U ’ne U Bolele Mesebetsi e Hlollang ea Jehova
1 Ha ho motho ea ka bapisoang le Molimo oa rōna e moholo, Jehova! Davida o ile a ngola a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena.” (Pes. 40:5) Mesebetsi e hlollang ea Jehova e akarelletsa ho bōptjoa ha bokahohle, ’Muso oa Bomesia, liketso tsa mosa o lerato ho batho ba hae le letšolo la ho bolela lefatšeng ka bophara. (Pes. 17:7, 8; 139:14; Dan. 2:44; Mat. 24:14) Ho rata Jehova le ho ananela sohle seo a se entseng ho re susumelletsa ho bolella ba bang ka eena. (Pes. 145:5-7) Ka March, April le May, re tla ba le monyetla oa ho etsa sena ka botlalo. Lilemong tse seng kae tse fetileng ba bangata e ’nile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April, kaha letsatsi le sa ntse le lieha ho likela, haholo-holo ka March. Selemong sena May e na le mafelo-beke a mahlano, ’me sena se tla thusa ba etsang boholo ba tšebeletso ea tšimo bofelong ba beke.
2 Ha U le Pula-maliboho ea Thusang: Na u ka hlophisa nako ea hao hore u qete lihora tse 50 tšebeletsong ka khoeli e le ’ngoe kapa tse eketsehileng likhoeling tsee tsa mosebetsi o khethehileng? Ka sebele u tla rua molemo liphetohong leha e le life tseo u li etsang kemisong ea hao. (Baef. 5:16) Ba bangata ba lemohile hore ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ho ba thusa ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea bona. Ba khona ho phutholoha haholoanyane ha ba e-ea ka ntlo le ntlo ’me ba sebelisa Bibele haholoanyane. Ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong ho ba nolofalletsa ho khutlela ho bafe kapa bafe ba bontšitseng thahasello, ’me ba bang bao nakong e fetileng ba neng ba sa khanne lithuto tsa Bible ba khonne ho li qalisa nakong eo e leng bo-pula-maliboho ba thusang. Kaha ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ho akarelletsa ho ikitlaelletsa ho thusa ba bang, ke mosebetsi o thabisang.—Lik. 20:35.
3 U se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore maemo a hao ha a u lumelle ho ba pula-maliboho ea thusang. Moholo e mong eo e neng e le pula-maliboho ea thusang selemong se fetileng o na le bana ba babeli ’me oa sebetsa. Mora eo oabo rōna ea maphatha-phathe o ile a khona joang? Kaha oa sebetsa har’a beke, o ile a lokisetsa ho qeta nako e telele tšebeletsong bofelong ba beke, a qala ka bopaki ba seterateng ka 7:00 hoseng ka Meqebelo. Ba bangata ka phuthehong ba neng ba le boemong bo tšoanang le bona ba ile ba bula maliboho, ’me ba tšehetsana le ho khothatsana. Phuthehong e ’ngoe, morali’abo rōna ea lilemo li 99 o ile a etsa qeto ea ho bula maliboho ka May ka mor’a hore morali oa hae a mo kōpe hore ba bule maliboho hammoho. Ba bang ka phuthehong ba ile ba thusa morali enoa oabo rōna ea hōlileng ha a e-ea ka ntlo le ntlo le lithutong tsa Bibele ka ho mo khanna ka setulo sa likooa. Hape o ile a kopanela bopaking ba thelefono, bopaking ba seterateng le ho ngoleng mangolo. O kholisehile hore ha aa etsa sena ka matla a hae empa o se entse feela ka matla a Jehova.—Esa. 40:29-31.
4 Leka ho ngola kemiso e loketseng maemo a hao hantle. Likemiso tsa mohlala tse tokollong ena li ka ’na tsa u thusa. Na ua sebetsa kapa u kena sekolo? Kemiso e u lumellang ho etsa boholo ba tšebeletso ea hao bofelong ba beke e ka ba e u loketseng ka ho fetisisa. Haeba u fokolloa ke bophelo ’me u se na matla a ho qeta nako e telele tšebeletsong, kemiso e hlokang hore u qete nako e khutšoanyane letsatsi le letsatsi e ka ’na ea e-ba molemo ka ho fetisisa. Bua le ba bang ka takatso ea hao ea ho ba pula-maliboho ea thusang. Mohlomong le bona ba ka iketsetsa pakane eo.
