Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/02 maq. 3-6
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • U ’ne U Bolele Mesebetsi e Hlollang ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 2/02 maq. 3-6

“Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo”

1 Ha u ananela ka pelo eohle ntho e itseng e molemo eo u e amohetseng, na ha u bontše kananelo eo ka boitšoaro ba hao le ka liketso? Ho hlakile hore u etsa joalo! Mabapi le molemo le mosa o lerato tseo Jehova a li fetisetsang ho moloko oa batho, hlokomela kamoo moapostola Pauluse a ileng a itšoara kateng. O ile a re: “Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng”! ‘Mpho eo e sa lefelloeng’ e akarelletsa eng? “Mosa [oohle] o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo” oo re o bontšitsoeng, oo ponahatso e khōlō ka ho fetisisa ea oona e bileng hore a re fe Mora oa hae hore a re lopolle libeng tsa rōna.—2 Bakor. 9:14, 15; Joh. 3:16.

2 Na ha Pauluse a leboha o ne a mpa a bua feela tjee? Le hanyenyane! O bontšitse kananelo e tebileng ka litsela tse ngata. O ne a amehile haholo ka boiketlo ba moea ba Bakreste-’moho le eena ’me o ne a batla ho etsa seo a ka se khonang ho ba thusa ho rua molemo ka ho feletseng moseng o lerato oa Molimo. Ha Pauluse a bua ka ba joalo, o itse: “Re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna, ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.” (1 Bathes. 2:8) Ntle le ho thusa bao e neng e se e ntse e le litho tsa phutheho hore ba bolokehe, Pauluse o ile a khothalla ho bolela litaba tse molemo, a tsamaea lik’hilomithara tse likete ka tsela ea leoatleng le ka ntle ho lona hore a fumane “ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) Kananelo ea Pauluse e tebileng bakeng sa sohle seo Jehova a mo etselitseng sona e ile ea mo susumelletsa “ho bolela lentsoe la Molimo ka botlalo.”—Bakol. 1:25.

3 Na kananelo ea rōna bakeng sa sohle seo Jehova a re etselitseng sona ha e re susumeletse ho fana ka thuso ea moea ho ba hlokang thuso phuthehong ea rōna? (Bagal. 6:10) Na ha re susumeletsehe ho ba le karolo e feletseng ka hohle kamoo re ka khonang boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso tšimong eohle ea rōna?—Mat. 24:14.

4 Monyetla oa ho Bontša Kananelo: Selemo ka seng Sehopotso sa lefu la Kreste se re fa monyetla o khethehileng oa ho bontša kananelo bakeng sa seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona. Sena hase feela seboka se seng kapa ho ikhopotsa ketsahalo e itseng. Jesu o itse: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Sehopotso sa lefu la Kreste ke nako ea ho nahanisisa ka hore na Jesu ke motho oa mofuta ofe. Ke nako ea ho hlokomela hore oa phela ebile o mafolofolo kajeno, ka khanya le borena tseo a li filoeng ka lebaka la tsela ea hae ea bophelo ea ho tšepahala le ho itela. Mokete ona e boetse ke monyetla oa ho bontša hore re ikokobelletsa bohlooho ba Kreste ha a tsamaisa mesebetsi ea phutheho ea Bokreste. (Bakol. 1:17-20) Batho ba Molimo kaofela ba lokela hore ka tlhompho ba be teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Selemong sena se tla tšoaroa ka mor’a hore letsatsi le likele ka Labone la la 28 March, 2002.

5 Ka lebaka la mosebetsi o entsoeng ka mafolofolo pele ho mokete oa Sehopotso selemong se fetileng, re bile le tlhōrō e fetang tsohle tse kileng tsa e-ba teng ea ba bileng teng ba 202 271 linaheng tse tlas’a lekala la Afrika Boroa. Ho tla ba le ba bakae selemong see? Ho tla itšetleha ka ho ‘sebetsa ha rōna ka thata le ho ikitlaetsa,’ ha re thusa ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be teng.—1 Tim. 4:10.

