Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/02 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 2/02 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Fana ka bukana ea Seo a se Hlokang ka morero oa ho qalisa lithuto tsa Bibele.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba tšebetso ea bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba ho e-na le ba thatafalloang ke ho finyella lihora tse hlokoang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ba thusoe. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a selemo le selemo a S-201. Bona le serapa sa 12-20 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.

◼ Mongoli o lokela ho bona hore Komiti ea Kaho ea Libaka e lula e behiloe leseling ka boemo ba bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba faneng ka liforomo tsa Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82). Ha ho e-na le liphetoho boemong ba moithaopi, joalokaha motho a falla kapa a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ho lokela ho tlatsoe liforomo tse ncha hang-hang ’me ho fanoe ka tsona. Haeba aterese ea poso kapa nomoro ea thelefono ea moithaopi e fetoha, kapa haeba a se a se boemong bo botle le phutheho, baholo ba lokela ho tsebisa Komiti ea Kaho ea Libaka ka lengolo kapele-pele.

◼ Hlokomelang merero ea bolotsana e ’nileng ea tsoela pele ho Internet le posong ea ho kōpa chelete ho barab’abo rōna ka boikhakanyo ba ho thusa ba oetsoeng ke likoluoa. Neng kapa neng ha maemo a hloka hore ho etsoe komiti ea liphallelo bakeng sa ho thusa Lipaki tsa Jehova ka lintho tse bonahalang, ho tla tsebisoa barab’abo rōna ba ikarabellang. Liphallelo tsa maemo a joalo li lokela ho romeloa ho Lipaki tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng bakeng sa nako ea Sehopotso ka 2002 e tla fanoa ka Sontaha sa la 14 April. Sehlooho sa puo e tla ba se reng “Nahanisisa ka ‘Letsatsi le Susumetsang Tšabo’!” Ho tla fanoa ka kemiso ea puo. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho kapa kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 14 April, 2002.

◼ Peeletso ea club e-ea khaotsa hang-hang, empa re tla ’ne re fane ka lipeeletso tsohle tsa club tse e-s’o fele ho fihlela li fela. Lipeeletso tsa poso li sa ntse li le teng, empa ke feela bakeng sa batho ba lulang libakeng tse thōko haholo moo ho se nang phutheho.

◼ Ho tla ba le Molula-Qhooa—Mongolo o Moholo ka Sezulu ho tloha ka tokollo ea April 1, 2002, ’me o tla tsoa habeli ka khoeli. Liphutheho li lokela ho etsa liodara tsa tsona ka foromo ea Congregation Magazine Request (M-202).

La 2 March, 2002, e tla ba Letsatsi la rōna le khethehileng la Limakasine. Nakong e fetileng ba bangata ba ile ba thabela ho kopanela tšebeletsong ea Letsatsi le khethehileng la Limakasine. Re khothalletsa bohle hore ba qale hona joale ho etsa litokisetso e le hore ba ka kopanela ka botlalo selemong sena. Liphutheho li lokela ho etsa kōpo ea tsona e khethehileng ea limakasine hang-hang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela