Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/08 maq. 3-5
  • “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • U ’ne U Bolele Mesebetsi e Hlollang ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Nako ea Sehopotso ke ea ho Atolosa Tšebeletso!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 1/08 maq. 3-5

“Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo”

1. Re lokela ho bolela litaba life tse molemo?

1 Lefatšeng lena leo ho lona litaba tse molemo li utluoang ka seoelo, re na le tokelo ea “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Sena se akarelletsa ho tsebisa batho hore ‘matsatsi a ho qetela’ a tla feta haufinyane ’me ho tle lefatše le lecha la Jehova la ho loka, moo “lintho tsa pele li [tla beng li] fetile.” (2 Tim. 3:1-5; Tšen. 21:4) Nakong eo boloetse bo tla be bo se bo le sieo. (Esa. 33:24) Baratuoa ba shoeleng ba tla tsoa mabitleng a khopotso ’me ba boele ba kopane le lelapa le metsoalle. (Joh. 5:28, 29) Lefatše lohle le tla etsoa paradeise e ntle. (Esa. 65:21-23) Ona ke mohlala feela oa litaba tse molemo tseo re lokelang ho li bolela!

2. Ke hobane’ng ha nakong ea Sehopotso ho e-na le menyetla e metle ea hore re bolele litaba tse molemo?

2 Likhoeling tsa March, April le May ho tla ba le menyetla e metle ea ho bolela litaba tseo tse molemo. Likhoeling tsena, boemo ba leholimo bo botle, ’me shoalane e lieha ho tšoara likarolong tse ngata tsa lefatše, e leng se etsang hore ho be bonolo ho qeta nako e teletsana tšimong. Ho phaella moo, ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong, e leng Sehopotso, e tla tšoaroa lefatšeng lohle ka mor’a hore letsatsi le likele ka Moqebelo oa la 22 March. Hona joale ke nako ea ho qalisa ho lokisetsa ho eketsa tšebeletso ea rōna.

3. Ke’ng se tla thusa malapa ho eketsa tšebeletso ea ’ona?

3 E-ba Pula-maliboho ea Thusang: Na u ka lokisa maemo a hao e le hore u be pula-maliboho ea thusang ka khoeli e le ’ngoe, tse peli kapa ka likhoeli tsohle tse tharo? Ho ka ba molemo hore nakong ea thuto ea lelapa e latelang le tšohle taba ena. Ha le sebelisana hamolemo, a le mong kapa ba ’maloa ka lapeng a ka khona hore e be pula-maliboho ea thusang. (Liprov. 15:22) Rapellang taba ena, ’me le bone kamoo Jehova a tla hlohonolofatsa boiteko ba lōna. (Liprov. 16:3) Esita le haeba ho se na eo e ka bang pula-maliboho ea thusang ka lapeng, litho tsohle tsa lelapa li ka ipehela lipakane tsa ho eketsa tšebeletso ea tsona ha li ntse li sebetsa le ba khonang ho bula maliboho.

4. Re ka lokisa maemo a rōna joang e le hore re be bo-pula maliboho ba thusang haeba mosebetsi oa rōna oa boipheliso e le oa nako e tletseng?

4 Haeba mosebetsi oa hao oa boipheliso ke oa nako e tletseng, kemiso e ntle e ka u nolofalletsa ho ba pula-maliboho ea thusang. Mohlomong u ka sebelisa nako e itseng ea lijo tsa motšehare ho bolela. Kapa u ka ikōpela tšimo e haufi le lapeng kapa mosebetsing ’me u e sebetse ka nako e etsang hora kapa ho feta pele u kena mosebetsing kapa ha u chaisa. U ka ’na ua fumana nako e eketsehileng ka ho chechisetsa mesebetsi e sa potlakang khoeling e ’ngoe le ka ho ba tšebeletsong letšehare lohle ka mafelo-beke. Ba bang ba ’nile ba nka letsatsi kapa a mabeli a lefi e le hore ba sebetse tšimo.

5. U ka thusa ba hōlileng kapa ba fokolloang ke bophelo joang hore e be bo-pula-maliboho ba thusang?

5 Haeba u tsofetse kapa u fokolloa ke bophelo kapa matla, u ka khona ho ba pula-maliboho ea thusang ka ho qeta nako e seng kae letsatsi ka leng tšimong. Kōpa Jehova hore a u fe “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Morali oabo rōna e mong o ile a khona ho ba pula-maliboho ea thusang a le lilemo li 106! Beng ka eena ba Bakreste le ba bang ka phuthehong ba ile ba mo thusa hore a bolele ka ntlo le ntlo, a etse maeto a ho boela, a ee lithutong tsa Bibele, a kopanele likarolong tse ling tsa tšebeletso. O ile a thusa hore ho qalisoe lithuto tsa Bibele le batho ba leshome. O re: “Ha ke nahana ka tokelo e hlollang eo ke bileng le eona ea ho ba pula-maliboho ea thusang, pelo ea ka e phophoma lerato le kananelo bakeng sa Jehova, Mora oa hae le mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng o lerato. Ka sebele ‘ke leboha Jehova!’”