6 Ntle le ho ba teng Lijong tsa Shoalane tsa Morena, re ka ’na ra khona ho eketsa tšebeletso ea rōna ea tšimo. Ha ho pelaelo hore bara le barali babo rōna ba likete tse mashome e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe kapa tse peli. Selemo ka seng ho tse hlano tse fetileng, re bile le karolelano ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 17 788 nakong ea Sehopotso, ho tloha ka March ho fihlela ka May. Na u ka lokisa maemo a hao hore u be le tokelo ea ho ba pula-maliboho ea thusang selemong see? Ho ka ba molemo ho bontša hore u ananela ka pelo eohle tokisetso ea Molimo e lerato ea sehlabelo sa Kreste. U ka tiiseha hore Jehova o tla u hlohonolofatsa, joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša.

7 Morali’abo rōna ea sebetsang ka nako e tletseng mosebetsing oa boipheliso o ile a ngola ka phihlelo ea hae ea bopula-maliboho bo thusang selemong se fetileng ka March: “Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 2001 e ile ea khothalletsa e mong le e mong eo maemo a hae a mo lumellang hore e be pula-maliboho ea thusang nakong ea Sehopotso. Kaha March e ne e e-na le Meqebelo e mehlano, sena se ile sa lumellana le kemiso ea ka. Ka hona, ke ile ka etsa qeto ea ho etsa kōpo.” Ha khoeli e qala, o ile a iketsetsa pakane ea ho leka ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele. Na o ile a atleha? E, horeng ea hae ea bo52 ea ho bolela khoeling eo! O re’ng ha a lihela likhala? O re: “Ho ba le litlhohonolofatso tse babatsehang ha re etsa boiteko bo eketsehileng.”

8 Ho ba le melemo efe ha lelapa le bula maliboho hammoho? Lelapa la litho tse ’nè le ileng la ho etsa selemong se fetileng ka April le ile la bona hore le tla lula le hopola khoeli eo. ’Mè o itse: “Letsatsi ka leng re ne re thabile hakaakang, kaha re ne re kopane tšebeletsong! Ho bua ka seo re se etsang letsatsi ka leng tšebeletsong ho ne ho etsa hore nako ea lijo tsa mantsiboea e be e thabisang haholo.” Mora o itse: “Ke ne ke thabela ho sebetsa le Ntate tšebeletsong ea tšimo har’a beke, nakong eo ka tloaelo a ea beng a le mosebetsing oa boipheliso.” Ntate o ile a phaella: “Joaloka hlooho ea lelapa, ke ile ka ikutloa ke khotsofaletse ho tseba hore re sebetsa hammoho mosebetsing oa bohlokoahali mehleng ea rōna.” Na lelapa la hao le ka bula maliboho hammoho? Ke hobane’ng ha u sa buisane le lelapa la hao ’me u bone hore na ho ka khoneha hore lelapa lohle la hao le bule maliboho nakong ee ea Sehopotso?

9 Na re ka Etsa Hore March e be Khoeli ea Bohlokoahali ho Rōna? Mathoasong a 2000, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ile ea ba le potso ena: “Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?” Karabelo e bile efe? Ho ile ha finyelloa litlhōrō tse ncha tse ngata. Ho bile le tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa e kileng ea finyelloa ka khoeli e le ’ngoe ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 10-126 Afrika Boroa. Ntle ho moo, re bile le litlhōrō tse ncha tsa lihora, limakasine tse tsamaisitsoeng, libukana, maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele. Na u hopola cheseho e bileng teng phuthehong ea heno e tlisoang ke ha ho etsoa mosebetsi o eketsehileng oa moea khoeling eo e khethehileng? Na re ka etsa se tšoanang selemong see kapa ra etsa se fetang seo? Ha bohle ba sebetsa ka kutloano, March 2002 e ka ba “Khoeli ea Bohlokoahali ho Rōna.” Hobane’ng khoeli ea March?

10 Ho na le mabaka a mabeli ao ka ’ona March e lokelang ho ba khoeli ea tšebeletso e khethehileng. La pele, Sehopotso se tla tšoaroa ho ella bofelong ba March, ’me se re fa monyetla o lekaneng qalong ea khoeli hore re meme ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be teng ho sona. La bobeli ke hore selemong sena March e na le mafelo-beke a mahlano a feletseng, e leng ho nolofalletsang ba sebetsang mosebetsi oa boipheliso kapa ba kenang sekolo ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Ke hobane’ng ha le sa lule fatše hona joale ’me la lokisetsa kemiso e sebetsang, le sebelisa k’halendara e fanoeng kenyeletsong ee? Ho ba pula-maliboho ea thusang ho ka ’na ha e-ba bonolo ho feta kamoo u nahanang kateng. Ka mohlala, ka ho etsa kemiso ea ho sebetsa lihora tse robeli mafelo-bekeng a mang le a mang ho a mahlano, ho tla hlokahala hore u etse kemiso ea ho sebetsa lihora tse leshome feela tse tlatselletsang nakong e setseng ea khoeli hore u finyelle lihora tse 50 tse hlokahalang.

11 Baholo ba ka etsa’ng ho thusa bohle ka phuthehong ho “bolela lentsoe la Molimo ka botlalo”? Susumetsang cheseho ka lipuo tseo le li behang libokeng le ka ho buisana le bahoeletsi ka bomong. Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho le bathusi ba bona ba ka nka bohato ba ho bua le motho ka mong sehlopheng sa bona ’me ba ithaopele ho ba thusa. Mantsoe a seng makae a khothatso a bontšang mosa kapa litlhahiso tse sebetsang e ka ’na ea e-ba sona feela se hlokahalang. (Liprov. 25:11) Ba bangata ba tla bona hore ka liphetoho tse seng kae kemisong ea bona, ba ka thabela tokelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Liphuthehong tse ’maloa, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba bangata, haeba e se bona kaofela le basali ba bona ba beha mohlala o motle ka ho sebetsa hammoho e le bo-pula-maliboho ba thusang nakong ea Sehopotso. Sena se khothalelitse bahoeletsi ba bangata ho sebetsa le bona. Ka lebaka la ho kula kapa maemo a mang, bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba se ke ba khona ho bula maliboho, empa ba ka khothalletsoa ho bontša kananelo ea bona ka ho etsa sohle seo ba ka se khonang tšebeletsong hammoho le litho tse ling tsa phutheho.

12 Katleho e itšetlehile ka hore baholo ba lokisetse ka hloko. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho lokisetsoa ka linako tse loketseng beke eohle. Haeba ho khoneha, molebeli oa tšebeletso o tla abela barabab’o rōna ba tšoanelehang esale pele hore ba tsamaise liboka tsohle tsa tšebeletso ea tšimo. Ho tla hlokahala hore ba lokisetse hantle e le hore liboka tsena li se ke tsa nka nako e fetang metsotso e 10 ho isa ho e 15, ho akarelletsa le ho hlophisa lihlopha, ho li abela tšimo le ho etsa thapelo. (Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2001.) Kemiso ea tšebeletso ea khoeli e lokela ho hlalosetsoa phutheho ka ho hlaka e be e behoe lematjaneng la boitsebiso.

13 Ho lokela hore ho lokisetsoe tšimo e lekaneng. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho kopana le mor’abo rōna ea sebetsanang le masimo ho etsa litokisetso tsa ho sebetsa masimo a sa akaretsoeng khafetsa. Ho lokela hore ho hatisoe bohlokoa ba ho boela matlong ao ho sa kang ha fumanoa batho ho ’ona, bohlokoa ba ho paka seterateng le mabenkeleng, le ho paka mantsiboea. Moo ho loketseng, bahoeletsi ba bang ba ka thusoa ho paka ka thelefono.

14 Ba Thuseng ho Sebeletsa Hape: Na phuthehong ea heno ho na le ba seng ba sa bolele litaba tse molemo? Batho ba joalo e sa ntse e le karolo ea phutheho ’me ba hloka thuso. (Pes. 119:176) Kaha bofelo ba lefatše lena la khale bo haufi haholo ’me lefatše le lecha le se le atametse, re na le lebaka le letle la ho leka ka hohle ho thusa ba seng ba sa bolele litaba tse molemo. (Bar. 13:11, 12) Lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba fetang 1 400 selemo ka seng ba ’nile ba arabela hamolemo ha ba thusoa ’me ba boetse ba bolela litaba tse molemo. Re ka etsa’ng ho thusa ba eketsehileng ho tsosolosa lerato le kholiseho tseo ba kileng ba e-ba le tsona?—Baheb. 3:12-14.

