoseng—Mantaha ho Fihlela ka Moqebelo
Sontaha se ka nkeloa sebaka ke letsatsi lefe kapa lefe.
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha Hoseng 2
Labobeli Hoseng 2
Laboraro Hoseng 2
Labone Hoseng 2
Labohlano Hoseng 2
Moqebelo Hoseng 2
Kakaretso ea Lihora: 12
Matsatsi a Mabeli a Feletseng
Ho ka khethoa matsatsi afe kapa afe a mabeli a beke. (Kemiso ena e ka ’na ea ba le kakaretso ea lihora tse 48 feela, ho itšetlehile ka matsatsi a khethoang.)
Letsatsi Nako Lihora
Laboraro Letsatsi Lohle 6
Moqebelo Letsatsi Lohle 6
Kakaretso ea Lihora: 12
Mantsiboea a Mabeli le Mafelo-beke
Ho ka khethoa mantsiboea afe kapa afe a mabeli har’a beke.
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha Mantsiboea 11⁄2
Laboraro Mantsiboea 11⁄2
Moqebelo Letsatsi Lohle 6
Sontaha Halofo eaLetsatsi 3
Kakaretso ea Lihora: 12
Lithapama Tse Tharo le Moqebelo
Sontaha se ka nkeloa sebaka ke letsatsi lefe kapa lefe.
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha Thapama 2
Laboraro Thapama 2
Labohlano Thapama 2
Moqebelo Letsatsi Lohle 6
Kakaretso ea Lihora: 12
Kemiso ea Tšebeletso eo ke Iketselitseng Eona
Etsa qeto ea lihora tseo u tla li qeta nako ka ’ngoe.
Letsatsi Nako Lihora
Mantaha
Labobeli
Laboraro
Labone
Labohlano
Moqebelo
Sontaha
Kakaretso ea Lihora: 12