5 Litsela Tseo Bacha ba ka Kopanelang ka Tsona: Jehova oa thaba ha bacha ba bolela mesebetsi ea hae e hlollang. (Pes. 71:17; Mat. 21:16) Haeba u mocha ’me u kolobelitsoe, mohlomong u ka ba pula-maliboho ea thusang khoeling ea phomolo ea sekolo. Haeba u sa khone ho ba pula-maliboho ea thusang, na u ka iketsetsa pakane ea ho eketsa karolo ea hao le ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea hao likhoeling tsee? Haeba u ’nile ua kopanela tšebeletsong le batsoali ba hao empa u e-s’o be mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ona e ka ba monyetla o motle oa ho leka ho tšoaneleha. Ha ho hlokahale hore u ikutloe hore u lokela ho ba kheleke ha u araba lipotso tsa Bibele kapa hore u lokela ho ba le tsebo e lekanang le ea batho ba baholo ba kolobelitsoeng. Na u utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele? Na u khomarela litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro? Na u batla ho tsejoa u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Bolella batsoali ba hao taba ena. Ba ka lokisetsa ho kopana le baholo hammoho le uena e le ho bona hore na ua tšoaneleha.—Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 98-9.
6 Ho Thusa ba Bang ho Paka: Liithuti tsa Bibele tse tsoelang pele li ka ’na tsa tšoaneleha ho sebetsa hammoho le rōna e le bahoeletsi likhoeling tse tlang tsa mosebetsi o khethehileng. Haeba u e-na le seithuti sa Bibele se tsoelang pele hantle, kōpa thuso ea molebeli oa hao oa thuto ea buka kapa molebeli oa tšebeletso. E mong oa bona a ka ea le uena thutong ka morero oa ho hlahloba tsoelo-pele ea seithuti. Haeba seithuti se tšoaneleha ’me se lakatsa ho ba mohoeletsi, molebeli ea okamelang a ka lokisetsa hore baholo ba babeli ba kopane le uena hammoho le seithuti. (Bona Molula-Qhooa, November 15, 1988, leqepheng la 17.) Ka mor’a hore seithuti se tšoanelehe, qala hang-hang ho se koetlisa tšebeletsong.
7 Balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho lebisa tlhokomelo e khethehileng ho ba sa kopaneleng tšebeletsong kapa ba sa tsoeng kamehla sehlopheng sa bona. Ba memeng hore ba sebetse le lōna tšebeletsong. Haeba e le nako e telele ba sa kopanele tšebeletsong, ho ka ba molemo hore baholo ba babeli ba bue le bona pele e le ho bona hore na baa tšoaneleha. (Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 2000.) Cheseho ea phutheho likhoeling tsena tsa mosebetsi o khethehileng e ka ’na ea ba susumelletsa ho boela ba kopanela kamehla tšebeletsong.
8 Lokisetsa Hona Joale Bakeng sa Mosebetsi o Eketsehileng: Baholo, qalang hona joale ho khothalletsa moea oa bopula-maliboho bo thusang ka phuthehong. Le ka finyella ho hongata ka litlhaloso tsa lōna tse khothatsang le mohlala o motle. (1 Pet. 5:3) Phutheho ea lōna e bile le tlhōrō efe ea bo-pula-maliboho ba thusang nakong e fetileng? Na le ka feta palo eo selemong see? Balebeli ba thuto ea buka le bathusi ba bona ba lokela ho batla litsela tsa ho khothalletsa bohle ba lihlopheng tsa bona ho eketsa mosebetsi oa bona. Balebeli ba tšebeletso ba ka ’na ba hlophisa liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo. Tsebisang phutheho esale pele hore na ho lokiselitsoe eng. Tiisang hore bahoeletsi ba nang le bokhoni ba abeloa ho etella pele le hore liboka tsa tšebeletso li qala le ho phethoa ka nako. (Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2001.) Molebeli oa tšebeletso o lokela ho lokisetsa hore ho be le tšimo, limakasine le libuka tse lekaneng.
9 Selemong se fetileng baholo ba phutheho e ’ngoe ba ile ba qala ka cheseho ho khothalletsa bopula-maliboho bo thusang nako e sa le teng, ’me baholo ba bangata ba kenya likōpo. Ba ile ba lokisetsa hore ho be le liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo—se seng ka 5:30 hoseng bakeng sa bopaki ba seterateng, se seng ka 3:00 thapama bakeng sa ba tsoang sekolong, ’me sa boraro sa e-ba ka 6:00 thapama bakeng sa ba tsoang mosebetsing. Ho phaella moo, ho ile ha lokisetsoa hore ho be le liboka tse tharo tsa tšebeletso ea tšimo ka Meqebelo. Phutheho e ile ea arabela hantle ’me ba 66 ba ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang ka April!
10 Ke hobane’ng ha le sa behelle nako ka thōko thutong ea lōna e latelang ea lelapa bakeng sa ho etsa lipakane tse ka finyelloang likhoeling tse tlang? Ha ho e-na le tšebelisano-’moho le tlhophiso e ntle, litho tse ling tsa lelapa kapa lelapa lohle li ka ’na tsa khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Haeba ho sa khonehe, behang lipakane tsa ho eketsa mosebetsi oa lōna ka ho eketsa nako eo le e qetang tšebeletsong kapa ka ho tsoa hangatanyana. Rapellang taba ena le le lelapa. Le ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba lōna.—1 Joh. 3:22.
11 Mosebetsi o Hlollang ka ho Fetisisa oa Molimo: Pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Jehova ke mpho ea Mora oa hae e le thekollo molemong oa rōna. (1 Joh. 4:9, 10) Sehlabelo sa thekollo ke motheo oa molao oa ho lopolla moloko oa batho sebeng le lefung. (Bar. 3:23, 24) Mali a Jesu a tšolotsoeng a ile a tiisa selekane se secha, a nolofalletsa batho ba sa phethahalang hore ba amoheloe e le bara ba Molimo ka tebello ea ho busa ’Musong oa leholimo. (Jer. 31:31-34; Mar. 14:24) Habohlokoa le ho feta, kutlo ea Jesu e phethahetseng e ile ea halaletsa lebitso la Jehova. (Deut. 32:4; Liprov. 27:11) Ka Sontaha sa la 4 April, ka mor’a hore letsatsi le likele, ho tla ketekoa Sehopotso sa lefu la Kreste lefatšeng ka bophara.
12 Ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ho tlotlisa mesebetsi e hlollang ea Jehova. Puo e haha tumelo bakeng sa seo Jehova a se entseng ka ho lokisetsa hore ho be le thekollo. Batho ba thahasellang ba tlileng ba tla khona ho bona mesebetsi e meng e hlollang ea Molimo. Ba tla khona ho bona bonngoe le lerato le mofuthu leo Jehova a rutileng batho ba hae hore ba le bontše. (Baef. 4:16, 22-24; Jak. 3:17, 18) Ho ba teng ketsahalong ena ea bohlokoa ho ka susumetsa monahano oa motho ka tsela ea sebele, kahoo re batla hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba be teng.—2 Bakor. 5:14, 15.
13 Ho Mema ba Bang Hore ba be Teng: Qalella ho lokisetsa hona joale ka ho ngola lethathamo la batho bao u tla ba mema. Lethathamo la hao le lokela ho akarelletsa litho tsa lelapa, baahelani, batho bao u sebetsang le bona kapa bao u kenang sekolo le bona, liithuti tsa Bibele tsa nakong e fetileng le tsa hona joale, hammoho le bohle bao o etsang maeto a ho boela ho bona. Balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho akarelletsa bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong lethathamong la bona.
14 Sebelisa limemo tse ngotsoeng tsa Sehopotso ’me u thaepe kapa u ngole ka makhethe nako le sebaka seo Sehopotso se tla tšoareloa ho sona. Kapa mohlomong u ka rata ho sebelisa memo e hlahang leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa March 15, 2004 kapa Tsoha! ea April 8, 2004. Ha la 4 April le ntse le atamela, hopotsa batho bao u ba ngotseng lethathamong la hao, u ee ho bona kapa u ba letsetse.
15 Sehopotsong: Leka ho fihla ka nako letsatsing la Sehopotso. E-ba le kamohelo e mofuthu ea baeti ka ho lumelisa ba bacha. (Bar. 12:13) U na le boikarabelo bo khethehileng ho baeti bao u ba memileng. Etsa hore ba phutholohe, ’me u ba tsebise litho tse ling tsa phutheho. Mohlomong u ka ba thusa ho fumana litulo tse haufi le uena. ’Me haeba ba bang ba se na Bibele kapa buka ea lipina, lokisetsa hore ba shebisane le uena kapa le motho e mong. Ka mor’a mokete, itokisetse ho araba lipotso leha e le life tseo ba ka bang le tsona. Haeba ba bang ba qala ho tla, ba botse hore na ba ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka Lentsoe la Molimo le morero oa hae. Ithaopele ho ba khannela thuto ea lehae ea Bibele.