15 Sehlopha sa baholo se tla batla ho buisana ka tsela eo ka eona se ka thusang ba khaolitseng ho kopanela tšebeletsong lilemong tse seng kae tse fetileng. (Mat. 18:12-14) Mongoli o lokela ho hlahloba likarete tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho ’me a ngole bohle ba seng ba sa tlalehe. Ho lokela ho lekoe ka hohle ho etsa maeto a bolisa e le hore ho ka fanoa ka thuso. Moholo a ka ’na a batla ho etela mohoeletsi ea itseng hobane a ne a tloaelane le eena, kapa ho ka ’na ha kōptjoa bahoeletsi ba bang hore ba thuse. Mohlomong e mong ea neng a ithuta le motho eo hona joale a seng a khaolitse ho kopanela tšebeletsong ’me a ka rata ho ba le monyetla oa ho mo thusa ka tsela e khethehileng nakong ena eo thuso e hlokahalang. Re tšepa hore ba bangata ba seng ba sa kopanele tšebeletsong ba tla susumeletseha ho qalisa ho bolela lentsoe la Molimo hape. Haeba ba tšoaneleha, ha ho na nako e molemo ho feta nakong ea Sehopotso bakeng sa hore ba qalise!—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 2000 bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.

16 Na ba Bang Baa Tšoaneleha Bakeng sa ho Bolela? Jehova o tsoela pele ho hlohonolofatsa batho ba hae ka ho tlisa “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.” (Hag. 2:7) Selemo ka seng ba likete baa tšoaneleha hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ke bo-mang? Ke bana ba Lipaki tsa Jehova hammoho le lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele. Re tseba joang hore baa tšoaneleha bakeng sa ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo?

17 Bana ba Lipaki Tsa Jehova: Bana ba bangata ba ’nile ba tsamaea le batsoali ba bona ka lilemo ha ba e-ea ka ntlo le ntlo, le hoja e e-s’o be bahoeletsi ba sa kolobetsoang. March e ka ba khoeli e ntle eo ba ka qalisang ka eona. U tseba joang hore ngoana oa hao oa tšoaneleha? Leqepheng la 100 bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna e bolela hore ke “ha ngoana a phela ka boitšoaro [boitšoaro ba hae e le bo behang mohlala o motle] ’me a khona ho buella tumelo ea hae ha a bolela litaba tse molemo ho ba bang, ’me hape a sa qobelloe.” Haeba u nahana hore ngoana oa hao oa tšoaneleha, bua le e mong oa baholo ba Komiting ea Tšebeletso ea Phutheho.

18 Liithuti Tsa Bibele Tse Tšoanelehang: Ka mor’a hore seithuti sa Bibele se be le tsebo se be se kopanele libokeng ka nako e itseng, se ka ’na sa batla ho ba mohoeletsi oa ’Muso. Haeba u ithuta le seithuti se joalo, nahana ka lipotso tsena: Na se tsoela pele ka tsela e lumellanang le lilemo tsa sona le matla? Na se qalile ho kopanela tumelo ea sona le ba bang ka mokhoa o sa reroang? Na se apara “botho bo bocha”? (Bakol. 3:10) Na se finyella litšoaneleho tsa bahoeletsi ba sa kolobetsoang, tse bontšitsoeng leqepheng la 97-9 bukeng ea Tšebeletso ea Rōna? Haeba ho joalo, u lokela ho buisana le Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e le hore ho etsoe litokisetso tsa hore baholo ba babeli ba kopane le uena le seithuti seo. Haeba sea tšoaneleha, baholo ba babeli ba tla se tsebisa hore se ka qala ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa.