6. Bacha ba kenang sekolo ba ka khona joang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang?

6 Haeba u mocha ea kolobelitsoeng ea sa ntseng a kena sekolo, le uena u ka khona ho ba pula-maliboho ea thusang. Joaloka ba sebetsang ka nako e tletseng, u ka sebetsa tšimo haholo nakong ea mafelo-beke. Mohlomong matsatsing a mang u ka ea tšimong hora kapa ho feta ha sekolo se tsoa. Na u ka sebelisa matsatsi a phomolo ea sekolo ho ea tšimong? Haeba u ka rata ho ba pula-maliboho ea thusang, bolella batsoali ba hao.

7. Baholo ba ka etsa eng ho kenya phutheho moea oa ho chesehela tšebeletso nakong ea Sehopotso?

7 Kenyang Phutheho Moea oa Cheseho: Ka mohlala oa bona, baholo ba ka kenya phutheho moea oa cheseho. (1 Pet. 5:2, 3) Ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ho be le liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo molemong oa ba tla beng ba sebetsa tšimo esale hoseng, ha sekolo se tsoile, kapa ha ba chaisitse mosebetsing. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho tiiseha hore bahoeletsi ba tšoanelehang ba abeloa ho etella pele le hore ho na le tšimo e lekaneng, hammoho le limakasine le lingoliloeng likhoeling tsena tsa tšebeletso e khethehileng.

8. Re ithuta’ng phihlelong ea phutheho e ’ngoe?

8 Phuthehong e ’ngoe, baholo ba ile ba qala ho khothalletsa bopula-maliboho bo thusang likhoeli tse ngata esale pele. Ba ne ba tsebisa phutheho beke le beke hore na ke bahoeletsi ba bakae ba nkileng bopula-maliboho bo thusang. Sena se ile sa kholisa ba neng ba lakatsa ho eketsa tšebeletso ea bona hore ho tla ba le ba bangata bao ba tla sebetsa le bona. Ho ile ha lokisetsoa liboka tsa tšebeletso ea tšimo tse eketsehileng tsa hoseng-seng le tsa mantsiboea. Ka lebaka la sena bahoeletsi ba 53 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April, e leng hoo e ka bang halofo ea phutheho!

9. Ke hobane’ng ha nako ea Sehopotso e le nako e molemo ea hore ba tšoanelehang ba qalise ho bolela litaba tse molemo?

9 Thusa ba Bang ho Bolela: Ha ba bacha ’neteng le ba bacha lilemong ba tšoaneleha ho ba bahoeletsi, ba ka kōptjoa ho tsamaea le bahoeletsi ba nang le phihlelo tšebeletsong ea tšimo. Monyetla o joalo o ka ba teng nakong ea Sehopotso ha ba bangata ka phuthehong ba tla be ba eketsa tšebeletso ea bona. Na u na le thuto ea Bibele e tsoelang pele e bolokang melao ea Jehova ea ho loka? Na u na le bana ba itšoereng hantle ba hatelang pele hantle, empa e e-s’o be bahoeletsi? Haeba ba boletse hore ba lakatsa ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ’me u lumela hore baa tšoaneleha, tsebisa e mong oa baholo. Molebeli ea okamelang o tla lokisetsa hore baholo ba babeli ba buisane le uena le ngoana oa hao kapa seithuti.

10. Baholo ba ka thusa ba sa kopaneleng tšebeletsong joang?

10 Likhoeli tse tlang e ka boela ea e-ba nako e molemo bakeng sa litho tsa phutheho tse seng li sa kopanele tšebeletsong hore li qale bocha. Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho le baholo ba bang ba lokela ho leka ka matla ho etela ba joalo ’me ba ba meme ka mofuthu hore ba sebetse le bona tšimong. Haeba e se e le nako e telele ba khaolitse ho kopanela tšebeletsong, baholo ba babeli ba lokela ho buisana le bona pele ho bona hore na baa tšoaneleha.—km-SU 11/00 leq. 3.

11. Pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea “mosa o sa tšoanelang oa Molimo” ke efe?

11 Lokisetsa Sehopotso: Thekollo ke pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea “mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Batho ba limilione ba bontšang kananelo lefatšeng lohle ba tla kopana ka Moqebelo oa la 22 March, ka mor’a hore letsatsi le likele, e le hore ba tšoare Sehopotso sa lefu la Kreste. Re rata ho mema batho bohle ba lipelo li ntle le ho ba thusa ho ba teng ketsahalong ena ea bohlokoa e fanang ka bopaki ba mosa o sa tšoanelang oa Jehova molokong oa batho.