16 Tsoelang Pele ho Thusa ba Bileng Teng: Libekeng tsa ka mor’a Sehopotso, ba bileng teng ba ka ’na ba hloka thuso e eketsehileng. Sena se akarelletsa ba neng ba e-ba teng libokeng kamehla empa ba se ba kopanela le phutheho ka seoelo. Baholo ba tla falimehela hore ba joalo ba se ke ba hlokomolohuoa, ba batle ho tseba hore na ke hobane’ng ha ba ile ba khaotsa ho tsoela pele moeeng. Ba thuseng ho bona hore linako li potlakile. (1 Pet. 4:7) Thusang bohle hore ba bone molemo oa ho mamela keletso ea Mangolo ea ho bokana le batho ba Molimo kamehla.—Baheb. 10:24, 25.
17 Mesebetsi ea Jehova ke e hlollang haholo hoo re ke keng ra e utloisisa ka ho feletseng esita leha re ka phela ka ho sa feleng. (Jobo 42:2, 3; Moek. 3:11) Ka hona, re ke ke ra felloa ke lintho tseo re lokelang ho mo rorisa ka lebaka la tsona. Nakong ena ea Sehopotso re ka bonahatsa kananelo ea rōna bakeng sa mesebetsi e hlollang ea Jehova ka ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho eketsa tšebeletso ea rōna.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Mesebetsi e meng e hlollang ea Jehova eo u e ananelang ka ho khetheha ke efe?
2. Re rua molemo joang ka ho ba bo-pula-maliboho ba thusang?
3. Ba bang ba khonne joang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang leha maemo a bona a le boima?
4. Re ka ’na ra nahanela lintlha life ha re etsa kemiso ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang?
5. Bacha ba ka ipehela lipakane life ka March, April le May?
6. Re ka thusa liithuti tsa Bibele joang hore e be bahoeletsi ba litaba tse molemo?
7. Bahoeletsi ba sa tsoeng kamehla le ba sa kopaneleng tšebeletsong ba ka thusoa joang?
8, 9. Baholo ba ka etsa’ng ho khothalletsa moea oa mosebetsi o khethehileng?
10. Malapa a ka lokisetsa joang ho eketsa mosebetsi oa ’ona?
11. (a) Sehlabelo sa Kreste se ile sa finyella lintho life tse hlollang? (b) Mokete oa Sehopotso oa phutheho ea rōna o tla ba ka nako mang ’me o tla tšoareloa hokae?
12. Ho ba teng moketeng oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ho ka ruisa batho ba thahasellang molemo joang?
13, 14. Re lokela ho memela bo-mang Sehopotsong, hona joang?
15. Re ka ba le kamohelo e mofuthu ea baeti joang letsatsing la Sehopotso?
16. Ho ka etsoa’ng ho thusa ba bileng teng Sehopotsong ho tsoela pele moeeng?
17. Ke hobane’ng ha re lokela hore re ’ne re bolele mesebetsi e hlollang ea Jehova?
[Chate e leqepheng la 5]
Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang U Sebelisa e ’Ngoe ea Likemiso Tsee?
March Su M* Tu* W* Th F Sa Kakaretso ea
Khoeli
Letsatsi ka Leng 2 1 1 1 1 1 5 51
Matsatsi a Mabeli 0 5 0 5 0 0 0 50
Mafelo-beke Feela 5 0 0 0 0 0 8 52
Mafelo-beke le
Matsatsi a Mabeli
Har’a Beke 2 0 0 2 0 2 6 50
April Su M Tu W Th* F* Sa Kakaretso ea
Khoeli
Letsatsi ka Leng 2 1 1 1 1 1 5 50
Matsatsi a Mabeli 0 0 0 0 5 5 0 50
Mafelo-beke Feela 5 0 0 0 0 0 8 52
Mafelo-beke le
Matsatsi a Mabeli
Har’a Beke 2 0 0 2 0 2 6 50
May Su* M* Tu W Th F Sa* Kakaretso ea
Khoeli
Letsatsi ka Leng 2 1 1 1 1 1 4 51
Matsatsi a Mabeli 0 5 0 0 0 0 5 50
Mafelo-beke Feela 3 0 0 0 0 0 7 50
Mafelo-beke le
Matsatsi a Mabeli
Har’a Beke 2 0 0 2 0 2 5 51
* Tse hlano ka khoeli