19 Ho Thoe’ng ka April le May? Le tsona e tla ba likhoeli tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo e eketsehileng. Bongata ba bao e leng bo-pula-maliboho ka March bo ka ’na ba boela ba bula maliboho hape ka April le/kapa ka May. Ka April le May, re tla lebisa tlhokomelo e khethehileng ho tsamaiseng limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tšebeletsong ea tšimo. Li bile le liphello tse molemo hakaakang bophelong ba ba li balang! Limakasine tsena li phethile karolo e khōlō ho finyelleng keketseho e babatsehang e bileng teng lefatšeng ka bophara. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ka April le ka May ba ho fana ka limakasine tsena ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng. Qala hona joale ho itokisetsa hore u be le karolo e feletseng.

20 Ha ho lokiselitsoe tšebeletso ea boboleli e eketsehileng, na ho hlokahala hore u eketse palo ea limakasine tseo u li fumanang phuthehong? Selemong sohle sa tšebeletso, re tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! Moqebelo o mong le o mong, e leng Letsatsi le khethetsoeng ho aba Limakasine. Leha ho le joalo, kaha ba bangata e tla be e le bo-pula-maliboho ba thusang ’me kaofela ha rōna re tla be re tsamaisa limakasine ka likhoeli tse peli tse feletseng, ho ka ’na ha hlokahala hore le eketse odara ea lōna ea limakasine phuthehong. Haeba ho joalo, re kōpa hore le tsebise mohlanka oa limakasine oa phutheho ea habo lōna hang-hang. Ka nako e tšoanang, mohlanka oa lingoliloeng o lokela ho tiiseha hore ho na le lipampitšana tse lekaneng tsa Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? e le hore bohle ba ka li sebelisa.

21 Ba bangata ba bontšitse hore ba ananela tšobotsi ea “Tsela ea ho Buella Limakasine” Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Na u sebelisa tokisetso ee hamolemo ka ho ithuta linehelano tsa limakasine tse fanoeng e le mehlala? Ke hobane’ng ha u sa sebelise karolo ea nako ea thuto ea Bibele ea lelapa la hao bakeng sa ho ithuta linehelano tsee?

22 Sebelisa Nako Ena ea Sehopotso Hamolemo: Joaloka moapostola Pauluse, a re bontšeng Jehova hore re ananela hakae “mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa” ka ho kopanela ka ho feletseng tšebeletsong ea moea e lokiselitsoeng nako ena ea Sehopotso. Sena se akarelletsa (1) ho ba le karolo e feletseng Letsatsing le khethehileng la Limakasine ka la 2 March, 2002; (2) ho ba teng ketsahalong ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong sena, e leng mokete oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena ka Labone la la 28 March, 2002; (3) ho thusa ba khaolitseng ho kopanela tšebeletsong hore ba tsosolose “lerato leo [ba] neng [ba] e-na le lona pele” (Tšen. 2:4; Bar. 12:11); (4) ho thusa bana ba rōna le liithuti tsa Bibele tse tšoanelehang hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang; le (5) ho etsa mosebetsi oa ho bolela evangeli ka hohle kamoo re ka khonang, esita le ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka March le ho ea pele.—2 Tim. 4:5.

23 Re rapela ka tieo hore kaofela ha rōna re be le karolo e feletseng ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso nakong ena ea Sehopotso, ka ho etsa joalo re bontše hore re na le kananelo e tebileng bakeng sa sohle seo Jehova a re etselitseng sona.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Kemiso ea Tšebeletso ea Tšimo ka March 2002

Sontaha Mantaha Labobeli Laboraro Labone Labohlano Moqebelo

1 2

Letsatsi le

Khethehileng la

Limakasine

3 4 5 6 7 8 9

Letsatsi la

Limakasine

10 11 12 13 14 15 16

Letsatsi la

Limakasine

17 18 19 20 21 22 23

Letsatsi la

Limakasine

24 25 26 27 28 29 30

SEHOPOTSO Letsatsi la

KA MOR’A HORE Limakasine

LETSATSI LE

31 LIKELE

Na u ka etsa kemiso ea lihora tse 50 e le hore u ka ba pula-maliboho ea thusang ka March?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela