Nako ea Sehopotso ke ea ho Atolosa Tšebeletso!
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka ho atolosa tšebeletso ea rōna ka March, April le May?
1 Na u ka atolosa tšebeletso ea hao likhoeling tsee tse tlang tsa nako ea Sehopotso? Bahoeletsi ba bang ba tla be ba phomotse mesebetsing le likolong ’me ba ka sebelisa nako eo tšebeletsong. Ho tloha ka la 2 April, re tla kena letšolong le khethehileng la ho mema batho ba thahasellang hore ba tl’o ba le rōna Sehopotsong ka la 17 April. Ho feta moo, ka Moqebelo oa la 16 April e tla be e le Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ka mor’a Sehopotso, re tla ikitlaelletsa ho hōlisa thahasello ea ba neng ba le teng Sehopotso ’me re ba memele ho tla mamela puo e khethehileng e tla fanoa bekeng ea la 25 April. Ka sebele ho na le mabaka a mangata a hore re nahane ka ho atolosa tšebeletso ea rōna ka March, April le May.
2. Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa eo ka eona re ka atolosang tšebeletso ea rōna ke efe?
2 Bopula-maliboho bo Thusang: Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa seo e ka ba ho nkela bopula-maliboho bo thusang. Hangata ho ba pula-maliboho ea thusang ho hloka hore motho a hlophise litaba tsa hae le ho etsa liphetoho tse itseng kemisong ea hae hobane kaofela ha rōna re maphathaphathe. (Liprov. 21:5) Mohlomong u ka chechisa mabaka a mang ao e seng a bohlokoa hakaalo kemisong ea hao ea kamehla. (Bafil. 1:9-11) Ke hobane’ng ha u sa bolelle batho ba bang phuthehong hore u lakatsa ho ba pula-maliboho ea thusang e le hore u bone hore na le bona ba ka sebetsa le uena?
3. Malapa a ka atolosa tšebeletso ea ’ona joang?
3 Mantsiboeeng a latelang a Borapeli ba Lelapa, ho ka ba molemo ho tšohla lipakane tsa lōna le le lelapa. (Liprov. 15:22) Haeba litho tsa lelapa kaofela li sebelisana, mohlomong ba bang e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe kapa tse ’maloa. U tla etsa joang haeba u fumana hore seo ha se khonehe? Lelapa le ntse le ka lokisetsa ho atolosa tšebeletso ea lona ka ho ea tšimong mantsiboeeng a mang kapa ka ho qeta nako e teletsana tšebeletsong mafelong a beke.
4. Ke mahlohonolo afe ao motho a tla a fumana ha a atolosa tšebeletso ea hae nakong ea Sehopotso?
4 Jehova o ela hloko sohle seo re se etsang tšebeletsong ea hae ebile o ananela boitelo ba rōna. (Baheb. 6:10) Ho fa Jehova le batho ba bang ho tlisa thabo. (1 Likron. 29:9; Lik. 20:35) Na u ka atolosa tšebeletso ea hao nakong ee ea Sehopotso ’me u fumane thabo e eketsehileng le mahlohonolo a mang ao motho a a fumanang ha a etsa joalo?