Etsa Hore Nako ea Sehopotso ea Selemong Sena e be Monate!
1. Tsela e ’ngoe ea ho eketsa thabo ea rōna nakong ee ea Sehopotso ke efe?
1 Na u rata ho eketsa thabo ea hao ka March, April le May? Tsela e ’ngoe eo u ka etsang sena ka eona ke ka ho eketsa nako ea hao ea boboleli le hore ha ho khoneha, u be pula-maliboho ea thusang. See se tla eketsa thabo ea hao joang?
2. Ho eketsa nako ea rōna ea boboleli ho tla eketsa thabo ea rōna joang?
2 Eketsa Thabo ea Hao: Jehova o re bōpile ka morero oa hore re thabe re be re khotsofatsoe ke ho mo sebeletsa, ha re khotsofatsa takatso eo re tsoetsoeng re e-na le eona ea ho ba le kamano le eena. (Mat. 5:3) O boetse o re entse ka tsela ea hore re fumane thabo ha re fana. (Lik. 20:35) Boboleli bo re bulela monyetla oa hore re etse lintho tseo ka bobeli—e leng ho sebeletsa Molimo le ho thusa batho ba bang. Ha ho pelaelo hore ha re eketsa nako ea rōna ea boboleli le thabo ea rōna e ea eketseha. Ho phaella moo, ha re etsa joalo le bokhoni ba rōna bo ka ntlafala. Ha tsebo ea rōna e ntse e eketseha, re ba sebete, ’me ha re sa tšoha haholo. Re tla ba le menyetla e eketsehileng ea ho paka le ho qalisa lithuto tsa Bibele. Sena sohle se etsa hore boboleli bo be monate le ho feta.
3. Ke hobane’ng ha March le April e tla ba likhoeli tse ntle haholo tsa bopula-maliboho bo thusang?
3 March le April e tla ba likhoeli tse ntle haholo tsa bopula-maliboho bo thusang hobane re ka khetha ho sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50. Ho phaella moo, ho tloha ka Moqebelo oa la 22 March, ho fihlela letsatsing la Sehopotso ka Mantaha oa la 14 April, re tla kopanela letšolong la ho mema batho hore ba be teng Sehopotsong. Liphutheho li tla thaba haholo kaha ba bangata ba tla be ba ‘sebetsa mahetla a bapile’ e le hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho akaretsa tšimo ka nako e behiloeng.—Sof. 3:9.
4. Haeba re batla ho ba bo-pula-maliboho ba thusang, re lokela ho etsa’ng?
4 Itokise ho sa Khanya: Haeba ha u e-s’o qalelle, iphe nako ea ho hlahloba kemiso ea hao ’me u bone hore na u ka etsa liphetoho life e le hore u eketse nako ea boboleli khoeling e le ’ngoe kapa ho feta. U rapelle taba ena. (Jak. 1:5) Bua ka eona le ba lelapa la hao le ba bang ka phuthehong. (Liprov. 15:22) E ka ’na eaba u tla hlokomela hore le hoja u kula le uena u ka thabela bopula-maliboho bo thusang.
5. Ho tla etsahala’ng ha re eketsa boboleli ba rōna nakong ea Sehopotso?
5 Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba thabe. (Pes. 32:11) Ha re ikitlaelletsa ho eketsa nako ea rōna boboleling nakong ea Sehopotso, re tla eketsa thabo ea rōna re be re thabise Ntate oa rōna ea leholimong.—Liprov. 23:24; 27:11.