Na U Tla ba Pula-Maliboho ea Thusang?
1. Ke hobane’ng ha nako ea Sehopotso e le ntle bakeng sa ho eketsa tšebeletso ea rōna?
1 Nako ea Sehopotso e ntle haholo bakeng sa ho eketsa tšebeletso ea rōna. Ke nako eo ka eona re nahanang ka lerato le leholo la Jehova hore ebe o fane ka Mora oa hae e le thekollo. (Joh. 3:16) Sena se tlatsa lipelo tsa rōna ka kananelo ʼme se tebisa takatso ea rōna ea ho bolella ba bang ka Jehova le seo a se etsetsang batho. (Esa. 12:4, 5; Luka 6:45) E boetse ke nako eo ka eona re etsang letšolo le khethehileng la ho mema metsoalle le batho ba bang hore ba tl’o ba le rōna Sehopotsong. Ka mor’a moo, re leka ho hōlisa thahasello ea ba bileng teng Sehopotsong. Na u tla eketsa tšebeletso ea hao ka hore u be pula-maliboho ea thusang ka March, April, kapa May?
2. Ke hobane’ng ha March e le khoeli e ntle haholo bakeng sa bopula-maliboho bo thusang?
2 Etsa Hore March e be Khoeli e Khethehileng: March e tla ba khoeli e ntle haholo bakeng sa ho ba pula-maliboho ea thusang. Ba kenyang likōpo ba ka khetha hore na ba tla sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50. Haeba molebeli oa potoloho a etetse phutheho ka March, bo-pula-maliboho ba thusang ba ka ba teng nakong eohle ea seboka seo a bang le sona le bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng. Ho fapana le lilemong tse fetileng, letšolo la ho fa beng ba matlo limemo tsa Sehopotso, se tla tšoaroa ka Labobeli la la 26, March, 2013, le ekelelitsoe nako ʼme le tla qala ka la 1 March. Ntle ho moo, March e na le mafelo-beke a mahlano. Kahoo, nahana ka ho teba hore na ebe u ka ba e mong oa ba etsang hore March e be khoeli e ikhethang selemong sena.
3. Re ka etsa litokisetso tsa ho eketsa tšebeletso ea rōna joang?
3 Itokise Hona Joale: Hona joale ke nako ea hore u hlahlobe kemiso ea hao ʼme u bone hore na ho hlokahala litlhophiso life e le hore u tle u be pula-maliboho. E tla ba habohlokoa hore lelapa le sebelisane hammoho. Kahoo, nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, buisanang ka lipakane tsa lelapa ʼme le etse kemiso. (Liprov. 15:22) Haeba u sa khone ho ba pula-maliboho ea thusang, u se ke ua nyahama. Na u ka lokisetsa hore u qete nako e teletsana tšebeletsong mohla u tsoileng? Na u ka boela ua eketsa tšebeletso ea hao ka letsatsi le leng har’a beke?
4. Ho tla hlaha melemo efe ha re eketsa tšebeletso ea rōna ka March, April le May?
4 Ha re ntse re eketsa tšebeletso ea rōna ka March, April le May, re tla eketsa thabo le khotsofalo eo re e fumanang ka ho sebeletsa Jehova le ka ho itella ba bang. (Joh. 4:34; Lik. 20:35) Sa bohlokoa le ho feta ke hore boitelo ba rōna bo tla thabisa Jehova.—Liprov. 27:11.