12. Re lokela ho memela bo-mang Sehopotsong?

12 Ngola mabitso a bao u batlang ho ba mema. Ha ho pelaelo hore mabitso ao a tla akarelletsa a beng ka uena, baahelani, bao u sebetsang le bona kapa bao u kenang sekolo le bona, bao u kileng ua ithuta Bibele le bona le ba bang bohle bao u ba etelang nako le nako. Haeba ba bang bao u ba memang ba e-na le lipotso ka Sehopotso, ho ka ’na ha e-ba molemo ho sebelisa sehlomathiso se buang ka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena leqepheng la 206-8 la buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ho etsa joalo ho ka ba ha u thusa ho qalisa thuto ea Bibele, kaha ho tla u fa monyetla oa ho buella sengoliloeng seo re se sebelisang ho khanna lithuto tsa Bibele.

13. Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa bahoeletsi ba babeli joang ba ileng ba etsa bonnete ba hore ba memele ba bang Sehopotsong?

13 Morali e mong oabo rōna o ile a ngola malapa a 48 ao a lokelang ho a mema. Ha a ntse a a mema, o ne a a tšoaea ’me a ngola letsatsi leo a a memmeng ka lona. O ile a thaba hakaakang ha batho ba 26 bao a neng a ba memme ba ba teng Sehopotsong! Mor’abo rōna ea nang le lebenkele o ile a mema mohiruoa oa hae eo e kileng ea e-ba moruti. Monna enoa o ile a ba teng ’me hamorao a re, “Ka hora e le ’ngoe ke ithutile lintho tse ngata Bibeleng ho feta tseo ke ithutileng tsona ka lilemo tse 30 ke le Mok’hatholike.” Kapele ka mor’a Sehopotso, o ile a amohela ho khanneloa thuto ka buka ea Seo Bibele e se Rutang.

14. Ke phutuho efe e tla etsoa lefatšeng lohle ho tloha ka la 1 March?

14 Phutuho: Ho tloha ka Moqebelo oa la 1 March, ho ea ho la 22 March, ho tla ajoa memo ea Sehopotso e khethehileng lefatšeng lohle. Bohle ba lokela ho kopanela ka botlalo phutuhong ena ea bohlokoa. Ho molemo ho fa mong’a ntlo memo matsohong ho e-na le ho e siea monyako. Leha ho le joalo, haeba tšimo ea lōna e le khōlō, baholo ba ka etsa qeto ea hore limemo li siuoe matlong a se nang batho ka tsela e bohlale. Bofelong ba beke re tla boela re fane ka limakasine tsa morao-rao.

15. Re ka buella memo ea Sehopotso joang?

15 Kaha nako ea rōna ea ho aba limemo e khutšoanyane, ho molemo ho bua hakhutšoanyane. E-ba mosa ’me u chesehe. U ka ’na ua re: “Re thabela ho u memela ketsahalong ea bohlokoa e tla ba ka la 22 March hammoho le lelapa la hao le metsoalle. Memo ea hao ke ena. Boitsebiso bohle bo ngotsoe memong ena.” Mong’a ntlo a ka ’na a ba le lipotso. Kapa a ka ’na a amohela memo a ba a bolela hore o tla ba teng. Ngola mabitso a ba thahasellang ’me u lokisetse ho khutlela ho bona.

16. Ke phihlelo efe e bontšang molemo oa phutuho ea ho memela batho ba tšimong ea rōna Sehopotsong?

16 Selemong se fetileng lesole le ile la fumana memo ea Sehopotso monyako. Le ile la etsa qeto ea ho ba teng empa la tlameha ho kōpa tumello ho sajene. Ha le bontša sajene memo, e ile ea thōla eaba e re batsoali ba eona ke Lipaki ’me e ne e e-ea libokeng le bona. Sajene ena e ile ea le lumella ho ea Sehopotsong ea ba ea tsamaea le lona.

17. Re ka bontša joang hore ha rea lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo?

17 Bontša Kananelo: Ha nako ea Sehopotso sa 2008 e ntse e atamela, e se eka e mong le e mong oa rōna a ka nahana kamoo Jehova a re bontšitseng mosa o sa tšoanelang. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.” (2 Bakor. 6:1) Re ka bontša joang hore ha rea lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo? Pauluse o ile a ngola a re: “Empa re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo.” (2 Bakor. 6:4) Ka lebaka leo, re bontša hore re ananela mpho ea Jehova ka boitšoaro ba rōna bo botle le ka ho bolela litaba tse molemo ka cheseho. Nakong ena ea Sehopotso re tla ba le monyetla o motle oa ho eketsa tšebeletso ea rōna, re bolela litaba tse molemo ka botlalo.

[Lebokose leqepheng la 3]

Ke Bo-mang Bao e ka Bang Bo-pula-maliboho ba Thusang?

◼ Malapa

◼ Ba sebetsang ka nako e tletseng

◼ Ba tsofetseng le ba fokolloang ke bophelo

◼ Ba kenang sekolo

[Lebokose leqepheng la 4]

Ha U Aba Limemo Tsa Sehopotso:

◼ Khutsufatsa taba, ’me u bue ka cheseho

◼ Ngola mabitso a batho ba thahasellang ’me u khutlele ho bona

◼ Tsamaisa limakasine bofelong ba beke

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela